Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w87 9/1 leq. 29
  • Lipotso tse Tsoang ho Babali

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lipotso tse Tsoang ho Babali
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1987
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ke Mabitso a Bo-mang a Ngotsoeng “Bukeng ea Bophelo”?
    Lipotso Tsa Bibele Lia Arajoa
  • Na Lebitso la Hao le Ngotsoe “Bukeng ea Bophelo”?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2022
  • Na Lebitso la Hao le Teng ‘Bukeng ea Khopotso’ ea Molimo?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2012
  • A Boleloa a Lokile e le Motsoalle oa Molimo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1987
w87 9/1 leq. 29

Lipotso tse Tsoang ho Babali

◼ “Buka ea bophelo” ea Molimo ke eng, ’me ke joang lebitso la ka le ka ngoloang ho eona le ho bolokoa teng?

Litemana tse fapaneng tsa Bibele li supa hore Jehova Molimo o na le “buka,” kapa ‘moqolo,’ o thathamisitseng batho ba tšepahalang ba lokelang ho amohela bophelo bo sa feleng, e-bang ke leholimong kapa lefatšeng.

A le maholimong Molimo oa ’nete o hlokomela batho ba bontšang tumelo, ba tšoanelang ho amoheloa le ho hopoloa ke eena. Re bala ka Bajode ba bang mehleng ea Malakia: “Eaba ba tšabang Jehova ba buisana hammoho, . . . ’me Jehova a theetsa tsebe, a mamela; buka ea khopotso ea ngoloa pel’a hae, ea ngolloa ba tšabang Jehova le ba hlokomelang lebitso la hae.”—Malakia 3:16.

Ka ho totobetseng, ho tloha mehleng ea Abele ho ea pele, Molimo o ’nile oa hlokomela, joalokaha eka o ngola bukeng, ba lefatšeng la batho ba ka pholosoang ba lokelang ho hopoloa bakeng sa bophelo bo sa feleng. (Mattheu 23:35; Luka 11:50, 51) Bakreste ba tlotsitsoeng le bona, mabitso a bona a ngotsoe ‘bukeng ena ea bophelo,’ kapa bukeng ea khopotso bakeng sa ho amohela bophelo bo sa feleng; bakeng sa bona e tla ba bophelo ba leholimo. (Ba-Filippi 3:14, 20; 4:3) Ho fapana le bao, Tšenolo 17:8 (TLP) ha e bua ka bao ba “tla hlolloa” mabapi le “sebata”: “Bao mabitso a bona a sa kang a ngoloa bukeng ea bophelo ho tloha ha lefatše le theoa.”

Hore motho a hlokomeloe ka ho hopoloa kapa ho amoheloa (hore lebitso la hae e be le “ngoliloeng bukeng ea bophelo”) ha ho bolele hore o se a neiloe tiiso bakeng sa bophelo bo sa feleng, joalokaha eka hona ho reriloe esale pele kapa ho ke ke ha fetoloa. Moshe o ile a kōpa Jehova ka Baiseraele: “Joale, hoja u ka ba tšoarela tšito ea bona!—ha ho se joalo, hlakola hle lebitso la ka bukeng ea hao eo u e ngolileng.” Molimo oa araba: “Ea ntšiteloang, ke eena eo ke tla mo hlakola bukeng ea ka.” (Exoda 32:32, 33) E, esita le kamor’a hore Molimo o ngole motho e mong eo o mo amohelang “bukeng” ea oona, motho eo e ka ’na ea e-ba ea sa mameleng kapa a furalla borapeli ba hae. Haeba seo se etsahala, Molimo o ne o tla “hlakola lebitso la hae bukeng ea bophelo.”—Tšenolo 3:5.

Ka lehlakoreng le leng, haeba mabitso a rōna a ngotsoe “bukeng ea bophelo” kapa ‘bukeng ea khopotso’ ea Molimo hona joale, re lokela ho lula re bontša tumelo. Ka tsela eo re tla boloka mabitso a rōna moo. Ka ho tšoanang, ha batho ba tsosoa ‘tsohong’ e tlang ‘ea ba sa lokang,’ ba tla ba le monyetla oa ho bontša tumelo ’me kahoo ba tšoanelehe hore mabitso a bona a tlalehoe bukeng eo. (Liketso 24:15) Qetellong, batho ba ngotsoeng fatše joalo ba tla khona ho boloka mabitso a bona moo kamehla. Hoo ke ’nete ka batlotsuoa kaha ba ipaka ba ‘tšepahala ho isa lefung.’ (Tšenolo 2:10, TLP; 3:5) Ha e le ba nang le litebello tsa lefatšeng, ka ho ipaka ba tšepahala hona joale, ho theosa le Puso ea Kreste ea Lilemo tse Sekete, ho phunyelletsa le teko ea makhaola-khang e tla latela, mabitso a bona a tla lula kamehla e le “a ngoliloeng bukeng ea bophelo.”—Tšenolo 20:5-15.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1986-2025)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela