Baratuoa ba Rōna ba Shoeleng ba Hokae Hona Joale?
“O KAE mothonyana eo e monyenyane hona joale?” ’Mè ea tsielehileng (ea boletsoeng sehloohong se fetileng) o ’nile a ipotsa hore na lesea la hae le shoeleng le ile hokae. Na le leholimong kapa sebakeng se seng se itseng?
Kapele ’mè oa Andrew o ile a fuoa karabelo. Ha a utloa ka tlokotsi eo, ngoana oa hae e moholo, le eena e le Moroma K’hatholike, o ile a arabela: “Andrew o Limbo.” Empa na o ne a le Limbo?
Hantle-ntle Limbo e Hokae kapa ke Eng?
The Concise Oxford Dictionary e bolela hore Limbo ke “sebaka se ikhohlileng ka lihele, seo ho nahanoang hore ke tulo ea batho ba lokileng ba pele ho Bokreste le sa masea a sa kolobetsoang; . . . boemo ba ho hlokomolohuoa le ho lebaloa.” Mabapi le Limbo, New Catholic Encyclopedia e re: “Kajeno lentsoe leo le sebelisoa ke baruti ba bolumeli ho bolela boemo le sebaka tsa meea e neng e sa lokele ho ea liheleng le kotlong ea tsona ea ka ho sa feleng empa e ne e ke ke ea kena leholimong pele ho Topollo (Limbo ea bo-ntate) kapa tsa meea eo ka lebaka la sebe sa pele feela e tingoang ka ho sa feleng tsebo ea Molimo e thabeloang ke ba leholimong (Limbo ea bana).”
Leha ho le joalo, buka eona ena ea liphuputso e boetse e re: “Qetello ea masea a shoang a sa Kolobetsoa ruri ke bothata bo rarahaneng haholo. . . . Taba ea Limbo e sa ntsane e le bo bong ba mathata a sa rarolloang a thuto ea bolumeli. Ha ho moo ho fumanehang Kereke e kile ea tiisa ka molao hore Limbo e teng.” Ho tiisa sena, The New Encyclopædia Britannica e re: “Kaha ha ho mohla Kereke ea Roma e K’hatholike e kileng ea tiisa thuto ea limbo e le sebaka se teng kapa boemo bo teng, khopolo ea limbo e ntse e lutse e le taba e sa rarolloang.”
Ho sa tsotellehe sena, Mak’hatholike a mangata a tšepahalang a ’nile a amohela khopolo ea Limbo. Empa ak’u nahanisise ntlha ena ka hloko: Ke hobane’ng ha hobane feela a sa kolobetsoa, masea a ka ahloleloa ho ea phela ka ho sa feleng sebakeng sa mohlolo seo ho seng motho ea utloisisang hore na se joang?
Na Bibele e bua ka Limbo? Che, ha ho mohla Lentsoe la Molimo le buang ka eona. Ka hona hona ho hlahisa potso ea bohlokoa: Ke hokae moo batho, ho akarelletsa masea, ba eang ha ba e-shoa?
Lefung Batho ba Ea Hokae?
Maikutlo a atileng har’a ba eang kerekeng ba Bokreste-’mōtoana ke hore lefung batho ba ea leholimong kapa liheleng. Empa Bibele e re’ng ka see? E re: “Ba utloang bona ba tseba hobane ba ea shoa, empa bafu ha ba tsebe letho leha le le leng.” (Moeklesia 9:5) Ka hona bafu ha ba tsebe letho. Ha ho moo ba phelang teng empa ba shoele ka sebele le ka ho feletseng. Ha ba ikutloe ho hang.
’Nete ena e tiisoa ke lipolelo tsena tse ka bukeng ea Bibele ea Lipesaleme: “Hase bafu ba ka rokang Jehova, leha e le ba theohelang nģalong e khutsitseng.” (Pesaleme ea 115:17) “Le se ke la itšepela marena, leha e le bana ba batho ba sitoang ho pholosa motho! Phefumoloho ea bona ha e fela, ba khutlela lerōleng la bona; ka tsatsi lona leo, merero ea bona e felile.”—Pesaleme ea 146:3, 4.
Empa ho thoe’ng ka moea? Na oa shoa? E. Ho fapana le seo batho ba bangata ba se lumelang, moea oa shoa. ’Nete ena e boleloa ka ho hlaka ka Bibeleng, e reng: “Moea o etsang sebe ke oona o tla shoa.” (Ezekiele 18:4, 20) Tiiso e tsoelang pele ea sena e fumanoa ho Liketso 3:23, (NW) e reng: “Ka sebele, moea ofe kapa ofe o sa mameleng Moprofeta eo [Jesu] o tla timela ka ho feletseng.”
Na Lefung ke Moo Ntho Eohle e Fellang Teng?
Hase hakaalo hore lefung ke moo ntho eohle e fellang teng. Tsoho ea bafu e rutoa ka ho hlaka ka Mangolong. Jesu o itse: “Se makaleng ke hoo; hobane nako ea tla, eo bohle ba mabitleng ba tla utloa lentsoe la hae; ’me ba tla tsoa ho ’ona, ba entseng hantle ba tsohele bophelo, ’me ba entseng hampe ba tsohele tsuo.” (Johanne 5:28, 29) Ho feta moo, Jesu o hlile a tsosa batho ba bang ba itseng nakong ea tšebeletso ea hae ea lefatšeng. Taba e tsotehang ka ho fetisisa e bile ea motsoalle oa Jesu, Lazaro. E ne e le matsatsi a mane a shoele. Empa eare ha Jesu a hooa: “Lasaro, tsoa moo!” monna eo ea shoeleng a arabela, a tsoa lebitleng. Ebile ho hlollang hakaakang ho bongata bo neng bo shebeletse! Hape ebile ketsahalo e thabisang hakaakang ho Maria le Maretha likhaitseli tsa Lazaro!—Johanne 11:38-45.
Lazaro o ne a bile hokae ka matsatsi ao a mane? Leholimong? Limbo? Che. Bibele ha e bue ka sena kapa hona ho se bontša. Hoja e be Lazaro o ne a ikutloa kae-kae, ka sebele a ka be a ile a bolella ba bang ka hona. Empa joalokaha Bibele e bolela: “Bafu ha ba tsebe letho leha le le leng.”—Moeklesia 9:5.
Ketsahalo e ’ngoe e khothatsang e etsahetse motseng oa Naine. Ha Jesu a atamela khoro ea motse oo, a teana le mokoloko oa ba eang mabitleng. Mofu e ne e le “ngoana ea ’notši oa ’m’ae,” ’m’ae e bile e le mohlolohali. Ka tlhaho, o ne a lla habohloko. Hona ha ama pelo e mosa le e lerato ea Jesu. A atamela, a emisa mokoloko oo, ’me a re: “Mohlankana, ke re ho uena: Tsoha!” Eaba mofu oa tsoha! Na u ka inahanela thabo ea ’m’ ae le ho hlolloa ha ba neng ba shebeletse?—Luka 7:11-17.
Na ho na le ho hong hoo mohlankana eo a ileng a ho bua ka ho ba leholimong kapa Limbo? Che. O ne a ka etsa joalo joang? “Bafu ha ba tsebe letho leha le le leng.” Bibele e boetse e tšoantša lefu le boroko bo tebileng. Davida o itse: “Jehova, Molimo oa ka, talima, u nkutloe! U elise mahlo a ka, hore ke tle ke se ke ka robala boroko ba lefu.” (Pesaleme ea 13:3) Ho feta moo, pelenyana a tsosa Lazaro, Jesu o ile a tšoantša lefu le boroko.—Johanne 11:11-14.
Ntlheng ena, ho phahama potso e ’ngoe.
Na ho na le Batho Leha e le Bafe ba Lokileng ba Eang Leholimong?
E, batho ba bang ba lokileng ba ea leholimong. Ntlha e thahasellisang haholo ka batho ba lokileng, kapa Bakreste ba ’nete, eo batho ba bangata ba kenang kereke ba sa e tsebeng, ke hore ho na le lihlopha tse peli. Palo e nyenyane ea batho e ea leholimong ho ea busa le Jesu Kreste, ha palo e khōlō ea batho e tla thabela bophelo bo sa feleng lefatšeng. Mohlomong hona hoa u makatsa. Ka baka leo, a re ke re nahaneng ka seo Bibele e se buang ka taba ena e thahasellisang.
Morero oa mathomo oa Molimo bakeng sa batho e ne e le ofe? Ha o bōpa Adama le Eva, na o ne o rerile hore ba tle ba thabele bophelo ka nakoana tšimong ea Edene e be joale baa shoa ’me ba ea leholimong? Che. Molimo o ile oa ba fa kabelo e khethehileng mabapi le lefatše, oa re: “Ngatafalang, le ate, le tlale lefatšeng, le rene holim’a lona ’me le buse lihlapi tsa leoatle, le tse rurang tsa maholimo, le tsohle tse phelang, tse hahabang lefatšeng.” (Genese 1:28) Ebile Jehova ha a fetole morero oa hae oo a o hlomamisitseng. Ho Pesaleme ea 89:34, oa bolela: “Nke ke ka fetola lentsoe le tsoileng molomong oa ka.” Ka lebaka lena Paradeise ea Edene e tlameha ho tsosolosoa ’me e thabeloe ke bahlanka ba tšepahalang ba Jehova—sehlopha sa palo e khōlō ea batho se boletsoeng kaholimo.
Sehlopha sa palo e nyenyane ea batho se neoa tokelo e khethehileng haholo, ea ho busa le Kreste leholimong. Ka mantsoe a mang, ba tla kopanela le Jesu ho busa bao ba tla phela lefatšeng. Ena ke puso ea ’Muso oo Bakreste ba o rapellang thapelong ea Morena. Ho khahlisang, thapelong eona eo, re re: “Thato ea hao e etsoe lefatšeng, joalo ka ha e etsoa leholimong.”—Mattheu 6:9, 10.
Na Bibele e senola hore na ke ba bakae ba tla thabela tokelo e khethehileng haholo ea ho busa le Kreste leholimong? E, ea e senola. Tšenolo khaolo ea 14 temana ea 1, e re: “Ka talima, ’me ka bona Konyana e eme thabeng ea Sione, e e-na le ba ngoliloeng lebitso la Ntat’a eona liphatleng tsa bona, ba le likete tse lekholo le nang le mashome a mane a metso e mene.” Hopola hore Tšenolo e sebelisa litšoantšetso tse ngata, kapa “matšoao” a mangata, joalokaha ho boletsoe temaneng ea pele, Tšenolo 1:1. “Konyana” ke Jesu Kreste. (Bapisa Johanne 1:29.) Thaba ea Sione ha e bolele motse-moholo oa bopolotiki oa Iseraele empa “Jerusalema oa leholimo.”—Ba-Heberu 12:22.
Tšenolo khaolo ea 7 e re nea boitsebiso bo buang ka sehlopha sa leholimo le sehlopha sa lefatše tseo re li boletseng. Litemana 4-8 li bua ka ba 144 000 “ba tšoailoeng melokong eohle ea bana ba Iseraele.” Mona ke moo hape ho buuang ka tšoantšetso ’me ho boleloa Iseraele oa moea, kapa “Iseraele oa Molimo.” (Ba-Galata 6:16) Ba-Roma 2:29 e re: “Empa mo-Juda ke eo e leng eena ka hare, ’me lebollo ke la pelo, le etsoang ke Moea.” Kamorao ho moo Tšenolo 7:9 e hlalosa sehlopha sa lefatšeng, e re: “Ka bona bongata bo boholo ba batho, bao ho seng motho ea ka tsebang ho bo bala, ba lichaba tsohle, le ba mefuta eohle, le ba merabe eohle, le ba lipuo tsohle.”
Batho ba Lokileng ba tla Phela Lefatšeng
Batho ba libillione ba lokileng ba tla phela lefatšeng la paradeise. (Luka 23:43) Na u ka rata ho balelloa har’a bona? Ka sebele u ka rata. E tla ba tokelo e kaakang ho phela lefatšeng le hloekisitsoeng le lokolohileng tšilafalong, tlaleng, tlōlong ea molao, ho kuleng, mahlomoleng, le litebellong tse sisimosang tsa khohlano ea nuclear! Na kannete Bibele e profeta ntho e joalo? E, ka sebele ea ho etsa. E re: “Ba bolotsana ba tla felisoa, athe ba itšepetseng Jehova ba tla rua lefatše . . . ba bonolo ba tla rua lefatše, ba iketle khotsong e kholo. Ba lokileng ba tla ja lefa la lefatše, ’me ba tla hlola ho lona ka ho sa feleng.”—Pesaleme ea 37:9, 11, 29; bapisa Mattheu 5:5.
E be joale ho thoe’ng ka masea a shoeleng? Na le ’ona a tla ba teng lefatšeng la Paradeise? Ha a ee Limbo, kaha ha ho sebaka se joalo. Empa ba banyenyane ba mohopolong oa Molimo ba tla khutla tsohong ea bafu—eo ke e ’ngoe ea litšepiso tse babatsehang tse ka Lentsoeng la Molimo, joalokaha re se re hlokometse. (Johanne 5:28, 29; Liketso 24:15) Mohlomong u lahlehetsoe ke baratuoa lefung ’me hangata ua ipotsa hore na e be ba hokae hona joale. Ka Mangolo ho hlakile hore ba robetse ho fihlela nakong ea tsoho. Na u ka lakatsa ho tseba haholoanyane ka tšepo ena e hlollang ka bophelo lefatšeng la paradeise? Haeba ho joalo, ke hobane’ng ha u sa buisane le Lipaki tsa Jehova ka litaba tsee mohla li u etelang hape lapeng ha hao?
Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 6]
Batho ba bang ba lokileng ba ea leholimong. Ke bafe?
[Setšoantšo se leqepheng la 5]
Lazaro o ne a le hokae ha a ntse a shoele?
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 7]
Foto e nkiloeng Serapeng sa Lifate le Lipalesa Brooklyn