Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w88 7/15 maq. 26-29
  • Leeto la Rōna le sa Lebaleheng Vanuatu

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Leeto la Rōna le sa Lebaleheng Vanuatu
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1988
  • Lihloohoana
  • Kopano Port-Vila
  • Ho Kopana le “Manamba a Seemo se Fokolang”
  • Ho Pholoha Sefefo sa Uma
  • Maemo a Kamor’a Tsietsi
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1988
w88 7/15 maq. 26-29

Leeto la Rōna le sa Lebaleheng Vanuatu

HA SEFOFANE sa rōna se tloha lebaleng la lifofane Port-Vila se re khutlisetsa Nouméa, New Caledonia, re ile ra qala ho hlokomela hore ho hongata hoo re neng re ho latsoa leetong la rōna e ne e le ho sa lebelloang. Ntho e neng e amme mehopolo ea rōna ka ho teba e ne e se feela lintho tseo re li bonang le melumo eo re neng re e utloa ea lihleke-hleke tse ntle tsa Vanuatu le batho ba tsona ba lipelo li mofuthu empa hape le phihlelo e nyarosang ea ho pholoha sefefo se ripitlang lihleke-hlekeng tse chesang.

Vanuatu ke sehlopha sa lihleke-hleke tse ka bang 80 tse bōpehileng joaloka thupa ea mokoro boroa-bophirimela ho Pacific, lik’hilomithara tse ka bang 400 leboea-bochabela ho New Caledonia. Har’a lihleke-hleke ho qhala-qhalane Lipaki ’moho le rōna tsa Jehova tse 84 liphuthehong tse peli. ’Na le mosali oa ka re ile ra thaba haholo ha ho etsoa litokisetso tsa hore re li etele. Ka tlhaho, ra ipotsa lipotso tse ngata. Ke maemo a mofuta ofe ao re tla thulana le ’ona? Baahi ba lihleke-hleke ke batho ba joang? ’Me, ha bohlokoa ka ho fetisisa, ba tla arabela joang litabeng tse molemo tsa ’Muso?

Kopano Port-Vila

Re ne re batla re khathatsehile ha re utloa hore le hoja baahi ba bangata e le ba morabe oa Melanesia, ho na le lipuo tse ka holimo ho lekholo tse buuoang lihleke-hlekeng tsena tsohle. Empa re ile ra phutholoha ha re fumana hore mofuta oa Senyesemane se Nolofalitsoeng se bitsoang Bislama ke puo e sebelisoang haholo. Ka hona ho ne ho ke ke ha e-ba le bothata bo boholo ba ho buisana le batho.

Moo re ileng ra emisa teng ka lekhetlo la pele ke Port-Vila, motse-moholo oa Vanuatu. Mona, re ne re tla ba teng kopanong ea setereke ea “Khotso ea Bomolimo.” Lipaki tsa moo li ile tsa sebetsa ka thata ho e lokisetsa. Ho ne ho khothatsa ho bona ba neng ba le teng ba tsoang lihleke-hlekeng tse hole ba ileng ba kolletsa chelete likhoeli bakeng sa leeto.

Holo ea kopano e ne e penyane ho tloha letsatsing la pele feela la kopano. Ba ka holimo ho 300 ba ile ba tla ho bona litšoantšiso tsa Bibele tse neng li fanoa ka li-bapala cassette tsa video. Sena se ne se babatseha, ha ho nahanoa feela hore lihleke-hlekeng tsohle ho na le bahoeletsi ba 84. Ka sebele, Jehova o lokisitse kotulo e ntle lirapaneng tsena tse nyenyane tsa lefatše bohareng ba Leoatle la Pacific.

Ho Kopana le “Manamba a Seemo se Fokolang”

Letsatsi le hlahlamang, ’na le moena e mong oa moo ra kena sefofaneng se senyenyane ’me ra leba sehleke-hlekeng sa Malekula. Kamor’a leeto le lebe le le nyarosang, sefofane sa lula fatše South West Bay. Eo ke ntseng ke tsamaea le eena a tloha ho ea batla motsoal’ ae hore a re fumanele seketsoana. E ne e le eona feela tsela ea ho fihla motseng oa Letokas, moo leeto la rōna le neng le fella teng.

Ha re kena seketsoaneng sa rōna ’me re latela lebōpo, ke ne ke hloletsoe ke botle ba tlhaho ba sehleke-hleke. Lilomo tse telele tse okametseng hantle ka leoatleng e ne e le mohlolo oa sebele. Limela tse khahlehang li ne li tletse hohle, li potapotiloe ke lipalesa tse bohehang kapa li koahetsoe ke limela tse namelang hohle, bo-mamaoaneng, le tse monko o monate tse maleme a malelele a sephara. Linonyana tse mebala-bala tse kang coconut lories li ne li fofela sefateng sena le sane.

Ho tloha seketsoaneng sa rōna re ne re boetse re ka bona bokhabane ba leoatle—masapo a ipōpileng a litlhapi tse shoeleng, moo ka tloaelo baahi ba lihleke-hleke ba fumanang lijo teng. Batho ba tsoang hohle lefatšeng ba tla ho tla bapala papali ea ho qoela le ho boha botle ba masapo ao le ba litlhapi tsa linaha tse chesang. Likhaketla le litlhapi tse kang makhala tse khōlō le tsona li ngata, ’me baahi ba moo baa li tšoasa le ho li hlaba bakeng sa lijo.

Kapele sebakanyana ho tloha moo ra hlokomela mosi o bitohang moo ho lengoang coconut. O ne o re tsebisa ka ho fihla ha rōna moo re eang, khohlo e ntle haufi le Bamboo Bay. Ha re atamela haholoanyane lebōpong, ha tla litlhapi tse khōloanyane li bapala ho re pota-pota. Eaba joale re bona banna ba bang ka liqha le metsu ba tlalang ka thabo. Har’a bona, ra bona baena ba rōna, ba thabetse ho tla ha rōna.

Bana e ne e le Manamba a Seemo se Fokolang a Malekula e ka boroa, o mong oa merabe e libakeng tse thōko haholo Pacific Boroa. Ba phela metseng e menyenyane holimo lithabeng bohole ba leeto la matsatsi ho tloha lebōpong la leoatle. Banna ba tloaetse ho apara “namba,” lebanta le sephara le entsoeng ka makhasi la hokelloa leqhoeleng le entsoeng ka makhapetla a lifate. Basali ba tena mese e mekhutšoanyane ea joang. Motseng o mong le o mong, hangata ho na le lebala la mekete moo ho etsetsoang lipapali tsa mahlabelo le litšebeletso tse ling tsa bochaba. Le hoja baahi ba bangata ba metse ba se ba nkile mokhoa oa bophelo oa Bophirima, litloaelo tsa litumela-khoela le meea li ntse li sebelisoa haholo.

E bile thabo ho kopana le ho lumelisana le baena. Banna e ne e le ba bakhutšoanyane empa ba le matla haholo. Monyemo le mosa tsa bona tsa tlhaho li ile tsa ama pelo ea ka. Bana ba bang ba ne ba ntšaba hobane batho ba basoeu bao ba neng ba ba tseba boholo ba bona e ne e le lingaka, ’me bana ba ne ba hopola hantle liente.

Motse o ne o arotsoe habeli ke lifate tsa coconut tse lenngoeng lipakeng. Karolo e ’ngoe ea motse e boloketsoe ba amohetseng ’nete, ’me kapele ka ithuta lebaka la sena. E le hore ba ka emela ’nete ’me ba tsoelapele ka thuto ea bona ea Bibele, ba bang ba tlameha ho phela ba ikarotse ho baahi ba bang ba motse.

Matlo a hahiloe holim’a liqubu tsa leqala. Ha re kena ka ho e ’ngoe ea ’ona, hang feela ka angoa ke sebipetsane sa mosi oa mollo o besitsoeng har’a ntlo. Mosi oa etsa hore mahlo a ka a hlohlone, empa bonyane o ne o boetse o leleka monoang le lintsintsi. Haufinyane, ntlong e ’ngoe e nyenyane, mosali e mong o ne a letetse leqa la buluk, kapa la nama ea khomo, le beiloeng holim’a makhasi a laplap, le re tšo! ke lintsintsi.

Ra memela batho lenaneong la li-slide Laboraro ka shoalane. E ne e le lenaneo le bontšang ka pale ea Lipaki tsa Jehova ka sehlooho Ho Tsoela-pele Lefatšeng ka Bophara ho sa Tsotellehe Hloriso. E mong oa bahoeletsi o ne a ile a tsamaea leeto la letsatsi pele ho ea mema batho ba metse e lithabeng. Ke ne ke chesehetse ho bona haeba ba tla tla. Ka shoalane, monna e mocha a fihla a nkile seqha sa hae le metsu ea hae. O ne a lateloa ke batho ba bang ba bangatanyana. Ke ne ke thabile ho bona hore bohōle ha boa ka ba ba thibela ho tla sebokeng sena.

Kapele, re ne re potiloe ke liqha le metsu. Batho ba ka bang 80 ba ne ba tlile, ’me ra qala lenaneo. Ho ne ho qabola ho mamela lerata leo ba neng ba le etsa ka maleme a bona ha ba hloletsoe ke ntho e ’ngoe eo ba e bonang ho li-slide.

Kamor’a lenaneo la li-slide, puisano ea likoloha meetlong le mekhoeng ea batho ba moo. Baahi ba mamela ka hloko ’me ba amohela ka thabo temoso ea Bibele khahlanong le bodemona e ho 1 Ba-Korinthe 10:20, 21. Ka nako e ’ngoe, ba ne ba ile ba hana boiteko ba baromuoa ba likereke tsa linaha tsa Bokreste ho ba etsa hore ba latele ho bitsoang mokhoa oa bophelo ba Bokreste. Ka ’nģa e ’ngoe ke hobane ba ne ba sa lumellane le lithuto tse ling tse neng li rutoa ke baromuoa bana ’me ka ’nģa e ’ngoe hape ba nyarositsoe ke boitšoaro ba ba bang ba neng ba ipolela hore ke Bakreste. Joale, baahi ba ne ba thabile ho ithuta ka pallo ea Molimo ea ho tlisa paradeise ea lefatše le ho tsosa bafu. Sena se ile sa etsa hore ke hopole mantsoe a Jesu ho Johanne 8:32: “Le tla tseba ’nete, ’me ’nete e tla le lokolla.”

Tumelo ea batho bana le lerato la bona bakeng sa Bibele li ile tsa boetse tsa ba bakela khanyetso. Baeta-pele ba bang ba bolumeli ba qobella batho ho khokhothela libukana tsa rōna mamating a bona e le letšoao le bolelang hore ‘ha re batle ntho tsena mona.’ Empa khatello ea mofuta ona e ile ea etsa hore ba bang ho beng ba malapa ba batle thuto ea Bibele e le hore ba ka tseba ’nete. Ho ne ho le thata ho ’na ho siea metsoalle ena e metle e ratang ’nete. Ke ile ka tšepisa hore ke tla khutla ’me ke etele motse oa bona holimo lithabeng.

Ho Pholoha Sefefo sa Uma

Leeto la rōna le ne le akarellelitse ho khefutsa Espíritu Santo, sehleke-hleke se seng se ka leboea ho Vanuatu. Mono ra etela phutheho ea Luganville. Le hoja ho ne ho na le moholo a le mong phuthehong eo, ho na le moea o motle har’a metsoalle. Puong ea Bibele ka Sontaha, kaofela re ne re thabile re bile re hloletsoe ho bona batho ba 150, palo e menang ea bahoeletsi ba ’Muso hararo.

Re ne re lokela ho khutlela Port-Vila ho ea tšoara sefofane se neng se tla re nkela hae Nouméa, New Caledonia. Ha re ntse re le Port-Vila, ra utloa litaba Labohlano thapama hore sefefo Uma se tseleng. Batho ba ne ba sa makala haholo, kaha boemo ba mofuta o joalo ba leholimo bo tloaelehile nakong eo ea selemo. Joale ha tlalehoa hore sefefo se tla fihla ka 7:00 ka shoalane. Kapele ra romela molaetsa ka khaso ea seea-le-moea sa moo hore liboka tsa rōna li tla chechisoa. ’Me ke ne ke batla ke khathatsehile ka leeto la rōna la moeeng ho khutlela Nouméa ka Sontaha.

Ka 5:30 mantsiboea, moea o ne o se o le matla hoo o ileng oa qala ho pshatla lifensetere tse ling. Ra hlokomela hore re lokela ho sireletsa lifensetere le mamati e le hore moea o se ke oa kena ka hare ’me oa fefola marulelo. Mealo, libethe, masela a litafole, le litafole li koetse ka thata lifensetereng le mamating. Re ne re utloa matla a moea ha o otla matlo, empa ka lehlohonolo ntho e ’ngoe le e ’ngoe ea tšoarella. Hamorao ra utloa hore meea e ne e se e phahametse ho lik’hilomithara tse 240 ka hora bosiung boo.

Kapele oa khutsa ho se hokae. Ra nka monyetla ona ’me ra mathela ho ea bona hore na Lipaki tse phelang haufi li ntse li ea joang. Re ile ra makala ha re fumana lifate tse fefohileng lebaleng la bona ’me lerako la kamore e ’ngoe le oetse kahare. Bo-khaitseli ba bararo ba ne ba tsietsoe ka kamoreng e ’ngoe, ba emetse thuso. Ra qala ho ipotsa hore na ebe baena ba bang ba rōna ho etsahala joang ka bona. Kaofela ra rapela Jehova hore a ba boloke.

Har’a bosiu, kamor’a ho e ka bang khathatso ea lihora tse robeli, sefefo se ne se leba ka boroa ho sehlopha sena sa lihleke-hleke. Empa lehalima le pula tsa ’na tsa tsoelapele. Ha le ntse le tsekema joalo-joalo, re ne re ka bona masenke a fofa hohle sebakeng. ’Me kapele pula ea qala ho nela ka tlung. E ne e le 2:30 hoseng, ’me ra rera hore re ee ho ea bona hore na ho ne ho etsahetse joang ka baena ba rōna.

Maemo a Kamor’a Tsietsi

Literata li ne li tletse makhasi le makala, likhechana le litokana tsa mapolanka, marulelo a makapa le thepa ea matlo. Lipalo tsa litšepe tsa mabone li ne li sothakane ’me li oetse fatše. Re ne re tlameha ho fohla har’a motsoebere oo oohle. Pono e tšabehang ea thipitlo e ne e le ka pel’a mahlo a rōna. Joale ra fumana molebeli oa moo ea okamelang le lelapa la hae ba qhaqhasela ka koloing ea bona e nyenyane. Marulelo a ntlo ea bona a ne a fefotsoe ke sefefo, ’me ntlo ea bona e ne e senyehile. E bile ho khathollang ho ba fumana ba sa tsoa kotsi.

Sefefo seo se ipakile ho ba se senyang ka ho fetisisa seo Vanuatu e kileng ea e-ba le sona lilemong tse 25. Maoatle a befileng a hoholela likepe kantle, ’me ra utloa hore batho ba 46 ba shoele kapa ba nyametse, boholo e le ba ba likepeng. Batho ba ka bang 4 000 ba ne ba senyehetsoe ke mahae a bona, ’me tšenyo ea lijalo le thepa ea e-ba liranta tse limillione tse 426. Re ile ra thaba ha re utloa hore ha ho lea mong oa baena ba rōna ea shoeleng kapa ea lemetseng.

Kapele-pele, komiti ea pholoso ea theoa. Lipaki tsa Jehova tse New Caledonia tsa romela ho fetang lik’hilogramo tse 450 tsa thepa, ho kopanyelletsa le lijo, liaparo, le lintho tsa ho thusa baena ba tsona ho tsosolosa matlo a bona. Sehlopha sa batho ba thahasellang ka lehlakoreng le leng la sehleke-hleke sa re amohela ka thabo ha se re bona. Lijalo tsa bona li ne li sentsoe, ’me e ne e le mokhoro o le mong feela oa khale o neng o atlehile ho mamella sekhohola. Re ile ra tiisa hore ba na le lijo tse lekaneng bakeng sa matsatsi a mabeli eaba re khutlela Port-Vila.

Ba boholong moo le bona ba ne ba se ba qalile ho fana ka thuso, le thuso e tsoang linaheng tsa boahelani e ne e se e qalile ho fihla. Ha lephoka la ntho tse shoeleng le qala ho phahama, ’muso oa eletsa batho hore ba hloekise motse-moholo kapele kamoo ba ka khonang. Ra fana ka tlhahiso tšebelisong ea metsi ho thibela ho jala mafu a kang feberu ea mala le letšollo le lefubelu.

Labone la beke e hlahlamang, re ile ra khona ho fana ka lenaneo la li-slide. Kamor’a seboka, re ne re ka utloa molumo oa ho hoeshetsa har’a metsoalle. Ba bangata ba bona ba ne ba sa ntsane ba nyarositsoe ke ho lahleheloa ke lintho tsohle tsa bona. Empa e mong le e mong o ile a bontša moea o motle oa boikemisetso ba ho thusa le ho hlokomela litlhoko tsa ba bang. E bile pontšo e kaakang ea bonngoe ba Bokreste!

Qetellong, e ne e le nako ea hore re siee baena ba rōna le likhaitseli ba ratehang. Re ne re khothalitsoe haholo ke lerato la bona le cheseho. Bothata boo re neng re fetile har’a bona bo ne bo entse hore re atamelane haholo. Ha sefofane sa rōna se tloha Port-Vila, takatso ea rōna e tsoang pelong e ne e le hore eka re ka khutlela ’me ra ba bona kaofela hape.—E ngotsoe.

[’Mapa/Litšoantšo tse leqepheng la 26]

(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)

VANUATU

ESPÍRITU SANTO

Luganville

MALEKULA

EFATE

Port-Vila

NEW CALEDONIA

Nouméa

[Litšoantšo]

Port-Vila, Motse-moholo oa Vanuatu

Ho Bolela ho moahi oa moo

Motse oa sebele

[Setšoantšo se leqepheng la 29]

Ba thabetse ho utloa litaba tse molemo

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela