Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w89 6/1 maq. 3-4
  • Na ka Mehla Tšabo e Mpe?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na ka Mehla Tšabo e Mpe?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1989
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ke Hobane’ng ha re Lokela ho Tšaba Molimo, Eseng Batho?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1989
  • Ho Ithuta ho Fumana Thabo Tšabong ea Jehova
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1995
  • Ho Tšaba Molimo—Na ho ka U Tsoela Molemo?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1987
  • Etsa Hore Pelo ea Hao e Tšabe Jehova
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2001
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1989
w89 6/1 maq. 3-4

Na ka Mehla Tšabo e Mpe?

E KA senya thabo ’me ea felisa tšepo. E ’nile ea boleloa e le chefu ea kelello, e senyang monahano, ’me ho boleloa hore e senya haholoanyane ho feta ho kula ho hobe ka ho fetisisa ’meleng. E, tšabo ke boikutlo bo matla ka ho fetisisa. Empa, na ka mehla e mpe?

Ak’u nke hore u khanna ’mileng oo u sa o tloaelang. ’Mila o nyolohela lithabeng ’me o qala ho tsoelipana le ho ja methinya. Shoalane ea tšoara, ’me ho na tšeole. Koloi ea hao e thella hanyenyane, ’me u hlokomela hore u fihlile bophahamong boo ’mila o seng o e-ba leqhoa.

Joale u lokela ho ba seli haholo. Ha u ntse u ea joalo ka hloko le mothinya o mong le o mong, u hlokomela hore na ho ne ho ka ba bonolo hakaakang ho lahla taolo ea koloi sebakeng se thellang le ho kolumela ka khohlong e ka tlaase. Ho feta moo, ha u tsebe le hanyenyane likotsi tse ling tse larileng lefifing. Ha u ntse u nahana ka lintho tse kang tsena, u oma mathe ’me pelo ea hao e qala ho otla kapelenyana. U ntšitse mahlo linameng. Ho sa tsotellehe hore na u ne u nahana ka eng pele, hona joale u tšoarehile ka ho felletseng ka mosebetsi oo u talimaneng le oona: ho boloka koloi ka ’mileng le ho qoba kotsi.

Qetellong, ’mila o theosetsa tlaase. Ho na le mabone a ’mileng, ’me ha ho sa na leqhoa. Butle-butle, ’mele oa hao oa thapoloha. Ua khatholoha u bile u re nk’hu! Tšabo eo eohle e ne e le lefeela!

Empa na e ne e le ea lefeela? Ka sebele ha ho joalo. Tšabo e loketseng tlas’a maemo a joalo e tloaelehile. E etsa hore re be seli, re be hlokolosi. Tšabo e nepahetseng e ka re thusa hore re se etse ntho leha e le efe ka lepotla-potla, e be re intša kotsi. E, tšabo hase ka mehla e senyang monahano kapa e leng chefu ea kelello. Tlas’a maemo a mang, e ka ba molemo.

Bibele e bua ka tšabo ’me e re hlokomelisa ka ho khethehileng ka mefuta e ’meli ea eona. Mofuta o mong oa tšabo ka sebele ke chefu ea kelello. Empa o mong hase feela o tloaelehileng le o loketseng empa o hlile oa hlokahala hore re tle re pholohe. Ke mefuta efe e ’meli ea tšabo? Hona re ka ithuta joang ho ba le o mong ha re qoba o mong? Ho tla buisanoa ka sena sehloohong se latelang. 

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela