Mosebetsi o ka u Thabisang
“KA SEBELE ke ne ke rata mosebetsi oa ka ke le mohatisi. Ke ne ke lefshoa hantle, ’me sena se ile sa etsa hore ke sebetse lihora tse ngata ka morao ho nako ea mosebetsi. Ka lilemo li se kae feela, ho sa tsotellehe lilemo tsa ka tsa bocha, ke ile ka fetoha motšepuoa ho monghali oa ka,” ho bolela Antonio oa Genoa, Italy. Ho bonahala Antonio a ile a finyella lipheo tse susumetsang batho ba bangata ho sebetsa ka thata: moruo, boemo, le mosebetsi o hapang maikutlo oo a neng a o thabela.
Na Antonio o ne a “latsoa boiketlo ka mokhathala oohle oa hae”? (Moeklesia 3:13) ’Me na mosebetsi o joalo ka sebele o ne o hlile o mo thabisa? O tsoela pele ka ho re, “Ka baka la khatello ea maikutlo e bakiloeng ke mokhoa oa bophelo o sa hlophisehang, re ile ra qala ho ba le mathata a lelapa. Sena ha sea ka sa re thabisa.” Antonio le mosali oa hae ba ne sa thaba ho sa tsotellehe mesebetsi ea bona e khotsofatsang. Ho joang ka uena? Na u ‘latsoa boiketlo ka mokhathala oohle oa hao’? Na ka sebele mosebetsi oa hao o hlile oa u thabisa?
Na ke Mabaka a Matle a Susumetsang?
Lebaka le leholo la ho sebetsa ka thata ke ho iphelisa. Linaheng tse ling, batho ba tlameha ho sebetsa lihora tse eketsehileng hore feela ba ’ne ba phele. Ba bang ba sebetsa ka thata motšehare le bosiu hore bana ba bona ba tle ba phele hamolemonyana. Athe ba bang ba susumetsoa ke ho batla ho bokella maruo.
Leonida oa Philippines o ne a e-na le mesebetsi e ’meli. O ne a sebetsa bankeng motšehare ’me o ne a ruta kolecheng ka lihora tse tharo kapa tse ’nè ka phirimana. Na chelete e eketsehileng e ne e lekana boiteko? “Ka mehla ke ne ke lula ke shebella nako ea ho emisa mosebetsi, ke ne ke tennoe. Ke ne ke ho etsa ke sa khotsofala.”
Che, ho sebeletsa chelete feela ha ho tlise khotsofalo ea ’nete le thabo. “U se ke ua ikhathatsa ho bokella leruo, le tla mela mapheo ruri, le rurele holimo joale ka ntsu,” ho elelitse Morena Salomone. (Liproverbia 23:4, 5) Ho tlalehoa hore lintsu tse ling li fofa ka lebelo le fihlang ho lik’hilomithara tse 130 ka hora. Sena se fana ka mohlala o motle oa lebelo leo ka lona maruo a fumanoeng ka thata a ka fofang. Esita le haeba motho a bokella leruo, ha a e-shoa a ke ke a nka letho.—Moeklesia 5:15; Luka 12:13-21.
Ka linako tse ling ho tšoareha haholo ka ho iphelisa ho ka hlahisa likotsi tse tebileng. Ho ka lebisa leratong la chelete. Lekholong la pele la lilemo, ho ne ho e-na le sehlopha sa balumeli se neng se bitsoa Bafarisi ba neng ba tsebahala ka ho rata chelete. (Luka 16:14) Erekaha moapostola oa Mokreste Pauluse e ne e kile ea e-ba Mofarisi, o ne a tseba ka botlalo mokhoa oa bona oa bophelo. (Ba-Filippi 3:5) Pauluse oa eletsa: “Ba ratang ho rua, ba oela melekong, le lerabeng, le litakatsong tse ngata, tse sa utloahaleng, tse senyang, tse tebisetsang batho timelong le tahlehong. Hobane lerato la leruo ke motso oa libe tsohle, ba bang ka ho le lakatsa . . . ba itlhabile ka mahlomola a mangata.” (1 Timothea 6:9, 10) E, “lerato la leruo,” ho etsa tsohle ka baka la lona, ho ka senya bophelo ba motho. Tsela e joalo ha e felle ka thabo.
Ho ba bang, lebaka le ba susumetsang ho ikitlaetsa ka matla ke ho fumana maemo a phahameng mosebetsing. Leha ho le joalo, ba qetella ba talimane le boemo ba sebele. Makasine Fortune e re: “Bacha ba batlang ho rua kapele, ba tetseng lilemo tsa bona tsa bo20 le tse qalang tse 30 hore ba finyelle boemo ba bookameli joale ba bona boemo ba sebele bo ke keng ba qojoa ba hore, ho sa tsotellehe ho sebetsa ka thata, hase e mong le e mong ea tla fihla tlhōrōng. Ha ba tsielehile ka baka la boikhathatso ba bona, ba ipotsa hore na hona hohle ho bolela eng. Hobane’ng re loana ka thata hakaale? Ke mang ea tsotellang?”
Bophelo ba monna e mong ea joalo, Mizumori, bo ’nile ba likoloha tabeng ea ho atleha lefatšeng. Ka ho phehella mosebetsi oa ho ba mookameli ho e ’ngoe ea libanka tse khōlō Japane, haa ka a ba le nako le lelapa la hae. Ka mor’a ho sebetsa ka thata lilemo tse fetang 30, bophelo ba hae bo ile ba senyeha, ’me o ne a sa thaba. O re, “Ke ile ka hlokomela hore ho tsekisana litulo har’a batho ba lekang ho hlahella ‘ke lefeela, ke mosebetsi o nyopileng.’”—Moeklesia 4:4.
Empa ho thoe’ng ka batho ba kang Antonio, ba thabelang mosebetsi oa bona? Kahobane Antonio a thahasella haholo mosebetsi oa hae, a tela lelapa la hae bakeng sa mosebetsi. Ba bang ba tela boiketlo ba bona haesita le bophelo ba bona, joalokaha ho bontšitsoe ke ho shoa ka tšohanyetso ha baokameli ba bangata ba lifeme Japane ba ileng ba sebetsa ka thata. Ka ho makatsang, lefapha le fanang ka likeletso ho beng ka mofu ba saretsoeng le ile la amohela melaetsa ea thelefono e 135 ka letsatsi le le leng.
Ba bang ba nehetse bophelo ba bona ho thusa ba bang. Jesu o ile a khothalletsa moea ona. (Mattheu 7:12; Johanne 15:13) Ho ipoloka o tšoarehile mosebetsing oa bohlokoa oa ho thusa ba bang ho hlile ho tlisa thabo.—Liproverbia 11:25.
Leha ho le joalo, mosebetsi o joalo o motle o na le mathata a itseng. Ka mohlala, morena oa Juda Oziase o ile a tšoareha mosebetsing o boima oa ho cheka liliba lefeelleng. Ho ka etsahala hore Oziase o ne a hopotse ka ho thusa batho ba hae, “hobane ka nako eo o ne a batla Jehova” ’me ka ho totobetseng o ne a ela hloko taelo ea Molimo ea hore marena a hloke boithati. (2 Likronike 26:5, 10; Deuteronoma 17:14-20) Sena se ile sa hōlisa katleho ea lebotho la hae, ’me “botumo ba hae ba hasana hōle.” Empa ha a fetoha ea matla, a ikakasa, ’me ha fella ka ho oa ha hae. (2 Likronike 26:15-20; Liproverbia 16:18) Ea inehetseng ho thusa ba bang empa a susumelitsoe ke ho ikhotsofatsa le boikhohomoso a ka oa. Joale, ke hobane’ng ha motho leha e le ofe a ka batla ho sebetsa ka thata?
Motho o Etselitsoe ho Sebetsa
Re ka ithuta ho hongata ka mosebetsi ho monna ea ileng a etsa molemo o moholo ho feta motho leha e le ofe ea kileng a phela lefatšeng. Monna eo ke Jesu Kreste. (Mattheu 20:28; Johanne 21:25) Ha a ne a e-shoa thupeng ea tlhokofatso, o ile a re, “Ho phethehile!” (Johanne 19:30) Bophelo ba hae ba lilemo tse 33 le halofo bo ne bo khotsofatsa.
Bophelo ba Jesu bo ile ba thusa ho arabela potso, “Ke mosebetsi ofe o ka u thabisang?” E ne e le ho etsa thato ea Ntat’ae oa leholimo ho ileng ha mo tlisetsa thabo e ke keng ea lekanngoa. Ka ho tšoanang, ho etsa thato ea ’Mōpi oa rōna ho ka re neha boikutlo ba ho finyella ho itseng ’me ha re thabisa. Hobane’ng? Hobane O tseba pōpeho ea rōna le litlhoko tsa rōna ho feta kamoo re tsebang kateng.
Ha Molimo o ne o bōpa motho oa pele, Adama, O ile oa mo neha mosebetsi oa matsoho le oa kelello. (Genese 2:15, 19) Hore Adama a ‘buse’ tsohle tse phelang lefatšeng, ho ile ha mo neha monyetla oa mosebetsi oa ho okamela tlhophiso. (Genese 1:28) Ha feela Adama a ne a utloa tlhophiso ena, mosebetsi oa hae o ne o tla ba le moelelo le ho ba bohlokoa. Kabelo e ’ngoe le ’ngoe e fokolang ea mosebetsi e ne e mo neha monyetla o mong oa ho thabisa Ea Phahameng.
Leha ho le joalo, Adama haa ka a tsoela pele a etsa joalo. O ile a rera ho nyelisa tokisetso ea Molimo. Adama haa ka a hlola a thabela ho etsa thato ea Molimo empa a batla ho etsa se mo thabisang. A etsetsa ’Mōpi oa hae sebe. Ka baka la qeto ea hae, Adama, mosali oa hae, le bana bohle ba hae ba e-ba “tlas’a ’muso oa bosaoana [“lefeela,” NW].” (Ba-Roma 5:12; 8:20) Ho e-na le hore mosebetsi o tlise thabo, oa fetoha o tenang le o sa thahaselliseng. Kahlolo ea Molimo ho Adama e ile ea akarelletsa mantsoe ana: “Lefatše le rohakiloe ka hona ka baka la hao; ’me u tla ja tsa lona ka thata ka matsatsi ’ohle a ho phela ha hao; le tla u melisetsa litšehlo le meutloa, ’me u tla ja joang ba naha. U tla ja bohobe ka mofufutso oa phatla ea hao, u be u khutlele mobung.” (Genese 3:17-19) Mosebetsi, o neng o hlompheha ka kutloisiso ea ho ba le sepheo sa ho thabisa ’Mōpi oa motho, joale oa bolela tšebetso e bohloko ea ho fumana bohobe ba hae.
Ke qeto efe eo re ka e fihlelang ho tsoa linneteng tsena? Ena: Mosebetsi o thata o tlisa khotsofalo ea ka mehla le thabo ha feela bophelo ba rōna bo likoloha ho etseng thato ea Molimo.
‘Latsoa Boiketlo’ ka ho Etsa Thato ea Molimo
Ho etsa thato ea Molimo ho ne ho tšoana le lijo ho Jesu Kreste—ntho e lokelang ho thabeloa le ho tšehetsa bophelo ba hae ba moea. (Johanne 4:34) Re ka thabela mosebetsi ka tsela e tšoanang joang?
U tlameha ho tsebisisa “ho ratoang ke Morena.” (Ba-Efese 5:17) Thato ea hae ke hore batho ba khutlisetsoe “tokollong ea khanya ea bana ba Molimo.” (Ba-Roma 8:21; 2 Petrose 3:9) Hajoale mosebetsi oa ho bokella lefatšeng lohle o ntse o etsoa. Le uena u ka ’na ua kenya letsoho mosebetsing ona o khotsofatsang haholo. Ka sebele mosebetsi oo o tla u thabisa.
Antonio, ea boletsoeng pelenyana sehloohong sena, hamorao o ile a fumana khotsofalo le thabo. Ha eena le mosali oa hae ba ne ba etelletsa mesebetsi ea boipheliso ea “lefeela” pele bophelong ba bona ’me ba amehile ka ho teba ho eona, bophelo ba bona ba moea bo ile ba fokola haholo. Ea e-ba hona ba qalang ho ba le mathata a lelapa. Ha mosali oa hae a hlokomela boemo, a etsa qeto ea ho tlohela mosebetsi oa hae oa boipheliso ’me a qala ho ‘ikitlaetsa ka matla’ ho etseng mosebetsi oa ho bolela ka ’Muso oa Molimo ka nako e tletseng.—Luka 13:24, NW.
“Hang-hang ra hlokomela phetoho e khōlō,” ho hlalosa Antonio. “Liqabang tsa ka mehla tsa fela. Khotso ea khutlela lapeng la rōna.” Mosali oa hae o ile a kotula thabo ea ho thusa ba bang ho fumana tsebo e bolelang “bophelo bo sa feleng.” (Johanne 17:3) Thabo ea hae e ile ea susumelletsa Antonio ho hlahlobisisa seo ka sebele se leng bohlokoa. Takatso ea hae ea ho sebeletsa Molimo ka moea ’ohle ea hlōla. O ile a hana ho nyolleloa boemong bo bong mosebetsing ’me a kōpa ho lokoloha ho ’ona. Le hoja phetoho e ne e bolela ho nka mosebetsi o fokolang, ka bobeli Antonio le mosali oa hae ba thabile hore ba sebelise boholo ba nako ea bona tšebeletsong ea Bokreste, ba etsa thato ea Molimo.
Ke ’nete hore hase e mong le e mong ea ka etsang liphetoho tse khōlō joalo. Mizumori, mookameli oa banka Japane ea boletsoeng pelenyana, o thabela tšebeletso ea hae e le moholo phuthehong ea Bokreste ’me o ntse a tšehetsa lelapa la hae ka mosebetsi oa hae oa boipheliso, moo e leng mookameli. Leha ho le joalo, bophelo ba hae ha bo sa likoloha mosebetsing oa hae oa boipheliso empa bo likoloha ho etseng thato ea Molimo. Mosebetsi oa hae oa boipheliso ke thuso e mo tšehetsang le e mo nolofalletsang ho finyella sepheo seo. Joale mosebetsi oa hae o boetse o na le morero.
Ha u hlaolela pono ena ka mosebetsi oa hao, ka ntle ho pelaelo u tla ikitlaetsa ‘e seng ka ho sebetsa ha u talimiloe, joale ka hoja u rata ho khahlisa batho, empa ka pelo e khabane, ka ho tšaba Molimo.’ (Ba-Kolosse 3:22) Ho tšepahala ho joalo ho ka ’na ha bonahala ho sa thuse haholo mokhatlong ona o tletseng tlhōlisano, empa, joalokaha Mizumori a lumela, ka ho sebelisa melao-motheo e joalo, u tla tšeptjoa le ho hlomphuoa. O ile a khaotsa ho sebeletsa boemo bo phahameng empa leha o le joalo o ile a phahamisoa.—Liproverbia 22:29.
E, ho etsa hore bophelo ba hao bo likolohe ho etseng thato ea Molimo ke senotlolo sa ho fumana thabo mosebetsing o thata. Ke ka lebaka leo Morena Salomone ea bohlale a ileng a qetella ka ho re: “Ha ho letho le ka bang molemo ho bona, haese ho itumela le ho iketsetsa boiketlo ba tšiu tsa bophelo ba bona; ke lemohile hape hoba, ere ha motho a e-ja, kapa a e-noa, le ho latsoa boiketlo ba mokhathala oohle oa hae le teng e sa le neo ea Molimo.”—Moeklesia 3:12, 13.
[Setšoantšo se leqepheng la 7]
Ho etsa hore bophelo ba lelapa la hao bo likolohe thutong ea Bibele le ho etseng thato ea Molimo ke senotlolo sa ho thabela litholoana tsa mosebetsi o thata