Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w88 6/15 maq. 21-23
  • Ba Ne Ba Kholisehile ka Lerato la Jehova

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ba Ne Ba Kholisehile ka Lerato la Jehova
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1988
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Bopaki ba Lerato la Jehova
  • Kami—Qetellong
  • Karolo 9: 551 b.c.e. ho ea pele—Batho ba Bochabela ba Batla Tsela e Nepahetseng
    Tsoha!—1989
  • Re ne re Tla Etsa’ng Kantle ho Litonki?
    Tsoha!—2006
  • Ho Fumana Batho Bao ho Neng ho le Thata ho ba Fumana
    Buka ea Selemo ea Lipaki Tsa Jehova ea 2016
  • Jehova o Hlohonolofatsa ho Phehella
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1989
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1988
w88 6/15 maq. 21-23

Ba Ne Ba Kholisehile ka Lerato la Jehova

MAQHUBU a maholo a ne a otla sekepe se thibelletsoeng ke sefefo se seholo leoatleng.Ntoa ea matsatsi a 14 khahlanong le metsi a loebehlanang e ne e siile baeti le basebetsi ba sekepe ba feletsoe ke tšepo, ha e se a le mong feela. O ne a tšepile hore Jehova o tla mo sireletsa, ha mantsoe ana a tšelisang, “Pauluse, u se ke ua tšaba,” a ntse a luma kelellong ea hae. Nakong ea lihora tse latelang tsa ho qetela, sekepe sa thetsa fatše, sa ba fa monyetla oa hore kaofela ba lebe lebōpong ba sireletsehile. Hang hape moapostola Pauluse o ne a e-na le lebaka la ho kholiseha ka lerato la Jehova.—Liketso 27:20-44.

Na u kholisehile ka ho tšoanang ka lerato la Molimo? Thuto ea kamehla ea Lentsoe la Molimo le ho sebelisa seo u ithutang sona ho matlafatsa ba bang ke tsa bohlokoa. Empa, hore u hlile u kholisehe kannete ka lerato la Jehova, u tlameha hore u hlile u phele ka lipolelo tsa Jehova ka ho latsoa ha a sebetsa molemong oa hao. Motho e mong ea kholisehileng ka ho tiea ka ena ke molebeli ea tsamaeang ea neng a sebetsa lithabeng tse phahameng tsa Bolivia eo, joaloka ba bang ba bangata, a latsoitseng tlhokomelo ea Jehova.

Oa tlaleha: “Ha ke ntse ke sebetsa mathokong a Crura, ke ne ke lokela ho etela phutheho ea Kami, motse o mong o nang le merafo o bohōle ba lik’hilomithara tse 100. Tsela e tsamaeang maralleng, e matsoelintsoeke e nyoloha ho fihlela bophahamong ba limithara tse 4 600 ’me u ka lahleha habobebe ha u tsamaea ka eona, haholo-holo ha pula e e-na. Hangata mocheso o theoha ho fihla ho −10° C. kapa katlaase ho moo.

“Moena e mong, Aníbal, o ne a tla mpalamisa sethuthuthu sa hae, ’me re ile ra tloha hae ka 6:00 a.m., re itokiselitse leeto la lihora tse hlano. Re sa tloha feela pula e ne e se e ntse e e-na, ’me seretse sa ’na sa bokellana pakeng tsa lebili le lekapa-kapa le sireletsang lebili, ’me sa etsa hore re eme. Ebile feela kamor’a hore ka mokhoa o hlokolosi re fate seretse seo ho se ntšetsa kantle ka boima re neng re ka tsoela pele. Ke lutse setulong se kamorao ho Aníbal, ka leka ho sireletsa lieta tsa ka le borikhoe empa ka tela ha li qetella li kene tloara ka metsing.

Bopaki ba Lerato la Jehova

“Ho ne ho fetile lihora tse tšeletseng ha, leralleng le leng le moepa, enjene e ema ’me re qala ho checha. Re ile ra jethema, ra leka ka litsela tsohle ho tšoara sethuthuthu seo se boima seretseng seo se thellang. Leha ho le joalo, hona ha ipaka ho se na thuso, ’me lipelo tsa rōna tsa tetebela ha sethuthuthu seo se oela lehlakoreng la khohlo e botebo ba limithara tse 90! Ra talima tlaase ka ho ferekana. Ho makatsang, sethuthuthu sa emisa se e-s’o ee le hōle ha se ntse se theohela tlaase. Empa, re ne re ntse re ke ke ra khona ho se nyolla ha re sa thusoe.

“Lihora tsa feta, empa re ne re e-na le tšepo e fokolang haholo ea hore ho ne ho e-na le motho ea ka tlang ka tsela eo e neng e sa tsamauoe. Joale ha hlaha monna e mong ea neng a tsamaea ka esele le li-llama. A bona bothata ba rōna, ka leleme la Sequechua a re: ‘E, ke na le ropo.’ Eaba o faseletsa lerapo eseleng ho ea sethuthuthung. Joale, ra se nyolla ho tloha tlaase ha eena a ntse a khanna esele hore e se hule. Qetellong, kamor’a hore esele e otloe ka molamu ka nako e telele, ra boela ra kena tseleng, liphatla tsa rōna li lutla mofufutso. Re ne re ka mo leboha joang? Ra mo nea buka ea Lipale tsa Bibele, ’me o ne a thabetse buka eo hoo a neng a batla ho khutlisa molemo oo ka litapole tse ling thōtōng ea hae!

“Enjene ea boela ea luma, ’me ra leboha Jehova haholo. Ha re le pejana, ra nahana ho emisa, kaha enjene e ne e qalile ho tsamaea e khitla-khitlela. Re ile ra fihla lebenkeleng la kofi le kathōko. Mong’a lona a botsa: ‘Le leba hokae?’ Ra ’molella ’me ra hlalosa bothata ba rōna. Are: ‘Ke na le tšepe e hotetsang mafura le lipannere tse ling tseo ke tla le alima tsona.’ Re ne re sa kholoe seo re se utloang—sena e ne e le sebaka seo ho sona hangata metsoalle e belaelloang, re se re sa re letho ka bao motho a qalang ho ba bona ho hang. Ka tšepe eo e ncha e hotetsang mafura enjene e ile ea tsamaea hantle.

“Joale ho ne ho se ho le lefifi, ’me ke ne ke se ke tšohile, kaha maoto a ka a ne a se a e-ba shōhlō ke serame seo. Joale, ha re ntse re e-hloa moepa o mong o molelele, enjene ea boela ea ema. Ho pompa mochini o lumisang enjene le ho sutumetsa sethuthuthu sebaka sa lik’hilomithara tse tharo ka bobeli li ile tsa ipaka li se na thuso. Re khathetse ka ho se nang thuso, ra lula fatše pel’a tsela. Bonyane maoto a ka a ne a se a se shōhlō! Empa re ne re ferekane re bile re timeletsoe ke hore na re ka etsa joang. Ra phomola hakhutšoanyane eaba re leka ho lumisa enjene hape. Na e ne e tla sebetsa?

“Ho ileng ha re makatsa enjene e ile ea luma. Leha ho le joalo, joale pula e ne e qalile ho na, ’me ha re fihla sebakeng se seng leetong la rōna enjene ea boela ea ema. Hang hape re ne re lutse pel’a tsela, khetlong lena re le har’a pula e ntseng e tšoloha. Ra boela ra etsa khefu ho se hokae. Joale re batla re belaela ra leka enjene hape—’me ea luma! Ka sebakana feela ra feta karolo e phahameng ka ho fetisisa ea leeto la rōna. Ka ikutloa ke lopolohile, ke nahana hore le haeba enjene e ka ema, re ne re se re ka ’na ra iphaphatha ka lebōpo ho kena Kami. Empa ha re theoha motheong o mong o moholo boriki ba letsoho ba robehela letsohong la Aníbal! Ka jethema ka potlako ke ntse ke itšoarellelitse ka karolo e kamorao ea sethuthuthu e tšelang liphahlo, ka setlela ka maoto a mabeli fatše ’me ka chipiritsa ho theosa le leralla leo. Ka tsela ena ka khona ho etsa hore re emise. Sena sa etsahala libakeng tse peli hape leetong la rōna.

Kami—Qetellong

“E ne e le ka 3:00 a.m. ha re qetella re fihlile Kami. Re ne re qetile lihora tse 21 tseleng. Ho fumana baena ho ne ho tla ba thata, kaha ena e ne e le ketelo ea ka ea pele. Ra kokota menyako empa ra bolelloa: ‘Tlohang mona! Re robetse!’ Kamor’a ho kokota menyakong e fapa-fapaneng, ka utloa hore ntho e molemo ka ho fetisisa eo re ka e etsang ke ho phomola tlas’a mathule a ntlo e ’ngoe le ho batla baena hoseng. Ke ikakhela fatše, ka ea le sephume sa boroko. Ha ke tsoha, ka iphumana ke pota-potiloe ke batho. Ka ema, ’me monna e mong oa senatla a atamela ’me a nkopela haufi. E, e ne e le baena ba rōna! Aníbal o ne a ba fumane. Ke ne ke sitoa ho bua kaha maikutlo a ka a ne a farasitse.

“Ntle le ho senya nako, ba nka lithōtō tsa rōna, ho akarelletsa sethuthuthu se koahetsoeng ke seretse, seo moena e mong a ileng a se isa ka jareteng ea hae. Batho ba nkamohetseng e ne e le banyalani ba ikokobelitseng, mosali a apere eona pollera hantle, mese ea letheka e folletsoeng e hlahlamantsoeng. Ba re: ‘Vena u tla robala betheng ea rōna.’ Ke ne ke sa batle hore ba robale fatše, haholo-holo kahobane mosali e ne e le moimana. Empa ba qophella.

“Ntho e latelang eo ke ileng ka e tseba ke hore e ne e le 8:00 a.m. Motho e mong o ne a kokota monyako. Ka bolelloa: ‘Baena ba se ba loketse ho qala tšebeletso.’ Ka ho bona lifahleho tsa bona tse lebelletseng ho hoholo li khanya ke kananelo, ke ne ke se na boikhethelo ha e se ho tsoa betheng ka ’mele oa ka o opang le ho qala ketelo. ’Me e bile ketelo e thabisang hakaakang! Ha ke ntse ke tsamaea le baena tšebeletsong ea bona, ba ne ba ntse ba hohomoha feela ke thabo le cheseho. Ke ile ka nahanisisa ka hore na liketelo tsena ke tsa bohlokoa hakaakang, ho sa tsotellehe sohle seo re neng re fetile har’a sona—li ne li le joaloka ‘molatsoana oa metsi naheng e omileng.’—Esaia 32:2.

“Tsatsing le hlahlamang ra etela motse o mong oo ho oona moruti oa moevangeli a neng a ile a soka ka hore o tla qhala seboka sa rōna ha ke fihla. Kamor’a puo, monna e mong ea refohileng a ntumelisa ka tumeliso ea Boliviaa ’me are: ‘Ngoan’eso, u tšoere ’nete!’ Kamor’a moo, ka botsa hore na e ne e le mang. Ba re: ‘Moruti.’

“Ketelo ea Kami e ile ea fela kapele haholo, ’me re ne re lokela ho tsamaea. Baena ba ne ba lokisitse sethuthuthu ’me ba hlatsoitse liphahlo tsohle tsa rōna tse liretse. Ha re bua ka monna ea neng a re alimile lipannere, ba ile ba makala, kaha a tsebjoa e le motho eo le ka mohla a sa thuseng. Kamor’a ho lumelisana hangata le ho tšoarana ka matsoho, ra kena tseleng ’me ka potlako ra fihla ho mong’a lebenkele la kofi ea mosa. Kamor’a ho khutlisa ntho e ’ngoe le e ’ngoe, ra ‘motsa: ‘Re u kolota bokae?’ A arabela: ‘Letho. Ke ile ka thabela ho thusa!’

“Ha re fihla morao koana Oruro, lihora tse hlano hamorao, ra nahana hore na ke habohlokoa hakae hore motho a qophelle ra ba ra nahana ka tsela e tsotehang eo Jehova a neng a re hlokometse ka eona. Aníbal o ile a angoa ke phihlelo eo ka ho teba hoo a bileng a khotsa: ‘Nka tela eng kapa eng hore ke khutle!’ O entse hona hoo, o isitse balebeli ba bang ba tsamaeang Kami le libakeng tse ling ka sethuthuthu sa hae. E, re ne re ena le lebaka le tiileng la ho kholiseha ka lerato la Jehova ho feta leha e le neng pele.”—Joalokaha ho boletse molebeli oa potoloho Ricardo Hernández.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Tumeliso ea Bolivia e etsoa ka ho tšoarana ka matsoho, ho phaphathana ka mahetleng, le ho tšoarana ka matsoho hape.

[Litšoantšo tse leqepheng la 23]

Tsela e matsoelintsoeke e tsamaeang thabeng e eang motseng oa merafo oa Kami

Tsela e tsoang pakeng tsa lithaba ho ea Kami

Liesele li ka ba le thuso e khōlō haholo nakong ea bothata!

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela