Bophelo Ba Ka Kahare ho Mokhatlo o Hlophisitsoeng oa Jehova o Tsamaisoang ka Moea
Joalokaha ho boletse Albert D. Schroeder
SONTAHA sa pele sa Phuptjane ka 1934, ’na le Alex Jones re ne re ntse re bolela ka ntlo le ntlo Motseng oa Jersey, New Jersey. Ka tšohanyetso, liofisiri tsa mapolesa tsa mathela ka tlung eo re neng re kene ho eona mohahong o moholo, tsa re tšoara, tsa re sutumeletsa ka koloing, ’me tsa re nka ho re isa teronkong!
Matsatsi a mararo hamorao, moahlōli o ile a phatlalatsa hore re molato oa ho tsamaea re rekisa kantle ho lengolo la tumello ’me a re ahlōlela matsatsi a leshome teronkong. Re ile ra isoa Teronkong ea Hudson County, ra bolelloa hore re hlobole, re tole ka metsi a bolaeang likokoana-hloko, ’me re apare liphahlo tsa teronko. Eaba joale re qhōbjoa ho ea seleng.
Joale mona ke ne ke e-na le nako ea ho hopola morao. Ke ne ke le lilemo li 23 feela ’me ke ne ke thabetse bophelo ba ka ke le mosebeletsi oa nako e tletseng Bethele ea Brooklyn. Ere nke ke u phetele tse ling tsa lintho tseo ke sa ntsaneng ke li hopola.
Ke Leboha Nkhono
Eo ke neng ke mo hopola ka mofuthu haholo e ne e le nkhono ’mè oa ’mè, Elizabeth Darger. Batsoali ba hae ba ile ba fallisetsa lelapa Michigan ba tloha Jeremane nakoana pele ho 1870. O ne a ruta Sejeremane le Senyesemane likolong tsa sechaba ’me a lula le rōna lapeng la batsoali ba ka ba neng ba kena kereke ea Lutere, Saginaw, Michigan, motseng oo ke tsoaletsoeng ho oona. Nakong ea Ntoa ea I ea Lefatše, eena le banab’abo ba basetsana ba neng ba ruta sekolong ba ile ba qala ho kopanela le Liithuti tsa Bibele tsa Machaba, tseo hona joale li tsebjoang e le Lipaki tsa Jehova.
Le hoja batsoali ba ka ba ne ba batla hore ke kene sekolo sa Sontaha sa kereke ea Lutere, Nkhono o ile a lumelloa ho bua le ’na ka lintho tse hlollang tseo a neng a li lumela ka Bibele. O ne a khona ho bala Bibele ka Selatine le Segerike, ’me a nkenya takatso ea ho ithuta Bibele ka lipuo tsa eona tsa qalong. Ka thabo, ke ile ka hopola lipuisano tse hlasimollang tseo ke ileng ka ba le tsona le bana babo-nkhono tse neng li likoloha holim’a puso ea ’Muso oa Molimo oo haufinyane o tla busa lefatše tumellanong le Daniele 2:44.
Ka 1923 Nkhono o ile a qala ho ithuta le ’na, a sebelisa buka ea Mokhatlo oa Watch Tower The Harp of God, ’me hape ka kopanela le eena libokeng tsa Phutheho ea Saginaw. Joale, ha ke le ka seleng ea ka, ke ile ka hopola liboka tseo, ho mamela mananeo a Watchtower a seea-le-moea a neng a phatlalatsoa ka WBBR ho tsoa Brooklyn, New York, le liphihlelo tse ling tse joalo tse ileng tsa fetola bophelo ba ka.
Ka mohlala, ke ile ka hopola ha ke ne ke utloa seea-le-moeeng Moahlōli Joseph F. Rutherford, mookameli oa Mokhatlo oa Watch Tower, a bua kopanong ea Liithuti tsa Bibele Toronto, Canada, ka 1927. Ha ke le Detroit, Michigan, ka 1928, ke ile ka ba teng kopanong ka lekhetlo la pele. Moo ke ile ka utloa Moena Rutherford a bua ka seqo. Kopanong eo, ke ile ka nyakallela ho hoeletsa “E” qetong “Phatlalatso Khahlanong le Satane bakeng sa Jehova.” Ho ile ha lokolloa buka e ncha Government e neng e bontša hore ’Muso oa Molimo e ne e le puso ea Molimo, e seng ea sechaba ka sechaba.
Ho Hopola Matsatsi a Sekolo
Ke ile ka boela ka hopola matsatsi a ka a sekolo. Ka baka la ho phehelloa ke batsoali ba ka, ba neng ba sa batle hore ke be mosebeletsi oa nako e tletseng, ke ile ka amohela hlapiso ea koleche. Kahona, ka Loetse 1929, ke ile ka kena Univesithing ea Michigan e Ann Arbor ho ithutela puo, tsa moruo, le boenjeniere.
Mofumahali Judson, mong’a mohaho oo ke neng ke lula ho oona, o ne a kopanela le Phutheho ea Ann Arbor ea Liithuti tsa Bibele. Ha ke khutlela sekolong qetellong ea 1930, o ile a mpolella hore mohlankana e motle ea tsoang Alabama o ne a sa tsoa fallela ka kamoreng e shebaneng le ea ka le hore o ne a nahana hore o ne a tla arabela “molaetseng oa rōna oa Bibele.” Ka sebele o ile a arabela! ’Na le William Addison Elrod re ile ra fetoha metsoalle ka potlako ha a amohela linnete tsa Bibele; ’me re sa ntsane re le metsoalle ho fihlela la kajeno.
’Na le Bill Elrod re ile ra kenela thupelo ea ho etsa liphuputso lehlabuleng la 1931, kahona ra sitoa ho ba teng ka seqo kopanong ea 1931 e neng e le Columbus, Ohio. Leha ho le joalo, ka Sontaha, sa la 26 Phupu, re ile ra mamela puo ea phatlalatsa seea-le-moeeng ’me ra ba har’a letšoele le sa bonahaleng le tletseng cheseho le ileng la amohela lebitso le lecha le letle “Lipaki tsa Jehova.”
Mehleng eo, ho ne ho buisanoa ka tsela e batsi sekolong ka mefuta ea Puso ea Karolelano ea Moruo ka ho Lekana Sechabeng, Puso ea Bompoli le Bokomonisi. Ka Mphalane 1931 Winston Churchill o ile a bua le rōna liithuti tse 3 000, a buella puso ea sechaba ka sechaba e le oona mofuta oa puso o sa ntsaneng o le molemo ka ho fetisisa. Hamorao, ka Tšitoe 1931, Lord Bertrand Russell, setsebi sa lipalo se hlomphehang haholo sa Lenyesemane e bile e le rafilosofi, o ile a bua ka leano la ho hana ho nka lihlomo. Hamorao hape Dr. Hjalmar Schacht, mookameli oa Banka ea Sechaba e Berlin, Jeremane, o ile a hlalosa tlhokahalo ea hore moruo o laoloe ke sechaba; ka mantsoe a mang, o ne a buella karolelano ea moruo ka ho lekana sechabeng, kapa Bonazi. Lilemo tse peli hamorao e ne e le letona la litaba tsa moruo ’musong oa Hitler.
Kamor’a ho utloa boipiletso ba banna bana ba bohlale ba lefatše, ke ne ke kholisehile ho feta leha e le neng pele hore borena ba Messia e ne e le bona feela boo e ka bang puso e khotsofatsang ea lefatše. Kahoo ’na le Bill Elrod re ile ra rera ho qeta sekolo ka la 15 Phuptjane, 1932, e be re qala ho sebetsa ’moho mosebetsing oa boboleli ka nako e tletseng, oo hona joale o tsebjoang e le bopula-maliboho.
Re ile ra qala tšebeletso ea rōna ea bopula-maliboho pele re kolobetsoa hobane ka nako eo ho ne ho e-s’o utloisisoe ka ho hlaka hore na ba nang le tšepo ea lefatšeng ba hloka ho kolobetsoa kapa che. Leha ho le joalo, kamor’a hore ke kolobetsoe Letšeng la Vandercook, Michigan, ka la 24 Phupu, 1932, ho ile ha hlaka hore tšepo ea ka e ne e se e fetohile ho ba ea motlotsuoa, e leng ho neng ho tiisoa ke ‘bopaki ba moea.’—Ba-Roma 8:16, NW.
Tšebeletso ea Bethele Brooklyn
Ka la 9 Loetse, ha re ntse re bula maliboho Howell, Michigan, Bill o ile a tsoa a matha ka posong a tsoka pampiri e tšehla ea mohala. Ha re e bula, ra bala memo e tsoang ho Moena Rutherford ea ho itlaleha bakeng sa tšebeletso ea Bethele kapele kamoo ho ka khonehang. Ho ile ha re nka lihora tse 72 feela hore re lokise litaba tsa rōna tsa bopula-maliboho le ho khanna koloi ea rōna ea moetso oa T Ford lik’hilomithara tse 1 100 ho leba Brooklyn. Qetellong re ile ra tšela Borokho ba Brooklyn ’me ra fihla Bethele ka la 13 Loetse, 1932. Ka nako eo, ho ne ho e-na le litho tse ka bang 200 tsa lelapa la Bethele, boholo ba tsona e le baena ba Morena ba tlotsitsoeng.
Kamor’a ho sebeletsa kabelong ea fektheri ka libeke tse seng kae, ke ile ka neoa mosebetsi o fapaneng Lekaleng la Tšebeletso. Moena ea botsoalle oa Ireland, Thomas J. Sullivan, e ne e le molebeli oa lekala leo. Kamehla o ne a re hopotsa rōna ba bacha, ‘Ha mathata a hlaha, kholiseha hore u fumana linnete tsohle pele u etsa tlhahiso bakeng sa tharollo.’ (Liproverbia 18:13) Sefahleho sa hae se bonahala se khanya ke thabo, o ne a ee a phaelle: “U tatetse kae? Nea Jehova monyetla. Bona seo moea oa hae o se etsang ka hona.”
Ha ke hopola liphihlelo tsena tsa nakong e fetileng ha ke ntse ke le teronkong, ke ile ka nyakallela tokelo ea ho hlokofatsoa ka baka la ho loka, joalokaha Jesu Kreste le baapostola ba entse. (Johanne 15:20; 1 Petrose 4:16) Ha ke hetla morao, ke hlokomela hore liphihlelo tse joalo li ne li ntokisetsa litokelo tsa kamoso.
Leseli le Lecha le Hlollang
Mathoasong a 1935, hoo e ka bang likhoeli tse tšeletseng kamor’a hore ke lokolloe teronkong ’me ke khutlele Bethele, ke hopola lipuisano tse ngata tafoleng ea Bethele mabapi le ho tsebahatsoa ha “letšoele le leholo.” (Tšenolo 7:9, 13, King James Version) Ba bang ba ile ba bontša ba tšehetsa pono ea hore sena e ne e le sehlopha sa bobeli sa leholimo, joalokaha mookameli oa pele oa Mokhatlo oa Watch Tower, Moena Russell, a ne a rutile. Leha ho le joalo, ba bang ba ile ba phea khang ea hore “letšoele le leholo” le ne le entsoe ka ba nang le tšepo ea lefatšeng. Nakong ea lipuisano tsena, Moena Rutherford ha a ka a itlama.
Kaofela ha rōna Bethele re ne re tletse cheseho ha re tsamaea ka terene e khethehileng ho ea Washington, D.C., bakeng sa kopano e neng e tla tšoaroa ho tloha la 30 Motšeanong ho isa la 3 Phuptjane, 1935. Letsatsing la bobeli la kopano, Moena Rutherford o ile a hlahisa litaba tse susumetsang tsa hore ka sebele “letšoele le leholo” ke sehlopha sa lefatšeng. Motsotsong oa bohlokoahali, o ile a botsa: “Ka kōpo na lōna bohle ba nang le tšepo ea ho phela ka ho sa feleng lefatšeng le ka ema?” Hoo e ka bang halofo ea ba 20 000 ba neng ba le teng e ile ea ema. Eaba Moena Rutherford oa phatlalatsa: “Bonang! Letšoele le leholo!” Ho ile ha e-ba le khutso ka nakoana. Eaba kaofela re kopanela mohoong oa thabo, ’me ha e-ba le litlatse tse khōlō tse ileng tsa nka nako e telele. Letsatsing le hlahlamang ba 840 ba ile ba kolobetsoa, boholo e le ba sehlopha sa lefatšeng.
Leseli lena le lecha la 1935 holim’a “letšoele le leholo” le ile la lebisa mehatong ea ho hlophisa bocha ka 1936 ho lokisetsa ho kena ka bongata ho neng ho lebeletsoe ha sehlopha sena. Ka mohlala, ho tla fihlela ka nako eo, ho ne ho e-na le phutheho e le ’ngoe feela e khōlō ea Senyesemane Motseng oohle oa New York, empa joale ho ile ha theoa liphutheho tse ncha ’me rōna batlotsuoa ba bacha lilemong re ile ra abeloa ho ba balebeli. Kajeno, ho na le liphutheho tse 336 Motseng oa New York!
Kabelo e Ncha
Labone, la 11 Pulungoana, 1937, le ile la ipaka e le letsatsi la bohlokoahali ho ’na. Ke ne ke ile ka fumana tsebiso ea hore ke tle ofising ea Moena Rutherford motšehareng oa mantsiboea ao ka 3:00 p.m. Ke ile ka fihla ka nako, kaha ke ne ke amehile ka hore e ka ’na eaba ke bitselitsoe khalemelo e ’ngoe e itseng. Empa kamor’a puisano e khutšoanyane ea botsoalle, Moena Rutherford o ile a mpotsa hore na nka ithaopela ho nka kabelo e ’ngoe.
Ke ile ka araba, “Ke ithaopela ho sebeletsa hohle moo ho hlokahalang.”
Joale, a nkuka ka tšohanyetso ka ho feletseng, Moena Rutherford a botsa: “Na u ka thabela ho sebeletsa Bethele ea London u le mohlanka oa lekala?”
Ka araba, “Khele! eo ke kabelo e boima!”
A tsoela pele, “ho feta moo, hona ho bolela hore ha u ea u ke ke ua khutla, u lumela hore u tla lula moo ho fihlela kamorao ho Armageddone. Kahoo ke tla u fa matsatsi a mararo hore u etse qeto.”
“Che, Moena Rutherford, ha ke hloke matsatsi ao a mararo. Haeba ke thato ea Jehova hore ke tsamaee, karabelo ea ka ke e!”
O ile a araba, “ke ile ka nahana hore u tla araba joalo. Moena Knorr o se a ntse a e-na le tekete ea hao sekepeng sa Queen Mary se tla beng se leba Engelane ka Laboraro la beke e tlang.”
Hlooho ea ka e ile ea qala ho ferekana. Moena Rutherford o ile a qetella ka hore, “u tla fumana koetliso ka matsatsi a seng makae a latelang.”
Ha ke khutlela Lekaleng la Tšebeletso, leo ofisi ea lona e neng e le ka fekthering, Moena Knorr o ile a qala ho tšeha ha a bona ho makala ha ka ho hoholo. O ne a tseba se sa tsoa etsahala. Nathan Knorr e ne e le molebeli oa fektheri ’me pejana o ne a ile a ea Engelane le Moena Rutherford. Hang-hang o ile a qala ho nkoetlisetsa ho ba molebeli oa tšebetso ea lekala. Matsatsi a seng makae hamorao, ke ile ka khutlela ho Moena Rutherford bakeng sa tokisetso e eketsehileng.
Keletso ea Moena Rutherford, e theiloeng ho Mikea 6:8, e ne e le ‘ho etsa ka tōka, ho emela maano a tlhophiso ka tieo, ho phahamisa litekanyetso tsa Bibele, ho potlakela ho bontša kutlo, le ho se tsila-tsile. Ho sebetsana le baena ka mosa, ho kopanela kamehla tšebeletsong ea tšimo, le ho ikokobetsa ho tsamaeeng le Molimo.’ O ile a re tšimo ea Manyesemane e ne e theohile hobane balebeli ba lekala ba nakong e fetileng ba ne ba sa tšehetse tšebeletso ea tšimo ka botlalo. Kahoo o ile a qetella ka ho hatisa: “Khothalletsa tšebeletso e eketsehileng ea tšimo. Hona joale Brithani e hloka bo-pula-maliboho ba 1 000, e seng ba 200 feela bao e nang le bona hona joale.”
Kamohelo Engelane
Ha sekepe sa Queen Mary se fihla Southampton, ke ile ka kena tereneng ho leba London eaba ke tsamaea ka taxi ho leba ofising ea lekala ea Mokhatlo, eo ka lilemo tse 26 e neng e le 34 Craven Terrace, Lancaster Gate. Motlatsi oa mookameli oa Mokhatlo oa Machaba oa Liithuti tsa Bibele o ile a nkamohela ka pelo eohle. Ke ile ka mo nea lengolo la Moena Rutherford le neng le mo fa matla a ho ntša mohlanka oa lekala mosebetsing le ho tsebisa lelapa la Bethele hore ke ne ke tla nka sebaka sa hae. Sena se ile sa etsoa lijong tsa motšehare, ’me litho tse 30 tsa Bethele li ile tsa nkamohela ka mofuthu.
Ha nako e ntse e e-ea, ke ile ka tloaelana le bahlanka ba bangata ba lekala le baemeli Europe. Bao e ne e le batlotsuoa ba neng ba nka ketello-pele e sa sekisetseng mosebetsing oa boboleli ho sa tsotellehe litšitiso tsa mehleng ea Hitler, banna ba kang Martin Harbeck oa Switzerland, Charles Knecht oa Fora, Fritz Hartstang oa Netherlands, Johan Eneroth oa Sweden, William Dey oa Denmark, le Robert Winkler ea sebete oa sehlopha sa Jeremane se sebetsang ka sekhukhu sa mokhatlo o hlophisitsoeng. Ka mekhoa eohle ea Mangolo, banna bana ba sebete ba tumelo ba ile ba ema ba tiile khahlanong le mahloriso a matla a Bonazi.
Ketelo ea Moena Rutherford
Ka 1938, selemo pele ho qhōma Ntoa ea II ea Lefatše, Manyesemane a ne a entse mokhoa oa ho tsamaisa melaetsa ea seea-le-moea le ea fono-fono e tšelang leoatle. Lienjeniere tsa ’ona li ile tsa lumela ho hokahanya mafatše a mane bakeng sa kopano e khethehileng e neng e tšoaretsoe London, ka la 9 ho ea ho la 11 Loetse. Holo ea Royal Albert e khōlōhali e neng e tšoaneleha sebakeng sa London, e ile ea sebelisoa bakeng sa kopano eo. Sehlopha sa Moena Rutherford, ho akarelletsa Nathan Knorr, se ile sa fihla libeke tse tharo pejana ho tla thusa ka litokisetso.
Ho tsebahatsa puo ea phatlalatsa, ho ile ha hlophisoa mekoloko e bapileng ea batho ba nkileng mamatjana a boitsebiso. Pele mokoloko o qalang o nkileng boitsebiso o ka etsoa, Moena Rutherford o ile a kōpa ho mpona. Ha re ntse re buisana ka litaba tsa kopano, o ne a ntse a bapalisa pene ea hae, e leng seo a neng a se etsa ka linako tse ling ha a bua le motho e mong. O ile a tabola seo a neng a se ngotse leqepheng ’me a ’nea sona. O ile a botsa, “u nahana joang ka seo?”
Se ne se baleha tjena, “BOLUMELI KE SEFI LE LERABA.”
Ke ile ka arabela, “se bonahala se le bohale haholo.”
O ile a re, “ke ne ke se reretse hore se be matla.” Eaba o laela hore ho etsoe mamatjana a nang le mantsoe ana bakeng sa mokoloko oa rōna oa pele oa boitsebiso ba kopano ka Laboraro mantsiboea. Bosiung bo latelang ’na le Nathan Knorr ra etella pele mokoloko oa baena ba ka bang sekete lik’hilomithara tse 10 ho ea feta bohareng ba London.
Moena Rutherford o ile a mpitsetsa ofising ea hae hoseng ho latelang ’me a nkōpa tlaleho. Ke ile ka re, “ba bangata ba ile ba re bitsa makomonisi le batho ba sa lumeleng hore Molimo o teng ’me ba bua lintho tse ling tse bontšang bora.” Eaba o inahana ka metsotso e seng mekae ’me qetellong a tabola leqepheng lepetjo leo a neng a etsa tlhahiso ea hore le etsoe “SEBELETSA MOLIMO LE KRESTE MORENA.” O ile a nahana hore ho tsoaka litsebiso tseo ka mantsoe ana ho ne ho ka ’na ha kokobetsa mehoo ea boipelaetso, ’me ho ile ha e-ba joalo. Kopano ena ea 1938 e ile ea tsamaea hantle. Lenaneo la sehlooho ka Moqebelo le Sontaha le puo e ikhethang “Toba Linnete,” la hasetsoa likopano tse 49 tse neng li tšoeroe ka nako e tšoanang ho pholletsa le linaha tse buang Senyesemane.
Kamor’a kopano, ho ile ha tšoaroa lenaneo la koetliso bakeng sa bahlanka ba makala ba linaha tsa Europe. Nakong ea lenaneo leo, Moena Rutherford o ile a nkhalemela ka matla bakeng sa khaello ea koetliso ea bahlokomeli. Khalemelo eo e ile ea etsa hore ke lle. Hamorao, William Dey oa Denmark o ile a ntšelisa ka lekunutung, a re Moena Rutherford o ne a sebelisa ’na ho ba ruta kaofela ka tsela e sa tobang. ’Me ho ne ho le joalo! Letsatsing le latelang, Moena Rutherford, ea neng a rata ho apara ‘firisekoto’ a pheha, o ile a re mema kaofela bakeng sa lijo tse khethehileng tseo a neng a li lokiselitse. Kaofela re ile ra thabela botsoalle bo thabisang.
Lilemo tsa Ntoa ea II ea Lefatše
Ka la 1 Loetse, 1939, Hitler o ile a futuhela Poland. Ka Sontaha, la 3 Loetse, Brithani e ile ea phatlalatsa ntoa khahlanong le Jeremane. Ba likete har’a rōna Brithani ba ne ba tsoile ba le tšebeletsong ea tšimo hoseng hoo ka nepo ba tsamaisa buka e ncha Salvation. Monyakong o mong le o mong batho ba ne ba ferekane; basali ba bang ba ne ba lla. Kaofela ha rōna re ile ra felloa ke libuka tsa Bibele ha re ntse re fa batho matšeliso a Mangolo.
Khoeling e hlahlamang, re ile ra amohela kopi e tsoileng pele ho nako ea sehlooho sa Watchtower ea la 1 Pulungoana, 1939, e neng e e-na le sehlooho “Ho Se Nke Lehlakore.” Ka nako e loketseng hantle e ile ea hlakisa boemo ba Mangolo ba Bakreste ba ’nete nakong ea likhohlano tsa lefatše. (Johanne 17:16) Ka potlako baena ba rōna ba Manyesemane le bo-khaitseli ba makholo-kholo ba ile ba qala ho tšoaroa ’me ba koalloa teronkong.
Ntoa ea moeeng holim’a Brithani, e ileng ea bitsoa Ntoa ea Brithani, e ile ea ipha matla haholo qetellong ea 1940 ’me ea tsoela pele ho kenella ho 1941. Rōna London re ile ra mamella masiu a 57 a latelanang a ho qhōmisoa ha libomo ho nkang lihora tse 14. Moea o ne o tletse lerata la liboko tse bohloko. Mollo o ne o tuka ka matla hohle. Libomo tse mashome a mabeli a metso e robong li ile tsa oela sebakeng sa limithara tse 460 ho tloha Bethele. Holo ea rōna e khōlō ea ’Muso e haufi le Bethele e ile ea hotetsoa ka libomo tse akhetsoeng ka boomo, empa e ile ea tingoa ka potlako ke baena ba rōna ba koetlisitsoeng ba Bethele.
Ho ne ho e-na le lithibelo tsa mefuta e mengata nakong ea ntoa, ho akarelletsa ho lekanyetsa lijo le ho lekanyetsa maeto. Empa re ile ra tsoela pele ka boboleli ba rōna ba ntlo le ntlo ra ba ra bo eketsa. Ka 1937 Brithani e ne e e-na le bahoeletsi ba 4 375, empa ka 1942 ba eketseha ho ba 12 436. Bo-pula-maliboho ba ne ba eketsehile ho tloha ho 201 ha ke fihla Engelane ka 1937 ho ea ho 1 488 ka 1942! Ka sebele, Jehova o hlohonolofalitse ka ho enneng ho jala hona ha pejana ha baboleli tšimong. Hona joale, hoo e ka bang lilemo tse 50 hamorao, ho na le bahoeletsi ba ’Muso ba fetang 109 000 Brithani, ho akarelletsa bo-pula-maliboho ba kamehla ba fetang 6 000.
