Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w88 7/1 maq. 14-15
  • Ho Rorisa Lebitso la Jehova Lihleke-hlekenyaneng tsa Leoatle

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Rorisa Lebitso la Jehova Lihleke-hlekenyaneng tsa Leoatle
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1988
  • Lihloohoana
  • Jehova—Lebitso le Neng le Tsejoa Hantle Tšimolohong
  • Liteko tsa ho Pata Lebitso
  • Mosireletsi oa Lebitso
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1988
w88 7/1 maq. 14-15

Ho Rorisa Lebitso la Jehova Lihleke-hlekenyaneng tsa Leoatle

NAHANA ho makala ha mohahlaoli eo, ha a re bakatha! sehleke-hlekeng “seo a sa se tsebeng” a fumanang folakha ea naha ea habo e hlonngoe moo. Mathoasong a lekholo la bo19 la lilemo, John Williams, setho sa Mokhatlo oa Boromuoa oa London, o ile a fumana phihlelo e makatsang ka ho tšoanang ha a fihla Rarotonga, sehleke-hleke se senyenyane Lihleke-hlekeng tsa Cook, ka boroa ho Pacific. Sehleke-hlekeng sena moo a neng a nahana hore ke eena moemeli oa pele oa linaha tsa Bokreste, a fihlela aletare e tlotlisong ea Jehova le Jesu Kreste. Tlaleho ea maeto a hae a boromuoa e fana ka tlhaloso e latelang:

Lilemo tse ’maloa pele Williams a fihla, ho ne ho bile le mosali ea neng a ile a tla a e-tsoa Tahiti ’me a bolella baahi ba moo ka mehlolo eo a e boneng naheng ea habo. o ile a pheta ka batho ba basoeu ba phelang moo ba bitsoang ma-Cook (ba rehelletsoe ka Molaoli Cook). O ile a hlalosa lisebelisoa tsa tšepe tseo ba li sebelisang ho e-na le masapo ho rema lifate le ho etsa liketsoana ka bobebe bo boholo le ho potlaka ho hoholo. Empa o ile a boela a ba bolella hore batho bao ba basoeu ba ne ba rapela Molimo Jehova le Jesu Kreste. A susumelitsoe ke seo, malom’a morena oa sehleke-hleke a rera ho haha aletare le marae tse neng li tla khetheloa tšebeletso ea bona.a Ka tsela ena, lebitso la Molimo la botho le ile la etella pele baromuoa ba linaha tsa Bokreste ho ea Lihleke-hlekeng tsa Polynesia.

Jehova—Lebitso le Neng le Tsejoa Hantle Tšimolohong

Ha ba simolla ho ruta bolumeli ba bona ho batho ba Polynesia, baromuoa ba linaha tsa Bokreste ba ile ba fumana hore ho ne ho rapeloa melimo e mengata lihleke-hlekeng tseo. Ho qoba ho ferekanngoa leha e le hofe le melimo eo, ba qala ho bitsa Molimo o Phahameng ka lebitso la hae ho e-na le ka tlotla feela e kang Morena, Oa-ka-ho-sa-feleng, kapa esita le Atua, lentsoe bakeng sa “Molimo” lipuong tse ngata tse fapaneng tsa Polynesia. Ka hona baahi ba lihleke-hleke tsena ba ithuta ho rapela Jehova, ba sebelisa lebitso la hae la botho.

Hamorao, liphetolelo tsa pele tsa Bibele tsa hlaha ka lipuo tse buuoang moo. Ka lebaka le utloahalang, tsa sebelisa lebitso la botho la Molimo: Iehova ka Sehawaii, Serarotonga, Setahiti, le Seniue; Ieova ka Sesamoa; le Ihowa ka Semaori. Ho hlokomelehang haholoanyane hape, liphetolelong tse ngata lebitso le bile le hlaha le Mangolong a Bokreste a Segerike (Testamente e Ncha).

Moloko oa ba baholo oa Maori New Zealand o ntse o hopola ha lebitso la Jehova le ne le sebelisoa haholo—haholo-holo marae. Liketsahalong tsa bohlokoa tsa sechaba, mantsoe a qotsitsoeng a kang “qalo ea bohlale ke ho tšaba Jehova” e ne e le karolo ea puo e qalang e amohelang bahlomphehi ba etetseng moo. Polynesia eohle, lebitso leo le ne le sebelisoa ka bolokolohi litšebeletsong tsa kereke. Ho tla fihlela kajeno, ba seng ba hōlile ba tloaelane le lebitso la Molimo ka puo ea bona ea moo. Empa ha ho joalo ka ba bangata ba morolo o mocha, ba seng ba tlohetse mokhoa oa neano oa bophelo.

Liteko tsa ho Pata Lebitso

Kamorao ho nako, liphetolelo tse ngatanyana tsa Sepolynesia li ile tsa hlahlobisisoa. Feela joalokaha ho ile ha etsahala ka litlhahlobo tse fapaneng tse ileng tsa etsoa Europe le Amerika Leboea, e ’ngoe ea liphetoho tse khōlō e bile ho hlakoloa ha lebitso Jehova (kapa a mang a haufi haholo le lona). Ka hona, le ile la nkeloa sebaka ke Alii (Morena) phetolelong e hlahlobisitsoeng ea Bibele ea Sesamoa e ileng ea hlaha ka 1969, ’me ho se ho nahannoe ka tlhahlobisiso e tšoanang ka Seniue.

Ke ’nete, baahi ba Polynesia ha ba sa rapela melimo ea bona kapa litšoantšo joaloka nakong e fetileng, esita le Io oa Sefahleho se Patiloeng ha ba sa mo rapela, eena molimo oa pele ea moholo oa batho ba Maori. Empa na see ka tsela leha e le efe se fa bafetoleli ba Bibele matla a ho etsa Molimo oa Bibele ea se nang lebitso ka ho nkela lebitso la hae sebaka ka tlotla feela tjee? Na lebitso lee hase la bohlokoa hakaalo kajeno? Ka sebele ha ho joalo, kaha Jesu ka boeena, thapelong ea mohlala, o rutile barutuoa ba hae hore pele ho tsohle ba rapelle ho halaletsoa ha lebitso leo.b

Mosireletsi oa Lebitso

Ho sa tsotellehe liphetoho tsena tsa morao-rao, lebitso la Jehova ha le kotsing ea ho nyamela Polynesia. Hobane’ng le se kotsing? Hobane, feela joaloka libakeng tse ling tsohle, Lipaki tsa Jehova li etela baahi ba lihlekehleke tsena kamehla ho ba tsebisa ka lebitso leo. Hona joale Lipaki tse fetang 16 000 karolong ena ea lefatše li kopanela mosebetsing ona oa bohlokoa ’me li bontša batho ba bang bohlokoa ba ho ba le tsebo e nepahetseng ea Lentsoe la Molimo le ho sebelisa tsebo eo. Ke sona se boleloang ka ho rapela Molimo le ho khetha lebitso la hae.—Johanne 4:21-24.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Marae, pele-pele e ne e le sebaka se hahelelitsoeng se halalelang se neng se sebelisetsoa merero ea bolumeli le ea sechaba. Kajeno ka kakaretso e se e sebelisoa e le sebaka sa likopano tsa merabe.

b Thapelo ea mohlala eo Jesu a ileng a e ruta barutuoa ba hae (eo hangata e bitsoang Ntat’a Rōna) e qala ka mantsoe ana: “Ntat’a rōna ea maholimong, lebitso la hao a le ke le khethehe.”—Mattheu 6:9.

[’Mapa o leqepheng la 14]

(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)

Hawaii

Samoa

Niue

Tahiti

Rarotonga

New Zealand

[Litšoantšo tse leqepheng la 15]

Tutuila, American Samoa

Letša la Gunn, New Zealand

Savaii, Samoa e ka Bophirimela

Lebōpola Boikhathollo la Avatela Sehlekehlekeng sa Niue

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela