Ho Nyarela ka Litabeng
Taba ea Moroallo ha ea Feteletsoa
Tlaleho ea Bibele ea Moroallo oa lefatše lohle e ’nile ea hanyetsoa e le taba e theiloeng tšōmong ho e-na le linneteng. New Catholic Encylopedia ea lumela: “Ka kakaretso ho se ho lumeloa hore taba ea Noe le areka ha se sekotoana sa tlaleho ea histori empa ke taba e inahanetsoeng ea pōpo ea mofuta o fapaneng ka ho feletseng.” Bahanyetsi ba bang ba phehile khang ka hore moholi ’ohle o leng sebakeng o ne o ka baka lisentimithara tse ’maloa feela tsa pula ea lefatše lohle.
Empa ho latela tlaleho ea Genese, mohloli oa metsi a moroallo e ne e se feela moholi o leng sebakeng. Ho Genese 1:6 re bolelloa hore ’Mōpi o ile a laela: “Sebaka [sa sepaka-paka] ha se be teng mahareng a metsi ’me se arohanye metsi [a maoatle]le metsi [a leng ka holimo ho sebaka].” Kamoo ho bonahalang kateng metsi a neng a le kaholimo sebakeng a ile a lula moo ho fihlela nakong ea Moroallo. Ho latela moapostola Petrose, “maholimo” a sepakapaka le metsi a ka holimo ho ’ona le a ka tlase ke ’ona a ileng a sebelisoa ‘ho felisa lefatše la mehleng ea [Noe] ha le ne le koahetsoe ke metsi.’—2 Petrose 3:5, 6; Genese 1:7.
Liphello tse senyang tsa moroallo oa metsi li ile tsa bonahala haufinyana Afrika Boroa ha moroallo o ne o hohola setereke sa Natala le ho bolaea batho ba ka holimo ho 300. Setsebi sa paballo ea tlhaho K. H. Cooper ha se bua ka tlokotsi eo, se hlokometse hore: “Ke atisa ho ipotsa hore na ebe ho ne ho ka etsahala joang letsatsing lena le mehleng ena haeba pula e ne e ka na ka matsatsi a 40 le masiu a 40 e sa khaotse. . . . Na pula e joalo e ne e ka felisa bophelo bohle lefatšeng? Erekaha haufinyana ke sa tsoa bona se etsahetseng kamor’a matsatsi a mane feela a pula Natala,” Cooper o ile a tsoela pele, “Joale ke kholisehile ka ho nepahala ha pale ea Testamente ea Khale.”
Na ba Ameha ka Bafumanehi?
Lekhalo le arolang bafumanehi ho barui le ka koaloa joang? Ena ke tseko e ileng ea boleloa ke Mopapa John Paul II lengolong la hae la morao tjena le eang ho babishopo ba kereke le bitsoang Sollicitudo rei socialis (Kameho ka Sechaba). Mopapa o ile a bolela hore kereke e lokela ho ikutloa e tlamehile ho fokotsa masoabi a bafumanehi. Joang? “Ha batho ba hloka, re ke ke ra ba hlokomoloha ka ho ba neha mabenyane a kereke le phahlo e turang bakeng sa borapeli ba Molimo . . . ho fapana le hoo re tla tlameha ho rekisa liphahlo tsena e le hore re ba nehe lijo, lino, liaparo le bolulo hobane ba hloka lintho tsena.”
Leha ho le joalo, setsebi sa Vatican Domenico Del Rio ha se bua ka lengolo la mopapa, ho La Repubblica se itse: “Ho hlakile hore joale batho ba tla be ba letetse ho bona . . . mopapa ka boeena, le ba leng haufi le eena, ba beha mohlala. Mohaho o hlomphehang oa Vatican le mehaho e meng ea Roma e tletse ka ‘liphahlo tse turang,’ mohlomong e tletse hape le ka ‘mabenyane a kereke.’” Leha ho le joalo, ho latela makasine oa Fortune, “Baholo ba Vatican ba hanana le khopolo ea ho lahleheloa ke lintho tse ngata hakaalo tse kang sejana se khethehileng sa litšebeletso sa Greece bakeng sa ho etsa chelete.”
Ha Jesu a ne a laela ’musisi ea ruileng hore a ‘rekise ka lintho tsohle tsa hae le ho abela bafumanehi chelete,’ monna eo ha a ka a rata ho etsa joalo. O ile a “ikela a soabile; hobane e ne e le ea nang le maruo a maholo.” Ka nepo, Jesu a lemosa: “Moo letlotlo la hao le leng teng, ke moo le pelo ea hao e tla ba teng.”—Mareka 10:21, 22; Mattheu 6:21.