Ho tloha ka la 3 ho isa ho la 7 Loetse, 1941, re tšehelitsoe ke moea oa Jehova, ra finyella hoo ba boholong ’musong ba neng ba ho bitsa “ho ke keng ha etsahala.” Re ile ra tšoara kopano e khōlō ka ho fetisisa ea Lipaki tsa Jehova Brithani ka nako eo. Ba kaholimo ho 12 000 ba ile ba kopana Holong ea Leicester De Montfort le mabaleng a e potolohileng hona kahare ho ntoa. Ena ke eona holo e ileng ea sebelisoa ha ho tšoaroa seboka sa selemo le selemo sa Mokhatlo ka 1983 se neng se tšoaretsoe Leicester. Ba kaholimo ho likete tse tharo har’a rōna ba ile ba hopola liphihlelo tsa kopano tsa nakong ea ntoa ka 1941.
Ofisi ea London e ile ea fetoha setsi sa batšabeli nakong ea ntoa. Fono-fono ea eona e ne e lla ka linako tsohle. Ho ile ha buloa mokotla oa liphallelo, o ileng oa etsa hore baena bao matlo a bona a neng a sentsoe ke libomo ba fumane thuso hang-hang. Hape, baena ba baphaphathehi ba tsoang Poland, Jeremane, Norway, Fora, Belgium, Holland, le libakeng tse ling ba ile ba tla London moo ba ileng ba fumantšoa thuso. Ba bangata har’a bona ba ile ba nka tšebeletso ea bopula-maliboho Brithani.
Motho Ea Sa Amoheleheng
Hang ha United States e kena ntoeng ka la 8 Tšitoe, 1941, ke ile ka lahleheloa ke tumello ea ho se kene sesoleng sa Brithani joaloka moahi oa U.S. Ka baka la ho se nke lehlakore ha ka ha Bokreste, ke ne ke sitoa ho lumellana le litaelo tse fapa-fapaneng tse ileng tsa etsoa ke ’muso oa Manyesemane bakeng sa mesebetsi ea ntoa. Qetellong, ka la 6 Motšeanong, 1942, ’muso oa Brithani o ile oa ntsebisa hore ke ne ke fetohile motho ea sa amoheleheng ’me kahona ka laeloa hore ke khutlele United States. Ka la 1 Phato, Daily Herald ea London e ne e beile setšoantšo sa ka leqepheng la eona le qalang ’moho le sehlooho “Ba Mo Bolelletse Hore ‘E-ea Hae.’”
Hoseng ha ’Mantaha, la 24 Phato, 1942, mafokisi a mabeli a Scotland Yard a ile a ntšoara hore ke ntšoe kahare ho naha. A ile a nkuka ka terene ho ea Glasgow, Scotland, moo ke ileng ka qeta bosiu Teronkong ea mohaho oa Mehleng e Mahareng ea Barlinnie. Letsatsing le latelang ke ile ka lebeloa ho ea kena sekepeng sa Manyesemane S.S. Hilary, moo ke ileng ka tsoela pele ke ntse ke lebetsoe. Ho ile ha nka matsatsi a 13 hore sehlopha sa rōna sa likepe tse 52 se tšele Atlantic ka tsela ea ho tsamaea li tsoelipana ho qoba likepe tse sesang katlas’a metsi tsa Majeremane. Re phonyohile mechineng ea bona e qhōmisang likepe e hlahile katlaase, re ile ra fihla re bolokehile Halifax, Canada! Joale ke se ke lokolohile, letsatsing le latelang ke ile ka ea New York ka terene, ka fihla ka la 10 Loetse.
Nako ea Khotso e Boleloa Esale Pele Ka Ho Hlollang
Ke ile ka fumana thabo e khōlō ha ke khutlela ho baena ba bangata ba mofuthu Bethele ea Brooklyn. Ke ne ke tlile ka nako e loketseng hore nka ba teng kopanong e ikhethang e neng e le Cleveland, Ohio, ka la 18 ho isa ho la 20 Loetse, 1942. Moo, Moena N. H. Knorr, mookameli e mocha oa Mokhatlo, o ile a fana ka puo “Khotso—Na E Ka Tšoarella?” E ile ea tlisa leseli le lecha holim’a Tšenolo 17:8. Ho ile ha senoloa hore mebuso ea Brithani le Amerika e ne e tla hlōla le hore “sebata sa khotso” sa machaba se secha se ne se tla hlaha. Sena se ile sa etsahala ha, kamor’a hore ntoa e lale ka 1945, ho hlophisoa Machaba a Kopaneng!
Sekolo Sa Watchtower sa Bibele sa Gileade
Kamor’a seboka sa selemo le selemo sa Mokhatlo oa Watch Tower ka la 1 Mphalane, 1942, Moena Knorr e le mookameli o ile a bitsa ’na, Maxwell G. Friend, le Eduardo F. Keller hore re ee ofising ea hae. O ile a re bolella hore hoseng hoo ho ne ho entsoe qeto ea hore ho theoe Sekolo sa baromuoa sa Bibele Polasing ea ’Muso (Kingdom Farm), South Lansing, New York. O ile a re ke ne ke tla ba mongoli oa sekolo le hore ke ne ke tla sebeletsa ke le molula-setulo oa komiti e neng e qalisa ho hlophisoa ha sekolo. Re ile ra sebetsa le Moena F. W. Franz ho lokisetsa lithupelo tse molemo tsa Bibele. Sena se ile sa qalisa nako e telele ea tšebelisano-’moho e thabisang le eena ho ntšetseng pele thuto ea Bibele.
Hoseng ha ’Mantaha oa la 1 Tlhakola, 1943, e ne e le letsatsi la molao la hore Moena Knorr a nehele tšebeletsong ea Molimo se tsebjoang e le Sekolo sa Bibele sa Watchtower sa Gileade, se leng Polasing ea ’Muso e haufi le South Lansing, New York. Kamor’a lenaneo la nehelo, mananeo a sekolo a ile a qalisa ka liphaposing tse ’nè, phaposi ka ’ngoe e e-na le liithuti tse 25. Thupelo ea thuto e tsoetseng pele ea Bokreste e ile ea nka libeke tse 20, Bibele e le eona buka e khōlō e ithutoang.
Likhoeli tse thabisang, hamorao lilemo tse thabisang, tsa boithuto bo tebileng haholoanyane ka Bibeleng bo ile ba ipaka e le lefa la ka le hlohonolofalitsoeng. ’Moho le barupeli ba bang ba inehetseng, ke ile ka leboha Jehova ka tokelo ena ea ho ruta le ho susumetsa lipelo tsa liithuti tse joalo tse inehetseng tse neng li rata Jehova le mosebetsi oa hae! Ho tla fihlela ka 1960, liithuti tse 3 700 li ile tsa tla ho tsoa linaheng tse 70 ho tla entša lihlopha tsa rōna tsa sekolo.
Ho Kopanela Bophelong Ba Lenyalo
Ha ke ntse ke le likopanong tsa “’Muso o Hlōlang” Europe ka 1955 ke ile ka boela ka tloaelana le Charlotte Bowin ea ratehang, eo e neng e bile se seng sa liithuti tsa ka tsa sehlopha sa pele Gileade ka 1943. O ne a sebelelitse ka lilemo tse 12 e le moromuoa ea tšepahalang tšimong ea Sepanishe, ho akarelletsa Mexico le El Salvador. Joale, a e-na le mosebetsi-’moho le eena Julia Clogston, o ne a le teng likopanong tsena tsa Europe. Ka ho thahasellisang, batsoali ba Charlotte e ne e bile litho tsa lelapa la Bethele ea Brooklyn ha e sa ntsane e le masooa ka bobeli, morao koo mehleng ea Moena Russell. Joale, ha ba nyalana, Martin Bowin e ile ea e-ba molebeli ea tsamaeang ho fihlela Charlotte a hlaha ka 1920.
Ka Pherekhong 1956 Charlotte o ile a kenela tšebeletso ea Bethele ’me o ile a isoa Polasing ea ’Muso. Ka Phato 1956 re ile ra nyalana. Ha Charlotte e e-ba moimana, re ne re sithabetsehile, re lumela hore sena se ne se tla khaotsa tšebeletso ea rōna ea nako e tletseng. Leha ho le joalo, Moena Franz o ile a re khothatsa, a re: “Ha lea etsa sebe ka ho atisa litholoana tsa popelo. Betang lipelo! E ka ’na eaba Jehova o tla le lokisetsa hore ka tsela e ’ngoe e itseng le tsoele pele tšebeletsong ea nako e tletseng.”
Ho ile ha fela ha e-ba joalo. Ke ile ka khona ho tsoela pele ka tšebetso ea sekolo sa Gileade. Pele re ne re lula ntlong e nyenyane e hiriloeng mohahong o moholo, eaba ka 1962 re fallela ntlong e neng e sa tsoa hahoa e neng e le lik’hilomithara tse 1,6 ho tloha sekolong. Hona moo South Lansing, New York, mora oa rōna, Judah Ben, ea ileng a hlaha ka Tlhakola 1958, o ile a phela lilemo tsa hae tse qalang hona teng.
Re ile ra ba le lintho tse ngata tse thabisang khōlisong ea Judah Ben, kaha kamehla re ’nile ra leka ho sebelisa melao-metheo ea Bibele. (Ba-Efese 6:1-4) O ile a khothalletsoa ho latela Mikea 6:8, joalokaha le ’na ke ne ke lekile ho sebelisa temana eo bophelong ba ka. Hamorao, Judah e ile ea e-ba oa moloko oa boraro oa ho fetoha setho sa Bethele kahar’a lelapa ’me o ile a sebeletsa Bethele ka lilemo tse 12. O ile a nyala khaitseli e motle oa pula-maliboho, Amber Baker, ka Phuptjane 1986. Hona joale ba bula maliboho Michigan.
Sekolo sa Baholo
Kopanong ea Yankee Stadium ka 1958, Moena Knorr o ile a tsebisa ka ho buloa ha sekolo se secha sa baholo, se neng se tla tsebjoa e le Sekolo sa Bosebeletsi sa ’Muso. Ka la 9 Tlhakubele, 1959, sehlopha sa pele sa liithuti tse 25 se ile sa qala thupelo ea sona ea libeke tse ’nè Polasing ea ’Muso, moo Sekolo sa Gileade le sona se neng se sebeletsa teng. Ha Sekolo sa Gileade se fallisetsoa Brooklyn ka Loetse 1960, Sekolo sa Bosebeletsi sa ’Muso se ile sa sala Polasing ea ’Muso, moo re neng re khona ho koetlisa baholo ba lekholo ka khoeli. Ke ile ka fumana hore ho ba ntate ho ipakile e le thuso ea bohlokoahali ho ruta lihlooho tsa malapa tse neng li kena sekolo se secha.
Ka 1967 sekolo sena se ile sa fallisetsoa Bethele Brooklyn. Hamorao, ka 1968, se ile sa fallisetsoa Pittsburgh, moo, ho fihlela ka 1974, baholo ba molemo ba likete ba ileng ba fumana koetliso. Ho tloha ka 1974 ho ea pele, sekolo seo se ile sa tsamaisetsoa Liholong tse fapa-fapaneng tsa ’Muso ho pholletsa le naha. Mosali oa ka le mora oa ka ba ne ba tsamaea le ’na ha ke ea libakeng tsena tse fapaneng. Ba ne ba sebeletsa e le bo-pula-maliboho ha ke ntse ke ruta sekolong.
Tšebeletso e Eketsehileng e Khethehileng
Ka Pulungoana 1974, ke ne ke ntse ke ruta Sekolong sa Bosebeletsi sa ’Muso motseng oa heso Saginaw, Michigan, ha ke fumana lengolo le sa lebaleheng le tsoang ho Sehlopha se Busang. Le ne le ’memela ho ea ba setho sa sehlopha seo ’me hape le mema le mosali oa ka le mora oa ka hore ba e’o sebeletsa e le litho tsa lelapa la Bethele la Brooklyn. Kahoo ka la 18 Tšitoe, 1974, re ile ra fallela Bethele, ’me ka qalella ka litokelo tsa ka tse ncha tsa tšebeletso.
Sehlopha se Busang se sebetsa ’moho hantle ho tsamaisa tšebetso ea Lipaki tsa Jehova lefatšeng ka bophara, ho hatisa lijo tsa moea bakeng sa leseli la rōna le ntseng le tsoela pele, le ho etsa liqeto tsa boahlōli. Sehlopha se Busang se kopana Laboraro le leng le le leng, se qala seboka ka thapelo ho kōpa tataiso ea moea oa Jehova. Ho etsoa boiteko ba sebele ho bona hore taba e ’ngoe le e ’ngoe e sebetsoang le qeto e ’ngoe le e ’ngoe e etsoang li tumellanong le Lentsoe la Molimo, Bibele.
Joaloka setho sa Sehlopha se Busang, ke ’nile ka romeloa ho etela makala a fapa-fapaneng ke le molebeli oa libaka. E ’nile ea e-ba ho nthabisang ho utloa ka tsela e tobileng bonngoe ba batho ba Jehova linaheng tse ngata hakaalo. Hape ke thabo ho motho ho kopana hape le baromuoa ba bangata ba Gileade ba ntseng ba tšepahala likabelong tsa bona linaheng lisele. Ka sebele, naheng e ’ngoe le e ’ngoe, batho ba Jehova ke bona ba molemo ka ho fetisisa le ba thabileng ka ho fetisisa!
Jehova o fepa batho ba hae kaofela lijo tsa moea ka nako e tšoanang ka Molula-Qhooa le likhatiso tse ling tsa Bibele. Hona kaofela ke bopaki ba hore Kreste Jesu e ’nile ea e-ba Morena oa rōna ea busang ho tloha ka 1914 le hore ka katleho o tla re etella pele ho re fetisa “mahlomoleng a maholo” a larileng kapele. Qetellong, ho lōna bohle ba banyenyane lilemong, ka bohlale hahang lipakane tsa tšebeletso e halalelang ea nako e tletseng hona joale! Le lōna le tla ba le litokelo tse hlollang tse le emetseng. (Mikea 7:7) Ke thabetse tlhokomelo ea Jehova le tataiso ea hae ea bomolimo ka mashome a fetileng a lilemo. Ka sebele ke entšitsoe ke mahlohonolo a hae. (Liproverbia 10:22) Ke leboha Jehova letsatsi le leng le le leng ka litokelo tseo ke nang le tsona ka ho mo sebeletsa mokhatlong oa hae o hlophisitsoeng o tsamaisoang ka moea.—Tšenolo 7:14.
[Setšoantšo se leqepheng la 12]
Ke e-na le Mosebetsi-’moho le ’na Bill Elrod
[Setšoantšo se leqepheng la 15]
Ha ke nkoa ka terene ho ea Teronkong Barlinnie
[Setšoantšo se leqepheng la 17]
Ke e-na le mosali oa ka, Charlotte