Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w88 6/1 leq. 29
  • Ba Hlalefisoa ke “ho Lefisoa”

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ba Hlalefisoa ke “ho Lefisoa”
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1988
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1988
w88 6/1 leq. 29

Ba Hlalefisoa ke “ho Lefisoa”

LIPROVERBIA 21:11 e re: “Ha ho lefisoa mosomi, sethoto sea hlalefa; ha ho rutoa motho ea kelello, eena o amohela tsebo.”

Hangata motho oa “sethoto” o thatafalloa ke ho ananela hore na ke hobane’ng ha tsela eitseng ea boitšoaro e fosahetse. Leha ho le joalo, kamor’a nako a ka ’na a hlokomela “mosomi”—ea somang melao-motheo ea Lentsoe la Molimo—a tšoaseha bokhopong ba hae ’me a hlokofatsoa ke “mahlomola le mapalesa-pelo.” (Liproverbia 1:27) Tlas’a Molao oa Moshe, ‘kotlo’ e loketseng, (King James Version), kapa ha e le hantle ‘tefiso,’ e ne e ka batloa ho mofosi.—Bapisa Exoda 21:22; Deuteronoma 22:19.

Phello e tla ba efe ho motho oa sethoto? Qetellong ka ho bona moputso oa ho etsa ho fosahetseng, o ne a ka ‘hlalefa’ ’me a ikemisetsa hore eena ka boeena a se ke a latela tsela e joalo. (Bapisa Liproverbia 19:25.) Ka tsela e fapaneng, “motho ea kelello” o se a ntse a tseba ho tsoa phihlelong ea nako e fetileng, ka ho hlokomela, le ka tsebo ea melao-motheo ea Bibele hore tsela e itseng ea boitšoaro ha e hlomphehe kapa ea timetsa. Ha a hloke hore kamehla a hlokomele phello e senyang ea ketso eitseng hore a tle a kholisehe hore na e fosahetse hakae. Kahona a ka fumana ‘lithuto’ tse ncha ka taeo feela, ho e-na le ka phihlelo e bohloko.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela