Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w88 4/1 leq. 32
  • Li U Fete Hobane’ng?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Li U Fete Hobane’ng?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1988
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1988
w88 4/1 leq. 32

Li U Fete Hobane’ng?

Ha mosali e mong ea lilemong tse mahareng a ntse a eme moleng ka bankeng Motseng oa New York lehlabuleng la selemo se fetileng, o ile a hlokomela hore monna ea neng a le kapele ho eena o ne a ntse a bala makasine oa The Watchtower. O ne a laba-labela ho bala sehlooho sa oona se buang ka thapelo, eaba o ngola hore na tokollo eo ke ea neng.

Matsatsi a seng makae hamorao, Lipaki tsa Jehova li ile tsa kokota ha hae, ’me a botsa: “Na le na le litokollo tsa Phupu tsa The Watchtower?” Kamor’a ho hlokomela hore na ke hobane’ng ha mosali eo a ne a thahasella makasine o itseng haholo-holo, e mong oa Lipaki a re: “Tsela e molemo ka ho fetisisa ea hore ho se be e u fetang ke ka ho etsa peeletso.”

Mosali eo o ile a khōtsa: “Ke ne ke sa tsebe hore u ka etsa joalo!” Ha a bolelloa hore peeletso ea selemo ke $5 (R9), o ile a araba: “Na u kholisehile? Ke feela [R9] bakeng sa selemo kaofela?” Ha a tiisetsoa hore ke eona, o ne a sa batle The Watchtower feela empa le makasine oabo oona Awake! Mosali eo a botsa hape: “Na u kholisehile hore nka fumana limakasine tseo ka bobeli ka [R18] feela?”

Mosali eo o ne a thabile haholo ka ho fumana Paki hore e mo etsetse peeletso. Le uena u ka fumana limakasine tsa Molula-Qhooa le Tsoha! li tlisoa lapeng la hao. Romela R13,50 feela, ’me u tla fumana limakasine tsena ka bobeli (likopi tse tharo ka khoeli) bakeng sa selemo se le seng.

Ka kōpo nthomelleng peeletso ea selemo bakeng sa Molula-Qhooa le Tsoha! Ke kentse R13,50.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela