Tsoalo ea Jesu—Na ke Tšōmo Feela?
TSOALO ea Kreste! Ho boleloa hore ke motheo oa mokete o moholo ka ho fetisisa oa selemo le selemo oa Bokreste-’mōtoana. Leha ho le joalo, ka ho toba baruti ba bangata ba qhela lintlha tse sa tšoaneng tsa Litlaleho tsa Melaetsa tsa tsoalo ea Jesu e le tšōmo feela. Ka mohlala, The Interpreter’s Bible, e bolela tjena ka tlaleho ea Mattheu ea balepi ba linaleli, kapa “ba bohlale”: “Ka baka leo ha ho tsela ea ho tiisa hore na e ne e natefesitsoe, kapa hore na ka sebele e hlile ea ‘etsahala’ e le taba ea ’nete ea sebele. Boima le bohlokoa tsa tlaleho ha lia itšetleha ka ho nepahala ha eona; pale eo e ka mpa ea nkoa e le mosebetsi oa boqapi.”
Hangata batho ba joalo ba nyatsa-nyatsang ba phea khang ea hore Litlaleho tsa Melaetsa tsa tsoalo ea Kreste li na le lintlha tse fokolang haholo hore li ka nkoa e le tsa histori. Empa bukeng ea hae The Life and Times of Jesus the Messiah, Alfred Edersheim o hanyetsa sena, ka ho re: “Ka nepo ho ka ’na ha pheoa khang ea hore ha ho tlaleho ea Tšenolo kapa ea tšōmo ea ketsahalo e joalo (ea tšōmo) e neng e ka khetholloa ka ho haella ho joalo ha lintlha kapa ho ba sieo ha tsona. Hobane, litšobotsi tse peli tsa bohlokoahali, tse tšoanang tsa tšōmo le moetlo, ke hore, kamehla li batla ho apesa batho bao li ba tlotlang khanya, le hore li leka ho fana ka lintlha, tseo ha li sa etse joalo e neng e tla ba tse haellang.”
Leha ho le joalo, ke hobane’ng ha Litlaleho tsa Melaetsa li fana ka lintlha tse fokolang hakana mabapi le tsoalo ea Jesu? Lebaka le ka sehloohong ke hobane lefu la hae, e seng tsoalo ea hae, ke lona la bohlokoa bo boholo. (Mattheu 20:28) Edersheim o tsoela pele ho re hopotsa: “Litlaleho tsa Melaetsa li ne li sa rereloa ho fana ka pale ea bophelo ba Jesu, kapa hona ho fana ka lintlha tsa bohlokoa tseo e ka etsoang ka tsona; empa li ne li e-na le sepheo sena se likarolo li peli feela: hore ba li balang ‘ba ka lumela hore Jesu ke Kreste, Mora oa Molimo,’ le hore ka ho lumela ‘ba ka ba le bophelo ka Lebitso la Hae.’”