‘Li Inehetse ho Molimo o Moholo Jehova ka ho sa Feleng’
KA ’MESA 1935, mosebeletsi oa Leamerika eo e neng e bile e le sebui se tsebahalang o ile a etela Hawaii. Lipaki tsa Jehova tseo lenane la tsona ka nako eo e neng e le 12 feela, ka ho khethehileng li ne li thahasella hona, kaha moeti eo ea boletsoeng e ne e le Joseph F. Rutherford, mookameli oa bobeli oa Watch Tower Bible and Tract Society. Puo “Ke Mang Ea Tla Busa Lefatše?” e ile ea bua ka Bobusi ba Molimo bo tlang. E ile ea fanoa ka holong ea sekolo se seng se phahameng sa sebaka seo ’me e ile ea phatlalatsoa haholo.
Lebitso la Molimo le ’Muso oa oona e ’nile ea e-ba sehlooho sa tšebetso ea boboleli ea Lipaki tsa Jehova ho tloha ho simoloheng ha tsona mehleng ea kajeno. Kahoo ho thahasellisang ho bohle ba ananelang lebitso la botho la Molimo o matla ’ohle, Jehova, le ba le sebelisang, ke hore le tšoanang le lona la Sehawaii, Iehova, le ne le sebelisoa ka ho tloaelehileng ke barapeli ba pele-pele ba Mahawaii. E ’ngoe ea likereke tsa pele tse hahiloeng ke basebeletsi ba Bokreste-’mōtoana Hawaii, kereke ea majoe e Kawaiahao, Honolulu, e ile ea beeloa lejoe ka 1839. Lejoeng lena la ho neheloa ha eona ho ne ho ngotsoe mantsoe ana: “Ho Iehova Molimo oa rōna kamehla le mehla.”
Ho tloha ka 1935, ha Moahlōli Rutherford a ne a etetse moo, mosebetsi oa Lipaki tsa Jehova Hawaii o hōlile ho tloha ho Lipaki tse mafolo-folo tse 12 feela ho ea ho tse kaholimo ho 5 400 kajeno. Ka sebele li ‘inehetse ho Molimo o moholo Jehova ka ho sa feleng.’