Lintho Tse Khōlō Tse Etsahalang Naheng e Nyenyane!
NA U ka fumana Grand Duchy ea Luxembourg ’mapeng oa hao? Naha ena e nyenyane e lutse mateanong a meeli ea Belgium, Fora, le Jeremane. Le hoja e le nyenyane, e lutse pooaneng. Motse-moholo oa eona, Motse oa Luxembourg, ke se seng sa litsi tsa Mekhatlo ea Sechaba ea Europe. Hape ke setsi se tsebahalang sa lichelete, seo libanka tse 125 li nang le boemeli ho sona hona joale. Empa, Grand Duchy ea Luxembourg e boholo ba 2 586 square kilometers feela ’me e na le baahi ba 372 000 feela!
Ka ho utloahalang, karolo eo Lipaki tsa Jehova tsa Luxembourg li tlatselitseng ka eona mosebetsing oa boboleli ba ’Muso lefatšeng ka bophara e nyenyane haholo ha e bapisoa le ea Lipaki lichabeng tse kholoanyane tse re potileng. Ho ntse ho le joalo, tsoelo-pele ea mosebetsi oa boboleli ba ’Muso mona e re hopotsa Zakaria 4:10: “Hobane ke mang ea ka nyelisang letsatsi la taba tse nyenyane?” Joalokaha lengeloi le ile la bolella moprofeta eo oa Moheberu, hase “ka matla le ka borena, empa e le ka moea oa ka, ho bolela Jehova oa makhotla!” (Zakaria 4:6) Kahoo ka sebele mosebetsi oa rōna, ho sa tsotellehe hore na o mokae, o ke ke oa nyelisoa. O tataisoa ke moea oa Molimo, o tlisa thoriso ho oona.
‘Matsatsi a Taba Tse Nyenyane’
Mosebetsi oa ho paka ka ’Muso o qalile ho ba teng Luxembourg, pakeng tsa 1922 le 1925, ha sehlotšoana sa Bakreste ba tsoang Strasbourg, Fora, se e-tla mona ho tla aba lipampitšana. Le hoja ba ne ba fokola ka palo, molaetsa oa bona o hatisitsoeng o ne o le matla. Nahana ka lihlooho tsa lipampitšana tseo: A Challenge to World Leaders, A Warning to All Christians, le Ecclesiastics Indicted. Ho ne ho hlokahala sebete se seholo bakeng sa ho hasa melaetsa eo, kaha karolo ea 96 lekholong ea baahi ba Grand Duchy ea Luxembourg e ne e le Baroma ba K’hatholike ’me ba tlanngoe ka thata-thata ke bolumeli ba bona le lineano.
Ka 1930 le 1931, Photo-Drama of Creation e ile ea bontšoa Luxembourg. Ka tsela e itseng, lipontšo tseo le liphello tsa tsona li hopotsa motho tšebeletso ea Jesu. Matšoele a maholo a batho a ne a phutheha ho pota Jesu ho utloa ha a bua le ho bona kapa ho latsoa liphekolo tsa hae, empa ke ba seng bakae feela ba ileng ba fetoha barutuoa ba hae. (Mattheu 4:23-25; 23:37) Lipontšong tsa Photo-Drama Motseng oa Luxembourg, holo e hiriloeng e ne e tlala matšoele a fetang 300 mantsiboea a mang le a mang. Empa ke ba seng bakae ba neng ba khutla ka mor’a moo bakeng sa puo e latelang le mananeo a lipotso le likarabo libekeng tse latelang. Qalong ho ne ho e-ba le batho ba 20 kapa ba 30, hamorao ba 10, ’me qetellong e le ba 4. Ke bao ba seng bakae feela ba bileng le kananelo e sa khaotseng bakeng sa lijo tsa moea tseo ba neng ba li nehoa.
Mamello e Kotula Meputso
Ka 1931 matsoalloa a pele a Luxembourg a ile a qala mosebetsi oa boboleli. Hoo ho ne ho se bonolo. Kereke ea Roma e K’hatholike e ne e tsoile letšolo ho hasa melaetsa ea lehloeo khahlanong le batho ba Molimo, ’me e ne e susumelletsa mapolesa ho kena-kenana ka hohle kamoo a ka khonang le tšebeletso ea rōna ea ntlo le ntlo. Mapolesa a ile a nka libuka tsa rōna, a etsa litšoso, kapa a tšoara baena hoo e ka bang ka makhetlo ’ohle ha ba ea tšebeletsong ea tšimo. Na joale katoloso ea borapeli ba ’nete Grand Duchy e ile ea emisa? Le hanyenyane! Hang feela ka mor’a ho lelekoa ha August Riedmueller, mosebeletsi oa pele oa nako e tletseng naheng ena, batho ba leshome ba Luxembourg ba ile ba kolobetsoa ka la 25 Loetse, 1932. Ba ne ba kopanela ka mehla mosebetsing oa boboleli, ho sa tsotellehe mathata a ho thulana le mapolesa.
Selemong sa pele ho ntoa sa 1934, bahoeletsi ba 15 ba mona ba ile ba aba libuka tsa Bibele tse 3 164. Hangata ba ne ba tsamaea sebaka se pakeng tsa lik’hilomithara tse 80 le tse 100 ka libaesekele ka letsatsi! Khaitseli e mong oa tlaleha: “Baesekele ea ka e ne e le ‘motsoalle’ oa ka oa ka mehla. Ho sebetsa metse ka ho latellana ho ile ha fetoha mosebetsi oo ke o ratang haholo, haholo-holo ka li-Sontaha.”
Mabotho a Jeremane a ile a futuhela Grand Duchy ea Luxembourg ka 1940, a tlama baena ba rōna hore ba etse mosebetsi ka sekhukhu ka lilemo tse hlano. Ba ’maloa ba ile ba tšoaroa. Ka mor’a ho qeta likhoeli chankaneng, ba ile ba lokolloa ka taelo e thata-thata ea hore ba khaotse ho tsoela pele ka boboleli bohle ba pontšeng ba Lipaki tsa Jehova. (Bona Liketso 4:17, 18.) Baena ba babeli ba ile ba isoa likampong tsa mahloriso. Ho sa tsotellehe hoo, baena ba setseng ba ile ba etsa seo ba ka se khonang, ’me palo ea lithuto tsa Bibele tse neng li khanneloa batho ba thahasellang e ile ea phahama ho tloha ho tse 6 ka 1942 ho ea ho tse 20 ka 1944. Hape ha batho ba 23 ba ne ba tlaleha tšebeletso ea tšimo selemong sa 1939, selemo sa 1946 se ile sa tlisa tlhōrō a ncha ea ba 39.
Ho Bonoa Tlhohonolofatso ea Jehova
Mashome a lilemo ho tloha nakong eo, Jehova Molimo o hlohonolofalitse ka keketseho e enneng mosebetsi oa boboleli ba ’Muso Luxembourg. Palo ea Lipaki e ile ea hōla ho ba tlhōrō ea tse 1 336 ka 1988. Hona joale ka karolelano, ho na le paki e le ’ngoe ea Jehova, bakeng sa baahi ba bang le ba bang ba 327 tšimong ea lekala la rōna. Batho ba fetang 2 900 ba bile teng moketeng oa Sejo sa Morena sa Mantsiboea ka la 1 ’Mesa, 1988, e leng karolelano ea motho a le mong bakeng sa baahi ba bang le ba bang ba 148! Ho boetse ho bontšoa thahasello e khōlō tšebeletsong ea nako e tletseng. Khale koana ka 1955, ho ne ho e-na le basebetsi ba 5 feela ba nako e tletseng, kapa bo-pula-maliboho, empa ka Motšeanong 1988 ho bile le kakaretso ea bo-pula-maliboho ba 190 tšimong eo!
Khōlo ena e ile ea tlisa tlhokahalo ea hore ho atolosoe mehaho ea lekala la rōna. Ofisi ea lekala ea Watch Tower Bible and Tract Society e ne e hlongoe mona ka lekhetlo la pele ka Loetse 1955 ’me e ne e le lapeng la motho a e-na le likamore tse peli. Ka la 12 Loetse, 1987, ofisi ea lekala e ntle e ncha e nang le likamore tse 20 le mohaho o moholo oa Lehae la Bethele e ile ea khakoloa. Ka nako e tšoanang, ho ile ha boela ha neheloa lehae la baromuoa le letle le lecha le nang le likarolo tse tharo le Liholo tsa ’Muso tse peli.
Ho Bolela ka Monyetla o Mong le o Mong
Ka sebele Luxembourg e na le lichaba-chaba. Batho ba Luxembourg ka bobona ba bua lipuo tse tharo. Empa, kaha moahi a le mong ho baahi ba bang le ba bang ba bane o tsoa naheng esele, kahoo ka tloaelo ho buuoa lipuo tse ngata.
Batho ba tsoang linaheng lisele ba tla mona ho tla sebetsa Mekhatlong ea Sechaba ea Europe, libankeng tse ngata, kapa mesebetsing ea matsoho. Kahoo re na le liphutheho tsa Sefora, Setaliana, le Sepotoketsi tse hlokomelang lihlopha tsena tsa lipuo lisele.
E mong oa bo-khaitseli ba rōna ba Mapotoketsi o bolela se ileng sa etsahala haufinyane leetong la sefofane: “Ke ile ka nka limakasine tse seng kae bakeng sa bopaki bo sa rereloang. Moo sefofane sa rōna se ileng sa qala ho ema teng, se ne se hloka ho lokisoa. Ha ho motho ea ileng a lumelloa ho theoha sefofaneng. Qalong ke ne ke se na sebete sa ho etsa seo pelo ea ka e neng e mpolella hore ke lokela ho se etsa. Khafetsa ka rapela Jehova hore a mphe matla a ho sebelisa monyetla ona.
“Ka mor’a hore ke inahane hape ka nakoana, ke ile ka ea ho mafumahatsana a tsamaeang le sefofane ’me ka kopa hore na nka lumelloa ho fana ka limakasine tse molemo le tse khothatsang ho batho ba ka sefofaneng. A ile a ntumella, ’me ke ile ka thabela ho atamela baeti ka bolokolohi, ke tsamaea le mela ea litulo ka ho latellana, feela joalokaha eka ke ne ke sebetsa ka ntlo le ntlo. Ke ile ka khona ho tsamaisa limakasine tse 12 le bukana ho batho ba fapa-fapaneng ’me ra ba le lipuisano tse monate.
“Motho oa ho qetela eo ke ileng ka mo atamela o ile a arabela ka boikhohomoso ka hore ha a hloke thuso, ka hobane ke moruti oa Evangeli. Hape, o ne a nahana hore ha hoa nepahala hore ke atamele baeti ka tsela eo ke entseng ka eona. Ka hlompho, ka ntšetsa puisano pele ke bua ka taba eo re neng re lumellana ho eona ea tumelo ho Molimo le kananelo bakeng sa mahlohonolo ’ohle ao o neng o tla a tšollela ba lumelang ho oona. Ka mor’a puisano eo, moruti eo o ile a mpabatsa bakeng sa ho ba le tumelo hape le bakeng sa sebete sa ka ha ke buisana le baeti kaofela.
“Joale ea neng a lutse haufi le ’na o ile a qala ho botsa lipotso, ’me re ile ra buisana ka nako e ka etsang lihora tse tharo!”
Baena ba rōna le bona ba bontšitse cheseho e sa tloaelehang tšebeletsong ea bona ea ntlo le ntlo. Molebeli e mong oa potoloho o tlaleha ka ba neng ba le teng phuthehong e ’ngoe: “Ho bile le tlhōrō e khōlō ha re phutheha bakeng sa tšebeletso ea tšimo Sontaha hoseng. Har’a bahoeletsi ba 109 ba kopanelang le phutheho eo, ba 102 ba ne ba le teng bakeng sa ho kopanela mosebetsing oa boboleli! Ba ile ba etsa boiteko bo babatsehang ba ho memela batho ba thahasellang puong ea phatlalatsa motšehare oa mantsiboea, ’me phello e bile hore holo e ne e tletse batho ba 198! Ba bangata ba ne ba qala ho ba teng libokeng ka lekhetlo la pele, le hoja ho e-na le Paki e le ’ngoe bakeng sa baahi ba bang le ba bang ba 50 tšimong ea phutheho eo!”
Bacha le bona ba bontša boikutlo bo botle malebana le menyetla eo ba nang le eona ea ho bolela molaetsa oa ’Muso. Ha ba ithuta ho Molula-Qhooa (oa Senyesemane) oa April 1, 1985, ka ho tšoaroa ha ba bang ba baena ba rona Turkey, bacha ba babeli ba ile ba etsa qeto ea ho etela lenģosa la Turkey. Baa tlaleha:
“Bohato ba rōna ba pele e bile ho lokisa nako le lona esale pele. Qalong, mongoli oa lona ha aa ka a nka taba ea rōna ka ho teba. Ho mo kholisa ka boikemisetso ba rōna bo tiileng, re ile ra ’montša likopi, ka lipuo tse ’maloa, tsa makasine o neng o e-na le tlaleho eo. A khahliloe ke seo, o ile a nka limakasine ’me a ea ofising ea lenģosa. Ka mor’a metsotso e leshome, o ile a khutla ’me a re bolella hore re ka tla hape ka mor’a libeke tse peli empa lenģosa le ne le tla boloka limakasine tseo ho hlahloba liqoso tse matla tse entsoeng moo. Re ile ra nka hona e le ntho e tšepisang.
“Ha re khutlela ntlong ea boemeli bakeng sa nako eo re lumellaneng ka eona, re ile ra fumana lenģosa leo le le mosa le bile le le botsoalle. Le ile la re bontša molaetsa oa mohala oo le o rometseng ’musong oa Turkey ho hlahloba lintlha tse ’maloa tse tlalehong ea makasine oa rōna. Li ne li netefalitsoe ’me li ile tsa etsa hore pelaelo ea rōna e nkoe ka ho teba.
“Le ile la khahloa ke hore sehlooho seo se ne se ngotsoe ka mokhoa o se nang leeme, ho se letho le fetellelitsoeng kapa eona nyatso e se nang mabaka ea baeta-pele ba lipolotiki. Re ile ra khona ho buisana le lona ka hora le halofo mabapi le bobusi ba Molimo, ho se nke lehlakore ha Bakreste, le ho hlōleha ha motho ho busa motho e mong ka katleho. Le ile la bontša ho utloisisa boemo ba rōna ’me la botsa hore na lona le ne le ka etsa joang ho thusa. Re ile ra etsa tlhahiso ea hore le tsebise ’muso oa habo lona ka seboka sa rōna le lona le hore le o bolelle hore na maikutlo a lona ke afe tabeng ena kaofela. Le ile la lumela hore le tla etsa joalo, ’me la kōpa likopi tse ’maloa tsa makasine oo e le hore le li romele ho baemeli ba fapaneng ba ’muso. Le ile la bolela hore le tla bula faele ea boitsebiso bo amehang le ho leka ho thusa ka tsela leha e le efe eo le ka e khonang.”
Likhoeli tse seng kae hamorao, Molula-Qhooa o ile oa tlaleha hore Lipaki tsa Turkey li lokollotsoe chankaneng ka taelo ea Lekhotla le ka Holimo-limo la Turkey. Ha ba ithuta ka seo, bahlankana bao ba ile ba etsa leeto la ho boela ’me ba amoheloa ka mofuthu ke lenģosa leo.
Historing ea mosebetsi oa ho bolela ka ’Muso mona Grand Duchy ea Luxembourg, re bona kamoo ho leng bohlale kateng ho se nyelise “letsatsi la taba tse nyenyane” empa ho le bohlale ho tšepa moea oa Jehova hore o nehe e mong le e mong oa rōna matla ao re a hlokang ho phetha thato ea hae ho isa tlhōrōng ea eona e khōlō. Ka thuso ea Jehova Molimo, ho etsahetse lintho tse khōlō mona tšimong ea lekala la rōna le lenyenyane la Luxembourg. Re hoa ka lentsoe le phefa ho lona ba e-s’o etse joalo re re ‘tlotlisang Jehova’ le rōna ’me ka ho etsa joalo le ‘latsoe le bone hoba Jehova o molemo.’—Pesaleme ea 34:3, 8.
[Limmapa tse leqepheng la 25]
(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)
North Sea
Netherlands
Federal Republic of Germany
Belgium
France
Luxembourg
150 km
100 mi
Belgium
Luxembourg
Luxembourg
Federal Republic of Germany
Trier
France
Metz
[Setšoantšo se leqepheng la 27]
Le hoja a le ka holimo ho lilemo tse 80, Victor Bruch, eo nakong ea Ntoa ea II ea Lefatše a neng a le kampong ea mahloriso, o ntse a sebeletsa e le moholo oa Mokreste