Ho Tšepa Jehova Ho Lebisa Boineelong le Kolobetsong
“Tšepa Jehova ’me u etse molemo; u lule lefatšeng, ’me u sebetse ka botšepehi.”—PESALEME EA 37:3, NW.
1. Ke bopaki bofe ba batho ba tsebang litaba tsa lefatše bo bontšang hore ke booatla ho tšepa baeta-pele ba batho?
KE MANG eo re ka mo tšepang? Baeta-pele ba batho? Tlaleho ea bona e bontša hore ke booatla ho tšepa batho ba sa phethahalang. Koana, le bona batho ba tsebang litaba tsa lefatše ba hlokomela ’nete eo! Ka hona, makasine oa khoebo oa Europa Vision o kile oa bolela hore ho “hobe ka ho fetisisa ka boemo bo teng ke hore ha ho motho ea bonang tsela ea ho tsoa ho bona.” ’Me rahistori oa moruo Robert Heilbroner o ile a re: “Ho na le ntho e ’ngoe hape e re tšoenyang. Ke pelaelo ea hore ha ho motho ea ikarabellang, hore ha ho motho ea hlomeletsoeng ho sebetsana le mathata a re hloang holimo.”
2. Ho ka thoe’ng ka melemo ea mahlale a kajeno?
2 Ke ’nete hore batho ba entse tsoelo-pele e khōlō mabaleng a fapa-fapaneng a mahlale. Empa na see sohle se bile molemo? Che, ha hoa ba joalo. Joalokaha ho hlakisitsoe ke mongoli Lewis Mumford: “Khopolo ea hore tsoelo-pele ea mechine le ea mahlale e re tiisetsa melemo e tlang ka nako e le ’ngoe ho batho . . . joale e fetohile eo ka ho feletseng e ke keng ea buelloa.” Taba eo ho buuoang ka eona ke pula e nang le metsoako e chefu, e silafatsang matša le linōka ’me e thusa ho bolaea lifate tse limillione. Ho feta moo, boemo bo bohloko ba lefatše—keketseho ea tlōlo ea molao, pefo, bokhukhuni, bokhoba ba lithethefatsi le ba tahi, le ea mafu a tšoaetsanoang ka likamano tsa botona le botšehali, le boemo bo thekeselang ba moruo—kaofela li paka hore ha ho na thuso hore re tšepe baeta-pele ba batho.
3. Lentsoe la Molimo le re nea keletso efe mabapi le hore na re lokela ho tšepa mang?
3 Ka ho loketseng haholo Lentsoe la Molimo lea re eletsa: “Le se ke la itšepela marena, leha e le bana ba batho ba sitoang ho pholosa motho! Phefumoloho ea bona ha e fela, ba khutlela lerōleng la bona; ka tsatsi lona leo, merero ea bona e felile.” (Pesaleme ea 146:3, 4) Haeba re sa tšepe batho, joale ke mang eo re ka mo tšepang? Re ka tšepa ’Mōpi oa leholimo le lefatše, joalokaha re bala: “Ho lehlohonolo motho ea itšepetseng Jehova, eo tšepo ea hae e leng Jehova.”—Jeremia 17:7.
Re Tšepe Jehova Hobane’ng?
4. Litšoaneleho tsa Jehova tsa bohlokoahali tsa motheo ke life, ’me ke joang li re fang mabaka a utloahalang a hore re mo tšepe?
4 Re ka tšepa Jehova ka mabaka a utloahalang. Pele ho tsohle, re ka mo tšepa ka baka la litšoaneleho tsa hae tsa bohlokoahali tsa motheo—lerato, bohlale, tōka, le matla—le litšobotsi tse ling tse babatsehang. Lentsoe la hae le re tiisetsa hore o na le matla a ho etsa tsohle, ’me e ’ngoe ea litlotla tsa hae ke “Molimo o matla ’ohle.” (Genese 28:3) Oo ke motheo o mokaakang oa tšepo! Ha ho motho ea ka atlehang ho hanyetsa Jehova, ’me ha ho ea ka emang merero ea hae pele. Hape O Tseba Tsohle. Hase feela hore o tseba qetello esale qalong, ho eena nako e tlang e le buka e phetliloeng, empa bohlale bohle le tsebo eohle li ahile ka ho eena, joalokaha ho bonoa ka mesebetsi ea hae e makatsang ea pōpo. Ha ho mohla a kileng a etsa phoso leha e le ’ngoe litšebelisanong tsa hae. (Esaia 46:10; Ba-Roma 11:33-35) Ho feta moo, Jehova a ka tšeptjoa ka ho phethahetseng, Molimo oa ho loka le botšepehi. A ke ke a thetsa. (Deuteronoma 32:4; Tite 1:2; Ba-Heberu 6:18) Kaholim’a tsohle, kaha lerato le se nang boikhabi ke tšobotsi ea hae e kaholimo-limo, ka ho loketseng ho ka thoe: “Molimo ke lerato.”—1 Johanne 4:8, 16, TLP.
