‘Nako ea Ho Bua’—Neng?
MARY o sebetsa e le mongoli oa lingaka sepetlele. Tlhokahalo e ’ngoe eo a lokelang ho ea ka eona mosebetsing oa hae ke ho boloka makunutu. O lokela ho boloka boitsebiso le litokomane tse amanang le mosebetsi oa hae hore li se ke tsa ea ho batho ba sa fuoang tumello. Tsamaiso ea melao ea naha ea habo le eona e thibela hore boitsebiso ba lekunutu ba bakuli bo ka ntšetsoa ka ntle.
Ka letsatsi le leng Mary a thulana le qaka. Ha a ntse a sebetsana le litlaleho tsa lingaka, a thulana le boitsebiso bo bontšang hore mokuli e mong, Mokreste ’moho le eena, o lumetse ho ntša mpa. Na o ne a e-na le boikarabelo ba Mangolo ba ho senolela baholo ba phutheho boitsebiso boo, le hoja ho ne ho ka ’na ha etsa hore a lahleheloe ke mosebetsi oa hae, a qosoe, kapa hore mohiri oa hae a be le mathata a molao? Kapa Liproverbia 11:13 e ne e tla lokafatsa hore a boloke taba e patehile? E baleha tjena: “Ea chakelang ho qoqa o phunya makunutu; empa ea pelo e tšepehang o boloka taba.”—Bapisa Liproverbia 25:9, 10.
Lipaki tsa Jehova li thulana le maemo a kang bona nako le nako. Joaloka Mary, li seli haholo ka seo Morena Salomone a se hlokometseng: “Ntho e ’ngoe le e ’ngoe e na le sebaka sa eona, ’me nako e teng ea tsohle tse etsoang tlas’a letsatsi: . . . nako e teng ea ho khutsa, e teng nako le ea ho bua.” (Moeklesia 3:1, 7) Na ee e ne e le nako ea hore Mary a khutse, kapa e ne e le nako ea ho bua ka seo a se tsebileng?a
Maemo a ka fapana haholo. Kahoo, ho ne ho ke ke ha khoneha hore ho beoe tsela ea motheo e lokelang ho lateloa bothateng bo bong le bo bong, joalokaha eka motho e mong le e mong o lokela ho sebetsa litaba ka tsela eo Mary a entseng ka eona. Ka sebele, Mokreste ka mong, haeba a thulana le boemo ba mofuta ona, o lokela hore a be a itokiselitse ho hlahloba mabaka ’ohle a amehang ’me a fihlele qeto e bontšang ho nahana ka melao-metheo ea Bibele ’moho le makolopetso ’ohle a molao ’me hoo ho tla mo siea a e-na le letsoalo le hloekileng pel’a Jehova. (1 Timothea 1:5, 19) Ha libe e le tse nyenyane ’me li entsoe ka baka la ho se phethahale ha botho, molao-motheo ona oa sebetsa: “Lerato le apesa libe tse ngata.” (1 Petrose 4:8) Empa ha ho bonahala ho e-na le phoso e tebileng, na Mokreste ea tšepahalang, ka baka la ho rata Molimo le Mokreste ’moho le eena, o lokela ho senola seo a se tsebang e le hore ea bonahalang e le mofosi a ka fumana thuso ’me bohloeki ba phutheho ba bolokoa?
Ho Sebelisa Melao-Metheo ea Bibele
E meng ea melao-metheo ea Bibele e sebetsang ke efe? Oa pele, motho ofe kapa ofe ea etsang phoso e tebileng ha aa lokela ho e pata. “Ea patang melato ea hae a ke ke a hlohonolofala [“a atleha,” NW]; empa ea e bolelang, a e bakela, o tla fumana mohau.” (Liproverbia 28:13) Ha ho letho leo Jehova a ke keng a le hlokomela. Melato e patiloeng e tla arabelloa qetellong. (Liproverbia 15:3; 1 Timothea 5:24, 25) Ka linako tse ling Jehova o etsa hore phoso e patiloeng e hlokomeloe ke setho se seng sa phutheho e le hore e ka fuoa tlhokomelo e loketseng.—Joshua 7:1-26.
Ntlha e ’ngoe ea Bibele e re tataisang e hlaha ho Levitike 5:1, (NW): “Ekare ha moea o etsa sebe ka ho se bolele ha o utloile thohako ea pontšeng ’me e le paki kapa o e bone kapa o tsebile ka eona, haeba o sa e tlalehe, o tlameha ho ikarabella bakeng sa molato oa oona.” ‘Thohako ena ea pontšeng’ e ne e se ho nyefola Molimo kapa lintho tse halalelang. Ho fapana le hoo, hangata e ne e hlaha ha motho e mong ea neng a foselitsoe, eo ha a ntse a bolela lithohako—mohlomong tse tsoang ho Jehova—ho ea mo foselitseng eo mohlomong a neng a e-s’o tsebahale, a neng a batla hore batho leha e le bafe bao e neng e ka ba lipaki, ba mo thuse ho fumana toka. E ne e le mokhoa oa ho etsa hore ba bang ba kene kanong. Lipaki leha e le life tsa phoso li ne li tla tseba hore na ke mang ea sa sebetsoang ka toka ’me li ne li tla ba le boikarabelo ba ho itlhahisa ho bolela molato. Ho seng joalo, li ne li tla lokela ho ‘arabella molato oa tsona’ ka pele ho Jehova.b
Taelo ena e tsoang ho borena bo Phahameng ka ho Fetisisa bokahohleng e ne e fa Moiseraele e mong le e mong boikarabelo ba hore a tlalehele baahloli phoso efe kapa efe e tebileng eo a e hlokometseng e le hore taba e ka sebetsoa. Le hoja Bakreste ba sa tlangoa ke Molao oa Moshe, melao-metheo ea oona e ntse e sebetsa ka phuthehong ea Bokreste. Kahoo, ka linako tse ling Mokreste le eena a ka ’na a tlameha ho hlokomelisa baholo ka taba. Ke ’nete hore linaheng tse ngata ke tlōlo ea molao ho bolella ba sa fuoang tumello se fumanoeng litlalehong tsa lekunutu. Empa haeba Mokreste, kamor’a ho nahanisisa ka thapelo, a ikutloa hore o thulane le boemo boo ho bona molao oa Molimo o mo hlokang hore a tlalehe seo a se tsebang ho sa tsotellehe litaelo tsa marena a tlasana, joale boo ke boikarabelo boo a bo amohelang pel’a Jehova. Ho na le linako tseo ka tsona Mokreste a tlamehang hore a “utloe Molimo ho e-na le batho.”—Liketso 5:29.
Le hoja likano kapa litšepiso tse tiileng li sa lokela hore le kamohla li nkoe hasesaane, ho ka ’na ha ba le linako tseo ka tsona litšepiso tse hlokoang ke batho li hohlanang le tlhokahalo ea hore re nehelane ka borapeli bo khethehileng ho Molimo oa rōna. Ha motho a etsa sebe se tebileng, ha e le hantle, o ba tlas’a ‘thohako ea pontšeng’ ho tsoa ho Ea foselitsoeng, Jehova Molimo. (Deuteronoma 27:26; Liproverbia 3:33) Bohle ba fetohang karolo ea phutheho ea Bokreste ba ipea tlas’a “kano” ea ho boloka phutheho e hloekile, ka seo ba se etsang bona ka bobona le tsela eo ka eona ba thusang ba bang hore ba lule ba hloekile.
Boikarabelo ba Botho
Ena ke e meng ea melao-metheo ea Bibele eo mohlomong Mary a ileng a nahana ka eona ha a etsa qeto ea hae ea botho. Bohlale bo ile ba mo bolella hore ha aa lokela ho sebetsa ka lepotla-potla, a sa hlahloba litaba ka hloko. Bibele e-ea eletsa: “U se ke ua paka khahlanong le oa heno u se na mabaka. Hobane u tla be u ikentse sethoto ka molomo oa hao.” (Liproverbia 24:28, NW) Ho fihla qetong e hlakileng ea taba, ho hlokahala bonyane bopaki ba lipaki tse peli tse boneng ka mahlo. (Deuteronoma 19:15) Haeba Mary a ne a bone moo ho boletsoeng hakhutšoaane feela ka ho ntšoa ha mpa, ka baka la letsoalo o ne a ka ’na a etsa qeto ea hore bopaki e ne e le bo ke keng ba lebisa qetong e hlakileng hoo a neng a sa lokela ho tsoela pele. E ne e ka ’na eaba ho bile le phoso ha ho ngoloa molato, kapa ka tsela e ’ngoe e itseng litlaleho li ne li ka ’na tsa se senole boemo ka nepo.
Leha ho le joalo, ketsahalong ena Mary o ne a e-na le boitsebiso bo bong ba bohlokoa. Ka mohlala, o ne a tseba hore khaitseli o ne a lefile molato, ’me ho bonahala hore o ne a lumela hore o amohetse tšebeletso e boletsoeng. Hape, eena ka boeena o ne a tseba hore khaitseli eo o ne a sa nyaloa, e leng ho neng ho eketsa menyetla ea bohlola. Ka lerato Mary o ile a ikutloa a e-na le takatso ea ho thusa eo e ka ’nang eaba o fositse le ho sireletsa bohloeki ba mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova, a hopola Liproverbia 14:25: “Paki ea ’nete e namolela bophelo ba batho; ha e le ea bohata, e fefetha mashano feela.”
Mary o ne a batla a tšohile mehato ea molao empa a ikutloa hore boemong bona melao-metheo ea Bibele e lokela ho ba ea bohlokoa ho feta tlhokahalo ea hore a sireletse lekunutu la litlaleho tsa lingaka. O ile a nahana hore ka sebele khaitseli eo o ne a ke ke a batla ho khopeha le ho leka ho iphetetsa ka ho mo etsetsa khathatso. Kahoo ha Mary a hlahloba linnete tsohle tseo a ka li fumanang, ka baka la letsoalo a etsa qeto ea hore joale e ne e le nako ea ho “bua,” e se ea ho “khutsa.”
Joale Mary o ne a talimane le potso e ’ngoe: O ne a lokela ho bua le mang, hona ke joang a neng a ka etsa joalo ka bohlale? O ne a ka ’na a ea ho baholo ka ho toba, empa a etsa qeto ea ho ea ho khaitseli pele ka lekunutu. Hona e bile katamelo e lerato. Mary a nahana hore enoa ea belaelloang o ne a ka ’na a amohela monyetla oo e le ho hlakisa litaba kapa, haeba a le molato, a netefatsa pelaelo. Haeba khaitseli a ne a se a buile le baholo ka taba eo, ke ho utloahalang hore o ne a tla bolela, ’me Mary o ne a sa tl’o hloka ho latella taba eo. Mary a nahana hore haeba khaitseli eo a ne a lumetse ho ntša mpa ’me a sa ipolela ka tlōlo ena e tebileng ea molao oa Molimo, o ne a tla mo khothaletsa ho etsa sena. Joale baholo ba ne ba ka mo thusa tumellanong le Jakobo 5:13-20. Ka ho thabisang, ke eona tsela eo litaba li ileng tsa tsamaea ka eona. Mary o ile a fumana hore khaitseli enoa o ile a lumela ho ntša mpa tlas’a khatello e khōlō le ka baka la ho ba ea fokolang moeeng. Lihlong le letsoalo li ile tsa mo susumetsa hore a pate sebe sa hae, empa a thabela ho fumana thuso e tsoang ho baholo e isang ho hlaphoheloeng moeeng.
Haeba Mary a ne a tlalehetse baholo pele, ba ka be ba ile ba talimana le qeto e tšoanang. Ba ne ba tla sebetsana joang le boitsebiso ba lekunutu bo fihlang liatleng tsa bona? Ba ne ba tla lokela ho etsa qeto e theiloeng ho seo ba ikutloang hore se hlokoa ho bona joaloka balisa ba mohlape ke Jehova le Lentsoe la hae. Haeba tlaleho e ne e ama Mokreste ea kolobelitsoeng ea neng a kopanela ka mafolo-folo le phutheho, ba ne ba tla lokela ho hlahloba bopaki joalokaha Mary a ile a etsa ha ba rera hore na ba lokela ho tsoela pele. Haeba ba ne ba etsa qeto ea hore ho ne ho e-na le monyetla o moholo oa hore “tomoso” e teng ka phuthehong, ba ne ba ka ’na ba khetha ho bitsa komiti ea boahloli hore e hlahlobe taba. (Ba-Galata 5:9, 10) Ha e le hantle, haeba ea belaelloang a ne a itokollotse hore e se hlole e e-ba setho, e se e le nako e itseng a sa be teng libokeng ’me a sa itsebahatse e le e mong oa Lipaki tsa Jehova, ba ne ba ka ’na ba khetha ho tlohela litaba li le joalo ho fihlela ka nako ea ha a qala ho boela a itsebahatsa e le Paki.
Ho Nahanela Pele
Bahiri ba na le tokelo ea ho lebella hore bahiruoa ba bona ba Bakreste ba ‘bontše hore ba tšepahala kannete,’ ho akarelletsa ho boloka melao ea ho boloka lekunutu. (Tite 2:9, 10, TLP) Haeba ho entsoe kano, ha e ea lokela ho nkoa hasesaane. Kano e etsa hore tšepiso e be e tiileng le e tlamang haholoanyane. (Pesaleme ea 24:4) Hape moo molao o hatisang tlhokahalo ea ho ho boloka lekunutu, taba e ba e tebileng haholoanyane. Kahoo pele Mokreste a nka kano kapa a ikenya tlas’a tlamo ea ho boloka lekunutu, ebang ke mabapi le mosebetsi kapa che, e ne e ka ba bohlale hore a rere ho fihlela moo a ka khonang hore na ke mathata afe ao sena se ka a hlahisang ka baka la khohlano efe kapa efe le litlhokahalo tsa Bibele. Motho a ka sebetsa litaba joang haeba moena kapa khaitseli e e-ba mosebeletsuoa? Hangata mesebetsi e kang ea ho sebetsa le lingaka, lipetlele, makhotla, le bo-ramolao ke mefuta ea mosebetsi eo ho eona bothata bo ka hlahang. Re ke ke ra iphapanyetsa molao oa Cesare kapa botebo ba kano, empa molao oa Jehova o phahame ka ho fetisisa.
Ka ho elelloa bothata, baena ba bang bao e leng bo-ramolao, lingaka, baboloki ba libuka tsa lichelete, le ba bang, ba ngotse lintlha tse ba tataisang ’me ba kōpile baena ba ka tlang ho bona hore ba li bale pele ba ka senola ntho leha e le efe ea lekunutu. Ka hona ho hlokoa hore ba utloisise e sa le pele hore haeba phoso e tebileng e hlahela leseling, mofosi o tla khothaletsoa ho isa taba ho baholo phuthehong ea habo. Ho tla utloisisoa hore haeba a sa etse joalo, moeletsi o tla ikutloa a tlamehile ho ikisa ka seqo ho baholo.
Ho ka ’na ha ba le makhetlo ao ka ’ona mohlanka ea tšepahalang oa Molimo a susumetsoang ke kholiseho ea hae ea botho, e theiloeng tsebong ea hae ea Lentsoe la Molimo, hore a robe kapa a hle a khaole litlhokahalo tsa ho boloka lekunutu ka baka la litaelo tse phahameng tsa molao oa Molimo. Ho ne ho tla hlokahala sebete le bohlale. Sepheo e ne e sa tl’o ba ho iketsa mpimpi bolokolohing ba e mong empa ho thusa ba fosang le ho boloka phutheho ea Bokreste e hloekile. Litlōlo tse nyenyane ka baka la sebe li lokela ho iphapanyetsoa. Mona, “lerato le apesa libe tse ngata,” ’me re lokela ho tšoarela “ha mashome a supileng a baloang hasupa.” (Mattheu 18:21, 22) Ena “ke nako . . . ea ho khutsa.” Empa ha ho e-na le boteko ba ho pata libe tse khōlō, ena e ka ’na ea e-ba “nako . . . ea ho bua.”
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Mary ke motho ea lokelang ho lekanyetsa qeto tabeng e etsahetseng ka mabaka, le ea thulaneng le boemo boo Bakreste ba bang ba ileng ba thulana le bona. Tsela eo a sebetsanang le boemo ka eona ke mohlala oa kamoo ba bang ba sebelisitseng melao-metheo ea Bibele maemong a tšoanang.
b Ho Commentary on the Old Testament ea bona, Keil le Delitzsch ba bolela hore motho o ne a tla ba molato oa phoso kapa sebe haeba a ne “a tseba ka hore e mong o tlotse molao, ebang o ho bone, kapa o tsebile ka hona ka tsela leha e le efe e ’ngoe, ’me ka hona a tšoaneleha ho hlaha ka pel’a lekhotla e le paki bakeng sa kahlolo ea motlōli oa molao, ’me a iphapanyelitse ho etsa joalo, ’me a sa bolela seo a se boneng kapa seo a se tsebileng, haeba a utloile taelo e matla ea moahloli bakeng sa phuputso ea pontšeng ea tlōlo ea molao, eo ka eona batho bohle ba teng, ba tsebileng eng kapa eng ka taba eo, ba ileng ba phehelloa hore ba itlhahise e le lipaki.”
[Litšoantšo tse leqepheng la 15]
Ke tsela e nepahetseng le e lerato ho khothaletsa Paki e fosang ho buisana le baholo, e kholisehile hore ba tla sebetsa bothata boo ka tsela e mosa le e nahanelang