Ho Bula Maliboho Mathōkong a Amazon
SEBAKA se meru sa Amazon! E batla e le motho e mong le e mong ea utloileng ka sona. Empa ke batho ba seng bakae ba bileng le monyetla oa ho ea se bona. Leha ho le joalo, lilemong tse leshome tse fetileng bo-pula-maliboho, kapa basebeletsi ba ’maloa ba nako e tletseng ba entse hona hoo. Habohlokoa le ho feta, ba isitse litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo moo. Ba sebelisa sekeiti sa Mokhatlo oa Watch Tower El Refugio (Setšabelo), ba ile ba fohla sebaka seo se meru sa Amazon ka linōka tse kopakaneng tse phallelang koana le koana ka leboea-bochabela ho Peru.
Eo e ne e le kabelo e thahasellisang hakaakang! Merabe e mengata ea Maindia e qhalakane ho pholletsa le sebaka sena se seholo. Li-chacra tse nyenyane, kapa mapolasi, li fumanoa ho nyolosa le ho theosa le linōka tseo, le mathōkong a mabōpo ao, le ka hare-hare mefilibithing ea sebaka seo se meru. Le hoja ba le ka thōko, batho bana le bona ba tlameha ho fumana molaetsa oa Bibele oa bophelo.—Mattheu 24:14; 28:19, 20.
Haufi le Iquitos, motse-moholo oa sebaka seo se meru, linōka tse peli tse khōlō—Ucayali e phallang ka potlako e bileng e ka u lahlang le Marañón—li kopana ho etsa nōka e matla ea Amazon. Li ntse li phalla li sa khaotse, li tsoelipana, li bile li loebehlana, linōka tsena li ja lifate tsa linatla tse mabōpong a tsona li be li li fotholele ka metsing a tsona a lapileng. Liqubu tsa lehlabathe li etsoa bosiu, e leng ho fetolang tsela eo metsi a tsamaeang ka eona.
Ha re ntse re theosa ka nōka ea Ucayali, ka tšohanyetso El Refugio ea thula qubu ea lehlabathe e neng e le ka tlas’a metsi. Ho tsukutleha hoo ho sa lebelloang ha hlokisa batho ba palameng ka har’a sekeiti botsitso, empa ho itšoarella ka litšepe tse tšekaletseng le tse theosang ha ba thibela hore ba se ke ba oela ka metsing. Mokhanni oa sekeiti o ile a se chechisa, empa hoo ha se ke ha thusa letho. Se ne se eme tsi! Eaba baena ba tšeletseng ba neng ba palame ka sekeiting ba hlobola ho sala ka marikhoe a makhutšoanyane, ba theoha ba ema holim’a qubu eo ea lehlabathe, ’me ba qala ho laolla mabokose a 40 a libuka ho fokotsa boima. Hang-hang, motho e mong ea palameng ka sekeiting a hoeletsa: “Bona! Boa ea nōka ke eo e hloella ka sekeiting.” Ho ne ho fela ho le joalo, noha e botala bo khanyang e bolelele ba limithara tse peli e ne e nyoloha lehlakoreng la sekeiti. Empa ka mor’ a hore e otloe ka makhetlo a seng makae ka lesokoana, ea boela ka nōkeng. Ka potlako, ha boima bo se bo fokolitsoe, sekeiti sa tšoasoloha ’me sa boela sa kena tseleng.
Mekhoa ea Boboleli e Hlophisitsoeng
El Refugio hase sekeiti se seholo, ebile hase sekeiti se tsamaeang kapele. Ha ele hantle, se tsamaea butle haholo ha se ntse se loantša metsi ao a phallang ka potlako. Ka hona, e le ho potlakisa mosebetsi oa ho koahela tšimo e ka hare ho naha, bo-pula-maliboho ba qapile mokhoa o mong oa tšebetso. Pele ba tloha lehaeng la bona motseng oa Iquitos, ba leka ho fumana se larileng ka pele sebakeng se khethehileng seo ba batlang ho se koahela. Ka ho botsa batho bao e leng matsoalloa a sebaka seo, ba khona ho etsa ’mapa o sa nepahalang hakaalo oa metse le li-chacra tse leng sebakeng seo. Linōkana kapa melatsoana lia tšoauoa bakeng sa maeto a ho khelohela libakeng tse ka thōko. Ka hona, haeba sebaka se khethiloeng se e-na le metse e mengata, sekeiti se ka lula ’nģa e le ’ngoe beke kapa tse peli. Hangata, bo-pula-maliboho ba bane kapa ba tšeletseng ba tla koahela mapolasi ao a qhalakaneng, ha mokhanni le bo-pula-maliboho ba setseng ba kenella ka hare ho sebaka seo se meru, moo sekeiti se ke keng sa fihla. Sena se etsoa ka ho lokisetsa leeto la sefofane sa k’hampani ea mafura se tsoang ho leba kampong.
Likampo tsena ke libaka tse ka hare-hare tseo ho tlositsoeng lifate ho tsona tse ntseng li chekoa nako le nako ho batla oli. Banna ba lekholo kapa ba fetang moo ba ka ’na ba lula kampong e joalo. Lipaki li lokisa ho bua le banna bao nakong ea lijo tsa mantsiboea, ka mor’a lihora tsa mosebetsi. Kampong e ’ngoe, mokhoro oo ho jelloang ho oona o ile oa ipaka e le sebaka se setle seo bamameli ba ka lulang ho sona. Banna bao ba ile ba mamela, ’me ka mor’ a moo ba ’maloa ba botsa lipotso mabapi le mathata a boitšoaro ao ba thulanang le ’ona ha ba lula hōle hakaalo le malapa a bona. Oo e ne e le monyetla o motle hakaakang oa ho fana ka pono ea litaba ea Bibele ka bohloeki ba boitšoaro! Ka mor’a lenaneo la lipotso le likarabo, banna ba bangata ba ile ba kōpa Libibele le lithuso tsa ho ithuta Bibele. Ho ile ha nkoa mabitso, ’me hamorao ha qalisoa lithuto le ba bang ba banna bana le malapa a bona Iquitos. Likampo tse ’nè tsa mafura li ile tsa sebetsoa ka tsela ena—tse tharo e le ka ho tsamaea ka sefofane ’me e le ’ngoe ea sebetsoa ka ho eteloa ka El Refugio.
Nako le nako ha caserío, kapa motsana, e ne e bonoa ka thōko ho lebōpo, bo-pula-maliboho ba ne ba faseletsa sekeiti nthong e emeng e haufi le bona ka ho fetisisa e ka se bolokang ’nģa e le ’ngoe. Empa, ke monna ea bohlale ea tsamaeang le sekeiti ea neng a hlahloba lebōpo pele a theoha. Tōtōma e bonahalang e le thata ea mobu o lebōpong oo nōka e ntseng e o bokella e bonahala e le sebaka se sireletsehileng empa e ka u makatsa. Motho ea theohang a sa belaelle letho a ka ’na a iphumana a tetebetse seretseng ho fihla thekeng!
Hang ha ba theohile hantle, baena ba feta sehlopha sa bana bao hangata ba bokanang ka ho rata ho tseba litaba, ba tlatsitse lerata ’me baena ba batla ramotse. Ka bokhutšoanyane ba mo hlalosetsa morero oa ketelo ea bona ’me ba kōpa ho sebelisa mokhoro oa sekolo sa sebaka seo kapa setsi sa liboka tsa motse bakeng sa puo ea Bibele. Hangata ba neoa tumello. Ho etsoa liphatlalatso tsa molomo kaha bana ba hasana ka likhoro tsohle ho hasa memo eo. Pele ho puo, ho qetoa letsatsi boboleling ho tloha mokhorong o mong ho ea ho o mong. Batho ba tletse botsoalle ba bile ba amohela baeti ’me ka cheseho ba amohela libuka tsa rōna tsa Bibele. Moo ho nang le chelete e fokolang, ho tsamaisoa libuka bakeng sa likolopata, litšoene, likhoho, lipapakhai, litholoana, esita le palesa e ntle ea orchid.
Ha nako e lumela, ho etsoa maeto a ho boela motšehare oa mantsiboea. Ba bontšang thahasello e khethehileng ba kōptjoa ho tla le li-mechero tsa bona, kapa mabone a parafine a nang le khole bakeng sa ho khantša. Ka kakaretso, ka hora ea bosupa hantle, bohle ba be ba se ba lutse fatše, ba tšoere mabone a bona ka letsohong le leng le Libibele tsa bona ka ho le leng. Ha puo e fela, ho qaleha lipotso. Na Lipaki tsa Jehova li lumela mollong oa lihele? Litumelo tsa Lipaki li fapana joang le tsa bolumeli ba K’hatholike? Boholo ba bona ba thabela ho fumana likarabo hona ka Libibeleng tsa bona.
Liphihlelo tse Thabisang
Ka mor’a puo e ’ngoe e joalo, monna e mong le mosali oa hae ba ile ba tla ho pula-maliboho e ’ngoe ba sekisitse meokho. Monna eo a re: “Banab’eso, re qetile nako e telele re emetse ho utloa mantsoe a kang ao re a utloileng bosiung bona. Re rata naha ea habo rōna le khopolo ea paradeise ea lefatšeng e le hore re ka lula haufi le eona. Joale, ke mang enoa eo le reng o ea leholimong?” Ka sebele ke ho thabisang ho ba ka ntle sebakeng se meru sa Amazon, lik’hilomithara tsa lik’hilomithara hōle le “libaka tsa tsoelo-pele,” le ho fumana batho ba joalo ba seka linku.
Bo-pula-maliboho ba leka ho tsamaisa libuka tse sehlopha, kaha ba ka ’na ba qeta nako e telele pele ba khutlela metseng eo. Ka letsatsi le leng, morao koana Iquitos, monna ea tsamaeang le sekeiti se seng nōkeng o ile a emisa e mong oa baena ’me a kōpa sehlopha se seng sa libuka tse robeli. Ho ne ho etsahetse joang ka sehlopha sa hae sa pele? Beng ka eena ba mo chakelang ba ’nile ba alima libuka tseo ka bonngoe. Lintho tseo batho ba ka li balang lia fokola morao koana sebakeng seo se meru. Ka tsela ena, libuka li fihlile libakeng tseo bo-pula-maliboho ka bobona ho seng mohla ba kileng ba fihla ho tsona. Ka moea oa hae, Jehova oa bona hore likhatiso tsa rōna tsa Bokreste li fihla matsohong a nepahetseng.
Motsaneng o mong, baena ba babeli ba ile ba lula sekeiting ha ba bang ba latela tsela e fohlang sebaka seo se meru. Lifate tse khōlō li ne li khurumelitse ka holimo, li sirile khanya ea letsatsi, ha linonyana tse mebala-bala li ntse li neheletsana pina har’a makhasi ao a matala. Ka mor’a ho tsamaea metsotso e 15, Lipaki tseo tsa fihla sebakeng se seng se seholo seo ho neng ho tlositsoe lifate ho sona. Ho ile ha li nka hora ho etela mekhoro eohle e neng e le moo. Ha baena ba se ba batla ho tsamaea, monna e mong a atamela ’me a kōpa hore ba robaletse, kaha a ne a e-na le lipotso tse ngata. Kahoo e mong oa bo-pula-maliboho bao a sala ha ba bang kaofela ba khutlela sekeiting.
Pula-maliboho eo a etsa tlhahiso ea hore ho fanoe ka puo ea Bibele mantsiboeeng ao. Kahoo bana ba ile ba rongoa, ho ea moo baena ba neng ba sa ka ba fihla teng, ho bitsa baahisani. Khabareng, ho ne ho ntse ho khannoa thuto ea Bibele motseng, ho sebelisoa likhaolo tsa buka ’Nete e Isang Bophelong bo sa Feleng tse neng li akaretsa lipotso tse botsoang ke monna eo ea amohelang baeti. Ha ho phola ha mantsiboea ho nka sebaka sa mocheso, hang-hang sethala sa lifate tsa bamboo sa etsa molumo o lerata. Ka nako e tšoanang makholo-kholo a lipapakhai a bonahala a qala ho tlatsa lerata, a bonahala a amohela ho phola ha mantsiboea.