5. Lentsoe la Molimo le tšoere tlaleho efe, e pakang hore ke ea ka tšeptjoang?
5 Litšebelisano tsa Jehova le batho li fana ka bopaki bo eketsehileng ba hore ke Molimo o ka tšeptjoang o nang le matla ’ohle, bohlale, tōka, le lerato. Moshe o ile a tiisetsa Baiseraele hore Jehova o boloka selekane le mosa o lerato ho ba mo ratang le ba bolokang litaelo tsa hae. (Deuteronoma 7:9, NW) Pejana, Jehova o ile a boloka Noe ea tšabang Molimo le lelapa la hae Moroallong o moholo. Molimo o ile oa lopolla Lota ea lokileng le barali ba hae ba babeli thipitlong ea mollo ea Sodoma le Gomorrha. Hamorao, Molimo o ile oa ntša Baiseraele Egepeta ’me oa ba nea lefatše la Kanana ka ho boloka tšepiso ea oona ho Abrahama. (Genese 7:23; 17:8; 19:15-26) Hape na Jehova ha aa ka a lopolla Baheberu ba bararo ba neng ba akhetsoe ka sebōping sa mollo, ’moho le Daniele lemeneng la litau?—Daniele 3:27; 6:23.
6. Ke bopaki bofe ba mehleng ea kajeno boo re nang le bona ba hore ho tšepa Jehova hase ho tšepa motho ea se nang thuso?
6 Hore Jehova ke motho eo re ka mo tšepang ho boetse ho pakoa ke liphihlelo tsa Lipaki tsa hae tsa mehleng ea kajeno. Ka mohlala, Adolf Hitler o ile a ithorisa ka hore o ne a tla felisa “malinyane” a Lipaki tsa Jehova Jeremane. Empa ho fapana le hoo Hitler le mokha oa hae oa Bonazi ba ile ba felisoa, ’me kajeno sehlopha seo sa Lipaki se imenne ka makhetlo a mangata hore se fete ba 119 000. Ho feta moo, ka mokhoa oa sebele lipale tsa bophelo ba Lipaki tsa Jehova tse makholo-kholo tse hatisitsoeng ho Molula-Qhooa le makasine oa habo oona Tsoha! li fana ka bopaki bo hlakileng ba ’nete ea hore ka sebele Jehova ke Molimo oo re ka o tšepang.
Lebaka Leo Ka Lona Ba Bang Ba Sa Tšepeng Jehova
7. Ke hobane’ng ha motho e mong a ile a re e ne e le “Moshebelli oa Jehova”?
7 Empa ke ba fokolang hakaakang kajeno ba tšepang Jehova! Esita le ba bangata ba ithutileng ka litšobotsi tsa hae le mesebetsi ea hae e matla ba sitoa ho mo tšepa. Sehlooho se ileng sa hlaha koranteng ea U.S. Catholic (Pherekhong 1979) se re ka motho e mong ea joalo: “Ha motho ea nkang manane a batho ba tšehetsang malumeli ka ho fapana a botsa monna e mong hore na eena bolumeli boo a bonang bo le molemo ke bofe, o ile a araba, ‘Ke nahana hore ke Moshebelli oa Jehova.’ Ha a kōptjoa hore a hlalose o ile a bolela hore, ‘Ke lumela haholo seo Lipaki tsa Jehova li se lumelang—empa ha ke batle ho kenella.’” Makasine o ile oa hlalosa: “Paki e ineetseng ea Jehova ha e-na boikhethelo ha e se ho kenella ka ho tebileng.”
8. Ke litšobotsi life tsa motheo tse etsang hore motho a batle ho kenella ho sebeletsa Jehova?
8 Ke hobane’ng ha ba bang ba sa batle ho kenella? Hobane ha ba na boemo bo nepahetseng ba pelo. Motho o tlameha ho ba le “boikutlo bo nepahetseng bakeng sa bophelo bo sa feleng.” (Liketso 13:48, NW) Joalokaha Jesu a bontšitse papisong ea hae ea mojali, ba beang litholoana ba amohela lentsoe la ’nete ‘lipelong tse ntle le tse molemo.’ (Luka 8:15) E, ’nete ha e ipiletse ho ba sa nkeng litaba ka tieo. Tlhokahalo ea motheo ke pelo e tšepahalang. Hape ’nete ea Lentsoe la Molimo ha e ipiletse ho ba ikhohomosang. Ho hlokahala boikutlo ba boikokobetso. (Jakobo 4:6) Ntle le moo, ’nete ha e ipiletse ho ba khotsofetseng ka bophelo ba bona, ba iponang ba lokile. Empa e ipiletsa ho ba hlokomelang tlhoko ea bona ea moea, ba lapetseng le ho nyoreloa ho loka, ba bobolang le ba feheloang ka baka la lintho tsohle tse manyala tseo ba bonang li etsahala lefatšeng kajeno.—Mattheu 5:3, 6; Ezekiele 9:4.
Ho Tšepa Jehova Ho Lebisa Boineelong
9, 10. (a) Ho hlokahala eng pele motho a ka tšepa Jehova, ’me ba nang le boemo bo botle ba pelo ba arabela joang? (b) Batho ba joalo ba lumela ho mang?
9 Pele motho a ka tšepa Jehova, o tlameha ho utloa ka Eena. “Empa ba tla rapela joang eo ba sa kang ba lumela ho eena? ’Me ba tla lumela joang ho eo ba sa kang ba utloa litaba tsa hae? ’Me ba tla utloa joang, ha ’moleli a le sieo?” (Ba-Roma 10:14) Ha bahlanka ba Jehova ba ntse ba bolela, ba nang le boemo bo nepahetseng ba pelo baa arabela, joalokaha ba bangata Thessalonika ea boholo-holo ba ile ba ho etsa. Mabapi le bana, Pauluse o ngotse: “Mohla le amohetseng lentsoe la Molimo, leo le le utloileng ho rōna, le le amohetse e seng joale ka hoja e le lentsoe la batho, empa la kholoa hore ke lentsoe la Molimo, joale ka ha e le lona ka sebele, le sebetsang ka ho lōna ba lumetseng.”—1 Ba-Thessalonika 2:13.
10 Ha ba ithuta ka Jehova, batho ba joalo ba lipelo li ntle ba bontša tumelo ho eena. Hona ke habohlokoa, hobane “tumelo ha e le sieo, ha ho kamoo Molimo o ka khahlisoang; ea atamelang Molimo e ka khona a lumele hobane o teng, le hoba ke oona moputsi oa ba o batlang.” (Ba-Heberu 11:6) Hape ntho ea bohlokoahali ke ho lumela ho Mora oa Molimo. “Ha ho poloko ho e mong; hobane ha ho lebitso le leng tlas’a leholimo, leo batho ba le neiloeng, leo re ka bolokehang ka lona”—e, ha ho lebitso le leng ntle le la Jesu Kreste.—Liketso 4:12.
11. Ho tšepa Jehova ho tla etsa hore motho a latele keletso efe e fanoeng ke moapostola Petrose?
11 Ho tšepa Lentsoe la Molimo, Jehova, le Mora oa hae Jesu Kreste ho tla susumelletsa motho hore a ele hloko keletso ea moapostola Petrose ho Bajode ba mehleng ea hae: “Bakang ke hona, ’me le sokolohe, libe tsa lōna li tle li hlakoloe, hore ho tle ho be ho fihle mehla ea khatholoho ka ponahalo ea [Jehova].” (Liketso 3:19, 20) Ka ho fumana tsebo ka Jehova le lintho tseo A li hlokang, motho o ithuta hore thato ea Molimo ho eena ke hore e be molateli oa Jesu Kreste. Joalokaha Petrose a ho bontšitse: “Hape, ke seo le bilelitsoeng sona; hobane Kreste le eena o utloisitsoe bohloko bakeng sa lōna, a le siela mehlala, le tle le hate moo a hatileng teng.” (1 Petrose 2:21) Jesu o ile a hlakisa se neng se ameha ha a ne a re: “Ekare ha motho a rata ho ntatela, a ke a itele, a ipelese sefapano sa hae, ’me a ntšale morao.” (Mattheu 16:24) Hono ho bolela ho ineela bouena ho Jehova Molimo hore o tla etsa thato ea hae le ho hata moo Jesu Kreste a hatileng teng.
Boineelo Hase Feela Boitlamo Bo Bong
12. Hangata lentsoe “boitlamo” le sebelisoa joang Bokreste-’mōtoaneng?
12 Bokreste-’mōtoaneng lentsoe “boitlamo” le sebelisoa khafetsa mabapi le ho fetoha Mokreste. Ka hona re bolelloa hore Maevangelical a United States “a hatella boitlamo ba botho ho Jesu.” Moruti e mong oa Roma e K’hatholike o ile a bua ka “boitlamo ba bolumeli ba K’hatholike.” Ha a buella ho kenella ha hae lipolotiking, moprista e mong oa K’hatholike o kile a re: “Ho kena lipolotiking e ne e le ho atolosa boitlamo ba ka (ba boprista).” ’Me lifeme tsa khoebo li phatlalatsa hore “Re Itlametse Bareki ba Rōna.” Ha e le hantle, motho a ka ba le boitlamo linthong tse ngata ka nako e le ’ngoe: boitlamo ba khoebo, boitlamo ba kahisano, boitlamo ba bopolotiki, le boitlamo ba bolumeli.
13. Ho ameha eng boineelong ho Jehova?
13 Leha ho le joalo, boineelo ho Jehova Molimo hase feela boitlamo bo bong. Boitlamo e mpa feela e le “tumellano kapa tšepiso ea ho etsa ntho e ’ngoe kamoso.” Empa ho ineela ho bolela ‘ho ineela bouena ka ho khethehileng tšebeletsong kapa borapeling ba boleng bo halalelang kapa litšebeletsong tse halalelang.’ Batho ba bangata ba khotsofaletse ho itlama ho e-na le ho ineela. Ha ho pelaelo hore lena ke lona lebaka le etsang hore e be bolumeli ba bona bo mpa feela bo tšoana le ’mino o sa boleleng letho o tlosang bolutu. Ho o mamela ho monate empa ha o kena-kenane le ntho efe kapa efe eo motho a hlileng a batlang ho e etsa.
14. Ke hobane’ng ha boitlamo feela bo sa amohelehe ho Jehova Molimo?
14 Boineelo ho Molimo bo etsa hore ho etsoa ha thato ea oona e be ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa bophelong. Bo hloka hore motho a utloe molao oa pele e bile e le o moholo ka ho fetisisa, o boletsoeng ke Jesu ha a ne a re: “U rate Morena, Molimo oa hao, ka pelo ea hao eohle, le ka moea oa hao oohle, le ka khopolo ea hao eohle, le ka matla a hao ’ohle.” Jesu o ile a hatisa mokhoa o khethehileng oa ho sebeletsa Molimo ha a bolela hore: “Ha ho motho ea ka sebeletsang marena a mabeli, hobane o tla hloea e mong, a rate e mong; kapa o tla khomarela e mong, a nyelise e mong. Le ke ke la sebeletsa Molimo le Leruo.” (Mareka 12:30; Mattheu 6:24, TLP) Joale, ka ho hlakileng, boitlamo feela ha bo amohelehe ho Jehova.
Lebaka La Ho Qoelisoa Metsing Ke Lefe?
15. Jesu o beile mohlala ofe mabapi le ho etsa pontšo ea phatlalatsa ea tumelo ho Molimo?
15 Ke hobane’ng ha motho a lokela ho tšoantšetsa boineelo ho Molimo ka ho kolobetsoa? Haeba motho a batla ho ba e mong oa Lipaki tsa Jehova, ha a na boikhethelo. Ho boetse ho joalo haeba a batla ho tsebjoa e le Mokreste, molateli oa Jesu Kreste. “Paki e tšepehang” ea Jehova, Jesu, o beile mohlala oa sena, hobane o ile a kolobetsoa Nōkeng ea Jordane. Kaha Johanne o ne a kolobetsa baetsalibe ba bakileng, o ne a sa utloisise hore na ke hobane’ng ha Jesu a ne a batla ho kolobetsoa, empa Jesu o ile a mo bolella hore: “Lesa, joale, hobane ka tsela ena re lokela ho phethahatsa hohle ho lokileng.” (Tšenolo 1:5; Mattheu 3:13-17, TLP) Ka hona Mora oa Molimo o ile a etsa pontšo ea phatlalatsa ea tumelo ea hae ka ho itlhahisa ho Jehova, a beela bohle ba batlang ho etsa thato ea Molimo mohlala.
16. Jesu o ile a fa balateli ba hae taelo efe mabapi le kolobetso, ’me ke eng e bontšang hore barutuoa ba hae ba ne ba mamela taelo eo?
16 Ntle le moo, nakoana pele a khutlela ho Ntate oa hae maholimong, Jesu o ile a laela balateli ba hae: “E-eang ke hona, le rute lichaba tsohle; le ba kolobetse ka lebitso la Ntate, le la Mora, le la Moea o Halalelang; ’me le ba rute ho boloka tsohle tseo ke le laetseng tsona.” (Mattheu 28:19, 20) Tlaleho e bukeng ea Liketso e bontša hore ka cheseho barutuoa ba Jesu ba ne ba utloa taelo eo.—Liketso 2:40, 41; 8:12; 9:17, 18; 19:5.
17. Ke hobane’ng ha ho fafatsoa feela e ke ke ea e-ba kolobetso ea sebele?
17 Baa ba ne ba kolobetsoa joang? Ka ho fafatsoa ka metsi feela, joalokaha e le tloaelo likerekeng tse ngata tsa Bokreste-’mōtoana? Le hanyenyane! Jesu ‘o ile a tsoa metsing’ kamor’a hore a kolobetsoe. Sena se bontša ka ho hlakileng hore o ne a qoelisitsoe ka metsing. (Mareka 1:9, 10) Ha e le hantle, ha ho letho le leng leo e neng e ka ba kolobetso, hobane lentsoe la Segerike le fetoletsoeng e le “kolobetsa” le bolela ho “tipa, tebisa.”—Liketso 8:36-39.
18. Ke hobane’ng ha ho qoelisoa e le tšoantšetso e loketseng hakaale ea boineelo ba motho ho Molimo?
18 Kolobetso e joalo ke tšoantšetso e loketseng ka ho fetisisa ea boineelo. Ho kena ka tlas’a metsi ho bontša hantle ha motho a e-shoa tseleng ea hae ea pele ea boitšoaro. Ho nyolloa ha hae ka metsing ho tšoantšetsa ha a tsosetsoa tseleng e ncha ea bophelo. Joalokaha lechato le thusa ho hatisa ho monyali le monyaluoa boemo ba bona ba ho kopana ka lenyalo, ka ho tšoanang ho qoelisoa metsing pel’a lipaki ho etsa khatiso e sa hlakoheng ho motho ea kolobetsoang. Ha ho pelaelo ka hona: Ka ketso ea ho kolobetsoa, boineelo ba motho ho Jehova bo lokela ho tiisoa ka ho ke keng ha hlakoha kelellong ea motho le mohopolong oa hae e le ketsahalo ea bohlokoa ka ho fetisisa bophelong ba hae. Ho tšoaea ntlha eo litaba li fetohang ho eona ho tloha ho itšebeletseng ho ea ho ho sebeletseng Jehova Molimo.
19. Lebaka le leng hape la ho kolobetsoa ke lefe?
19 Re se ke ra iphapanyetsa ’nete ea hore kolobetso ea metsing ke ntho e hlokahalang bakeng sa ho fumana letsoalo le letle ho Jehova. Sena se hlakisoa ho 1 Petrose 3:21, (NW) e balehang tjena: “Se tšoanang le hoo se boetse sea le pholosa joale, e leng, kolobetso, (e seng ho tlosa litšila tsa nama, empa kōpo e etsoang ho Molimo bakeng sa letsoalo le letle,) ka tsoho ea Jesu Kreste.”
A Kolobetsoe Ha a Lilemong Life?
