Bo-pula-maliboho ba Sebelitseng ’Moho Bophelo Bohle
Ka kamoreng e hlekiloeng hantle e nang le thepa ea boleng bo itekanetseng Cardiff, Wales, Thuto ea Buka ea Phutheho e qeta ho fela. Motsamaisi oa thuto o leboha bo-khaitseli ba babeli ba bo-pula-maliboho, Maud Clark le Mary Grant, bao joale ba seng ba le lilemong tsa bo-90, bakeng sa kamohelo ea bona e mofuthu ’me o ba khothaletsa ho pheta liphihlelo tsa bophelo ba bona . . .
Maud: Joale ho se ho fetile lilemo tse 65 ho tloha ha ke qala ho kopana le Mary ’me re qala ho bula maliboho hammoho.
Mary: E, e ne e le ka 1923, bosiung bo bong bo batang ka Pherekhong, lehloa le bile le khethehile! Na u sa hopola, Maud? Ke ile ka u lata seteisheneng sa terene sa Much Wenlock ’me ka u isa moo ke neng ke lula teng. Ra ja lijo tse fokolang, eaba re ithuta Tabernacle Shadows hammoho. Hoseng ho latelang ra palama libaesekele tsa rōna ho ea bolela ho balemi ba Shropshire.
Bao re Ileng ra Kopana le Bona Esale Qalong
Maud: Ha e le hantle, re ne re itokiselitse sena. Bobeli ba rōna re ne re qetile nako e itseng re bula maliboho. Esita leha ke sa le ngoananyana, ka mehla ke ne ke thahasella Lentsoe la Molimo. Koana, ke hopola ha ke ne ke pheta ka hlooho lipesaleme tse supileng e le hore nka fumana Bibele e sa lefelloeng! E ne e le ka 1908, ha ke le lilemo li 11, ha moholoane oa ka oa mosetsana a bala buka The Divine Plan of the Ages ’me a tsoa kerekeng eo re neng re e kena, a fetoha Seithuti sa Bibele. Linnete tsa Bibele tsa fetoha taba ea sehlooho eo re buisanang ka eona lapeng. Empa ha ntate a e-shoa, ka qala ho ipotsa, ‘Bafu ba hokae?’
Ke ile ka thaba hakaakang ha ke fumana karabelo ha ke ne ke il’o shebella The Photo-Drama of Creation e neng e tlisitsoe motseng oa heso oa Sheffield! Litšoantšong tseo tse phelisitsoeng, tse hokahantsoeng le lirekoto tsa gramafono, ka bona ho bontšoa ho tsosoa ha mora oa mosali oa Moshuneme. E, ka ithuta hore bafu ha ba tsebe letho ho fihlela ha ba tsosoa.—2 Marena 4:32-37.
Ka potlako ka itokolla Kerekeng ea Chache ’me ka kenela hoo re neng re ho bitsa mosebetsi oa bolisa, ho nehelana ka libuka tsa Bibele hona sebakeng seo ke neng ke tsebjoa ka ho aba limakasine tsa kereke ho sona. Ka tšoantšetsa boinehelo ba ka ho Jehova ka Phato 1918 kopanong e neng e tšoaretsoe motseng o haufinyane oa Leeds.
Ka mor’a ho qeta linako tse thabisang tsa phomolo le bo-khaitseli ba babeli bao e neng e le barekisi ba libuka Derbyshire, ka etsa qeto ea ho etsa hore tšebeletso ea bopula-maliboho e be mosebetsi oa ka oa bophelo bohle. Ka Phato 1922, ka kena kabelong ea ka ea pele: Biggleswade, Bedfordshire.
E mong oa barekisi ba libuka a re ho ’na: “Haeba u ka tiisetsa likhoeli tse tšeletseng tse qalang, u tla tsoella hantle.” Likhoeli tseo tse qalang li ne li se bonolo. Ke ile ka hlaha kotsi ha ke ntse ke palame baesekele. Joale motsoalle oa ka oa pele oa pula-maliboho o ile a khutlela ha habo. Empa ke ne ke ikemiselitse ho tsoela pele, eaba ke ngolla Mokhatlo ’me ke kōpa ’mate. Eaba Jehova o ’nea Mary!
Mary, u ile ua emela ’nete pele ho ’na, na ha ho joalo?
Mary: E, Maud. Ka nako eo re ne re phela Cardiff, Wales Boroa. Ha ke le lilemo li 16, nkhono a ’memela ho bala buka The Divine Plan of the Ages, eo a neng a e fumane sebokeng sa phatlalatsa se neng se hlophisitsoe ke Liithuti tsa Bibele. Ka mehla ke ne ke ntse ke batla ho utloisisa Bibele le ho ba moromuoa ha ke hōla. Ha ke ntse ke bala moqolo ona, ka tseba hore ke fumane ’nete.
Ka qala ho ea libokeng tsa Liithuti tsa Bibele, ho sa tsotellehe khanyetso e khōlō ea ’mè. Taba ke hore batsoali ba ka ba ne ba eme hantle licheleteng, joale, kaha ba ne ba sa ntumelle ho sebetsa, ke ile ka fumana maemo a lelapa leso e le a nkamohang tokoloho haholo. Leha ho le joalo, ka khona ho fumana libuka tse ling kaofela tse neng li sebelisoa e le lithuso tsa ho ithuta Bibele. Ha ’mè a tseba hoo, ka khalefo a chesa libuka tseo ’me a mpolella hore ke ne ke sa le monyenyane haholo hore nka tseba lintho tse joalo. Eaba ka lekunutu ke qala ho kenya libuka tse ling ka bonngoe lapeng hore li tl’o nka sebaka sa tse chesitsoeng, ke etsa joalo ka mor’a ho etela lapeng la e mong oa Liithuti tsa Bibele esale hoseng-seng, hoo e ka bang bohōle ba lik’hilomithara tse tharo. Ke ne ke atisa ho bala libuka tsena ka cheseho pele litho tse ling tsa lelapa li tsoha, motšehare ke li pata ka setorong sa lintho tse sebelisoang ka serapeng.
Ka 1913, ha ke le lilemo li 17, ka etela London phomolong ea ho bona libaka. Ka thabo, leeto lena la thulana le ketelo ea Moena Russell kopanong e neng e tšoaretsoe Holong ea Kingsway. Ha ke le moo ka bolela hore ke lakatsa ho kolobetsoa. Khaitseli e mong eo e neng e le morekisi oa libuka ea neng a sebetsa Cardiff a atamela Moena Russell ’me a ’motsa hore na o nahana hore ke sa le monyenyane haholo na. O ile a mpotsa hore na ke lilemo li kae ’me a ntlhoma lipotso ho bona hore na ke utloisisa Mangolo le ho fumana hore na ke ne ke se ke nehetse bophelo ba ka ho Jehova. Ka mor’a moo, ka apara mose o molelele o motšo ’me ka kena har’a ba bang ba eang kolobetsong ho ea qoelisoa London Tabernacle. Ke hopola ka hloko mantsoe ao re neng re a bina ha re e-tsoa ka metsing:
“Ke patiloe le Kreste
ka ba ka tsosoa le eena,
Ke eng eo ke saletsoeng ke ho e etsa?
Hore feela ke tsoe ntoeng
le khohlanong,
Hore feela ke tsamaee bophelong bo nchafalitsoeng.”
Ha ke ntse ke itlhakola, moena e mong a nkatamela ’me a re: “E tlameha e be ke uena oa ho qetela ea kenang oa ba 144 000; u saletsoe ke nako e khutšoanyane feela hore u tiise ho bitsoa ha hao le ho khethoa ha hao.” Ba bangata ba ne ba e-na le mehopolo e kang eo ha ba talimile selemo se ntseng se atamela, 1914, ka tebello e khōlō. Empa, ho ’na ena e ipakile e le nako ea ho lekoa kaha ke ile ka mamella khanyetso e matla lapeng. Ke ne ke ea libokeng hangata kamoo nka khonang. Ka 1916, ka thabela tokelo ea ho sebeletsa ke le motho ea lulisang batho ha ho bontšoa The Photo-Drama of Creation, Cardiff. Ka mor’a ho qeta thupelo ea ka ea booki Manchester, ka qala tšebeletso ea bopula-maliboho ba nako e tletseng ka 1922.
Ho Paka Libakeng Tsa Mahae
Maud: Ka sebele ho ne ho hlokahala hore re ikitlaetse mehleng eo. Re ne re bolella e mong le e mong hore re ntse re etsa mosebetsi oa Bokreste. Mehleng eo batho e ne e le babali. Re ne re nehelana ka The Harp of God le letoto la Studies in the Scriptures. Ke ’nete hore re ne re hloka mekotla e meholo haholo eo re nkang libuka tsena ka eona. Oa ka o ne o le moholo hoo ka letsatsi le leng ha ke fihla polasing e ’ngoe e ka thōko, mosali oa molemi a ileng a nahana hore ke ne ke le mong ka eena ea tsoang Canada ea chakileng. Hoo ha re qabola hakaakang!
Kaha bopula-maliboho e ne e le bophelo ba rōna, re ne re iphelisa ka mosebetsi oa ho aba libuka tse tšoereng molaetsa oa ’Muso. Re ne re sebelisa chelete ea rōna ka hloko ’me re phela ka mokhoa o baballang chelete, re fapanyetsana ka libuka bakeng sa botoro le lintho tse ling tse hlahisoang polasing ’me re thonaka litapole, rapa, le lik’habeche tse neng li e-oa likariking tse tsamaeang litseleng tseo tse mpe, tse lerōle. Re ile ra tseba ho lokisa mabili a tsoileng moea a libaesekele tsa rōna, ’me ra fetoha lirōki tse hloahloa, ra iketsetsa liphahlo.
Ha baena ba neng ba sebeletsa e le libui tse tsamaeang ba ntse ba fana ka lipuo libakeng tse fapa-fapaneng metseng, ’na le Mary re ne re ba sala morao ho ntšetsa pele thahasello eo boboleli ba bona bo e tsositseng. Lihlopha tse nyenyane tsa batho ba thahasellang tsa hlaha Shrewsbury le metseng e meng. Re ne re lebella likopano ka cheseho e kaakang! Ke nahana hore kopano ea London ea 1926 e ne e le e hlahelletseng. Ha re le moo ra thabela tokelo e eketsehileng ea ho aba bukana The Standard for the People literateng tsa motse-moholo oo. Thabo ea rōna ea eketseha ha re bala lengolo le tsoang ho Mokhatlo. Le ne le fetola kabelo ea rōna: Ireland Leboea.
Ho Bula Maliboho Masimong a Macha
Re ile ra fihla County Antrim, Ireland Leboea, ho tla bula maliboho har’a batho ba arohaneng ka bolumeli. Qalong re ne re lula Greenisland. Pula e ne e le ngata ho bile ho bata, ’me re ne re qeta libeke re sa bese mollo ka baka la seteraeke sa mashala Engelane. Ekare kea bona hona joale, mantsiboea re lutse re apere lijase ’me re roetse likausi tsa matsoho, re leka ho ithuta re ntse re qhaqhasela ke serame. Joale lehlabula la fihla, ’me ra leboha Jehova haholo bakeng sa tokelo ea ho sebetsa tikolohong eo e ntle ea likhohloana tsa Antrim. Batho ba ne ba mamela molaetsa oa ’Muso ka hloko. E, ba ne ba atisa ho phea khang, empa ba ne ba le mosa. Ba ne ba tloaetse ho re, ‘Kena awa,’ e be ba bea ketlele holim’a greesha (setlama seo ho besoang ka sona se tukang hoo se bang sefubelu tlere) hore e bele, e be puisano ea rōna e tsoela pele.
Mary: Kaha joale re ne re le banana ba bane ba bo-pula-maliboho ba sebetsang ’moho kabelong ea rōna, re ile ra khomarela kemiso e feletseng ea liboka ea puso ea Molimo. Hoseng ho hong le ho hong re ne re buisana ka temana ea Lengolo e be re bala “Boikemisetso Ba Ka Hoseng Hona,” boo karolo e ’ngoe ea bona e neng e re, ‘Tsatsi le leng le le leng Teroneng ea Leholimo ea Mohau ke tla hopola lithahasello tse akaretsang tsa mosebetsi oa kotulo, haholo-holo kabelo eo ’na ka bonna ke neiloeng tokelo ea ho e thabela mosebetsing oo, le basebetsi-’moho ba ratehang ba Bethele le libakeng tsohle tse ling.’ Laboraro mantsiboea re ne re tšoara Seboka sa rōna sa Thapelo, Thoriso, le Bopaki. Ka li-Sontaha re ne re ithuta Molula-Qhooa hammoho, ebe re bokana ho pota-pota seletsa se senyenyane sa organ seo hangata se neng se fumaneha malapeng a batho ho bina ho tsoa ho Hymns of the Millennial Dawn, lipina tse kang ena:
“Le ka mohla u se nahane hore u se u hapile tlhōlo,
Kapa hang ha u le bonolong ua lula fatše
Mosebetsi oa hao o boima o ke ke oa phethoa
Ho fihlela u hapile moqhaka oa hao.”
Maud: E ile ea e-ba phetoho e kaakang ha re abeloa mosebetsi o khethehileng o ileng oa hlaha—ra fetoha “bo-pula-maliboho matlong a khoebo.” Ke joang re neng re ka pakela bo-rakhoebo, baokameli ba libanka, le ba bang ba tšoanang le bona? Mehaho eo e meholo ea Belfast e ne e bonahala e re phahametse. Empa ra hopola Ba-Filippi 4:13: “Nka etsa tsohle ka Kreste ea mphang matla.” Hape re ne re ke ke ra nahana ka ho hana kabelo ea rōna. Re ile ra ba le liphihlelo tse hlollang hakaakang ha re buisana le banna bao ’me re ba siela libuka! Ka 1931 re ne re qetile matlo a khoebo ’me re se re qetile lilemo tse hlano Ireland Leboea. Re ne re ipotsa hore na kabelo ea rōna e latelang e tla ba efe. Ra makala ha e e-ba matlo a khoebo Dublin.
Ho ea Tarshishe Kapa Ninive?
Re tlameha ho lumela hore qalong, re ne re ikutloa joaloka Jonase, ea ileng a abeloa ho ea bolela Ninive empa ho e-na le hoo a leba Tarshishe. Re ne re ka thabela kabelo e ’ngoe e fapaneng. Ka potlako ra hlokomela hore re ne re tlameha ho itšetleha ka Jehova. Leha ho le joalo, ho ne ho nyahamisa hakaakang ho ema pel’a Tšiea ea Nelson e Dublin e be re bona literata tse tletseng baprista le baitlami, banna ba rōlang likatiba tsa bona le basali ba etsang pontšo ea sefapano ho hlompha ‘Moroetsana ea lehlohonolo.’ Ka nako eo ho ne ho e-na le Liithuti tsa Bibele tse ’nè feela Dublin.
Re ile ra khona ho fumana likamore lelapeng le leng le kenang kereke ea Roma e K’hatholike. Ho ne ho hlokahala hore re pate libuka tsa rōna ka tlas’a bethe, hobane moprista o ne a etela ntlo eo khafetsa. Ka letsatsi le leng rakhoebo e mong oa Dublin a etela moo re lulang teng, a re: ‘Le siile libuka bankeng ea heso.’ O ne a li thabetse haholo hoo a ileng a tsamaea le lebenkele le leng le le leng ho bona hore na le ne le rekisa libuka tsa Moahlōli Rutherford. Eaba o ngolla New York ’me a neoa aterese ea rōna. O ile a etsetsa metsoalle ea hae kaofela phathi ho tla e bolella seo a ithutileng sona.
Hamorao selemong seo, ra ea kopanong e neng e tšoaretsoe Liverpool, Engelane, moo re ileng ra tseba lebitso la rōna le lecha, Lipaki tsa Jehova. Ha re khutlela Dublin, ra kopanela phutuhong ea ho aba bukana The Kingdom, the Hope of the World, e neng e tšoere qeto e entsoeng kopanong. Re ile ra etela matlo ’ohle a baitlami, matlo a bolumeli, le matlo a khoebo, re fana ka likopi tse sa lefelloeng tsa bukana ena. Kaofela li ile tsa amoheloa!
Mary: Ka tsatsi le leng ra bona sekepana se tsamaeang butle ka morero oa boikhathollo nōkeng ea Liffey, eaba sena se re tlisetsa mohopolo oa ho pakela basebetsi ba likepe ba seemelong seo sa likepe. Ha re leka ho kena sebakeng seo ho emeloang likepe ho sona, se ne se lebetsoe ke lepolesa, le ileng la re botsa hore na re etsa eng moo. Ha re le bontša libuka, la re, “Kenang.” Ra fumana bakhanni ba ’maloa ba likepe ba tsoang linaheng tse ling ba neng ba tseba ka Lipaki. Ha re hetla liphihlelo tseo, re tsota tsela eo Jehova a ileng a re hlokomela ka eona ha e mong le e mong oa rōna a kena sekepeng a le mong.
Ho Paka Nakong ea Ntoa ea Moeeng
Maud: Ka 1939 ha ntoa e qhōma, re ile ra khutlela Liverpool ’me ra ikopanya le bo-pula-maliboho ba bang ba 20 ba neng ba lula lehaeng la bo-pula-maliboho. Joale re ne re phela har’a litlhaselo tsa moeeng le ho qhōmisoa ha libomo ’me re paka hohle moo batho ba neng ba mamela. Re ne re atisa ho iphumana re kenya lirekoto mechineng ea rōna e bapalang lirekoto, re bua ka molaetsa oa ’Muso, e be re balehela lehaeng la bo-pula-maliboho, kapa ha re tloha sebakeng se seng sa ho itšireletsa tlhaselo ea moeeng re mathela ho se seng. Nakong ena eohle, re ne re sa tšohe, kaha re ne re etsa mosebetsi oa Morena.
Ka makhetlo a mangata ha re ne re tsamaea literateng, batho ba ne ba re rohaka ka baka la boemo ba ho se nke lehlakore boo Lipaki li ileng tsa bo boloka nakong ena ea khohlano. Ke sa hopola hore ntlong e ’ngoe mohlankana e mong a ileng a mamela lirekoto ’me a amohela thuto ea Bibele ea ka mehla. Joale bothata ba hlaha. O ne a sa tsoa ithaopela ho kena Sesoleng sa Brithani. O ile a ngolla ba boholong lengolo le bolelang boemo ba hae ba ho se nke lehlakore ’me ha a arabeloa a lokolloa ka ho feletseng mosebetsing oa sesole. Hamorao o ile a sebetsa le rōna tšebeletsong ea nako e tletseng.
Mary: Le ka mohla nke ke ka lebala matsatsi ao a ntoa, Maud. Na u sa hopola se ileng sa etsahala ha re fallela Knutsford, Cheshire ka 1942? Mofumahali e mong o ile a re hoeletsa, ‘Ke eng eo le e etsang bakeng sa mosebetsi oa ntoa?’ Pele re ka arabela, motho e mong ea fetang ka tsela a arabela, ‘O etsa mosebetsi oo re se nang sebete sa ho o etsa.’ Monna e mong ea seng a hōlile a phaella, ‘Ba etsa mosebetsi o motle.’
Maud: Ka sebele, mosebetsi oa thuto ea Bibele e ne e le ntho e khōlō. Ke ile ka ba le phihlelo e hlollang ha ke kena polasing e ’ngoe ’me ke kopana le mofumahali ea ileng a mpolella hore moshanyana oa hae o ne a bolailoe kotsing e ileng ea hlaha ’mileng. Ka mo siela bukana Hope for the Dead ’me ka qala thuto ea Bibele. Ka mor’a ho tšoara thuto ka makhetlo a supileng feela, mofumahali enoa a qala ho tsamaea le ’na mosebetsing oa bopaki. Likhoeli tse seng kae hamorao monna oa hae a amohela ’nete, ’me ka mor’a lilemo tse peli banyalani bana ba rekisa polasi ea bona ’me ba qala ho bula maliboho. Hamorao morali oa bona o ile a sebetsa le bona mosebetsing oa nako e tletseng, ’me hona joale eena le monna oa hae ba sebeletsa Bethele ea London.
Kopanong ea Leicester ka 1941, Moena Schroeder a phatlalatsa hore bo-pula-maliboho ba khethehileng ba tla fumana chelete e nyenyane e tla ba thusa bakeng sa litlhokahalo tsa bophelo. Ka nako e ka etsang lilemo tse 20, Jehova o ne a hlohonolofalitse mosebetsi oa rōna oa ho aba libuka ’me ka tsela ena o re neile seo re neng re se hloka. Ha ho mohla Jehova a kileng a re soetsa. Re pakile hore “ha hoa senyeha lentsoe leha le le leng la lipallo tsohle tse molemo tsee a li boletseng.”—1 Marena 8:56.
Ho Fumana “Linku” Wales
Selemo sa 1954 se ile sa re fumana re le Milford Haven, Wales. Ho sa tsotellehe khanyetso ea baruti, re ile ra bolela ’me ra fumana ba bang ba seka linku ba ileng ba arabela. Re ile ra hlophisa batho bana ho ba etsa sehlopha ’me ra ba bontša hore na ba lokela ho tšoara liboka joang le ho fana ka likarabelo tse khutšoanyane, tse nang le lintlha tsa bohlokoa. Ea e-ba ketsahalo e thabisang hakaakang ho bona ba supileng ba kolobetsoa ka tiping ea linku e neng e tletse metsi a futhumetseng a neng a tlisitsoe moo ka malekana a lebese!
Motseng oa Abercynon o phuleng ea Wales, tselana ea makasine e ile ea tlisa litholoana tse ntle. Le hoja mofumahali ea neng a amohela limakasine ka mehla a ne a re, “ha ke kholoe seo le mpolellang sona,” o ile a lumela ho bala limakasine tseo. Ketelong e ’ngoe hamorao, ka fumana monna oa hae a tšoarehile a khabisa ntlo. Ka mor’a puisano ea botsoalle, ra etsa litokisetso tsa ho qala thuto ea Bibele bekeng e latelang. Re ile ra itloaetsa bara ba bona ba bararo ba neng ba kopanela thutong eo. Qetellong, ’mè eo le bara ba hae ba nehela bophelo ba bona ho Jehova ’me ba kolobetsoa. Hona joale, litho tse 35 tsa lelapa leo li amohetse ’nete, tse ling li sebeletsa e le bo-pula-maliboho ba thusang, ba ka mehla, kapa ba khethehileng ’me ba bang e le baholo.
Joale ke rōna bana mona Cardiff, re pheta liphihlelo tsa bophelo ba rōna. Ha re na seo re ikoahlaelang sona. Jehova o re neile ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo re e hlokang linthong tse bonahalang. Re bile le bophelo bo tsotehang ha re sebeletsa ’moho re le bo-pula-maliboho, ’me re ntse re nka tšebeletso ea nako e tletseng e le letlotlo la rōna le leholo ka ho fetisisa bophelong.
Joale lipelo tsa rōna li thabela ho bona manane a ntseng a hōla a bo-pula-maliboho. Hape re thaba hakaakang ka bacha bao bohle ba kenelang tšebeletso ena ea bohlokoahali! ’Na le Mary re butse maliboho hammoho ka lilemo tse 65. Bophelo ba rōna e bile bo itekanetseng empa bo maphathe-phathe, bo thata empa e le bo putsang. Ka sebele re buella ho bula maliboho bophelo bohle.
[Setšoantšo se leqepheng la 23]
Maud (ka letsohong le letšehali) le Mary ba ntse ba fumana letlotlo la bona le leholo ka ho fetisisa le le tšebeletsong ea nako e tletseng ho Jehova