Ka phirimana, batho ba baholo ba 20 le bana ba bangata ba ne ba pota-potile sebui. Khanya ea lebone la khase e ne e bonesitse hantle hore batho ba tsebe ho bala, empa hape e ne e hohela makholo-kholo a likokoanyana tsa sebaka seo se meru. Ha se le hoo e ka bang bohareng ba puo, sebui sa koenya e ’ngoe! Ka mor’a pherekano ea ho se otla ka mokokotlong, letšeho, le qenehelo, a tsoela pele, a qetella puo ka katleho. Ka nako eo, lihlong tsohle li ne li se li felile ’me puisano e monate ea tsoela pele.
Ka mor’a hore moahisani oa hae oa ho qetela a tsamaee, monna eo ea khahlehang a hloma kharetene e thibelang menoang hukung e ’ngoe ea sethala se ka ntle ho ntlo ea hae, se neng se hahiloe holim’a lipalo hoo e ka bang bophahamo ba mithara le halofo ho tloha fatše. A tlohela pula-maliboho hore e phomole tlas’a kharetene eo, monna eo a bokella liphoofolo tsa hae ’me a li koalla tlas’a sethala seo ho li sireletsa khahlanong le masholu a senyang a sebaka seo se meru. Ha moena eo a ntse a sekame moo a leboha Jehova ka thapelo bakeng sa tlhokomelo ea hae, ka potlako melumo ea sebaka seo se meru ea mo koieetsa.
Ho ne ho bonahala eka ha ho e-s’o fete nako e telele ha moena eo a hlasimoloha ’me a lula. Mokoko o ne o qeta ho lla, ’me ho ne ho utloahala eka nonyana eo e tlas’a materase a hae hantle. E ne e le hona teng. Pele mokoko o ile oa lla, ntja ea bohola, eaba kalakunu ea lla, ’me qetellong pōli ea bokolla. Ka mor’a sena, linonyana tsa mefuta eohle tsa qala lerata la tsona la hoseng. Letsatsi le lecha le ne le qalile.
Ka mor’a lijo tse monate tsa hoseng, moena a kena tseleng ho ea kopana le metsoalle ea hae. Eaba o bona ka pejana ho eena ntho e neng e bonahala eka ke sefate se seholo se parotseng tsela. Ha a shebela haufi a bona hore ke noha ea boa e khōlō, e ka bang limithara tse robeli. Eaba ka hloko pula-maliboho eo e e pota ka thōko ’me ea fihla sekeiting e bolokehile.
Ho Hlōloa Khanyetso ea Baruti
Motse o latelang o ne o se na kamohelo e ntle. Ha sekeiti se hlahella ho leba moo se tla ema teng, baena ba makala ho bona sehlopha se seholo sa batho ba bokaneng lebōpong. Ba ne ba eteletsoe pele ke moprista oa K’hatholike, ba tsoka matsoho hore sekeiti se tsamaee, ba hoeletsa hore ha ba hloke libuka leha e le life tsa Bibele. Kahoo baena ba tsoela pele ’me ba faseletsa sekeiti sebakeng se seng se tlaasana ho motse.
Ka mor’a nakoana sekepana se entsoeng ka likoqo tse faselelitsoeng ’moho se nkileng libanana sa tloha motseng. Ha se feta, baena ba hoeletsa banna ba bararo ba se palameng hore ba emise mabapa le El Refugio. Ha ba ema, bo-pula-maliboho ba bararo ba hloella holim’a sekepana ’me ba qala ho paka. Mong’a sekepana o ne a batla ho tseba hore na ke hobane’ng ha moprista a ne a sa batle ha Lipaki li emisa motseng oo, ’me bo-pula-maliboho ba arabela ka hore ba ne ba sa bone hore na ke hobane’ng ha moprista a ne a sa batle ha batho ba utloisisa Bibele. Ka mohlala, phoso e ne e tla ba efe ha motho a bala Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele? Hang ha banna bao ba talima ka hare ho buka eo, ba ne ba sitoa ho e bea fatše.
Letsatsing le latelang, likepana tse ’maloa tse entsoeng ka lifate tse fatiloeng hare tsa leba ho El Refugio. Khatiso ea Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele e ne e tsositse thahasello e khōlō motseng. Baena ba ile ba bolelloa hore ka ho tsamaea sebaka se sekhutšoanyane ho tloha lebōpong ba ne ba tla fihla tseleng e neng e tla ba khutlisetsa motseng ba se ba o hlaha ka morao. Hang ha ba fihla moo ’me ba ea ka ntlo le ntlo, bo-pula-maliboho ba ile ba thabela kamohelo e molemo haholo. Boholo ba baahi ba motse ba ile ba nka libuka e le sehlopha kaofela, e leng ho ileng ha soabisa moprista oa sebaka seo haholo.
Ho Hahoa Holo ea ’Muso e Sebakeng se Hōle
Ka mor’a nako bo-pula-maliboho bao ba sebete ba fihla sebakeng se seng Amazon moo ho kopanang meeli ea linaha tse tharo. Metse e meraro, eo kaofela e leng sebaka se sekhutšoanyane o mong ho tloha ho o mong, e etsa sebaka sa khoebo se sephethe-phethe moo. E bitsoa Caballococha ea Peru, Leticia ea Colombia, le Tabatinga e ka lehlakoreng la Brazil. Ho bonolo ho kena ho ofe kapa ofe oa metse eo, kaha ho e-na le tšebeliso e fokolang ea lipasa sebakeng seo se meru.
Ha ba le Tabatinga, ba ithuta hore bo-khaitseli ba babeli ba bo-pula-maliboho ba Brazil ba ne ba ntse ba sebetsa motseng oo. Ba ne ba e-na le sehlopha se senyenyane se thahasellang ho kopana hammoho empa se se na sebaka seo se ka kopanelang ho sona. Bo-khaitseli bao ba babeli ba kōpa baena hore ba lule moo ’me ba fane ka lipuo sebakeng seo, e leng seo ba ileng ba se amohela ka thabo. Lipuisano tse ileng tsa latela hamorao tsa bontša hore har’a sehlopha seo ho ne ho e-na le menehelo e lekaneng ho reka likoqo tsa ho haha mohaho o monyenyane setšeng se neng se fanoe e le monehelo. Bo-khaitseli bao ba ne ba se ba ntse ba fumane sebaka seo ho sona ho nang le mochini oa ho sakha lifate ha ba nyolosa ka nōka moo monna e mong ea thahasellang a neng a ba tšepisitse likoqo ka theko e tlaase. Ho ile ha hlokahala hore El Refugio e boelle habeli ho tlisa likoqo tseo. Ka matsatsi a 15, matsoho a baithaopi a haha Holo ea ’Muso e khōlō ho lekana ho lulisa batho ba 80. Batho ba sebetsang sekeiting ba nehelana ka atril ea bona, kapa sethala sa sebui, le libenche tse ’maloa bakeng sa ho amohela sehlopha se tletseng cheseho. Ba ne ba thabile hakaakang hore ba be le sebaka sa liboka seo e leng sa bona qetellong!
Ho sa ntsane ho e-na le sebaka se seholo se lokelang ho koaheloa mathōkong a Amazon le linōka tsa eona tse e kopanyang le libaka tse ling. Ba utloang pitso ea Macedonia ea ho ‘bolela Evangeli’ libakeng tsena tse hōle ba hlohonolofatsoa haholo. (Liketso 16:9, 10) Joale El Refugio e na le sehlopha se secha sa bo-pula-maliboho se tsamaeang le eona. Le bona ba na le tšepo e feletseng ea hore Jehova o tla ba tataisa le ho ba sireletsa tšebeletsong ea bona e halalelang.
[’Mapa o leqepheng la 25]
(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)
COLOMBIA
Leticia
PERU
Iquitos
Amazon
Marañón
Ucayali
BRAZIL
Tabatinga
[Litšoantšo tse leqepheng la 26]
Bo-pula-maliboho ba palameng “EI Refugio” ba tlisa ’nete e fanang ka bophelo ho batho ba phelang mathōkong a Amazon