Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w87 10/15 leq. 21
  • Ho Nyarela ka Litabeng

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Nyarela ka Litabeng
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1987
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Motsoako o Mong Bakeng sa Likotsi
  • Molekane a le Mong kapa Sethepu?
  • Ho Bolela Bakeng sa Chelete
  • Ke Eng e Phoso ka ho Nyala Sethepu?
    Tsoha!—1991
  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2003
  • Na Sethepu Sea Lumelloa?
    Lipotso Tsa Bibele Lia Arajoa
  • Na Molimo o Lumella Lenyalo la Sethepu?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2009
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1987
w87 10/15 leq. 21

Ho Nyarela ka Litabeng

Motsoako o Mong Bakeng sa Likotsi

“Mehleng ea pele ea thelevishene, litšoantšo tse bontšang pefo li ne li sa ata joaloka kajeno,” ho hlokometse Ngaka Paul Wilson oa Lefapha la Tlōlo ea Molao Australia. Leha ho le joalo, ha Wilson a hlalosa ntho eo a e nkang e le motsoako o mong oa likotsi tsa sechaba le ho hlokeha ha taolo ea ’muso, o phaelletse: “Ho phalla ha mali le ho bolaoa ha batho ka sehlōhō ho fetohile litšoantšo tse sa khaotseng. . . . Bacha ba khaoloa melala ka lilepe le ho bipetsoa ho fihlela ba e-shoa ’me lefu la bona le bohloko le bontšoa ka tsela e thabisang ke lik’hemera.”

Sehloohong sa hae ho The Sydney Morning Herald, Ngaka Wilson o boletse bothata boo batlalehi ba likoranta ba bileng le bona ho hapa thahasello ea baahi ba Australia mabapi le litaba tsa ho thefuloa ha ’muso oa Fiji ntle ho mali morao tjena. Lebaka e le lefe? “Pefo ke letšoao la boithabiso la mehleng ena,” ho hlalositse Wilson. Kakaretso ea litaba tsa TV le likoranta e ne e nepahetse, e hlahlobisitsoe, ’me e le ’nete, empa ho ne ho se na “litšoantšo tsa pefo le lirapa tsa likoranta tse hlalosang meruso.”

Takatso ena e mpe ea ho nyorela ho thabisoa ka pefo e tšoanela hantle hakaakang tlhaloso ea Bibele ea batho ba phelang “mehleng ea qetello” ea tsamaiso ena ea lintho! Molokong ona oa ho qetela batho ba hlalosoa e le “ba sa tsebeng ho itšoara, ba sehlōhō, ba hloeang ba molemo.”—2 Timothea 3:1, 3.

Molekane a le Mong kapa Sethepu?

Na kereke e lokela ho amohela litho tse nang le balekane ba bangata ba lenyalo? Ho araba potso ena, Kereke ea Chache Uganda e khethile sehlopha ho etsa liphuputso tabeng ea “sethepu le lelapa la Bokreste.” Mobishopo Christopher Senyonjo oa lefapha la Litaba la Kereke o behile hore ho ea ka liphuputso tsa sehlopha lithong tsa kereke ho nyala balekane ba bangata ha se feela taba e amohelehang empa hape ke ntho e molemo. Ke hobane’ng ha a ikutloa joalo? O boletse hore manyalo a sethepu a ka thusa ho thibela ho nama ha lefu la AIDS. Ho ekelletsa moo o boletse hore ho nyala sethepu ke taba eo Bakreste ba ka ikhethelang eona, a bolela hore Kreste “o tla fetola manyalo a rōna a khale le a tapileng ho a etsa a monate joaloka veine e hlabosang, ho sa tsotellehe hore na ke a molekane a le mong kapa a sethepu.”

Empa Bibele e bontša ka ho hlakileng hore Jehova Molimo, Moqapi oa lenyalo la molekane a le mong, o hanana le lenyalo la sethepu. O ile a bululela moapostola Pauluse ho ngola mantsoe ana: “Monna ka mong a be le mosali eo e leng oa hae, le mosali ka mong a be le monna eo e leng oa hae.” (1 Ba-Korinthe 7:2) Hamorao Pauluse a ngola mabapi le litšoaneleho tsa ba neng ba tla sebeletsa e le balisa ba mohlape, a re: “Mobishopo a se be le molato, e be monna oa mosali a le mong.”—1 Timothea 3:2, King James Version.

Ka baka leo, Bakreste ba ’nete Afrika, hammoho le libakeng tse ling, ba talima lenyalo la sethepu e le ho tlōla molao oa Molimo.

Ho Bolela Bakeng sa Chelete

Baprista ba Kereke ea Luthere Sweden ba ne ba sa thabele meputso ea bona hobane e ne e “fokola ha e bapisoa le chelete e lefuoang lirutehi tse ling tse amohetseng thuto e fokolang kapa koetliso.” Leha ho le joalo, ho ea ka lefapha la tšebeletso ea litaba la Lekhotla la Lefatše la Likereke, lintho lia ntlafala joale. Kamor’a “phutuho e telele le e bohloko ka linako tse ling,” morao tjena baprista ba amohetse tumello ea ho sebetsa lihora tse 40 feela ka beke. Empa ho thoe’ng haeba thuso ea baprista ba Sweden e kopuoa kamor’a lihora tseo tsa mosebetsi? Tumellano e ncha ea mosebetsi e ba tiisetsa moputso bakeng sa hora e ’ngoe le e ’ngoe e eketsehileng ea tlhokomelo ea boruti. Meputso e joalo ea lihora tse eketsehileng e tla etsa hore meputso ea bona ea selemo e eketsehe ka karolo ea 10 ho ea ho 12 lekholong.

Ho fapana le sello sa baprista ba Sweden bakeng sa meputso e molemonyana litšebeletsong tsa bona, Jesu ha a roma barutuoa ba hae mosebetsing oa boboleli, o itse ho bona: “Le neiloe feela, neang feela. Le se ke la inkela gauda, leha e le silevera, leha e le tšepe e khubelu ka maqhaameng a lōna.” (Mattheu 10:8, 9) O ne a bolela eng? Ho ne ho sa hlokahale hore ho etsoe khoebo ka litaba tse molemo tsa ’Muso, kapa leha e le hore li sebelisetsoe molemong oa botho. Barutuoa ba ile ba mamela tsamaiso ea Jesu, ’me tšebeletso ea bona ea phethahatsoa. Ka hobane’ng? Hobane Molimo o ile a ba tšehetsa tšebeletsong ea bona.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1986-2025)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela