Mokha o Buellang ho Kolobetsoa ha Batho Habeli le “Mohlala oa Mantsoe a Phelisang”
MOAPOSTOLA Pauluse o hlokomelisitse hore kamor’a lefu la hae, Bakreste ba bakoenehi, ba kang “liphiri tse bohale,” ba ne ba tla kena har’a mohlape oa Molimo ’me ba batle “ho ikhulela barutuoa.” Ba ne ba tla etsa sena joang? Ka ho tlisa lineano le lithuto tse fosahetseng ho sotha ’nete ea Mangolo.—Liketso 20:29, 30; 1 Timothea 4:1.
Ka lebaka lena, Pauluse o khothatsa Timothea e mocha: “U tiisetse mohlaleng oa mantsoe a phelisang ao u a utloileng ho ’na tumelong le leratong le ho Kreste Jesu. U boloke moea o halalelang o ikahetseng ho rōna.” “Mohlala oa mantsoe a phelisang” e ne e le eng?—2 Timothea 1:13, 14.
“Mohlala” o Beiloe
Libuka tsohle tsa Mangolo a Bakreste a Segerike li qetiloe ho ngoloa lekholong la pele la lilemo la Mehla e Tloaelehileng ea rōna. Le hoja li ngotsoe ke bangoli ba fapaneng, moea o halalelang oa Molimo, kapa matla a sebetsang, a tiisetse hore aa lumellana e seng feela ka booona empa hape a lumellana le Mangolo a Seheberu a pelenyana. Ka tsela ena, ha theoa “mohlala” oa mantsoe a utloahalang a thuto ea Mangolo ’me a lokela ho khomareloa ke Bakreste, joalokaha Jesu Kreste ebile “mohlala” oo ba lokelang ho o latela.—1 Petrose 2:21; Johanne 16:12, 13.
Ho etsahetse’ng ka “mohlala oa mantsoe a phelisang” nakong ea lefifi la moea lilemo tse makholo-kholo kamor’a lefu la baapostola? Batho ba bangata ba tšepahalang ba lekile ho o batla hape, le hoja tsosoloso e ne e tla ema ho fihlela “nakong ea bofelo.” (Daniele 12:4) Ka linako tse ling e ne e le lentsoe la motho a le mong, ’me ka tse ling ke sehlotšoana sa batho se neng se batla “mohlala.”
Ho bonahala Mawaldenses e ne e le sehlotšoana se joalo.a Ba ne ba phela Fora, Italy, le libakeng tse ling tsa Europa lekholong la bo12 la lilemo ho isa lekholong la bo14 la lilemo. Hamorao sehlopheng sena ha hlaha Anabaptists, mokha o buellang ho kolobetsoa ha batho habeli. E ne e le bo-mang, ’me ba ne ba lumela eng?
Lithuto tsa Motheo
Mokha ona o Buellang ho Kolobetsoa ha Batho Habeli o tsebahetse ka lekhetlo la pele hoo ekabang selemong sa 1525, Zurich, Switzerland. Ho tloha motseng oo litumelo tsa bona li ile tsa nama ka potlako ho ea likarolong tse ngata tsa Europa. Nchafatso ea pele ea lekholong la bo16 la lilemo e entse liphetoho tse itseng, empa mahlong a Mokha ona, e ne e-s’o etse letho.
Takatsong ea bona ea ho khutlela lithutong tsa Bokreste tsa lekholong la pele la lilemo, ba hanne lithuto tsa Roma e K’hatholike ho feta kamoo ho entseng Martin Luther le bathei ba bang ba nchafatso. Ka mohlala, Mokha o Buellang ho Kolobetsoa ha Batho Habeli o ’nile oa hatella hore ke motho e moholo feela ea ka inehelang ho Kreste. Ka lebaka la tloaelo ea bona ea kolobetso ea batho ba baholo, esita le kolobetso ea motho e sa le lesea, ba neoa lebitso “Anabaptists” e leng “mokha o buellang ho kolobetsoa ha batho habeli.”—Mattheu 28:19; Liketso 2:41; 8:12; 10:44-48.
“Mokha o Buellang ho Kolobetsoa ha Batho Habeli o ne o talima Kereke ea sebele e le mokhatlo oa balumeli,” ho ngola Ngaka R. J. Smithson bukeng ea hae The Anabaptists—Their Contribution to Our Protestant Heritage. Ka baka leo, ba ne ba italima e le mokhatlo oa balumeli sechabeng oo ka kakaretso tšimolohong o neng o sa fumana thupelo e khethehileng kapa tšebeletsong e lefuoang. Joaloka barutuoa ba Jesu, e ne e le baboleli ba tsamaeang ba etela metse le metsana, ba buisana le batho libakeng tsa khoebo, libakeng tseo ho sebeletsoang ho tsona, le matlung.—Mattheu 9:35; 10:5-7, 11-13; Luka 10:1-3.
Setho ka seng sa Mokha ona se ne se nkuoa se ikarabella ka bosona ho Molimo, se thabela tokoloho ea ho iketsetsa lintho ka boithatelo le ho bontša tumelo ea sona ka mesebetsi ea sona, se ntse se hopola hore poloko ha ea hlaha mesebetsing feela. Haeba motho a ne a koenehela tumelo, o ne a khaoloa phuthehong. O ne a khutlisetsoa phuthehong kamor’a bopaki ba pako ea sebele.—1 Ba-Korinthe 5:11-13; bapisa 2 Ba-Korinthe 12:21.
Pono ea Bona ka Lefatše
Mokha ona o ile oa hlokomela hore o ke ke oa nchafatsa lefatše. Le hoja Kereke e ne e ikamahantse le ’Muso nakong ea moemphera oa Moroma Constantine lekholong la bone la lilemo C.E., ho bona sena se ne se sa bolele hore ’Muso o fetohile Mokreste. Ho ea ka mantsoe a Jesu, ba ne ba tseba hore Mokreste ha a lokela “ho ba karolo ea lefatše,” leha sena se ne se ka fella ka tlhōriso.—Johanne 17:15, 16; 18:36, NW.
Moo ho neng ho se khohlano mahareng a letsoalo la Bokreste le lithahasello tsa mosebetsi, Mokha ona o ne o lumela hore ka tšoanelo ’Muso o lokela ho hlomphuoa le ho mameloa. Empa setho sa Mokha ona se ne se sa itšunye lipolotiking, ho sebeletsa ’muso, ho ba moahloli, kapa ho hlapanya. Ka ho hana libōpeho tsohle tsa pefo le ntoa, se ne se sa kopanele ntoeng kapa tšebeletsong ea sesole.—Mareka 12:17; Liketso 5:29; Ba-Roma 13:1-7; 2 Ba-Korinthe 10:3, 4.
Litho tsa Mokha ona li ne li boloka boemo bo phahameng ba boitšoaro ka ho phela ka tsela e bonolo, haholo-holo li lokolohile matlotlong a lintho tse bonahalang le litakatsong. Ka baka la ho ratana ha tsona, hangata ba ne ba fana ka bolulo, le hoja ba bangata ba ne ba hana taba ea ho lula ’moho sebakeng se le seng e le tsela ea bophelo. Leha ho le joalo, motheong oa hore ntho e ’ngoe le e ’ngoe ke ea Molimo, kamehla ba ne ba ikemiselitse ho sebelisa maruo a bona ho thusa bafumanehi.—Liketso 2:42-45.
Ka baka la ho ithuta Bibele ka botebo, haholo-holo Mangolo a Bakreste a Segerike, litho tse ling tsa Mokha ona tsa hana thuto ea Boraro-bo-bong ea batho ba bararo ho Molimo o le mong, joalokaha lithuto tsa bona li bontša. Hangata tsela ea bona ea borapeli e ne e le e tloaelehileng, ’me Sejo sa Morena e ne e le karolo e khethehileng ea borapeli ba bona. Ka ho hana ha bona maikutlo a neano a Roma e K’hatholike, Luther, le Calvin, ba bone boikhopotso bona e le sehopotso sa lefu la Jesu. “Ho bona,” ho ngola R. J. Smithson, “sena e ne e le ketso e khōlōhali eo Mokreste a neng a ka kopanela ho eona, ho kopanyeletsa le ho nchafatsa kano ea bolumeli ea ho nehela bophelo ba hae a sa itšiele letho tšebeletsong ea Kreste.”
Tlhoriso—Le Kamor’a Eona
Mokha ona o Buellang ho Kolobetsoa ha Batho Habeli o ne o utloisisoa hampe, ho tšoana le Bakreste ba pele. Ka ho tšoanang, ba ne ba talingoa e le ba senyang molao oa sechaba o beiloeng, ‘ba liha lefatše lohle le ahiloeng.’ (Liketso 17:6) Zurich, Switzerland, babusi ba ikamahantseng le moetapele oa nchafatso, Huldrych Zwingli, ba ile ba qosa Mokha ona o Buellang ho Kolobetsoa ha Batho Habeli ka ho hana ho kolobetsa masea. Ka 1527 ba bolaea ka sehlōhō Felix Manz, e mong oa baetapele ba Mokha ona o Buellang ho Kolobetsoa ha Batho Habeli ka ho mo khamisa metsi, ’me ba hlōrisa ka sehlōhō litho tsa Mokha ona tsa Maswiss ho fihlela li batla li fela kaofela.
Jeremane litho tsa Mokha ona o Buellang ho Kolobetsoa ha Batho Habeli li ne li hlōrisoa ka sehlōhō ke Mak’hatholike le Maprotestanta. Ka 1528, ha ntšuoa molao, o neng o bolela kotlo ea lefu ho motho e mong le e mong ea fetohang setho sa Mokha ona—ntle ho ho hlaha pel’a lekhotla. Tlhōriso Austria e bakile hore litho sa Mokha ona o Buellang ho Kolobetsoa ha Batho Habeli li balehele Moravia, Bohemia, le Poland, ’me hamorao Hungary le Russia.
Ka lebaka la ho bolaoa ha baetapele ba bangata ba pele ba mokha oona ha hlaha litho tse neng li feteletsa lithuto tsa bolumeli. Ho feteletsa ho joalo ha felisa botsitso ’me ha hlahisa pherekano e khōlō le ho kheloha litekanyetso tsa mehla ea pele. Sena sa totobala habohloko ka selemo sa 1534, ha sehlopha se joalo sa litho tse feteletsang lithuto tsa bolumeli se nka ka likhoka ’muso oa lekhotla la motse la Münster, Westphalia. Selemong se latelang, motse o ile oa hlaseloa hape har’a tšollo ea mali le polao. Ketsahalo ena e ne e sa lumellane le thuto ea ’nete ea Mokha o neng o Buella ho Kolobetsoa ha Batho Habeli ’me e ne e o hlompholla. Balateli ba bang ba lahla lebitso la Anabaptists, e leng Mokha o Buellang ho Kolobetsoa ha Batho Habeli ’me ba khetha lebitso “Bakolobetsi” (Baptists). Empa ho sa tsotellehe lebitso leha e le lefe leo ba ileng ba le khetha, ba ile ba ’na ba fetoha bahlaseluoa ba khanyetso le ba Tlhōriso ea K’hatholike ka ho khethehileng.
Qetellong, lihlopha tsa Mokha o Buellang ho Kolobetsoa ha Batho Habeli tsa falla ka morero oa ho batla tokoloho e khōloanyane le khotso. Kajeno, re ba fumana Amerika Leboea le Boroa, le Europa. Lihlopha tse ngata tsa malumeli li susumelitsoe ke lithuto tsa bona tsa pele, ho kopanyeletsa le Maquaker, Mokha oa kajeno oa Bakolobetsi (Baptists) le Maplymouth Brethren. Maquakers a hloile ntoa ho tšoana le Mokha ona o Buellang ho Kolobetsoa ha Batho Habeli le khopolo ea ho tataisoa ke ‘leseli la kahare.’
Ho ba teng ha Mokha ona o Buellang ho Kolobetsoa ha Batho Habeli ho bonahala ka ho totobetseng kajeno lihlopheng tse peli. Sa pele ke sa Mahutter Brethren, se reheletsoeng ka moetapele oa lekholong la bo16 la lilemo, Jacob Hutter. Ba theile libaka tsa bona tsa bolulo Engelane, Canada Bophirima, Paraguay, le Dakota Boroa, United States. Mamennone ke sehlopha se seng. Se reheletsoeng ka Menno Simons, ea entseng ho hongata ho hlakola tlaleho e mpe e setseng Netherlands kamor’a mosebetsi oa Münster. Simons o shoele ka 1561. Kajeno, Mamennone hammoho le Mamennone a Amishe a fumanoa Europa le Amerika Leboea.
“Mohlala” Kajeno
Le hoja Mokha o Buellang ho Kolobetsoa ha Batho Habeli o ’nile oa batla “mohlala oa mantsoe a phelisang,” ha oa atleha ho o fumana. Ho feta moo, bukeng ea hae A History of Christianity, K. S. Latourette o’a hlokomela: “Le hoja tšimolohong e ne e le barutuoa ba mafolo-folo, tlhōriso e entse hore boholo ba bona bo ikhule le ho itšoarella ka tlhaho ho e-na le tšokoloho.” Ho joalo esita le hona joale ka lihlotšoana tse tsoileng Mokheng o Buellang ho Kolobetsoa ha Batho Habeli. Takatso ea bona ea ho ikarola lefatšeng le litseleng tsa lona e entse hore ba boloke mekhoa e fapaneng ea moaparo, eo hangata e khothalletsoang ke ho phela bophelo bo fapaneng le ba batho ba bang.
Kahoo, joale na ruri “mohlala oa mantsoe a phelisang” o ka fumanoa kajeno? E, empa ho nka nako e telele le lerato la ’nete ho o fumana. Ke hobane’ng u sa itlhahlobele ho bona haeba seo u se lumelang se tšoanela “mohlala” oa bomolimo o senotsoeng? Ha ho thata ho tseba neano ea batho le seo e leng ’nete ea Mangolo. Lipaki tsa Jehova sebakeng sa lōna li tla thabela ho u thusa, hobane tsona ka botsona li ananela tsela eo li thusitsoeng ho utloisisa “mohlala oa mantsoe a phelisang.”
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bona Molula-Qhooa oa January 15, 1982, maqephe 12-16.
[Setšoantšo se leqepheng la 23]
Lipaki tsa Jehova li thusa ba bangata ho utloisisa “mohlala oa mantsoe a phelisang”