Ho Bontša Botšepehi ba Bokreste New Caledonia
LITABA li ne li sa tsamaee hantle paradeiseng. Mathoasong a 1985, sehleke-hlekeng sa Pacific Boroa sa New Caledonia ho ne ho shoele batho ba ka bang 20 ka lebaka la merusu ea lipolotiki. Hona ho ile ha etsa hore makasine oa Maclean’s o hlalose: “Sehleke-hleke se se se qalile ho tšoana le Ireland Leboea, se arotsoe ka likampo tse peli tse hlometseng ka matla le tse mabifi.”
Boemo bo ne bo le bobe hoo ka Moqebelo o mong ka Pherekhong 1985 Mopresidente François Mitterrand oa France a ileng a nka leeto le potlakileng le la tšohanyetso le bolelele ba ho khutla bohareng ba lefatše ho ea Nouméa, motse-moholo oa sehleke-hleke sena. Baahi ba sehleke-hleke, bao botšepehi ba bona ’musong bo arohileng likoto, ba ne ba laba-labela ho hlalosa maikutlo a bona leetong lena la hae. Batala ba naha, ba qheletsoeng morao ke baeta-pele ba bolumeli le ba ikutloang ba tšepahala ka ho feletseng tšimolohong ea bona ea Melanesia, ba ile ba sututsa ka matla bakeng sa ho felisa lilemo tse fetang 130 tsa puso ea Mafora. Ka lehlakoreng le leng, bana ba bangata ba Mapolynesia a makhooa le ba bajaki ba Maasia, haesita le Mamelanesia, ba ipoletse hore ba tšepahala ho ’Muso oa Fora ’me ba buella hore puso ea oona e ’ne e tsoele pele.
Ho sa le joalo, ka Moqebelo oona oo, Lipaki tsa Jehova tse 1 567 le metsoalle ea tsona le tsona li ne li khobokane Nouméa ho ea bontša botšepehi ba tsona phatlalatsa. Leha ho le joalo, botšepehi ba tsona bo ne bo sa lebisoa ho sehlopha leha e le sefe sa batho, kapa ’muso oa lefatše; e ne e le botšepehi ’Musong o hlomiloeng oa Molimo. Empa ho ile ha tla joang hore li be Nouméa ka letsatsi lee le khethehileng? Ho feta moo, ho tlile joang hore e be li ne li le New Caledonia?
Qalo ea Botšepehi ba Bokreste
New Caledonia e na le seo u ka se lebellang ka paradeise ea Pacific Boroa—mohatsela le mofuthu oa teng ke tse ntle selemo kaofela, litholoana tse ntle tse lutlisang mathe, le limela tse ngata tse khahlisang mahlo, le motsoako oa ba fetang 150 000 ba Melanesia, Polynesia, Asia le Europe.
E ile ea fumanoa ka 1774 ke Captain James Cook, motsamaisi oa likepe ea tsebisahalang oa Brithani le ’matli oa libaka tse ncha, empa e ile ea fetoha kolone ea Mafora ka 1853. Baromuoa ba Bokreste-’mōtoana ba tlile ba potlakile kamor’a ba batlang libaka le bahoebi ba pele. Batho bao ba ileng ba ba fumana ho hlakile hore ho ne ho hlokahala hore ba lokolloe mekhoeng e itseng e fosahetseng. Ka mohlala, baromuoa ba ile ba atleha ho felisa malimo. Hape ba tsebisa batho Bibele, ba ba ba e fetolela ka lipuo tse ’nè tsa moo. Ka ho babatsehang, ba ile ba akarelletsa lebitso la Molimo, le ngoloa e le Iehova kapa Jehova ka lipuo tsa moo. Leha ho le joalo, ho ne ho hlokahala ho eketsehileng.
