Ho Finyelloa Mosebetsi o Hlollang Costa Rica
“LE ETSA seo re ’nileng ra ithuta ka sona feela!” ho ile ha khotsa joalo setsebi sa mahlale a mehaho se neng se tlile ho bona lekala le lecha ha le hahoa lik’hilomithara tse leshome le motso o le mong kathōko ho San José, Costa Rica.
Ke eng e neng e etsa hore mehaho ee e be e hlollang hakaalo? E ne e hahiloe ka mokhoa oa “ho foroma mabota e be a se a emisoa feela”—oa pele Costa Rica. Moralo le litšiea li ile tsa hahoa pele. Joale, hona setšeng moo, likarolo tsa konkreiti tsa mabota li ile tsa bokelloa e ’ngoe kaholim’a e ’ngoe ka liqubu. Likarolo tsena tsa mabota tse seng li bokelletsoe li ile tsa phetholoa ’me tsa nyolloa ka khofu tsa ba tsa khomaretsoa libakeng tsa tsona tse loketseng. Qetellong, marulelo a beoa, ’me ho setseng e ne e se e le lintlha tse qetelang feela.
Morero ona e ne e boetse e le boiteko ba pele ba Mokhatlo oa Watch Tower ba ho haha mohaho ka mokhoa oa ho foroma mabota ebe a se a emisoa feela kantle ho United States. Ka lebaka lena, basebetsi ba tsoang makaleng a mang a ntseng a rera ho haha kapa ho atolosa ba ne ba le teng ho tla bona kamoo mokhoa ona o sebetsang. Litsebi tsa mahlale a mehaho le tsa lipolane tsa mehaho tsa mekhatlo e meng le tsona li ne li le teng. Kaofela ba ile ba haptjoa ke seo ba se boneng.
Mehaho e ne e entsoe ka mokhoa o motle oa bokolone oa Spain, ka marulelo a mafubelu a li-tile le lifenstere tse chitja kaholimo. Tsela ea likoloi e potang serapa se sechitja e lebisa monyako o moholo le phasejeng. Ka ho le letona ke mohaho oa bolulo, o mekato e ’meli o nang le likamore tse 24 le kamore e khōlō ea lelapa, e nang le ntlo ea pokello ea libuka, libaka tsa ho ithuta, le sebaka sa leifo se khahlehang. Kamore ea ho jela e nkang batho ba 100 e kopane le oona, le ntlo ea ho phehela ea sejoale-joale le ntlo ea ho hlatsoetsa. Malebana le mohaho oo ke mohaho oa liofisi o nang le liofisi tse 13 tsa batho ka bomong le kamore ea liboka tse khōlō e pota-potileng serapa se bulehileng se nang le moea o futhumetseng e nang le fenstere e holimo e kenyang khanya. Mohaho o moholo ka ho le letšehali ke setoro sa ho boloka libuka le thepa e ’ngoe.
E mong le e mong ea neng a chakile o ne a tsota seo a se bonang. Khafetsa ho ne ho utloahala lipolelo tse kang tsena: “Ke mosebetsi oa boemo bo phahameng ee!” “Ha ke e-s’o bone ntho e ntle joaloka ena!” “Ka ho totobetseng ona ke mosebetsi oa lerato.”
Ka sebele, sena sohle se finyelletsoe ka “mosebetsi oa lerato.” Baena le bo-khaitseli ba fetang 4 700, ho akarelletsa ba 295 ba tsoang linaheng tse ling, ba ile ba sebetsa morerong ona ka likhoeli tse 24. Boholo ba thepa ea mosebetsi le ea mohaho bo ile ba etsoa setšeng. Ka mohlala, bohatong bo qalang ho ile ha hahoa mochini o nyollang thepa e boima ea mohaho, oo ka ho reneketsa baena ba neng ba o tseba e le Julio. Mechini e lubang samente e tsejoang e le Bertha le Martha e ile ea rekoa ’me ea huloa ho ea morerong ona. Mabone, lintho tse khantšang tse hahelletsoeng mohahong, litšepe tse fapakantsoeng tse entsoeng ka tšepe e thata, litepisi tsa majoe a masesaane a benyang tse khabisitsoeng Seroma le mehato ea moo litepisi li fellang, ’moho le tse ling, kaofela li entsoe ke baena ba neng ba se na phihlelo e khethehileng lintlheng tsena. Motsamaisi oa morero o ile a phatlalatsa, “cheseho ea baena bakeng sa morero ona naheng ena e ne e tsoteha.”
Cheseho e khōlō ka ho fetisisa e ile ea bontšoa ka la 4 Pherekhong, 1987, ha letšoele la ba 13 111 le e-tla bakeng sa nehelano. Mathule a ka lehlakoreng le ka leboea ho kamore ea lelapa a ile a sebelisoa e le sethalla ’me letšoele la bokana mabaleng a maholo tlas’a teng. Baena M. G. Henschel le L. A. Swingle ba Sehlopha se Busang sa Lipaki tsa Jehova e ne e le libui tsa sehlooho lenaneong. Puo e susumetsang ea Moena Swingle e ne e le holim’a sehlooho “Jehova o Etsa Hore ho Hōle,” ’me puong ea nehelano, Moena Henschel a thusa bohle ho ananela hore mohaho o motle o thusa batho ba Jehova ha feela ba ntse ba tsoela pele ho hlahisa litholoana tsa moea oa hae.
Ba ileng ba kopanngoa hammoho bakeng sa ketsahalo ena e khethehileng e ne e le litho tsa lelapa la pele la baromuoa ba Gileade Costa Rica. Kaha hona joale ba se ba hōlile haholo, ba ile ba susumetsoa ka ho teba ke kopano ena le bopaki bo bonahetseng ho theosa le lilemo ba tlhohonolofatso e enneng ea Jehova holim’a mosebetsi oa boboleli ba ’Muso Costa Rica. Ka tokisetso e hlollang ea lehae le leholo hakaalo, la boiketlo, le le sebetsang hantle, bohle ba teng ba ne ba kholisehile hore lebitso la Jehova le tla tlotlisoa le ho feta naheng ena e chesang.
[Litšoantšo tse leqepheng la 31]
Karolo ea lebota le seng le foronngoe ha le nyolloa . . . ’me le beoa sebakeng sa lona
Tsela ea likoloi e selika-likoe e lebisa mohahong o hahiloeng ka mokhoa oa bokolone oa Spain
Karolo ea letšoele le tletseng cheseho ka letsatsi la nehelano