Ho Nyarela ka Litabeng
Baruti le AIDS
“Palo ea Bakuli ba AIDS e-ea Hōla Har’a Baruti ba K’hatholike” kamoo ho neng ho baleha sehlooho sa koranta ea International Herald Tribune. Tlaleho e boletse: “Le hoja ho le thata ho fumana lipalo tse feletseng tsa bothata bona, lingaka, baruti, le basebeletsi ba sechaba metseng e mengata ba re palo ea baruti ba K’hatholike ba angoang ke AIDS e ntse e phahama, . . . Temoho e eketsehang ea hore bahlaseluoa [ba AIDS] ba kopanyeletsa baruti ba K’hatholike e hlahisa bothata kerekeng hobane baprista ba bang le baitlami ba banna ha ba roba feela kano ea bona ea ho se kene lenyalong empa ba boetse ba ameha liketsong tsa bosodoma tse hanoang ke melao ea kereke.”
Leha ho le joalo, ho roba kano ea ho se kene lenyalong ho ke ke hoa beoa molato ho ’notši, hobane esita le likereke tseo baruti ba tsona ba lumelloang ho kena lenyalong ho tlalehiloe bakuli ba AIDS har’a tsona. Tlaleho ena e boetse e senotse hore “AIDS e amme palo e khōlō ea Maamerika, ho kopanyeletsa le baruti, baprista ba Episkopale, baruti ba Baptiste le baruti ba bang.”
Bonneteng, hase baruti bohle ba nang le AIDS bao e leng basodoma. AIDS e ka boela ea tšoara motho ea bang le likamano tsa botona le botšehali ka tsela e tloaelehileng le ka litšelo tsa mali. Leha ho le joalo, litlaleho tse joalo har’a baruti li bontša se ka etsahalang ha batho ba hlōleha ho latela molao o hlakileng o entsoeng ke lekhotla la lekholong la pele la lilemo Jerusalema, e leng ho “tela . . . mali, le nama ea liphoofolo tse fenethiloeng le ho kopanela likobo ka mokhoa o hanoang ke mangolo.”—Liketso 15:29, The New American Bible (ea K’hatholike).
Mocha o Fosahetseng
“Ithate; uena u Molimo.” Na oo ke molaetsa o sa tloaelehang? E, empa har’a palo e eketsehang ea batho ba batlang bolumeli bo bong ntle ho bo tloaelehileng, molaetsa oo o fetoha o tloaelehileng. Mantsoe ana, a boletsoe ke mofumahali ea lilemo li 27 oa California Penny Torres, a boletsoe ke Mafu, “‘sebopuoa se iphetotseng ho tsoa bohatong ba bosupa ba lebili la ho tsoala hangata’ moo lekhetlong la ho qetela se tsoetsoeng e le molepera motseng oa Lekholo la pele la Lilemo oa Pompeii,” ke sona seo Torres a se sebelisang e le “mocha,” ho tlalehile Los Angeles Times. Torres ke e mong oa matšoele a United States ea sebelisang “mocha” oa “meea ea bafu” o rutang hore motho e mong le e mong ke Molimo oa hae.
“Mecha,” ho latela Times, ke “linohe tse nkoang ke lipono li sa ikutloe hore li buisane le ‘meea e sa bonahaleng sebakeng sa moea’” kapa “sebakeng.” Boemong bona, li ka kōptjoa ho fana ka keletso kapa ho arabela lipotso tsa litaba tsa botho. Ho lekanngoa hore batho ba ka bang 1 000 Los Angeles feela ba ipolela hore ke mecha ena. Ke hobane’ng ha ho e-na le thahasello e tšosang mecheng ee? Ho The Miami Herald, Ronald F. Thiemann, mookameli e moholo oa Sekolo sa Boruti sa Harvard, o re “thuto ea bolumeli ha e sa thahasellisa Maamerika.”
Makholo a lilemo khale, Moshe o lemositse Baiseraele: “Ho se ke ha fumanoa ha eno . . . senohe, kapa moloi, le moupelli, leha e le ea botsang balimo, le ngaka e reng ea profeta, leha e le ea botsang bafu.” Hobane’ng? “Hobane bohle ba etsang litaba tsee ba manyala ho Jehova.”—Deuteronoma 18:10-12.
Ho Phopholetsa Lefifing
Litho tsa ISSOL (Mokhatlo oa Machaba oa Thuto ea Tšimoloho ea Bophelo) li ile tsa kopana ngoahola Berkeley, California, sebokeng sa tsona sa borobeli. Kamor’a ho lumela bohlokoa ba “ho itlhahloba ho bona mehato e finyelletsoeng ho fihla nakong ena,” motlatsi oa ISSOL Moprofesara Klaus Dose o boletse ho makasine oa Jeremane oa mahlale, Naturwissenscha ftliche Rundschau, hore lilemo tse ngata tsa lipatlisiso ha li a atametsa litsebi tsa ho iphetola ha lintho haufi le kutloisiso ea tšimoloho ea bophelo.
Moprofesara Dose oa ngola: “Mohlomong ha ho thuto ea mahlale a tlhaho e tsebisahalang ka mehopolo e tjena e fapaneng, e loantšanang, joaloka ha ho etsa thuto ea ho iphetola ha lintho tse phelang. Ka 1986, lilemo tse fetang 30 kamor’a qalo e neng e tšepisa mehla ea ho etsa liphuputso, ho thata ho supa mabaka a eketsehileng ho hlalosa mekhoa ea sebele ea tšimoloho ea bophelo joaloka ha ho le joalo ka liphuputso tsa Ernst Haeckel tse entsoeng lilemo tse 120 tse fetileng. Ka bomalimabe, ho lokela ho hopoloa hore lintho tse fumanoang ho tsoa liphuputsong li hōle le ho senola tšimoloho ea bophelo, joalo ka ha ho le joaloka likarolo tse bōpang bōka ba mashala.” Moprofesara oa Univesithi ea New York, Irving Kristol, o ngotse hore “ho fetoha butle-butle ha lintho tse ling ho ea ho tse ling ke khopolo-taba ea mahlale e seng ’nete ea mahlale.”
Le hoja litsebi tsa ho iphetola ha lintho li phopholetsa likarabo, tlhaloso ea Bibele e tšoanela linnete tsohle tse tsejoang. Joaloka ha mongoli oa Bibele Davida a tlalehile ka kholiseho: “Hobane seliba sa bophelo se ho uena [Molimo].”—Pesaleme ea 36:9.