Ho Nyarela ka Litabeng
Thuto e Senyang
Lilemong tse leshome tse fetileng, koleche e ’ngoe Motseng oa New York e ’nile ea fana ka thuto tabeng ea likamano tsa botona le botšehali e nehang liithuti monyetla oa ho amohela mpho ea lithuto tse tharo tse li nolofalletsang ho fumana likhau tsa tsona. Liithuti li “kōptjoa ho ‘intša’ ho ea buisana le liotsoa, ho etela libaka tsa basodoma kapa ho etela libaka tse lebopong la leoatle moo batho ba tsamaeang ba hlobotse,” ho tlaleha moqolotsi oa litaba ho New York Post. Ho boleloa hore buka ea ho ithuta ea klase e fana ka litaelo tse hlakileng mabapi le likamano tsa botona le botšehali ka ho kenya setho sa botona kapa sa botšehali ka molomong ’me e khothalletsa mokhoa oa ho pholla litho tsa botona kapa tsa botšehali ho li khotsofatsa. Ho ea ka Post, joaloka karolo ea thuto klaseng, liithuti li bontšoa filimi e bontšang “banyalani ba kopanela likamanong tsa botona le botšehali,” esita le “litšoantšo tse bontšang ’mele oa monna le mosali.” Na ho na le ho hong ho suthetseng hōle le melao ea bohloeki le boitšoaro joaloka hona?—Ba-Filippi 4:8, 9.
Le hoja ho hlokahala hore bacha ba tsebe linnete tsa bophelo le ho ba le boikutlo bo botle ka tsona, batsoali ba na le boikarabelo bo boholo ba ho fana ka taeo e joalo. (Liproverbia 22:6) Thuto ea sekolo leha e le efe e khothalletsang likamano tsa botona le botšehali ka ntle ho lenyalo ’me e batla hore liithuti li talime lifilimi tse bontšang batho ba hlobotseng le ho batla ho tseba ka bosodoma le bootsoa, ha e le hantle, le ka mohla e ke ke ea amoheleha ho barapeli ba ’nete ba Molimo. Bibele e hlalosa ka ho hlakileng hore ba etsang bofebe, bohlola, le bosodoma ke batho ba nang le “litakatso tse matla, tse hlabisang lihlong,” ’me ba etsa “manyala.” Mabapi le lintho tse joalo, Bibele ea eletsa: “Telang bofebe.” Hape e re: “Bofebe, le litšila tsohle . . . ho se ke ha boleloa le mabitso a tsona har’a lōna.”—Ba-Roma 1:24-32, TLP; 1 Ba-Thessalonika 4:3, NW; Ba-Efese 5:3, 5; Ba-Galata 5:19, 21.
Tšepo e Fosahetseng
Batho ba batlang “tsela ea ho boloka litopo tsa bona li sa bole” ba tlohela mekhoa e tloaelehileng ea lepato ’me ba khetha mokhoa oa boholo-holo o neng o sebelisoa oa ho boloka ’mele oa mofu ka ho o nōka, ho tlaleha The Wall Street Journal. Tefo ea R17 250 e tla etsa hore “[setopo] se inoe ka har’a veine, linōko le metsoako ea lik’hemik’hale e thibelang ho bola ka likhoeli tse peli, se tlotsoe ka lioli tse monko o monate ’me se phutheloe ka lilakane, se kenngoe ka lekaseng la khalase le manehiloeng ka polyethylene le samente,” ho bolela Journal. Haeba lekase la bronze le entsoeng ho ea ka sebōpeho sa ’mele oa mofu le manehoa ka gauda kapa mabenyane, ho ka bitsa R230 000 le ho feta.
Leha ho le joalo, hase feela mokhoa o ikhethang oa ho boloka setopo ka linōko o hohelang bareki. Motho e mong o itse “haeba ke ’nete joalokaha Bakreste ba bang ba bolela hore ka Letsatsi la Kahlolo Kreste o tla re bitsa mabitleng, joale ke rata ho hlahella ke le sebōpehong se molemohali kamoo ho ka etsahalang.”
Joaloka Baegepeta ba boholo-holo ba neng ba lumela hore ’mele o lokela ho bolokoa bakeng sa moea o khutlang ka mor’a lefu, batho ba joalo hangata ba beha tšepo ea bona thutong ea hore moea ha o shoe. Baeta-pele ba bolumeli ba rutile hore ka Letsatsi la Kahlolo, ’mele ea batho ba lokileng le ea ba khopo e tla boela e kopane le meea ea eona bakeng sa thabo leholimong kapa tlhokofatsong ea mollo oa lihele.
Leha ho le joalo, thuto ea moea o sa shoeng ha e rutoe ka Bibeleng. Ho e-na le hoo, Bibele e ruta hore moea oa shoa. “Moea o etsang sebe ke oona o tla shoa.” (Ezekiele 18:4) Ka hona, tšepo ea Bibele ka bophelo ba nakong e tlang ha ea itšetleha ka ho pholoha ha moea o sa shoeng, empa ho tsoseng ha Molimo motho a e-na le mokhoa oa hae oa bophelo le ’mele o loketseng o nang le botho le mehopolo e tšoanang le eo a neng a e-na le eona pele a e-shoa. Ka ho nepahetseng, Jesu o ne a ka re: “Nako ea tla, eo bohle ba mabitleng ba tla utloa lentsoe la hae; ’me ba tla tsoa ho’ona.”—Johanne 5:28, 29.
“Hase Karolo ea Lefatše”
Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc., e ile ea kopana le Lekhotla la Litekanyetso la Motse oa New York selemong se fetileng ho kōpa tumello ea ho fetoloa ha melao ea kaho bakeng sa ho haha mohaho oa bolulo o mekato e 19. Le hoja boholo ba litho tsa lekhotla bo ne bo hanyetsa kaho ena, livoutu tse peli tse lumellanang le phetoho ea melao ea kaho li ile tsa etsoa ke ramotse Edward Koch oa Motse oa New York. Ha a hlalosa motheo oa qeto ea hae, Ramotse Koch o boletse hore “Lipaki tsa Jehova . . . li nkuoa e le baahisani ba molemo . . . ke li hlonepha haholo.” Eaba oa eketsa: “Ke bolelletsoe hore ka mabaka a bolumeli ha li kopanele likhethong leha e le life ’me mohlomong bona ke bothata bo bong ka mohaho ona, hobane ho boima haholo bakeng sa batho ba sa kopaneleng likhethong ho hlōla tsekisano moo matona a khethiloeng a hatelloang ke lenane le leholo la batho.”
Ramotse Koch o lokela ho babatsoa bakeng sa sebete sa hae le ho hloka leeme har’a bahanyetsi ba bangata joalo. Le hoja mohlomong sephetho e ne e tla ba se fapaneng haeba Lipaki tsa Jehova li ne li kopanela likhethong tsa bopolotiki, li ke ke tsa tlohelisoa boemo ba tsona ba ho se nke lehlakore litabeng tsa lipolotiki—ho sa tsotellehe hore na seo se hlahisa liphello tse khōlō hakae. Ho Bakreste ba ’nete boemo bo hlakile. Jesu o itse: “Hase karolo ea lefatše, joalokaha le ’na ke se karolo ea lefatše.”—Johanne 17:16, NW.