Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w87 7/15 leq. 24
  • Ho Nyarela ka Litabeng

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Nyarela ka Litabeng
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1987
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Mamella Sebe ha se Bokhabane
  • Bopaki bo ke keng ba Latoloa
  • Ho Nyalana Kapa ho Phela Hammoho—Ho Molemo ke Hofe?
    Tsoha!—1992
  • Hlompha “Seo Molimo a se Kopantseng Hammoho”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2018
  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2022
  • Tlhalo—Hantle-ntle Bibele e Re’ng ka Eona?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1988
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1987
w87 7/15 leq. 24

Ho Nyarela ka Litabeng

Ho Mamella Sebe ha se Bokhabane

Puong ea morao tjena ho baetapele ba likereke, moqolotsi oa bolumeli Michael J. McManus o boletse hore likereke li kentse letsoho ho aroleng bophelo ba malapa a Amerika. Ho tlalehile The Fresno Bee, koranta ea California. McManus o hlokometse hore ho bile le litlhalo tse limillione tse 1,2 le bana ba matšeo ba 750 000 United States selemong sa 1985 le hore ho bile le batho ba lulang hammoho ba sa nyalana ba limillione tse 2,2.

McManus o boletse hore ho e-na le hore kereke e tšehetse ka tieo litekanyetso tse phahameng tsa boitšoaro tsa Bibele, le ho khothaletsa botšepehi lenyalong, e monyebe ho nka mehato litsekong tseo kahobane e batla balateli ba bangata. Ka mohlala, o qotsitse puello ea morao-rao ea hore “Kereke ea Episcopal e khaotse khanyetso ea eona ho batho ba babeli ba sa nyalanang empa ba lula hammoho.”

Lipono tsena tse ncha litabeng tsa botona le botšehali le lenyalo li fapane ho hang le Bibele. Moapostola oa Mokreste Pauluse o itse: “Lenyalo a le ke le hlomphehe har’a batho bohle, le liphate li hloke litšila.” (Ba-Heberu 13:4) Ha Bafarisi ba botsa Jesu Kreste tabeng ea tlhalo, o boletse hore “monna o tla tlohela ntat’ae le ’m’ae, a khomarele mosali oa hae, ’me ba babeli e tla ba nama e le ’ngoe.” ’Me a eketsa: “E mong le e mong ea hlalang mosali oa hae, ha e se ka baka la bofebe, a nyala e mong, oa feba, le ea nyalang ea hlaliloeng, le eena oa feba.”—Mattheu 19:4, 5, 9.

Ha McManus a arabela boikutlong bona bo sa tsotelleng ba kereke litsekong tse joalo tsa boitšoaro, o itse: “Kereke ea Episcopal e re e lumella hoo ka baka la ho bontša bokhabane ba eona ba mamello. Ha ho moo Jesu a boletseng hore sebe se mamelloe. O ile a nyatsa sebe.” Liithuti tsa Bibele tse nang le tsebo e lekaneng li lumellana le hoo.

Bopaki bo ke keng ba Latoloa

“Kamor’a hore litsebi tsa mahlale li latole ka boikhohomoso boteng ba Molimo, joale li qala ho nahana ka Molimo ka maikutlo a macha,” ho hlokometse moqolotsi Pete McMartin koranteng The Vancouver Sun, ea British Columbia, Canada. Le hoja bolumeli le mahlale li ile tsa se lumellane ka makholo a lilemo, “ha ho sa le joalo,” ho boletse Wasley Krogdahl, eo e neng e le moprofesara Univesithing ea Kentucky lekaleng la bolepi ba linaleli le mahlale a bonahalang. O ekelitse: “Thuto ea bolepi ba linaleli e bontša ka ho hlakileng hore bokahohle bo bile le tšimoloho, ’me e fana ka khopolo ea hore ho bile le ’mōpi.”—The State Journal-Register, Springfield, Illinois.

Joale litsebi tse ling tsa mahlale li nahana bocha ka tšimoloho ea bokahohle. Lebaka? “Bokahohle bo fana ka kelello ho feta kamoo bo entseng kateng lilemo tse 50 tse fetileng,” ho hlalositse joalo setsebi sa linaleli Krogdahl. Lilemong tse fetileng tse 25 ho ile ha etsoa mechine e amohelang boitsebiso ka tsela e phahameng ’me hoo ho nolofalitse hore ho bonahale lihlopha tsa linaleli tsa quasar, neutron le pulsar. Krogdahl o boletse hore ha tsebo ea bokahohle e eketseha, ka ho tšoanang ho eketseha le bopaki ba hore Molimo o hlile o teng. O hlokometse hore bopaki bo joalo bo helelitse setšehetso sa batho ba sa lumeleng boteng ba Molimo.”

Empa, taba e nkileng kelello tsa litsebi lilemo ho e amohela kamor’a liphuputso tse ngata le lithuto, liithuti tsa Bibele li ’nile tsa e tseba lilemo tse makholo tse fetileng, “Makhabane a sa bonahaleng [a ’Mōpi], ke hore matla a hae a sa feleng le bomolimo ba hae, a ’nile a bonahala, esita le ho tloha tšimolohong ea lefatše, ka leihlo le nahanang, linthong tse entsoeng.” (Ba-Roma 1:20, The New English Bible) Ha taba e beoa ka bonolo, bopaki bo ke keng ba latoloa bo ’nile ba e-ba teng.

[Setšoantšo se leqepheng la 24]

Orion Nebula

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

Foto ea U.S. Naval Observatory

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela