Ho Finyella Litlhokahalo Tsa Batho ba Rōna ba Hōlileng—Phephetso ea Bokreste
HO SE ho fetile likhoeli tse tharo. Empa ha ho lea mong oa bana ba mosali-moholo enoa ea ileng a itšoenya ho mo etela. Ke motho ea qetoang ke bolutu ea lulang lehaeng la batho ba hōlileng Cape Town, Afrika Boroa. Bana ba hae ba lula haufi le moo.
Lehaeng le leng la batho ba hōlileng Johannesburg, mosali-moholo e mong o qeta karolo e khōlō ea nako ea hae a lutse mathuleng a kamore ea hae. O atisa ho bonoa a ntse a lla.
Liketsahalo tse otlang pelo joaloka tsena li ntse li fetoha tse tloaelehileng ka ho eketsehileng, esita le linaheng tseo ho tsona ka moetlo batho ba hōlileng ba neng ba hlokomeloa. Ho latela tlaleho e ’ngoe ea koranta, Soweto, sebaka se seholo sa bolulo sa batho ba batšo se pel’a Johannesburg, “batho ba hōlileng ba se [ba] lahlehetsoe ke hlompho, ho laola le ho hlokomeloa ke malapa a bona hoo ba neng ba ho fumana ka moetlo.” Ho hlahile boemo bo tšoanang har’a baahi ba bangata ba Maindia Afrika Boroa. Le hoja ho latela moetlo Maindia e ’nile ea e-ba batho ba hlokomelang baholo ba bona haholo, haufinyane letona le leng le hlalositse hore banyalani ba bacha haholoanyane ba Maindia ‘ha ba batle ho imetsoa ka batsoali ba bona.’
Leha ho le joalo, Bakreste ba ’nete ba utloa taelo ena ea Bibele: “Hlonepha ntat’ao le ’m’ao.” (Exoda 20:12; Ba-Efese 6:2) Tlamo ena ha e khaotse ho sebetsa ha batsoali ba bona ba tsofala. 1 Timothea 5:8 e re: “Ekare ha e mong a sa baballe bahabo, haholo ba ntlo ea hae, eo o latotse tumelo, ’me o fetisoa ke ea sa lumelang.” Batsoali ba hōlileng ke ba bang bao Mokreste a neng a tla lokela ho ba hlokomela, esita le haeba sena se ne se akarelletsa boitelo bo boholo—ba maikutlo le ba lichelete.
Ka kakaretso, litho tsa phutheho ea Bokreste kajeno li entse mosebetsi o babatsehang oa ho hlokomela litlhokahalo tsa maikutlo le tsa ’mele tsa batsoali ba bona. Leha ho le joalo, ho etsahala joang haeba Bakreste ba hōlileng ba se na bana kapa litloholo ba tšabang Molimo ba ka ba hlokomelang? Litlhokahalo tsa bona li finyelloa joang?
Boikarabelo ba Phutheho
Morutuoa Jakobo o ngotse: “Borapeli bo hloekileng, bo se nang sekoli mahlong a Molimo Ntat’a rōna, ke ha motho a lekola likhutsana le basali ba bahlolohali mahlomoleng a bona.” Hape Jakobo o boletse hore: “Ha ngoan’abo lōna, kapa khaitseli ea lōna, ba hlobotse, ’me ba hloka lijo tsa letsatsi le leng le le leng, ’me e mong ho lōna a re ho bona: E-eang ka khotso, le futhumale, le khore! athe ha lea ba nea tse batloang ke ’mele ea bona, ho thusa’ng? Ka mokhoa o joalo, le eona tumelo, ha e se na mesebetsi, e ichoeletse ruri.”—Jakobo 1:27; 2:15-17.
Kahoo haeba Mokreste ea hōlileng a hloka thuso, ena ke taba e amang phutheho kaofela. Baholo ba ka etella pele ntlheng ena. Joalokaha Pauluse a laetse ho 1 Timothea 5:4, pele ba lokela ho fumana hore na motho eo ea hōlileng o na le bana kapa litloholo ba utloisisang ho “etsa ba ba tsoetseng kamoo bona ba ba entseng kateng; hobane hona ke ho khahlehang pel’a Molimo.” Haeba ha ho joalo, baholo ba ka ’na ba hlahloba hore na ho na le litokisetso life tsa insurance kapa tse theiloeng ke ’muso tse fumanehang. Ho ka ba ha etsahala hore e be ba bang ka phuthehong ba boemong ba ho thusa ka lichelete e le batho ka bomong.
Leha ho le joalo, haeba ho se litokisetso tse joalo tse ka etsoang, baholo ba ka nahanisisa ka hore na e be motho eo oa tšoaneleha hore a ka fumana thuso phuthehong ka boeona. Pauluse o itse: “Ho ngoloe mohlolohali eo lilemo tsa hae li sa haelleng ho phetha mashome a tšeletseng, eo e kileng ea e-ba mosali oa monna a le mong feela; ea tumileng ka mesebetsi e metle.”—1 Timothea 5:9, 10.
Leha ho le joalo, hangata hase chelete e hlokahalang. Baholo ba lokela ho fumana hantle hore na ho hlokahalang ke eng. Na motho eo ea hōlileng o hloka ho thusoa ha a ea mabenkeleng? Na o jeoa ke bolutu kapa o hloka ho khothatsoa? Na o hloka lipalangoang bakeng sa ho ea libokeng? Na o hloka motho e mong ea ka ’mallang Bibele le likhatiso tsa Bokreste? Haeba ka baka la boemo ba ’mele motho eo ea hōlileng a sitoa ho ea libokeng, na ho ka hatisoa lipuo theiping e le hore a ka li mamela a le lapeng? Ho ka ’na ha hlokahala liketelo tse ’maloa le meqoqo pele boemo bo feletseng ba litaba bo hlaha. Empa joaloka balisa, baholo ‘ba lokela ho tseba ponahalo ea mohlape.’—Liproverbia 27:23, NW.
Kamoo Liphutheho li ’Nileng tsa Thusa
Hang ha litlhokahalo tsa motho ea hōlileng li tsebahetse, ho ka etsoa litokisetso tse tobileng. Moo ho nang le moea o mofuthu, oa ho hlokomela, le o se nang boikhabi ka phuthehong, ha ho thata ho fumana sehlopha sa baena le bo-khaitseli ba utloisisang ho thusa. Kahona moroalo o leeme hase mojaro o beoang ho batho ba ’maloa. Ka mohlala, phutheho e ’ngoe e entse kemiso ea hore bahoeletsi ba etele batho ba hōlileng. Baena le bo-khaitseli ba thabela ho kopanela ho sena, ’me ha ho lea mong oa batho ba hōlileng ea hlokomolohuoang.
Phuthehong e ’ngoe, bana ba sa lumelang ba mosali-moholo e mong oa Paki ba ne ba iphapanyetsa eena. Leha ho le joalo, bacha ba Lipaki ba sebaka seo ba ne ba mo hlatsoetsa liphahlo tsa hae kaofela, ba li otlolla, ba mo hloekisetsa, ba bile ba hlokomela jarete ea hae. Baena ba ne ba thusa ho mo lefela rente le lijo. Ba ne ba mo isa likopanong le libokeng. ’Me ha a e-shoa, ba jara litokisetso tsohle tsa lepato le litšenyehelo tsa lona.
Phuthehong e ’ngoe e nyenyane Afrika Boroa, moena e mong ea seng a hōlile oa le-colored (o mong oa merabe e hlahang mefuteng e kopaneng) o ne a holofalitsoe ka ho feletseng ke ho shoa litho. Kaha ho ne ho se motho oa habo ea ka mo hlokomelang, khaitseli e mong ka phuthehong—eo ka boeena e neng e le mohlolohali—le mor’ a hae ba mo nka ho tla lula le eena. Baena ba bang ka phuthehong ba ne ba fapanyetsana linako tsa ho mo hlatsoa. Ho phaella moo, bakeng sa boikhathollo moena e mong e mosoeu oa pula-maliboho o ne a tloaetse ho khanna moena enoa ea hōlileng ka setulo sa hae sa batho ba holofetseng. Pono ena, e sa tloaelehang Afrika Boroa, ea susumetsa batho haholo. Phutheho ea fa moena eo ea hōlileng tlhokomelo e lerato ho fihlela ha a e-shoa.
Leha ho le joalo, sena ha se bolele hore ho finyella litlhokahalo tsa baena le bo-khaitseli ba hōlileng ho bobebe. Ho hlōla mathata a ka hlahang ho ka hloka boikitlaetso ba sebele le boikemisetso ba sebele.
Ho Isa Ba Hōlileng Libokeng
Moholo e mong o ile a etela khaitseli e mong ea hōlileng, eo e neng e le mohlolohali ea bileng a tšoeroeng ke lefu la pelo. Ha a ntse a le moo, moahisani oa hae a tla ’me a belaela, a re: “Ke atisa ho tla mona ’me ke mo fumana a lla hobane ho se motho ea mo isang Holong ea ’Muso.” Bothata bo ne bo sa teba kamoo moahisani oa hae a neng a etsa hore ho bonahale kateng, hobane lelapa le leng phuthehong eo le ne le mo lokisetsa lipalangoang ka mehla. Leha ho le joalo, ka makhetlo a ’maloa ntate oa teng o ile a lokela ho sebetsa ka morao ho lihora tsa mosebetsi ’me a sitoa ho lata khaitseli eo. Ka sebele, ho ne ho ka etsoa litokisetso tse ling tsa lipalangoang.
Ka hona, ke hantle hore re hopole hore ho ba teng libokeng ke habohlokoahali bakeng sa batho ba hōlileng. (Ba-Heberu 10:24, 25) Ka mehla moholo e mong o hlahloba hore na Paki e ’ngoe e hōlileng e teng. Haeba e le sieo kahobane lipalangoang li bile sieo, moholo eo o potlakela koloing ea hae ’me oa e lata. Ho bososela ha eona ho hotle ho mo putsa haholo bakeng sa boiteko bo khethehileng.
Ho Ba le Hlompho Empa U Qophella
Leha ho le joalo, ka linako tse ling batho ba hōlileng ba ka ’na ba tlala moea oa boitaolo. Ba ka ’na ba hloka thuso empa ba e hana. Joale ntle le hore baholo, kapa ba abetsoeng ho thusa, ba be seli, batho ba joalo ba hōlileng ba ka ’na ba sekamela ho leka ho ‘iketsetsa lintho ka bobona.’
Mohlolohali e mong ea hōlileng o ne a tšoeroe ke kankere empa a patile bohloko boo. O ne a hloka ho thusoa ho thōtha thōtō ea hae ho ea sebakeng sa bohōle ba k’hilomithara e le ’ngoe le halofo. Ho e-na le ho tsebisa ba bang seo a se hlokang, a kōpa thuso ho motsoalle oa hae ea lilemo li 84. Ka bobeli ba laela lintho tse ling kariking ’me ba leka ho e sutumetsa ka bobona. Leha ho le joalo, ba phakisa ba hlokomela hore mosebetsi oo o ne o le moholo haholo bakeng sa bona, ’me motsoalle oa mohlolohali eo a ea kōpa thuso ho moholo ea haufinyane.
Ka hona, ho ka ’na ha hlokahala hore re botse ka hlompho empa e le ka qophello ho fumana hantle seo re ka se etsang ho thusa batho ba joalo. Haeba re bua lipolelo tsa lefeela, tse kang: ‘Haeba ho e-na le ntho e ’ngoe eo u e hlokang, u ntsebise,’ re ka ’na ra arabeloa ka mokhoa o hlabang: ‘Kea leboha, empa ha ke hloke letho.’ Leha ho le joalo, hopola hore ha Lydia a ne a batla ho etsetsa moapostola Pauluse le ba bang molemo, ha aa ka a thibjoa ke hore e be ba ile ba bonahala ba hana qalong. Ho fapana le hoo, ‘a lokisetsa feela hore ba tle.’ (Liketso 16:15, NW) Kahoo qophella. Fumana litlhokahalo tsa batho ba hōlileng le lintho tseo ba li ratang pele ho ka hlokahala hore bona ba kōpe thuso.
Ke ’nete hore batho ba hōlileng ba lokela ho ananela boiteko ba ba bang ’me ba se ke ba khopisoa ke lintho tse nyenyane, ba batla lintho tse ngata ho tlōlisa, kapa ea e-ba ba nyatsa-nyatsang. Ka mohlala, haeba ho fanoa ka lipalangoang, ho ithaopela ho thusa ho lefa litšenyehelo tsa ho tsamaea e ne e tla ba ho loketseng haholo. Khaitseli e mong ea hōlileng o pheha bohobe ’me o loha lintho tse nyenyane ka koroche e le limpho ho ba mo isang libokeng. Leha ho le joalo, maemong a mangata, sohle se hlokahalang ke polelo feela ea teboho.
Kajeno Bakreste ba leka ho utloa taelo e ho Levitike 19:32: “U eme pel’a moriri o moputsoa, ’me u hlomphe ea hōlileng.” Bahlanka ba Jehova ha ba latele mokhoa oa lefatše oa ho qhela batho ba hōlileng le ho baleha boikarabelo ba ho hlokomela batsoali. Ho e-na le hoo, ka nako, mamello, le thuso ea Jehova, Bakreste ba sebeletsa ho finyella ka katleho phephetso ea ho hlokomela batho ba rōna ba hōlileng.
[Setšoantšo se leqepheng la 23]
Hangata ba bacha ka phuthehong ba ka etsa ho hongata ho thusa batho ba hōlileng