20. Ke hobane’ng ha masea a ne a ke ke a tšoaneleha bakeng sa kolobetso?
20 Mantsoe a Jesu ho Mattheu 28:19, 20 a bontša hore ke ba seng ba entsoe barutuoa ba hae ba lokelang ho kolobetsoa. Kahoo, hoa utloahala hore ha ho lesea kapa ngoana e monyenyane ea ka finyellang litlhokahalo tsa Mangolo bakeng sa kolobetso. Lesea le ke ke la bontša tumelo Lentsoeng la Molimo, ho Molimo ’Mōpi, le ho Mora oa oona Jesu Kreste. Lesea le ke ke la utloisisa hore moea o halalelang ke matla a Molimo a sebetsang; leha e le hona hore le ka bakela libe tsa nako e fetileng ’me la etsa kano e tiileng ea ho etsa thato ea Molimo.
21. Na ho loketse hore bacha ba kolobetsoe?
21 Empa ho bonahala hore ba bang har’a batho ba Jehova ba ile ba feteletsa litaba ka ho fapaneng. Batsoali ba bangata ba tlohella bana ba bona hore ba eme ho fihlela ba le qetellong ea lilemo tsa bocha pele ba ba toba ka taba ea kolobetso. Nako le nako, re utloa ka bana ba banyenyane ba etsang boineelo ba sebele e le ka boikhethelo ba bona feela. Ka mohlala, mora oa moholo ea neng a e-s’o kene lilemong tsa bocha o ne a batla ka tieo hore a kolobetsoe. Kahoo ntate oa hae a re baholo ba bang ba bararo ba hlahlobe lipotso tse lokiselitsoeng ba nahanang ka kolobetso le moshemane eo.a Qeto ea bona e ile ea e-ba hore, le hoja a ne a le monyenyane haholo, o ne a tšoaneleha hore a ka kolobetsoa e le mosebeletsi ea khethiloeng oa Jehova Molimo. Koana, ngoanana ea lilemo li leshome ea kolobelitsoeng o ne a le teng Sekolong sa Tšebeletso sa Bopula-maliboho Bahamas haufinyane, morali oa basebeletsi ba babeli ba nako e tletseng!
22. Ha batsoali ba haha botho ba Bokreste ka hare ho bana ba bona, ba ka lebella eng ho bana ba bona ba banyenyane?
22 Ho bonahala batsoali ba bang ba haelloa ntlheng ena. Ke ho isa hokae ba sebelisang ‘thepa e sa cheng’ ho haha botho ba Bokreste kahare ho bana ba bona? (1 Ba-Korinthe 3:10-15) Pele ho tsohle, ho etsa joalo ho hloka hore borapeli bo hloekileng ba Jehova e be ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa bophelong ba batsoali. Ho ekelletsa moo, batsoali ba tlameha hore ba be ba utloa keletso e molemo e fanoeng ho Deuteronoma 6:6, 7 le Ba-Efese 6:4. Phello ea sena e ka ’na ea e-ba hore batsoali ba tla hloka ho thiba bana ba bona hore ba ka kolobetsoa ba sa le banyenyane haholo, ho e-na le hore ba tle ba hloke ho ba sututsa hamorao.
23. Hang ha motho a fihletse boemo ba boineelo le kolobetso, ke eng hape e hlokahalang?
23 Hang ha motho a pakile hore o tšepa Jehova ka boineelo le kolobetso ea metsing, o tlameha ho tsoela pele ho bontša tšepo eo. Sehlooho se latelang, “Ho Sebeletsa re le Basebetsi-’moho le Jehova Ba Mo Tšepang,” se tla re thusa ho ananela seo hona ho se akarelletsang.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Letoto la lipotso tse lokelang ho arabeloa ke bohle ba lakatsang ho kolobetsoa e le Lipaki tsa Jehova le fumanoa bukeng Ho Hlophisetsoa ho Phetha Tšebeletso ea Rōna. E ka fumanoa ke ba itokisetsang ho kolobetsoa.
U Ne U Tla Arabela Joang?
◻ Ke linnete life tse totobatsang booatla ba ho bea tšepo ea rōna ho batho?
◻ Ke hobane’ng ha litšoaneleho tsa Jehova le litšebelisano tsa hae li re nea mabaka a utloahalang a ho mo tšepa?
◻ Ke hobane’ng ha ho tšepa Jehova ho hloka boineelo e seng boitlamo feela?
◻ Batsoali ba ka kenya bana ba bona takatso ea ho ineela bobona ho Jehova ba sa le banyenyane joang?
[Setšoantšo se leqepheng la 10]
Re ka tšepa Jehova joaloka Molopolli e Moholo