Monyako o Bulehileng ho Kena Lihleke-hlekeng tsa San Blas
SEFOFANE se lienjene li peli se ile sa pota-pota lebala le lenyenyane la lifofane le pel’a lebōpo la leoatle. Moqhōbi oa sona a phatlalatsa hore tsela eo sefofane se tsamaeang ho eona e ne e koahetsoe ke metsi ’me ho ne ho le kotsi hore se lule. Empa o ile a etsa qeto ea ho theola sefofane a hlaha ka ’nģa e ’ngoe. Ha sefofane se thetsa fatše, se ile sa qhōma-qhōma lebaleng leo la majoe, sa ba sa betsetsa metsi holimo sebakeng. Ha se qetella se emisitse, ho ile ha ba ha re kokololo! ho rōna. Matsoalo a rōna a fetoha thabo ha re bona metsoalle ea rōna e neng e re emetse.
E ne e hlaha sehleke-hlekeng sa Ustupu, hoo e ka bang k’hilomithara le halofo ho tloha lebōpong. Ke se seng sa Lihleke-hleke tsa San Blas, tse etsang letoto la lihleke-hleke tse nyenyane tse ka bang 350 tse qhala-qhalaneng le lebōpo le ka leboea-bochabela la Panama ho ea fihla moeling oa Colombia. Lihleke-hleke tsena li na le baahi ba ka bang 50 000 bao ka tsoalo e leng Maindia a morabe oa Kuna. Re ne re tlile ka thōmo.
’Mōka le Sahilas
San Blas ke comarca, kapa karoloana ea naha ea Riphabliki ea Panama. Sehleke-hleke ka seng se busoa ke Sahilas ea sona, ntho e kang lekhotla la sebaka le entsoeng ka banna ba baholo sechabeng. Baemeli ba tsoang Sahilas ba etsa sehlopha se bitsoang Caciques, se busang comarca eohle.
Ho tloha ka 1969, Lipaki tsa Jehova li ’nile tsa bolela litaba tse molemo tsa ’Muso San Blas, ’me batho ba ka bang 50 joale ba ba teng libokeng tsa rōna. (Mattheu 24:14) Leha ho le joalo, ba boholong sebakeng seo ba re hanetse ka tumello ea ho bolela ho tse ling tsa lihleke-hleke tsena. Haufinyane, Sahilas ea Ustupu, sehleke-hleke sa bobeli se nang le baahi ba bangata ka ho fetisisa sehlopheng seo sa lihleke-hleke, e ile ea kōpa ho buisana le Lipaki tsa Jehova e le hore e ka etsa qeto ea hore na re ka lumelloa ka molao kapa che. Ho bonahala eka Jehova o re ‘bulela monyako.’—1 Ba-Korinthe 16:9.
Sebokeng se bulang, ho ile ha hlaka hore na ntho e khōlō eo ba boholong sebakeng seo ba neng ba amehile ka eona ke efe. Ba ile ba bontša hore ho ne ho se ho ntse ho e-na le malumeli a mane sechabeng—K’hatholike, Baptist, Kereke ea Molimo le Mormon. Bolumeli ka bong ho ana bo na le mohaho o moholo oa kereke, ’me e meng ea eona ke e lahliloeng feela. Kaha mobu o fokola hakana, ba boholong ba ne ba tla lokela ho ba hlokolosi ka ho lumella sehlopha se seng sa bolumeli hore se kene.
Re sebelisa toloko, ra hlalosa hore linaheng tse fetang 200 ho pota lefatše, Lipaki tsa Jehova li tlatselitse haholo boiketlong ba sechaba ka litekanyetso tse phahameng tsa boitšoaro tseo li li bolokang. Re ile ra tiisetsa ba boholong hore joale liboka li ne li tla tšoareloa malapeng a Lipaki tsa sebaka seo, le hore haeba ho ka hlokahala hore re hahe sebaka se khethehileng sa liboka, se ne se ke ke sa lula se sa sebetse ka baka la hore ho na le batho ba bangata ba tlang libokeng tsa rōna.
Kamorao ho hoo e ka bang puisano ea hora, ba boholong ba etsa qeto ea ho hlahisa taba sebokeng se latelang sa Sahilas, se neng se tla tšoaroa hamorao bekeng eo. Re ne re tla lokela ho emela karabelo.
Ho Etela Sehleke-hlekeng sa Dog
Ho e-na le ho lula feela, ra etsa qeto ea ho etela Achutupu, kapa Sehleke-hleke sa Dog, ka molaetsa oa ’Muso. Seketsoana sa rōna, se neng se bitsoa La Torre del Vigia (Molula-Qhooa), se ne se e-na le mebala e khanyang e mefubelu le e meputsoa ’me se kentsoe enjene e nyenyane. Seketsoana seo se ne se fapane hōle le cayucos tse ling tse ngata, kapa liketsoana tse entsoeng ka lifate tse tenya tse fatiloeng, tse neng li faselelitsoe seemelong sa likepe. Leeto la metsotso e 45 leoatleng le befileng le ile la re fihlisa Achutupu.
Achutupu ke sehleke-hleke se senyenyane se tšoanang hantle le lihleke-hleke tsa sebaka se futhumetseng, ka lifate tsa lipalema le mabōpo a leoatle a tletseng lehlabathe. Le hoja se e-na le baahi ba ka bang 2 000, se ne se bonahala se batla se penyane. Mekoloko ea mekhoro ea baahi e ne e tletse hohle, e arotsoe feela ke litselana tse tšesaane tse sa lokisoang. Mekhoro eo kaofela e ne e tšoana. Mabota, a entsoeng ka lithupa tsa lifate tsa lipalema, a neng a hahelletsoe koseneng ea makala a masesaane a sefate, a ne a le bophahamo ba mithara le halofo feela ’me a ruletsoe ka makhasi a malelele, a matenya a lipalema. Kahare, ho ne ho e-na le sebaka se le seng feela se bulehileng bakeng sa lelapa lohle. Ho ne ho se na lifensetere, empa makhalo a pakeng tsa lithupa a ne a lumella khanya e lekaneng le moea o lekaneng hore li kene.
Pele re etela malapeng ka molaetsa oa rōna oa Bibele, ra etsa qeto ea ho latela moetlo oa sebaka seo oa ho ea ho marenana a motse ho fumana tumello ea ’ona. Kahoo ra leba holong ea sechaba, mohaho o moholo o bohareng ba motse.
Ho ne ho le lefifi kahare ho holo eo, empa ha mahlo a rōna a tloaela, re ne re ka bona mekoloko ea lituloana tsa lepolanka tse neng li behiloe li pota-potile sebaka se bulehileng bohareng. Litšoantšo tsa Sahilas tsa bohlokoa tsa nakong e fetileng li ne li tletse hohle. Ka baka la lefifi, litšoantšo tseo, le khutso eo, sebaka seo se ne se tšoana le ka kerekeng. Bohareng ba tsena kaofela ho ne ho e-na le banna ba bahlano, ba bang ba sekame libetheng tse fanyehiloeng holimo, ba bang ba lutse lituloaneng. Kamoo ho bonahalang kateng, e ne e le marenana a motse.
A bua ka puo ea sebaka seo, Bolivar, e mong oa Lipaki tse neng li tlile le rōna ho tloha Ustupu, a hlalosa morero oa ketelo ea rōna. Hang-hang, ra amoheloa ka mofuthu ’me ra lumelloa ho etela baahi ba motse.
Ka Mokhoro le Mokhoro Achutupu
Maindia a Kuna ke batho ba thabileng, ba nang le botsoalle. Ha re ntse re tsamaea literateng, bana ba ne ba mathela ho rōna, ba hoeletsa “Mergui! Mergui!” e bolelang “melata.” Ba ne ba batla ho re tšoara ka matsoho. Ke banna ba seng bakae feela ba neng ba le teng hae, ’me re ile ra bolelloa hore boholo ba bona ba ne ba le sieo ba il’o phethola masimong a bona a karolong e khōlō ea naha.
Ntlong e ’ngoe le e ’ngoe re ne re memeloa ho kena ka tlung. ’Mè oa lelapa o ne a tla re re lule litulong tse boima, tsa lepolanka tse betliloeng ka letsoho, ’me lelapa lohle le ne le phutheha ho tla mamela ka hloko. Pele re tloha, re ne re ee re fuoe seno se entsoeng ka cocoa, kofi, kapa litholoana tse ling tsa sebaka seo. Sena se ne se lateloa ke khalase ea metsi bakeng sa ho itsukunya. Ho latela moetlo oa sebaka seo, e ne e le ho loketseng ka ho feletseng ho tšoella metsi fatše ka tlung. Ka potlako re ile ra ithuta ho nka mothamo o monyenyane feela nako le nako, re hopola hore ho ne ho e-na le malapa a mangata ao re neng re lokela ho a etela.
Mokhorong o mong, re ile ra bona litšoantšo tsa lepolanka tse betliloeng tse ka bang 50 tsa boholo bo fapaneng li kolokisitsoe kathōko ho monyako. Bolivar o ile a hlalosa hore litšoantšo tsena li ne li behetsoe ho leleka meea e mebe. Ha mosali a hlaha monyako ’me a re bolella hore monna oa hae o ne a kula, re ile ra utloisisa hore na ke hobane’ng ha litšoantšo tseo li ne li le moo, hobane hangata ho kula ho ne ho amahanngoa le bademona.
Kamor’a hore re memeloe ka tlung, ra bona monna a robetse betheng e fanyehiloeng holimo. Kholeng e leketlisitsoeng holim’a hae ho ne ho hakiloe mashome-shome a liqha tse nyenyane tse nang le metsu e ntlha li khubelu e shebisitsoeng ho monna ea kulang. Tsena li ne li etselitsoe ho tšosa meea e mebe. Fatše ka tlung ho ne ho e-na le mehope e ’maloa e chitja e tšetseng litšoantšo tse nyenyane, lipeipi tsa koae, le linaoa tsa cocoa tse kubelitseng. Tsena li ne li etselitsoe ho khahlisa meea. Bolivar o ile a leka ho tšelisa lelapa leo ka ho le bolella ka tšepiso ea Molimo ea ho tlosa ho kula hohle, ’me ba amohela tse ling tsa libuka tsa Bibele. Hape, ra fumana seno sa moetlo le khalase ea metsi.
Liaparo tsa Kuna tse Mebala-bala
Liaparo tse mebala-bala tsa Maindia a Kuna li tšohela li bonoe lihleke-hlekeng tseo. Le hoja hangata banna ba apara liphahlo tse entsoeng ka mokhoa oa Bophirimela, basali ba ntse ba khetha moaparo oa bona oa moetlo oa tjale e khubelu e khutlang tlas’a mahetla, hempe ea basali e matsoho a makhutšoanyane le mose oa letheka o khutlang mangoleng. Hangata karolo e kaholimo ea hempe ea basali e na le mebala e khanyang. Karolo e bohareng e tsebjoa e le mola, ’me ke eona eo bahahlaoli ba atisang ho e reka ho ea e sebelisa e le mokhabiso leboteng. Ke malase-lapi a masela a mebala-bala a entsoeng ka mekhabiso ea moetlo ea linonyana, litlhapi, le liphoofolo. Mose oa letheka e mpa e le lesela le ’mala o lefifi le nang le mahlakore a mabeli a lekanang ka bolelele le mahlakore a mabeli a lekanang ka bophara le nang le mekhabiso e khanyang, le thatetsoeng ’meleng ’me le subetsoe thekeng. Boholo ba basali ba Kuna ba kuta moriri oa bona hore o be mokhutšoanyane, le hoja banana ba bang ba sa nyaloang ba tlohella moriri oa bona hore o hōle haleletsana.
Basali ba bonahala ba thabela mabenyane a mangata. Masale a gauda, lifaha, lipetja, le masale a linko li ratoa haholo. Hangata maruo ’ohle a lelapa, a ka ’nang a fihla liranteng tse likete, a sebelisoa ke basali ka tsela ena. Ho hong hape ho ikhethang ke mekhabiso ea bona ea matsoho le ea maoto. Mekhabiso ena e entsoe ka lifaha tse nyenyane tse ’mala oa lamuni, tse tšehla, le tsa mebala e meng ’me e ka ’na ea e-ba pakeng tsa lisentimithara tse hlano ho ea ho tse leshome le metso e mehlano ka bophara. Basali ba follela lifaha tseo kholeng e telele e be ba e thatela hore e tiee tlhafung ea bona kapa sephakeng. Mekhabiso e metle e fumanoa ka ho tsoakanya mebala ea lifaha kholeng. Mekhabiso ena e thateloa e tiisitsoe e le hore e ka roaloa ka likhoeli e sa tlosoe esita le bakeng sa ho hlapa feela. Ho tlatsetsa mokhabong oa bona, ho etsoa nyao e ntšo e behiloeng kaholimo feela kapa e hlileng e entsoeng letlalong ho theosa ho tloha phatleng ho tla tsoa nkong, e fella molomong o kaholimo.
Ketelo ea rōna e thahasellisang Achutupu e ile ea tlameha ho khaoletsoa, kaha re ne re lokela ho khutlela Ustupu ka nako bakeng sa ho ba le seboka le Sahilas. Ha re le seemelong sa likepe, batho ba bangata ba ne ba emetse ho fumana libuka tsa Bibele ho rōna. Re ile ra thabela ho ba siela tseo re neng re e-na le tsona.
Thōmo ea Phethoa!
Morao koana Ustupu, holo ea sechaba e ne e tletse makholo-kholo a batho ba neng ba chesehela ho fumana hore na Lipaki tsa Jehova li ne li tla lumelloa ka molao kapa che. Le rōna re ne re chesehela hoo. Ha litšebeletso li ntse li tsoela pele, molula-setulo a sisinya hore Lipaki tsa Jehova li fuoe tumello ea ho sebetsa e le bolumeli sehleke-hlekeng seo. Ha a mema bamameli hore ba hlahise maikutlo a bona, lipelo tsa rōna tsa otla ka matla. Ke batho ba babeli feela ba ileng ba hanyetsa; ba bang ka kakaretso ba ne ba lumela.
Qetellong, sehlopha sa ba boholong se ile sa tšoara likhetho ho re fa tumello ea molao ea hore re tšoare liboka le hore re bolele ka ntlo le ntlo le hore qeto eo e ngoloe litlalehong tsa sona. Kahona, Lipaki tsa Jehova e ile ea e-ba bolumeli ba pele ba ho fumana tumello ea ho sebetsa sehleke-hlekeng seo. A mang kaofela a na le litumellano tsa molomo feela. Re ne re thabile hakaakang re bile re tletse teboho bakeng sa tlhōlo ee!
Ho tšeptjoa hore qeto ena e tla bula monyako bakeng sa hore litaba tse molemo tsa ’Muso li boleloe lihleke-hlekeng tsohle tsa San Blas. Ho na le mabaka ’ohle a ho ikutloa joaloka mopesaleme ha a ne a re: “Jehova oa busa. Lefatše a le ke le thabe; lihleke-hleke tse ngata a li ke li nyakalle!”—Pesaleme ea 97:1.
[’Mapa o leqepheng la 28]
(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)
PANAMA
Motse oa Panama
Lihleke-hleke tsa San Blas
Kou ea Panama
Leoatle la Caribbean
COLOMBIA