Mpho e Khethehileng ea Bana
LIPOLELO tse se nang mano tse buuoang ke bana hangata li etsa hore batho ba baholo ba re khefu ’me ba nahane, Ketsahalong e ’ngoe, kamor’a ho bona Jesu a etsa e meng ea mehlolo ea hae, bashemane ba qala ho hoa ba re: “Hosanna ho mor’a Davida!” Baetapele ba bolumeli ba hana sena. Ba foufalitsoe ke mōna, ba ne ba sitoa ho lemoha hore Jesu ke setloholo sa Messia sa Morena Davida. Empa Jesu a ba arabela ’me a re: “Na ha le e-so ho ka le bala taba e reng: [Molimo] U tumisitse lithoko tsa hao ka melomo ea bana le ea ba anyang, na?” (Mattheu 21:15, 16) Kajeno, Molimo o ntse o sebelisa “melomo ea bana” ho thusa bao likelello tsa bona li foufalitsoeng ke thuto ea bohata.—2 Ba-Korinthe 4:4.
◻ Daleen, ea lilemo li 12, o ipakile e le ngoanana ea nang le boikarabelo sekolong. Ka letsatsi le leng o ile a abeloa ho hlokomela sehlopha ka ho hong ha tichere e etsa mosebetsi o mong. O ne a tla etsa joang? Daleen o re, “Ke ile ka etsa qeto ea ho hlalosetsa ba sehlopheng se le seng le ’na hore batho ba lokileng ba tla phela ka ho sa feleng lefatšeng le hore hase motho e mong le e mong ea tla ea leholimong.” Ka tumello ea tichere, Daleen a fetisetsa boitsebiso ba hae sehlopheng ka moqoqo le morutoana e mong ea ka ithaopang, A bala mangolo a ’maloa, ho akarelletsa Pesaleme ea 37:29: “Ba lokileng ba tla ja lefa la lefatše, ’me ba tla hlola ho lōna ka ho sa feleng.” Karabelo ea e-ba efe? Daleen o re, “Tichere ea khaotsa mosebetsi oa eona ’me ea mamela ka hloko joaloka bana. Kamor’a moo a nteboha, ’me bana ba seng ba kae ba botsa lipotso.”
◻ Lillian, o lilemo li 5, ’me batsoali ba hae ba ne ba phela lik’hilomithara tse 19 hōle le toropo e ’ngoe e nyenyane ea Afrika Boroa moo ba neng ba atisa ho ea libokeng teng le ho tšoareha boboleling ba ntlo-le-ntlo. Ka Sontaha se seng, ka lebaka la bothata bo bong ba koloi, batsoali ba hae ba etsa qeto ea ho lula hae. Lillian a botsa: “Ke hobane’ng ha re sa tsoe ho ea bolela?” A sa khotsofatsoa ke lebaka, a re: “Nke ke ka lumella hore hoo ho nthibele.” Hamorao ’mè a hlokomela hore Lillian ha a eo le mokotlana oa hae oa ho paka. Ngoananyana enoa o ne a tšoarehile a etela malapa a haufinyane, a fana ka libuka tsa Bibele mahala—ho akarelletsa le Bibele ea ’m’ae! Leqhekoana le leng le ile la khahloa ke ha Lillian a hlalosa Paradeise e tlang hoo hamorao le ileng la amohela ha ’mè oa Lillian a ithaopela ho bala le lona. Mosali enoa qetellong a fetoha morapeli ea inehetseng oa Jehova.
E, Molimo o ntse o sebelisa “melomo ea bana” ho fana ka thoriso. Ho tiea ha bona ho ka ama lipelo tsa batho ba baholo ka ho teba. Joale, ke ka nepo, bana hammoho le batho ba baholo ba akarelletsoang memong ena e khōlō: “Rorisang Jehova lefatšeng, . . . bahlankana le baroetsana, maqheku hammoho le bana! A ba ke ba rorise lebitso la Jehova, hobane lebitso la hae ke lona le inotši le phahamileng.”—Pesaleme ea 148:7, 12, 13.