Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w87 10/15 maq. 27-30
  • Ho Bula Tsela e Lebisang Keketsehong Gibraltar

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Bula Tsela e Lebisang Keketsehong Gibraltar
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1987
  • Lihloohoana
  • ’Nete ea Bibele e Fihla Gibraltar
  • Ho ba Kathōko—Bothata bo Ikhethang
  • Ho Buloa ha Moeli ho Lebisa Keketsehong ea Puso ea Molimo
  • Litebello tsa Kamoso
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1987
w87 10/15 maq. 27-30

Ho Bula Tsela e Lebisang Keketsehong Gibraltar

LEBALA la lipapali le bonahala ka ho hlakileng ha u le Gibraltar—le ka ba bohole ba lik’hilomithara tse 1,5 feela. Empa, ka nako e fetang lilemo tse 13, batho ba Gibraltar ba ne ba tlameha ho nka leeto la bonyane hora tse leshome ho fihla moo. Le ne le akarelletsa leeto leoatleng ho ea Afrika Leboea pele, joale e be ho khutlela Spain, ’me qetellong e be ho tsamaea ka bese. Ke hobane’ng ha e le leeto le le lelelele hakaalo ho ea sebakeng se haufi hakaale?

Ka 1969 ’muso oa Spain oa Franco o ile oa koala moeli oa mochophoro o kopanyang Spain le Gibraltar. Hona e ne e le phello ea khohlano pakeng tsa Spain le Brithani holim’a puso ea libaka ka Lefika, kamoo Gibraltar e atisang ho bitsoa kateng. Leha ho le joalo, bothata bo joalo bo ne bo se bocha ho batho ba Gibraltar. Ka baka la bohlokoa ba eona bo ikhethang nakong ea ntoa, Gibraltar e ’nile ea e-ba qhobosheane eo hangata e neng e le kathōko le linaha tsa boahisani.

Mathoasong a lekholo la borobeli la lilemo, baahi ba Mauritania ba neng ba futuhile tlas’a Ṭārik ba ile ba hapa karolo ena ea naha ’me ba e reha “Jabal Ṭāriq” (thaba ea Ṭārik), eo ho tloha ka nako eo e seng e sentsoe ho fetoha “Gibraltar.” Batho ba Mauritania ba ile ba etsa Lefika qhobosheane e matla, e leng bophahamo ba limithara tse ka bang 430 ka holim’a bophahamo ba leoatle. Ka makholo a lilemo, e bile sebaka seo batho ba Mauritania le ba Spain ba neng ba se lika-liketsa ba leka ho se hapa. Qetellong batho ba Spain ba se hapa ka 1462, ’me ba se laola ho fihlela ka 1704, ha Manyesemane a se hapa ’me a haha setsi sa likepe tsa ntoa moo.

Ho ekelletsa mabothong a sesole, batho ba tsoang linaheng tse ngata ba ile ba haha motseng oo o lutseng mosikong oa Lefika, e leng ho ileng ha fella ka baahi ba tsoaka-tsoakaneng bao haholo-holo e leng litlōhōlō tsa baahi ba Mauritania, Masepanishe, Manyesemane, Baheberu, le baahi ba Genoa. Hona joale boholo ba sechaba bo bua Sepanishe le Senyesemane.

’Nete ea Bibele e Fihla Gibraltar

Mehleng ea kajeno, peō ea ’nete ea Bibele e ile ea lengoa ka lekhetlo la pele Gibraltar lehlabuleng la 1958. Lipaki tsa Jehova tse neng li le leetong la ho ea kopanong London, Engelane, li ile tsa sebelisa hamolemo monyetla oa ho etsa khefu koung ea likepe ea Gibraltar bakeng sa ho bolela litaba tse molemo tsa ’Muso. Ba bang ba baahi ba ile ba amohela lipeeletso tsa Molula-Qhooa.

Banyalani ba bang ba baromuoa ba ile ba fihla Gibraltar selemong se latelang ho tla noesetsa “peō” ena. Empa ba boholong ba ile ba inehela khatellong ea baetapele ba bolumeli eaba ba leleka banyalani bana kamor’a lilemo tse peli. Empa sehlopha se senyenyane sa Lipaki tse ka bang 25 se ne se se se theiloe, ’me mosebetsi oa tsona o tšepahalang o ile oa putsoa ka keketseho e tsoelang pele, ho fihlela ho baboleli ba ’Muso ba 132 ka Tlhakubele 1987. Ka sebele, khōlo ena e paka mamello ea phutheho leha e tobane le mathata a ikhethang a Gibraltar.

Ho ba Kathōko—Bothata bo Ikhethang

Ntle le mathata a moruo le a kahisano a ileng a tlisoa ke ho koaloa ha moeli kamorao ho moo, Lipaki tsa Jehova li ile tsa khinoa habohloko ho kopaneleng le balumeli ’moho ba bang liphuthehong tse ahelaneng le tsona Spain. Leha ho le joalo, nakong ea lilemo tse 13 tsa ho koaloa ha naha, ha lia ka tsa lahleheloa ke lijo tsa moea tse enneng tse neng li fanoa, likopanong tsa potoloho ’moho le likopanong tsa setereke. Kamehla lenaneo le ne le phetoa hamorao Holong ea habo tsona ea ’Muso Gibraltar.

Karohano e ke keng ea qobjoa e ile ea tlisa teko e khethehileng ho bacha ba phutheho. Ba lekanyelitsoe sebakeng se lekanang ka mahlakoreng ’ohle se boholo ba lik’hilomethara tse 5,8 sa Gibraltar, ba ile ba tlameha ho sebetsa ka bohlale ha ba tobane le litseko tsa bochaba, lerato la lintho tse bonahalang, le lenyalo.

Lenyalo? E, ka ho lekanyetsoa feela phuthehong ea habo bona e nyenyane ho ile ha fokotsa menyetla ea bona ea ho fumana balekane ba lenyalo ba tšoanelehang. Basetsana ba ka phuthehong ba ne ba pota-potiloe ke limemo tse tsoang ho bacha ba lefatše ba batlang ho laetsana le bona. Bacha ba Lipaki Gibraltar ba ile ba tlameha ho tebisa pelong tsa bona keletso e bohlale ea Bibele ea ho nyala “feela Moreneng.”—1 Ba-Korinthe 7:39, NW; bapisa Genese 24:1-4.

Ketsahalong e ’ngoe mocha oa Paki, a iphapanyetsa keletso ea Moqapi oa lenyalo, a qala ho laetsana le ngoanana oa sebaka seo eo e neng e se setho sa phutheho. Empa thuso e nang le mamello ea baholo ka phuthehong ea mo etsa hore a nahane ka botebo ka likotsi tse amehang. Qetellong, a atamela moroetsan’a hae ’me a mo bolella hore le hoja a mo rata haholo, tsebo ea hae ea Bibele e mo tlama ho khaotsa kamano ea bona. A hlalosa, ‘Ke batla ho nyala ngoanana eo nka phelang le eena ka ho sa feleng, e seng feela ka lilemo tse seng kae.’

Le hoja a ne a maketse a bile a ferekane, ngoanana o ile a thahasella ho tseba hore na ebe ke eng eo mohlankana a neng a ka e thahasella ho feta setsoalle le eena. Qetellong a qala ho ithuta Bibele. Se ileng sa qala e le bohele-hele sa hōla ho fetoha thahasello ea sebele, a tsoelapele ka potlako ’neteng ’me a kolobetsoa. Kamor’a pontšo ena e hlakileng ea ho lakatsa ho sebeletsa Jehova, moena a tsosolosa ho laetsana ha bona. Ba ile ba nyalana ka thabo nakoana kamorao ho moo, ba kotula tlhohonolofatso ea ho latela keletso e bohlale ea Jehova ka lenyalo.

Ho Buloa ha Moeli ho Lebisa Keketsehong ea Puso ea Molimo

Ka la 14 Tšitoe, 1982, ho ile ha buloa tsela ea batho ba tsamaeang ka maoto moeling. Eaba ka la 6 Hlakola, 1985, ka ho feletseng ho ne ho tsosolositsoe tsela ea ho feta ka bolokolohi. Sechaba se ile sa fumana boikutlo ba ho phutholoha haholoanyane. E fumane molemo ka tsoelopele ena, phutheho ea sebaka seo ea eketsa mosebetsi oa eona oa ho paka, ’me ea sebelisa menyetla eo ho kopana ’moho ka liboka tse kholoanyane. Batho ba thahasellang joale ba ne ba e-na le menyetla e meholoanyane ea ho tseba ka lerato le kutloano tse teng libokeng tsa batho ba Jehova ba phuthehileng ka bongata.

