Joala—Pono ea Bokreste ka Bona ke Efe?
“BOMALIMABE ke ba mang na? Jo ’na! Jo ’na! ke tsa mang? Likomang ke tsa mang? Lillo ke tsa mang! Maoma a feela ke a mang? Ke a mang mahlo a mafubelu na? Ke a ba qenehelang ho noa.” (Liproverbia 23:29, 30) E, Bibele ea lumela hore lino tse tahang li ka tlisa liphello tse mpe haholo: lipono tse inahaneloang, boitšoaro bo hlabisang lihlong, liketso tse ferekaneng, likhathatso tsa bophelo, mathata a lelapa, esita le bofuma.
Hlokomela hore temana ea Bibele e kaholimo e bua ka ba “qenehelang” veine, ba itloaelitseng botahoa! Bakeng sa ba joalo, joala bo joaloka chefu, eo hangata e tlisang liphello tse bohloko ’meleng le kelellong. (Liproverbia 23:32-35) Ba noang haholo ba ka felloa ke boitšoaro ’me ba qala ho etsa lintho tseo mehleng li neng li tla ba hlabisa lihlong. Kahoo Bibele ea lemosa: “U se ke ua tloaela manoa-joala le manyolo-nyolo; hobane letahoa le lenyolo-nyolo ba ipakela bofuma; ’me ho rata boroko ho apesa motho maharasoa.” (Liproverbia 23:20, 21) Botahoa bo boetse bo baloa har’a “mesebetsi ea nama,” e ka thibelang motho ho kena ’Musong oa Molimo.—Ba-Galata 5:19, 21; 1 Ba-Korinthe 6:10.
“Ke Bothoto”—Ho Bo-mang?
Na see se bolela hore joala bo thibetsoe ka ho feletseng ho Bakreste? Ho thoe’ng ka se boletsoeng ke moruti, sehloohong se ka pele, seo ho bonahalang se theiloe ho Liproverbia 20:1, hore “banna ba bohlale ha ba noe veine ho hang.” King James Version e beha temana ena tjena: “Veine ke mosomi, seno se bohale sea hlahafatsa: e mong le e mong ea thetsoang ke eona ha a na bohlale.” Hape, Bibele ha e khalemele ba noang veine empa, ho fapana le hoo, ba thetsoang ke eona! “Ba qenehelang veine” le “manoajoala”—bana ke bona ba “se nang bohlale.”
Hape, nahana ka Esaia 5:11, 22. Litemana tsena li baleha tjena: “Ho malimabe ba tsohelang ho titimela joaleng, ba sa bo tloheleng ho isa ka phirima, ho fihlela ba tahoa. Ho malimabe ba matla ho noa veine, ba linatla ho lomosa joala.” Esaia o nyatsa eng? Na hase ho noa ho tlolisa, ha e le hantle, ho noa ho tloha ‘hoseng’ ho fihlela ka “phirima”?
Bahlanka ba tšepahalang ba Molimo—joaloka Abrahama, Isaaka, le Jesu—ba tlalehoa ba noa veine, ka ho itekanetseng. (Genese 14:18; 27:25; Luka 7:34) Bibele e bua ka veine e le har’a mahlohonolo a tsoang ho Jehova. (Genese 27:37; Deuteronoma 11:14; Esaia 25:6-8) Bibele e bile e bontša hore veine e sebelisoang ka ho itekanetseng e ka ba le liphello tse molemo. Mopesaleme o itse, veine e ‘thabisa pelo ea motho.’ (Pesaleme ea 104:15) Moapostola Pauluse o ile a khothaletsa Timothea hore: “U se ke ua hlola u e-noa metsi [a sa hloekang] feela, empa u n’o noa le veinenyana ka baka la mala a hao, le ka baka la lipabo tsa hao tse ngata.”—1 Timothea 5:23.
Veine Kapa Lero la Morara?
Ba bang ba phea khang ea hore “veine” eo ho buuoang ka eona litemaneng tse joalo tsa Bibele e ne e le lero le tloaelehileng la morara. Leha ho le joalo, Cyclopedia ea McClintock le Strong, e re hopotsa hore “Bibele ha e etse khethollo pakeng tsa veine e tahang le e sa taheng—ha ho mohla e supang kapa e buang ka khethollo e joalo.” Tumellanong le sena, ka Bibeleng “veine” e bontšoa e le seno se tahang ’me e amahanngoa le “seno se matla.”—Genese 9:21; Luka 1:15; Deuteronoma 14:26; Liproverbia 31:4, 6.
Ka ho thahasellisang, mohlolo oa pele oa Jesu e bile ho fetola metsi veine. Tlaleho ea Bibele e re: “Eare ha mong a mokete a latsoa . . . veine a sa tsebe moo e tsoang teng, . . . a bitsa monyali, a re ho eena: batho bohle ba ee ba bee veine e monate pele, ’me ere hobane ho nooe haholo [“’me ha batho ba tahiloe,” NW] ebe hona ho tlisoang e botsoa: uena, veine e monate u e bolokile ho fihlela joale.” (Johanne 2:9, 10) E, “veine e monate” eo Jesu a ileng a e etsa e ne e le veine ea sebele.
Ka sebele, baetapele ba bolumeli ba mehleng ea Jesu ba neng ba ipeile ba lokileng ba ne ba mo nyatsetsa ho noa veine ka linako tse ling. Jesu a re: “Johanne Mokolobetsi o ile a tla a sa je bohobe, a sa noe veine, ’me le re: ‘O na le motemona.’ Mor’a Motho o ile a tla a e-ja, a e-noa, [’me le] re: ‘Motho enoa ke monyollo le letahoa!’” (Luka 7:33, 34, TLP) Phapang e ne e tla ba efe pakeng tsa ho noa ha Jesu le ho se noe ha Johanne haeba Jesu a ne a inoeletse feela lero la morara le sa taheng? Hopola, ho ne ho itsoe ka Johanne ha “a ka ke a noa veine le seno se tahang.”—Luka 1:15.
Ka ho totobetseng, Jesu ha a ka a nyatsa ho noa lino tse tahang ka ho itekanetseng. Mehleng ea hae ho noa veine e ne e le karolo ea mokete oa Paseka.a ’Me veine ea sebele e ile ea tsoela pele ho ba karolo ea Sejo sa Morena sa Mantsiboea, se ileng sa nkela Paseka sebaka.
Boahloli boa Hlokahala
Kahoo Bibele ha e thibele ho noa lino tse tahang. Mabakeng a mangata, hore na motho o tla noa seno se matla kapa che ke taba ea qeto ea botho. Empa Bibele e nyatsa botahoa ka matla, ’moho le bonyollo: “U se ke ua tloaela . . . manyolo-nyolo [“menyollo,” NW]; hobane letahoa le lenyolo-nyolo ba ipakela bofuma.” (Liproverbia 23:20, 21) Ka hona, bohle ba lokela ho bontša boitekanelo le boitšoaro. “’Me le se ke la tahoa ke veine, hobane bohlola bo teng ho eona; le mpe le tlale Moea.” Hopola, boitšoaro ke e ’ngoe ea litholoana tsa moea oa Molimo.—Ba-Efese 5:18; Ba-Galata 5:19-23.
Ka sebele, motho ha a hloke hore a tahoe hore a kene likhathatsong ka baka la joala. Bukana e entsoeng ke Mokhatlo oa Sechaba oa Tšebeliso e Mpe ea Lithethefatsi oa U.S. ea re hopotsa: “Ha motho a e-noa, joala bo monyela maling kapele ka tšebetso ea tšilo, ’me bo fihla bokong kapele. Bo qala ho khina tšebetso ea likarolo tsa boko tse laolang monahano le maikutlo. Motho o ikutloa a tsoile haholoanyane lithibelong, a lokolohile haholoanyane.” Boikutlo bona ba ‘ho tsoa haholoanyane lithibelong’ bo ka pepesetsa motho likotsi tsa boitšoaro.
Kotsi e ’ngoe e tabeng ea ho khanna. Ho latela likhakanyo tse ling, United States feela batho ba 25 000 ba bolaoa likotsing tse tlisoang ke bakhanni ba tahiloeng. Ka ho hlakileng, ba bangata ba nyenyefatsa kamoo joala bo khinang tšebetso ea boko ea ho arabela maemong a kotsi. Empa Bakreste ba talima bophelo e le mpho e tsoang ho Jehova. (Pesaleme ea 36:9) Na ho ne ho tla be ho le tumellanong le pono ee hore motho a bee bophelo ba hae le ba ba bang kotsing, ka ho khanna, ha tšebetso ea boko ba hae ea ho arabela maemong a kotsi e khinnoe ke joala? Ka hona, Bakreste ba bangata ba entse qeto ea ho se thetse joala ho hang ha ba lokela ho khanna.
Mokreste o boetse o amehile ka tšusumetso eo ho noa ha hae ho tla ba le eona ho ba bang. Ha ho pelaelo hore lena ke lona lebaka leo ka lona balebeli ba Bakreste, bahlanka ba sebeletsang, le basali bohle ba hōlileng ba eletsoang ho se ineele “veine e ngata.” (1 Timothea 3:2, 3, 8, NW; Tite 2:2, 3) Le hoja motho e mong a ka ’na a bonahala a sa hlōloe ke lino tse tahang, o hlokolosi hore e be ea itekanetseng ho noeng ha hae e le hore a se ke a susumetsa e mong ka tsela e fosahetseng; kapa hona ho leka ho qobella motho e mong joala ha a sa batle ho noa. Bibele e tsoela pele hore, “Ho hotle hore ho se ke ha jeoa nama, ho se ke ha nooa veine, ho se ke ha etsoa letho, leha le le leng, le ka khopisang ngoan’eno.”—Ba-Roma 14:21.
Maemo a mang a ka ba a hloka hore ho teloe ho noa. Nahana ka boimana. International Herald Tribune (khatiso ea Paris) e ile ea bolela ka phuputso e entsoeng univesithing ea Carolina Boroa (U.S.A.) ’me ea tlaleha hore “ketsahalo e le ’ngoe ea ho noa haholo nakong e qalang ea boimana e ka ’na ea qetella ka tšenyo e tebileng ’meleng le kelellong tsa ngoana ea ntseng a hōla.” Basali ba lokela ho nahana ka botebo ka likotsi tse joalo tsa ho noa nakong ea boimana.
Ba nang le pale ea botahoa kapa tšekamelo ea ho hloka boitekanelo ba ka ’na ba ho fumana ho le molemo ka ho fetisa ho tlohela ho noa ka ho feletseng.b Ka ho tšoanang ho ka ’na ha ba molemo ka ho fetisisa ho qoba ho noa ha e mong eo e leng lekhoba la tahi a le teng kapa eo letsoalo la hae le nyatsang ho noa. Hape ho noa lino tse tahang pele ho liboka tsa Bokreste kapa ha motho a tšoarehile mosebetsing oa boboleli ba phatlalatsa e ne e ke ke ea e-ba ho loketseng. Balevi ba boholo-holo ba ile ba bea mohlala oa sena ka ho tela ho noa ha ba le mosebetsing ka tempeleng.—Levitike 10:8-10.
Qetellong, melao ea naha e lokela ho hlonepshoa. Linaheng tse ling joala bo thibetsoe ka ho feletseng. Ho tse ling, bo lekanyelitsoe ho batho ba baholo ba ka holimo ho lilemo tse itseng. Mokreste o utloa maano a joalo a “ba boholong.”—Ba-Roma 13:1, NW.
Ha e le hantle, hore na u tla noa lino tse tahang kapa che kapa hore na u tla noa hakae ke liqeto tsa botho. Molimo o tlotlisoa ha re sebelisa boahloli bo molemo ’me ka boithaopo re khetha tsela ea ho itekanela. Ka hona, latela tsela ena e bohlale e le hore “leha le e-ja, leha le e-noa, leha le etsa ntho efe le efe,” le tle le be ba “etsang tsohle ho tlotlisa Molimo ka tsona.”—1 Ba-Korinthe 10:31.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Merara e ne e kotuloa ho ea qetellong ea lehlabula, Palestina. Leha ho le joalo, Paseka ea Sejode le Sejo sa Morena sa Mantsiboea, li ne li tšoaroa nakong ea selemo selemong—likhoeli tse tšeletseng hamorao. Ho se mokhoa oa ho le boloka le sa senyehe, ka tlhaho lero la morara le ne le tla be le se le betse.
b Lingaka li buella hore motho ea hlahlobiloeng ’me a fumanoa e le lekhoba la tahi ka ho feletseng a tele joala. Bona Tsoha! ea Pherekhong 8, 1983.
[Setšoantšo se leqepheng la 6]
Mokreste a ka ’na a khetha ho tela ho noa lino tse tahang ka baka la letsoalo la e mong