Ho Paka Naheng ea Lipuo tse 700
NA U tseba naha eo karolo ea eona e mobu e leng nyenyane ho feta Spain, empa baahi ba eona ba ka tlaase haholo ho limillione tse ’nè ba bua hoo e ka bang kotara ea lipuo tsa lefatše? Na u ka bolela naha eo boholo ba eona e nkileng hoo e ka bang halofo ea sehleke-hleke sa bobeli se seholohali lefatšeng? Sehleke-hleke seo ke New Guinea, ’me naha ke Papua New Guinea, ’me palo ea lipuo tse buuoang ke baahi ba eona li feta 700! Motsoebere oo oa lipuo o bile teng joang?
Motsoebere o Moholo
Papua New Guinea ke naha ea sehleke-hleke e ka leboea feela ho Australia ’me e mehatonyana e seng mekae ka boroa ho bohare ba lefatše. E entsoe ka lihleke-hleke tse ka bang 600 tsa libaka tse chesang tse hasaneng sebaka se ka fetang lik’hilomithara tse 1 600. Leha ho le joalo, hoo e ka bang karolo e kaholimo ho tse ’nè ho tse hlano ea sebaka sohle se mobu sa Papua New Guinea e sehleke-hlekeng se seholo sa New Guinea, seo sechaba sena se se arolelanang le Indonesia, ho elella ka bophirima.
Ho boleloa hore baahi ba pele-pele ba Papua New Guinea ba falletse moo ba e-tsoa Asia ba potile Indonesia. Hamorao ba lateloa ke Mamelanesia le Mapolynesia. Lebala la batho bana le fapana ho tloha ho le lesootho bo khanyang ho isa ho ba botšo bo benyang ’me seemo sa bona ke sa batho ba bakhutšoaane ba koenneng ho isa ho ba balelele ba basesaane. Ka lebaka la bobe ba boholo ba karolo e hare ea naha, ka meru ea eona e teteaneng le lithaba tse telele, meloko e mengata e ile ea phela e arohane le e meng ho hang ’me ea iqapela puo ea eona. Boholo ba lipuo tsena tsa Mapapua li na le mokhoa oa ho ngoloa ha puo o rarahaneng ka ho fetisisa. E, Papua New Guinea ke naha ea lipuo tse ka bang 700, e seng maleme!
Ka 1975 Papua New Guinea e ile ea fetoha sechaba se ipusang ka hare ho Linaha tsa Selekane tsa Brithani. Ke sechaba se ipusang se nang le lekhotla la sechaba, morena oa Manyesemane e le eena hlooho ea naha empa ho e-na le tona-kholo ea moo. Le hoja Senyesemane e le puo ea molao kajeno, palo e khōlō ea lihlopha tseo tse buang lipuo tse 700 e bua e ’ngoe ea lipuo tse tloaelehileng tse peli, Hiri Motu kapa New Guinea Pidgin.
Ho Eketsoa Puo e ’Ngoe
Leha ho le joalo, e-bang ua kholoa kapa che, lilemong tse seng kae tse fetileng ho na le “puo” e le ’ngoe e neng e ntse e haella naheng ena ea lipuo tse 700. Ke efe eona eo? E ne e le “puo e hloekileng”—’nete ea Bibele e buang ka Molimo le ’Muso oa oona. (Sofonia 3:9, NW) Puo ena e ncha ha ea ka ea tlisoa Papua New Guinea ho fihlela bohareng ba bo-1930.
E qalile ka 1935 ha Lightbearer, seketsoana se senyenyane se neng se tsamaisoa ka mochine ke basebetsi ba Lipaki tsa Jehova, se tloha Australia ’me qetellong se emisa Port Moresby lebōpong le boroa bo ka bochabela la Papua New Guinea. Lena e bile lekhetlo la pele leo ka lona baahi ba ileng ba utloa molumo oa “puo e hloekileng”—ba hlile ba utloa molaetsa oa ’Muso oa Molimo joalokaha o ne o hasoa ka libuela-hole tse neng li le lebaleng la seketsoana Lightbearer.
Leha ho le joalo, ha ea ba ho fihlela ka 1951 moo ‘puo ena e hloekileng’ e ileng ea tsejoa le ho sebelisoa hamolemo. Ho tloha ka selemo seo ho ea pele, Lipaki tse tsoang Australia, Canada, United States, Jeremane, Engelane le New Zealand li ile tsa ithaopela ho ea Territory of Papua and New Guinea, kamoo e neng e bitsoa kateng ka nako eo. Hoba li pakele makhooa a neng a le moo, tsa phakisa tsa fumana litsela le mekhoa ea ho buisana le batala ba Mapapua ka ’Muso oa Molimo. Hona ha ama ho ea ka ntlo le ntlo, ho ileng ha hloka boiteko bo eketsehileng hobane matlo a mang a ne a hahiloe holim’a lithupa ka har’a metsi kapa fatše.
Ha e le hantle, hore li rute baahi bana ba lipuo tse tsoaka-tsoakaneng “puo e hloekileng,” Lipaki tse tsoang mose li ile tsa lokela ho ithuta bonyane e le ’ngoe kapa tse peli ho lipuo tse tloaelehileng kapa tsa khoebo. Hona ha hoa ka ha rarolla mathata ’ohle a tsona hobane ha ho le e ’ngoe ea lipuo tsena tse peli eo e neng e le puo ea lapeng ea baahi bana empa e ne e le feela motsoebere oa lipuo o neng o nolofaletsa batho ba buang lipuo tse sa tšoaneng hore ba buisane. Le tsona tse peli tsena hase e mong le e mong lihleke-hlekeng tsena ea neng a li bua. Ka hona hangata ho paka ho ne ho akarelletsa mokhoa o boima oa ho bua le motho ka puo e ’ngoe ea khoebo a be joale o etsoa hore e fetolele molaetsa molemong oa ba bang ba teng.
Lipaki li ile tsa boela tsa khutlela mekhoeng ea khale ea ho ruta, e kang ho etsa litšoantšo tse bonolo bolakebotong kapa nthong leha e le efe e teng. Kamorao ho nako, libuka le limakasine tsa Bibele tsa e-ba teng ka lipuo tsa khoebo tsa Hiri Motu le New Guinea Pidgin. Thuso e khōlō ho ruteng batho ba lihleke-hleke tsena “puo e hloekileng” e bile bukana Thabela Bophelo Lefatšeng ka ho sa Feleng! e ngotsoeng ka lipuo tsena tse peli.
Morena o Utloa “Puo e Hloekileng”
Jesu Kreste o ile a re barutuoa ba hae ba ne ba tla ‘emisoa ka pel’a babusisi le marena ka lebaka la hae, e tle e be bopaki ho bona.’ (Mareka 13:9) Ka la 9 Phato, 1984, baromuoa ba bang ba Lipaki tsa Jehova Sehleke-hlekeng sa Manus ba ile ba neoa monyetla oa ho pakela morena, le hoja e ne e le tlas’a maemo a thabisang haholoanyane. Ka letsatsi leo Khosana Charles, mojalefa boreneng ba Brithani, o ile a etela sehleke-hleke sena.
Ka liketsoana tsa tsona tse khabisitsoeng hantle, litho tsa moloko oa Titan tsa felehetsa Khosana Charles ho tloha sekepeng sa hae ho ea lebopong, matobana le tsela eo lehae la borumuoa le leng ho eona. Hoba a amoheloe ke lihoba tse lekholo ’me a roesoe moqhaka oa hore ke “morena,” Khosana ea isoa lijong tsa motšehare tseo Mopresidente oa Sehleke-hleke sa Manus a neng a memetse barumuoa. Ha khosana e botsa hore na ba etsa eng sehleke-hlekeng, ba thabela ho mo neha tlhaloso e khutšoanyane ea mosebetsi oa bona. Ba ile ba thabela ho ba le monyetla oa ho mo tsebisa hore Jehova Molimo o boetse o na le Lipaki sebakeng se hōle sa Sehleke-hleke sa Manus.
Ho ne ho ile ha etsahala feela tjee hore e be mohlanka oa ’muso ea ileng a tsebisa baromuoa bana Khosana Charles ka boeena o balile buka U ka Phela ka ho sa Feleng Paradeiseng Lefatšeng. Ka linako tse ling, o ’nile a fapohela lehaeng la boromuoa ho ea qoqa ha ho nooa kofi le tee.
Puo e Ncha ho Ralipolotiki
Monna e mong oa mohoebi oa New Guinea o ne a ameha lipolotiking le Kerekeng ea Lutere. Leha ho le joalo, kereke ea moo eo a neng a e kena e ne e arohane hoo baruti ba babeli ba neng ba hanyetsana ba ileng ba thea lihlopha tse peli tse ileng tsa loantšana hoo e ka bang selemo ka liqha, metsu, marumo, le lithebe tsa ntoa. Ntoeng eo ha e-shoa batho ba robong ’me ba bangata ba tsoa likotsi. Monna eo a etsa qeto ea ho tlohela Kereke ea Lutere empa o ne a sa tsebe hore na a batle Bakreste ba ’nete ba momahaneng hokae. A nahana, ‘E seng Lipaki tsa Jehova, hobane ke baprofeta ba bohata.’
O ne a sa ntsane a nahana ka tsela eo ha sehlopha sa moo sa Lipaki tsa Jehova se kōpa ho hira bese ea hae e le hore li ka ea kopanong ea setereke. Ka lebaka la mabaka a khoebo, a amohela ’me bese ea hla ea khannoa ke eena. A ba teng lenaneong la Sontaha ’me a khahloa haholo ke khotso le khutso, ho mamela ka hloko ha bamameli—batho ba baholo le bana—ba neng ba e-ea le libui ka Libibele tsa bona. O ile a khahloa haholoanyane nakong ea lijo tsa motšehare, ha a bona Lipaki tse thabileng li kolokile bakeng sa lijo tsa tsona, ba basoeu le libui ba emetse nako ea bona joaloka ba bang bohle ’me ba e-ja lijo tse tšoanang. Leetong le ileng la nka lihora tse tšeletseng la ho khutla, a utloa Lipaki li bina ka thabo lipina tsa ’Muso. A nahana, ‘li fapane hakaakang le Malutere a loantšanang.’
Monna enoa a lumela ho ithuta Bibele le Paki ea moo, empa ka lenyele, e le hore a se ke a khopisa Malutere a habo. Leha ho le joalo, a potlakela ho fumana matla a moea a ho itokolla kerekeng le mesebetsing ea hae ea bopolotiki. Eena le mosali oa hae ba fetohela ‘puong e hloekileng’ ’me ba qala ho ‘bitsa lebitso la Jehova, e le hore ba ka mo sebeletsa hammoho’ le lipaki tsa Hae tse momahaneng.—Sofonia 3:9.
Ho sa na le ho Ruta ho Hongata ho Lokelang ho Etsoa
Baromuoa le Lipaki tse ling ba ileng ba ithaopela ho tloha linaheng tse ling ho tla ruta “puo e hloekileng” Papua New Guinea ba entse mosebetsi o babatsehang hakaakang! Ho tloha ho bahoeletsi ba babeli feela ka 1951, palo ea baboleli le baruti ba Lipaki e eketsehile ho feta 1 800, bao boholo ba bona hona joale e leng ba tsoang har’a baahi ba moo.
Lipaki tsena tsa mona ke mohloli oa khothatso ho ba tsoang linaheng tse ling ba tlileng ho tla sebeletsa mona. Moena oa Lenyesemane ea lulang sehleke-hlekeng sa Bougainville oa ngola: “E ’ngoe ea lintho tse khothatsang ka ho fetisisa tse re susumeletsang hore re tsoele pele ho sebeletsa Jehova mona ke ho bona kamoo baena ba rōna ba Papua New Guinea ba tsoelang pele ho sebeletsa Jehova ka botšepehi, hangata e le tlas’a maemo a thata ka ho fetisisa. Ba bangata ho bona ha ba na matlo ao e leng a bona empa ba lokela ho lula le beng ka bona. Hangata ba lokela ho tsamaea libaka tse telele har’a mocheso o moholo kapa har’a pula e ngata hore ba tle libokeng kapa ba ee tšebeletsong ea tšimo. E mong oa bo-khaitseli ba rōna ba hona mona o lula libakeng tse ka thōko. Hore a boloke nako ha a tla ho tla kopana le rōna bakeng sa bopaki ba seterateng, monna oa hae, o mo tšelisa nōka ka seketsoana le morali oa hae e monyenyane le ngoana oa lesea.”
Ho sa ntsane ho e-na le mosebetsi o mongata oa ho ruta o lokelang ho etsoa har’a baahi ba mona. Thahasello e teng. Hona ho totobatsoa ke ’nete ea hore batho ba 10 235 ba bile teng Sehopotsong sa lefu la Kreste ka 1987. Empa ho hlokahala thuso e eketsehileng ho hlokomela thahasello ena eohle ka “puo e hloekileng.” Joalokaha Paki e tsoang naheng esele, e tlileng mona ho tla sebeletsa moo tlhokahalo e leng kholoanyane, e ile ea itlhalosa: “Pelo ea ka e utloa bohloko ha ke nahana ka batho ba bangata ba thahasellang ba metseng ena e thōko-thōko ea Papua New Guinea. Ha re na basebetsi ba lekaneng tšimong e mona. Ruri tlhokahalo e khōlō karolong ena ea lefatše. Rea tseba hore Jehova o hlokometse sena le hore o tla etsa litokisetso tsa ho hlokomela batho bana ba lapetseng ’nete.”
Ho thoe’ng ka uena? Na u ka lakatsa ho kopanela ho ruteng “puo e hloekileng” naheng ee ea lipuo tse 700?
[’Mapa o leqepheng la 21]
(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)
AUSTRALIA
PAPUA NEW GUINEA
Manus
Port Moresby
Bougainville