Ka bo-1930 sehlopha sa Lipaki tsa Jehova se ile sa nka leeto la sekepe ho haola le Loyalty Islands se aba lingoliloeng tsa Bibele. Bohareng ba bo-1950 Lipaki tse ngata tsa Maaustralia tsa fallela New Caledonia. Le hoja li ile tsa lelekoa hamorao, mosebetsi oa atleha, ’me ka 1967 palo ea Lipaki tsa moo e ne e le kaholimo ho lekholo. Ka 1976 Mokhatlo oa Watch Tower oa hloma ofisi ea lekala Nouméa ’me ea alosa ho ahuoa ha Holo ea ’Muso ea pele ea sehleke-hleke sena.a
Haholo-holo ho tloha ka nako eo, ho nkiloe mehato e matla ea ho bokella har’a batho ba mefuta-futa ba naha ena bafo ba tšepahalang bakeng sa ’Muso o hlomiloeng oa Jehova. Ka mohlala, batho ba ka bang 17 000 ba Wallis le Futuna—lihleke-hleke tse nyenyane tse ka boroa ho Fiji—ba phela New Caledonia. Ba bangata ho batho bana ba Wallis ke Mak’hatholike ’me ba ineetse ka ho fetisisa kerekeng ea bona. Empa boikutlo ba bona bo ntse bo fetoha ha ba bangata ho bona ba qala ho mamela molaetsa oa ’Muso. Moprista e mong, a khopisitsoe ke sena, o ile a romela mofumahali ea ikarabellang licheleteng tsa kereke ho ea “pholosa linku tse khelohang.” Leha ho le joalo, mosali enoa le eena o ile a mamela. Joale morali oa hae, ea neng a ithutela ho ba moromuoa Rome, o ile a khutlela hae ’me a amohela ’nete ea Bibele e rutoang ke Lipaki tsa Jehova. Hona joale morali le ’m’ae ke Lipaki tse ineetseng, tse tšepahalang.
Kajeno Lipaki lia tsebisahala hohle lihleke-hlekeng tsena; kaha libakeng tse ling, ho na le Paki e le ’ngoe bakeng sa batho ba bang le ba bang ba 80. Sehleke-hlekeng sa Lifou, ’metli e mong e monyenyane e ile ea e-ba Mopentekonta. A ea ka motse le motse, a phatlalatsa hore Kreste o ne a tla khutlela sehleke-hlekeng a bonahala. Ho bontša hore o kholisehile hore matlotlo a bonahalang e ne e se a bohlokoa ba letho, a chesa liaparo tsa hae le chelete ea hae pontšeng. Empa a thahasella seo a se balileng pampitšaneng e hatisitsoeng ke Lipaki tsa Jehova. Thuto ea kamehla ea Bibele ea mo thusa hore a be le tsebo e nepahetseng ea Lentsoe la Molimo. Kajeno, ke Mokreste ea tsitsitseng, mosebeletsi oa nako e tletseng.
Ho Tšepahala ’Musong oa Molimo Tlas’a Teko
Merusu ea lipolotiki le maemo a pherekano tse ileng tsa qhoma ka 1984 li ile tsa hlahisetsa ba bangata mathata New Caledonia, ho akarelletsa Lipaki. Lipaki tse ling li ile tsa hlaseloa ke mahoo-hoo le ho shapuoa ha li le boboleling. Banna ba bararo ba ile ba kena lelapeng le leng la Paki, ba batla linotlolo tsa monna eo tsa koloi ba mo supile ka sethunya ’me ba utsoa koloi ea hae. Moromuoa e mong a fumana hore koloi ea hae e ile ea hotetsoa ka mollo le ho senngoa ha a ntse a tsamaisa thuto ea Bibele.
Ha baahi ba lihleke-hleke ba arohane botšepehing ba bona, Lipaki, ho sa tsotellehe hore na ke tsa sechaba sefe, li momahane boemong ba tsona ba ho se jele paate. Baruti, ka bobona ba amehile lipolotiking, ba sebelisitse boemo ba hona joale ba merusu ho fehla lehloeo bakeng sa Lipaki. Ka mohlala, Lipaki tse neng li khanna makoloi ho ea lata batho ba thahasellang bakeng sa seboka li ile tsa emisoa. Molebeli oa tsona ea tsamaeang, ea neng a li etetse bekeng eo, a huloa ka koloing e ’ngoe ’me a shapuoa ’me likhalase tsa hae tsa mahlo tsa choatleha. Motho ea thahasellang a thulisoa lebota ’me a shapuoa ho fihlela ha hlooho ea hae e lutla mali, mosali oa hae oa moimana a qobelloa hore a shebelle.
Leha ho le joalo, Lipaki lia tseba hore botšepehi ba tsona bo nthong e nepahetseng. Li hopola mantsoe a Pauluse: “Bohle ba ratang ho phela ka borapeli bo ho Jesu Kreste, ba tla hlorisoa joalo.”—2 Timothea 3:12; bona le Mattheu 10:16.
Ho Atolosa ka Botšepehi ho sa Tsotellehe Merusu
Bohareng ba 1984 Lipaki li ile tsa bona ho hlokahala hore li hahe Holo ea Kopano. Setša se tšoanelehang se ile sa fumanoa leralleng le okametseng kou ea Nouméa, ’me mosebetsi oa qaloa ka Loetse. Empa ka Pulungoana, ka lebaka la merusu ea lipolotiki, ba boholong ba laola linako tsa ho tsamaea, ’me ha phatlalatsoa qomatsi. Ho sa tsotellehe mathata ana, Lipaki tse sehleke-hlekeng sohle tsa arabela ha li memeloa bohlokoa ba ho thusa setšeng sa mohaho. Baithaopi ba fetang 400 ba ne ba e-tla ka nako e le ’ngoe, e leng ho neng ho makatsa bashebelli haholo. Kaha mosebetsi oa ho haha o ne o etsahala nakong ea matsatsi a phomolo ea likolo, bacha ba bangata ba ile ba thusa. Ngoanana e mong e monyenyane o itse: “Ena ke phomolo e molemohali eo nkileng ka ba le eona.” ’Me ho bona Paki ea mosali e lilemo li 60 e akhela samente le kerabole mochineng o lubang konkreiti ho ne ho lekane ho makatsa setsebi sefe kapa sefe sa mohaho!
Kamorao ho likhoeli tse ’nè feela mosebetsi oa phethoa. Litokisetso tsa ho o khakola tsa etsoa empa ha etsahala hore e be mafelo-beke a leeto la tšohanyetso la Mitterrand! Ka lebaka la boemo bo neng bo ka ’na ba baka mofere-fere ba lipolotiki, ba boholong ba kōpa Lipaki hore li chechise lenaneo la tsona. Leha ho le joalo, monna ea ikarabellang bakeng sa tšireletso, eo ka nako e fetileng a neng a ile a bona kopano ea Lipaki France, a re ho tsona: “Kea le tseba. Hase lōna ba tla re bakela mathata. Le mpe le itlhokomele feela; ha re na ho khathatsana le liboka tsa lōna.”
Batho ba fetang 1 500 ba bile teng lenaneong le letle la nehelo, le ileng la fihla tlhorong ka puo ea khakolo e neng e fanoa ke Lyman Swingle, setho sa moeti sa Sehlopha se Busang sa Lipaki tsa Jehova. Ba bileng teng sebokeng sena, ho sa tsotellehe merusu ea kahare ho naha, ba bontšitse botšepehi ’Musong oa Jehova, botšepehi bo beang litholoana New Caledonia. Tlhoro e ncha ea bahoeletsi ba ’Muso ba 889 e finyelletsoe, ’me menyetla ea keketseho e tsoelang pele ea babatseha. Bopaki ba sena bo ka bonoa ho batho ba 2 145 ba bileng teng Sehopotsong sa lefu la Kreste ka 1986.
Nako e sa tsoa feta ea merusu ea lipolotiki e bontša ka ho hlaka hore boholo ba batho ba New Caledonia bo lebelletse mebuso ea batho ho rarolla mathata a bona. Ha ho joalo ka ba tšepahalang ’Musong oa Molimo, ba beileng tšepo ea bona e feletseng pusong ea Molimo. Mathateng ana, ’mileng oa lebōpo le ka bochabela ho ile ha bonoa letšoao le neng le re: “Jehova a Fele!” Empa Jehova, joalokaha a emeloa ke ’Muso oa hae o hlomiloeng, o tla ba teng ka ho sa feleng. Ho joalo le ka ‘ba tšepahalang ba hae.’—Pesaleme ea 37:28; bona le litemana 9-11, 22, 29, le 34.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bakeng sa tlaleho e feletseng haholoanyane ea Lipaki tsa Jehova New Caledonia, bona 1984 Yearbook of Jehovah’s Witnesses, maqephe 243-49.
[Limmapa tse leqepheng la 25]
(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)
AUSTRALIA
[’Mapa]
NEW CALEDONIA
Lifou
LOYALTY ISLANDS
Nouméa