Ka mohlala, monna eo mosali oa hae e bileng Paki ka lilemo tse ka bang 20 a etsa qeto ea ho amohela memo ea ho tsamaea le mosali oa hae le bana ha ba ea kopanong ea potoloho Spain. O ile a thabela lenaneo le botsoalle hoo a ileng a etsa qeto ea ho ba teng bakeng sa letsatsi la bobeli. Ha kopano e fela, o ile a khothaletsoa thuto ea lehae ea Bibele. A arabela, “E le ha ho hana eng?” a ekelletsa, “Ho ka ba joang ha re ka qala bekeng ee?” Kamor’a lilemo tse telele tsa ho rapella phello e tjena, mosali oa hae o ne a thabile ka ho fetisisa.

E le ho sebelisa menyetla e eketsehileng ea boboleli ka botlalo, lenane la Lipaki tse sebetsang e le bo-pula-maliboho ba thusang (ba nehelanang ka lihora tse 60 ka khoeli tšebeletsong ea phatlalatsa) le ile la eketseha. Tšebetso e joalo e mafolo-folo e tlisitse keketseho ea ba ka bang 35 lekholong ka phuthehong ho tloha ka 1982.

Bopaki bo sa rereloang le bona bo phethile karolo e khōlō keketsehong ea phutheho. Lipaki tse peli tse neng li ntse li hlahloba koung ea likepe nakong ea mosebetsi oa tsona oa boipheliso li ile tsa bona Bibele ea New World Translation e neng e bonahala hasesaane feela ka lesobana la sekepe se senyenyane. Hang-hang, tsa batla mong’a eona. O ile a fumaneha e le mookameli oa mosebetsi oa litšiea tsa marokho, ea neng a ile a ithuta le Lipaki tsa Jehova Brithani pele a tlil’o lula Gibraltar. Ka potlako a tsosolosa ho ithuta ’me a tsoela pele ka potlako ’moho le motsoalle oa hae oa mosali. Kapele ba ngolisa lenyalo la bona ka molao ’me ba kolobetsoa. Joale banyalani bana ba Manyesemane ba nehelana ka nako e khōlō eo ba e qetang tšebeletsong ba sebetsa har’a batho ba buang Senyesemane ’me e bile likofuto tse khōlō ho theoeng ha sehlopha sa thuto moo.

Thuto e ’ngoe ea Bibele eo ba ileng ba e qala e ne e le ea Tim le Tracy, banyalani ba bacha ba neng ba lula likampong tsa sesole. Le hoja Tim a ne a letsa phala sehlopheng sa ’mino sa lebotho, o ile a ikemisetsa ho inehela ka ho feletseng lithahasellong tsa khotso tsa ’Muso oa Jehova. Beng ka banyalani bao ba ile ba ba tlisetsa khatello, ba ba qophella hore ba khaotse ho kopanela le Lipaki. Leha ho le joalo, ba ile ba tsoela pele thutong ea bona ea Bibele ’me ba tiea haholoanyane tumelong ea bona.

Tim o ile a kōpa ho lokolloa mosebetsing, le hoja qalong a ne a ngoliselitse tšebetso ea lilemo tse tšeletseng. Ha ho bonahala taba ea hae e lieha ho hlahlobjoa ka ho sa hlokahaleng, Tim a nka bohato ba ho bua le ngaka ea sesole, a hlalosa hore boemo bo sa tsitsang ba bokamoso ba bona bo ne bo ama mosali oa hae habohloko. Ngaka e ile ea lumela ’me ea sebelisa tšusumetso ea eona ho potlakisa tlhahlobo ea taba eo. Ka potlako Tim a romeloa Engelane le lebotho la habo, moo a ileng a qetella a atlehile ho lokolloa. Hona joale ba sebeletsa ka bobeli e le Lipaki tse inehetseng.

Litebello tsa Kamoso

Ka ho buloa ha moeli, Lipaki tse Gibraltar le tsona li khonne ho thusa liphuthehong tse haufinyane tsa Sepanishe. Li bolela lebopong la Costa del Sol (Sun Coast) e tsosolositsoeng moo ho fumanoang batho ba bangata ba buang Senyesemane teng.

Le hoja “qaka ea Gibraltar” e ntse e lutse e sa rarolloa ho ea ka pono ea litaba ea lipolotiki, Lipaki tsa Jehova tse Gibraltar le Spain li kopane ka ho feletseng moeeng, joalokaha ho le joalo lefatšeng ka bophara. Li beile tšepo ea tsona ho “Lefika” leo matla a lona e leng a sa feleng, li pheta mantsoe a mopesaleme: “Tlong, re phahamisetseng lipina tsa rōna ho Jehova, le mehoo ea rōna ea nyakallo ho lefika la poloko ea rōna!”—Pesaleme ea 95:1.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela