Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w87 11/15 maq. 26-29
  • Ho Arabela Pitso Lihleke-hlekeng tsa Micronesia

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Arabela Pitso Lihleke-hlekeng tsa Micronesia
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1987
  • Lihloohoana
  • Phephetso ea Lipuo tse Ncha
  • Meetlo le Litumela-khoela
  • Ho Finyella Lihleke-hleke tse Nyenyane
  • Boitelo le Meputso
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1987
w87 11/15 maq. 26-29

Ho Arabela Pitso Lihleke-hlekeng tsa Micronesia

MABITSO a kang Truk, Yap, Ponape, Guam, le Saipan, mohlomong a ka utloahala a tloaelehile ho uena. Empa ho thoe’ng ka Belau, Rota, Kosrae, Nauru, kapa Kiribati? Tsena hammoho le tse ling ke karolo ea lihleke-hleke tse fetang 2 000 tse saballetseng ho feta lik’hilomethara tse kaholimo ho limillione tse 7,8 tsa Pacific Bophirima ’me ha li kopane kaofela li bitsoa Micronesia, kapa lihleke-hleke tse nyenyane.

Har’a sebaka sena se seholo, se batlang se le boholo ba Australia kapa boholo ba kontinente ea United States, Lipaki tsa Jehova li tšoarehile ho bolela litaba tse molemo tsa ’Muso. (Mareka 13:10) Hona joale, mosebetsi ona o etsoa ke bahoeletsi ba ’Muso ba ka bang 740 liphuthehong tse 13. Bonneteng, ho na le tlhokahalo e khōlō ea basebetsi ba eketsehileng bakeng sa ho kotula lihleke-hlekeng tsena tse hōle tsa leoatle.—Bapisa Jeremia 31:10.

Lilemong tse fetileng tse 20 kapa ho feta, batho ba tsoang Hawaii, Philippines, Canada, United States, le Australia ba arabetse pitso ’me ba nkile tšebeletso ea boromuoa lihleke-hlekeng tsa Micronesia. Ha ba pele ba bona ba fihla ka 1965, ho ne ho e-na le bahoeletsi ba ’Muso ba 76 sebakeng seo kaofela. Leha ho le joalo, ka 1987, lenane la batho ba bileng teng Sehopotsong sa lefu la Jesu Kreste ebile 4 510. Ka ho hlakileng, mesebetsi e lerato ea Bokreste lilemong tse fetileng e hlohonolofalitsoe ka ho enneng.

Kajeno, ho na le baromuoa ba 49 ba lulang matlung a 14 a baromuoa a qhalaneng har’a lihleke-hleke, kaofela ha bona ba sebetsa tlas’a tsamaiso ea lekala la Mokhatlo oa Watch Tower Guam. Lerato la bona ho Jehova le baahisani ba bona ba Micronesia le ba susumelitse ho arabela pitso ea boromuoa. Ke liphihlelo life tseo ba bileng le tsona ha ba ntse ba sebetsa lihleke-hleke tsee tse hōle? Tabeng ea lipuo tse ncha le meetlo, ke liphephetso life tseo ba neng ba lokela ho li hlōla? ’Me ke eng se ba thusitseng ho khomarela likabelo tsa bona? A re utloeng ka ba bang ba bona mabapi le mosebetsi oa bona lihleke-hlekeng tsena.

Phephetso ea Lipuo tse Ncha

Ho na le lipuo tse robeli kapa re robong tse khōlō Micronesia. Empa kaha tsena li nkuoa e se lipuo tse ngoloang, ho thata hore baromuoa ba bacha ba fumane libuka tseo ba ka li sebelisang ho ithuta lipuo tsena. Ho ntse ho le joalo, ba iteka haholo. Mokhoa o mong o sebetsang oo ba o boleletsoeng, e ne e le ho leka ho sebelisa seo ba ithutileng sona boboleling. Bonneteng, ba sa ntse ba hopola maemo a mangata a qabolang—le a hlabisang lihlong—a ileng a hlaha ha ba ntse ba leka ho etsa hoo.

Roger, moahi oa Hawaii, o hopola ketsahalo e ’ngoe ha a qala ho fihla Belau lilemong tse 13 tse fetileng. “Ha mong a ntlo e mong a bolela hore, ‘’Na ke Mok’hatholike,’ lentsoe le le leng feela la Sepalau leo ke tsebang ho arabela ka lona ke ‘Hobane’ng?’” Eaba joale mong a ntlo o hlalosa halelele. “Ha kea utloisisa lentsoe leha le le leng leo a le buileng. Ha a phetha, ka bua lentsoe le le leng feela leo ke neng ke le tseba, ‘Kea leboha, eaba kea tsamaea!”

Salvador, ea tlileng Truk le mosali oa hae, Helen, lilemong tse leshome tse fetileng, o hopola a leka ho botsa mosali e mong oa Motruk hore na o batla ho thaba (pwapwa). Ho e-na le ho bua joalo, a ’motsa hore na o batla ho ima (pwopwo). ’Me Zenette, ea tlileng le monna oa hae, David, ho tsoa Canada o hopola nakong eo a neng a leka hore “Kea leboha” (kilisou) empa a re “Sebōba” (kiliso). Ho sa tsotellehe hoo, hona joale ba tseba mantsoe ao hantle.

Ha James a romeloa sehleke-hlekeng sa Kosrae hoba a sebetse lilemo tse ’nè Ponape, o ile a tlameha ho qala fatše. Haholo-holo o hopola a leka ho etsa setsoalle le mong a ntlo e mong. Ho e-na le ho ’motsa, “U phela joang?” a re ho eena, “U lehlanya”! Hona joale kamor’a lilemo tse leshome, o’a ipolela: “Pele, ho ne ho le thata ho bitsa mantsoe a mang a Sekosrae hobane a utloahala a hlohlontša litsebe ka Senyesemane.

Leha ho le joalo, liphihlelo tse joalo ha lia nyahamisa baromuoa bana ho etsa ka matla ho ithuta lipuo tsena. Moromuoa e mong o boletse hore, “Ha ho letho le lekaalo leo motho a ka le etsang ho thusa batho ntle ho hore a ithute puo ea bona.” “Sena ruri se fana ka tšusumetso ea sebele ea ho khothalla ho ithuta.”

Meetlo le Litumela-khoela

Ho batho ba fihlang, meetlo e mengata ea moo e bonahala e qabola. Ka mohlala, David o ile a kopana le monna ea bitsang bara ba hae ba bararo Sardine, Tuna, le Spam. Hamorao a bontšoa banna ba bitsoang Desire, Sin, le Repent. Zenette o ile a qaboloa ke ho fumana batho ba bitsa bo-ntat’a bona moholo “Papa” le “Mama” empa ba bitsa batsoali ba bona ka mabitso a bona. Ha Sheri a fihla ka lekhetlo la pele Hawaii, o ile a nahana hore ke ntho e qabolang ha batho ba supa libaka tse ling ka linko tsa bona. Ho ile ha mo nka nako e telele pele a tloaela moetlo ona: Ha mosali a fihla sebokeng sa phatlalatsa, o “tsamaea” fatše ka mangole a hae ho ea “setulong” ho bontša hlompho ho banna.

Ho boetse ho na le litumela-khoela tse ngata. Ka mohlala, Lihleke-hlekeng tsa Marshall, ha motho a e-shoa ba lelapa ba beha lijo, lisakerete, le lipalesa lebitleng bakeng sa mofu. Kapa ha nonyana e fofa ho pota ntlo e ntse e bina, sena se nkoa se le kotsi ’me se bolela hore setho se seng sa lelapa se talimane le lefu.

Ba bang lihleke-hlekeng ba boetse ba amehile haholo tšebelisanong le meea. Jon e ne e le e mong oa bona. Kaha e kile ea e-ba moholo kerekeng ea Protestanta, o ne a tseba ho leleka bademona ka lithapelo a sebelisa moriana o entsoeng ka oli ea coconut.

“Ka tsatsi le leng sefahleho se tšabehang sa ledemona se boholo ba monyako sa ema monyakong oa kamore ea ka,” ho boletse Jon. Pele Jon o ne a nahana hore oa lora empa a phakisa ho elelloa hore o ntse a phaphame.

“Ledemona la mpolella hore ke lona mohloli oa matla a ka a bonohe. Sena se ile sa ntšosa ’me sa etsa hore ke ipotse hore na ke hobane’ng ha bademona ba sebetsa ka ’na, mosebeletsi ka kerekeng, le hore ke hobane’ng ha moruti ka boeena a batla litšebeletso tsa ka tsa bodemona.” Jon o ile a phakisa a kopana le baromuoa ba Lipaki tsa Jehova ’me ba qalisa ho ithuta Bibele.

“Ho ithuta ’nete ka bademona le kamoo ho ka khetholloang bolumeli ba ’nete ho ntliselitse thabo e khōlō,” ho hopola Jon. O ile a tlohela kereke ea hae ’me a khaotsa mosebetsi oa bodemona. Kajeno, o hlokomelisa ba bang ho qoba mesebetsi ea bademona.—Deuteronoma 18:9-13; Tšenolo 21:8.

Ho Finyella Lihleke-hleke tse Nyenyane

Ho isa litaba tse molemo ho batho ba lihleke-hleke tse kathōko ke phephetso ea sebele. Hangata tsela feela ea ho ba finyella ke ho palama sekepe sa liphahlo. Kaha sekepe sa liphahlo se emisa lihleke-hlekeng tse seng le se seng se senyenyane lihora li se kae kapa matsatsi bakeng sa ho laela thepa, baromuoa le bahoeletsi ba bang ba ’Muso ka mafolo-folo ba pakela baahi ba lihleke-hleke. Tsela e ’ngoe ea ho ba tlisetsa litaba tse molemo ke ka khaso ea sea-le-moea beke le beke.

Hangata baahi ba lihleke-hleke tse kathōko ba ea sehleke-hlekeng se seholo bakeng sa ho reka lijo, meriana, le ho kena sekolo. Ha ba le moo, ba ka kopana le Lipaki tsa Jehova ’me ba fumana libuka tsa Bibele. Khahleho e tsosoa ka hore ho ngoloe lengolo kapa ha bahoeletsi ba etela sehleke-hleke sa bona. Banyalani ba bang ba ile ba fumanoa ka tsela e joalo Majuro Sehleke-hlekeng sa Marshall eaba ba khutlela sehleke-hlekeng sa habo bona sa Ailuk, lik’hilomethara tse 400. Ba qala ho bontša tsoelopele kutloisisong ea bona ea Bibele. Ba phakisa ba tlohela kereke ea bona, ba ngolisa lenyalo la bona ka molao, ’me ba kolobetsoa. Hona joale ka bobeli ba bolela ka mafolo-folo sehleke-hlekeng se seng sa bona se kathōko, nako le nako ba sebeletsa e le bo-pula-maliboho ba thusang.

Baromuoa Ponape, Truk, le Belau ba sebelisa liketsoana tsa bona ha ba paka sehleke-hlekeng. Kaha ha ho likou tse ngata, hangata ba tlameha ho emisa hōle le lebopo le ho qhafutsa seretseng se fihlang mangoleng a bona. Boholo ba baahi ke batho ba mosa ’me ba amohela baeti ka ho ba alla meseme e lohiloeng ebe ba nyorolloa ka metsi a pholileng a coconut. Ho buuoa le lelapa lohle ’me le mamela ka hloko. Kaha ba bangata ba hloka chelete, ke ntho e tloaelehileng ho bona bahoeletsi kamor’a matsatsi a mabeli kapa a mararo ka liketsoana tse tletseng litholoana tseo ba li bapalitseng ka libuka tsa Bibele.

Boitelo le Meputso

Ho baromuoa, bophelo ba lihleke-hlekeng bo fapane le ba moo ba tsoang teng. Ba lokela ho tloaelana le ho khaoha ha motlakase, khaello ea metsi le ho itšetleha haholo ka metsi a pula. Lihleke-hlekeng tse ling ha ho motlakase, metsi, tsamaiso ea metsi a litšila, litsela se sa tšeloang bōka, le likoloi. Empa baromuoa ba ithutile ho tenyetseha le maemo. “Ha ke bona baena ba lulang matlung a hahiloeng ka lithupa, re ne re ba utloela bohloko, ’me sena se re thusitse ho boloka ho leka-lekana linthong tseo re li hlokang le tseo re li batlang,” ho hlokomela Julian, ea sebelelitseng ka botšepehi lilemo tse 17 Guam le Lihleke-hlekeng tsa Marshall.

Rodney le Sheri ba fihlile Truk ho tsoa Hawaii. Oa lumela: “Bonneteng, ke ile ka tšosoa ke meetlo.” Joale, lilemo tse leshome hamorao, oa ngola: “Re na le mosebetsi o khotsofatsang haholo oo re lokelang ho o etsa mona. Re na le maemo a thata le a bonolo, ka linako tse ling re ikutloa re nyahame ebile re le bolutu. Empa re batla ho tsoela pele ho hahamalla morero oa rōna bophelong mosebetsing oa boromuoa mona.” ’Me Sheri o phaella ka thabo: “Batho ba itelang ke bona ba thabileng.”

Ka sebele, boiteko ba bona bo putsitsoe ka ho enneng. Clemente le mosali oa hae, Eunice, ba fihlile Sehleke-hlekeng sa Marshall lilemong tse leshome tse fetileng, ’me hona joale ba khanna lithuto tsa lehae tsa Bibele tse 34 beke le beke. “Ba leshome le metso e mene ba bontšitse boineelo ba bona ho Jehova ka ho qoelisoa metsing,” oa tlaleha, “’me ba bang ba sebeletsa ho kolobetsoa. Mosebetsi o joalo o pholosang bophelo ke oa bohlokoa mahlong a rōna.” James, eo ebileng moromuoa ka lilemo tse leshome, o itse: “Ho bona mamello ea baena ba rōna ba Kosrae selemo le selemo ke tlhohonolofatso ea sebele.” Mabapi le Belau, Roger oa tlaleha: “Re hlohonolofalitsoe ka Holo ea ’Muso e ncha le sehlopha sa bahoeletsi ba tšepahalang.” Ha a talima lilemong tse fetileng, Placido o re: “Tataiso ea Jehova le moea o halalelang li bonahetse ka ho totobetseng bophelong ba rōna. Sena se re thusitse ho atamela haufi le eena, ’me re utloa boteng ba hae ho rōna.”

Liphihlelo tse joalo li thusitse baromuoa ho khomarela likabelo tsa bona. Ba bangata ho bona ba ka hetla morao ’me ba hopola ho theoa ha phutheho ea pele sebakeng sa bona. Joaloka moapostola Pauluse, ba na le thabo e ke keng ea lekanngoa ea ‘ho se hahe motheong oa ba bang.’ (Ba-Roma 15:20) Boikutlo ba bona bo bontšoa hantle ke tlhaloso ena: “Ho sa ntse ho e-na le mosebetsi o mongata o lokelang ho etsoa. Ke lumela hore Jehova o sa ntse a tla bula menyetla e mengata le ho tlisa batho ba bangata ba eketsehileng ba kang linku sehleke-hlekeng, ’me re na le tokelo ea ho kopanela mosebetsing oo.”

“Lehlohonolo la Jehova le entša motho, hase mokhathala oa hae o mo ekeletsang leruo,” ho bolela Liproverbia 10:22. Ba arabetseng pitso ea boromuoa lihleke-hlekeng tsa Micronesia ruri ba latsoitse tlhohonolofatso ena hammoho le thabo le khotsofalo tse tsoang ho Jehova.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela