Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w89 7/15 maq. 26-29
  • Ho Talimana le Phephetso ea Tšimo ea Khale ka ho Fetisisa Lefatšeng

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Talimana le Phephetso ea Tšimo ea Khale ka ho Fetisisa Lefatšeng
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1989
  • Lihloohoana
  • Ho Talimana le Phephetso
  • Ho Behoa Litholoana Tsa ’Muso
  • Litlhoro Tse Ncha Tšimong ea Khale ka ho Fetisisa
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1989
w89 7/15 maq. 26-29

Ho Talimana le Phephetso ea Tšimo ea Khale ka ho Fetisisa Lefatšeng

“’MUSO oa maholimo o atametse.” Ho baboleli ba 370 ba “litaba tse molemo” Naheng ea Iseraele ea kajeno, ho phatlalatsa molaetsa oo ho na le moelelo o khethehileng. Hobane’ng? Hobane ke hona mona moo molaetsa oa ’Muso o phatlalalitsoeng ke Jesu Kreste ka lekhetlo la pele hoo e ka bang lilemong tse 2 000 tse fetileng. (Mattheu 4:17; 24:14, NW) Hoo ho etsa hore Iseraele e be tšimo ea khale ka ho fetisisa lefatšeng eo litaba tse molemo li boleloang ho eona.

Leha ho le joalo, ho tloha qalong feela ena e bile tšimo e phephetsang. Le hoja ba bangata ba ne ba bontša thahasello molaetseng oa Jesu, ke ba seng bakae ba kileng ba etsa ho fetang hoo. (Johanne 6:2, 66) Kajeno, phephetso e lutse liponong tse fapaneng haholo tsa bolumeli, mekhoa ea sechaba, le lipolotiki.

Ka lehlakoreng le leng, ho na le Maarabia a limillione tse 2,2. Har’a ’ona ho na le Bakreste ka lebitso, Masolomane a mafolo-folo kapa a seng mafolo-folo, litho tsa tumelo ea Druze, le ba ipolelang e le ba sa lumeleng ho Molimo. Hape ba arohane ka litsela tse sa tšoaneng lipolotiking, ba bang ba buella ho theoa ha naha e ipusang ea Palestina Moeling o ka Bophirimela le Mochophorong oa Gaza.

Ka lehlakoreng le leng, ho na le Baiseraele ba Bajode ba limillione tse 3,5, le bona ba arohane ka litsela tse ngata. Ba bang ba falletse moo ba e-tsoa Morocco, Yemen, Iraq, le Syria. Ba bang ba tlile ba e-tsoa Europe le Russia. Ba bang hape ba tsoa India, Amerika leboea le Amerika boroa, Ethiopia, Afrika Boroa, le libakeng tse ling. Ba phela ka lihlopha tse nang le mekhoa le meetlo ea tsona hammoho le tlhaloso ea tsona e ikhethang ea Bojuda le hore na bo lokela ho etsoa joang.

Ka mohlala, ho na le rabbi ea ka sehloohong oa Bajode ba Ashkenazi (ba Europe) le e mong oa Bajode ba Sephardic (ba Bochabela bo Hare). Le hoja boholo ba bona ba bontša thahasello e matla litsekong tsa bopolotiki, ho na le Bajode ba nkang bolumeli ka ho tebileng haholo ba bileng ba sa amoheleng ho ba teng ha Naha ea Iseraele ’me ba hana ho lefa makhetho. Hape ho na le mahlatsipa a Ho Ripitloa ha Bajode ke Manazi, bao ba bangata ho bona ba ntseng ba hlokofatsoa ke se bohloko seo ba fetileng ho sona nakong e fetileng, e mong le e mong a e-na le phihlelo ea hae e otlang pelo eo a ka e phetang. Hape, ba bangata ba ntseng ba eketseha ba ipolela hore ke ba sa lumeleng ho Molimo, ba khomarela lifilosofi tsa botho tse fapa-fapaneng. Leqhoele le le leng le kopantseng Bajode hammoho ke ho pholoha ha bona e le sechaba le ho ba teng ha bona lipolotiking.

Ho Talimana le Phephetso

Ka mor’a hore o emise ka lilemo tse ka holimo ho 1 800, mosebetsi oa ho bolela ka ’Muso o ile oa tsosolosoa mona ka tekanyo e nyenyane ka 1913. Ka nako eo, mohlankana ea thahasellang Bibele o ile a qala ho jala peō ea ’Muso Ramallah, hoo e ka bang lik’hilomithara tse 16 ka leboea ho Jerusalema. Ho tloha moo litaba tse molemo li ile tsa hasana ho ea ho baahi ba Maarabia ba Beit-Jala le Haifa. Nakoana ka mor’a Ntoa ea II ea Lefatše, bo-khaitseli ba babeli ba Lipaki bao e neng e le Bajode ba ile ba qalisa mosebetsi bocha tikolohong ea Tel Aviv/Jaffa. Kajeno, ho na le liphutheho tse tšeletseng le lihlopha tse peli tsa Lipaki tsa Jehova tse sebeletsang Haifa, Tel Aviv, Bethlehem, Ramallah, Lod, le tikolohong ea Beer-Sheba.

Joaloka makholong a 19 a lilemo a fetileng, tšebeletso ea ntlo le ntlo e sa ntsane e le tsela e sebetsang ka ho fetisisa ea ho fumana ba thahasellang litaba tse molemo. (Luka 8:1; bapisa Liketso 5:42.) Ha e le hantle, ha ho bapisoa le linaha tse ling, hoa thabisa ho paka ka tsela ena mona. Ka kakaretso, batho ba chesehela ho tseba molaetsa oa rōna ’me ba mema bahoeletsi ba ’Muso hore ba kene ka tlung ho tla buisana le bona. Hangata cheseho ena ea ho tseba litaba e lebisa ho tsamaisoeng ha limakasine tsa rōna le libuka tse ling tsa Bibele. Khafetsa, likhatiso tse joalo li neheletsanoa ho tloha ho moahisani e mong ho ea ho e mong, e leng ho fellang ka hore batho ba bang ba ithute ’nete ea Bibele.

Leha ho le joalo, hangata cheseho eona ena ea ho tseba litaba e fetoha tšokelo ho peō ea ’nete e ntseng e e-s’o tiee ka lipelong tsa batho ba bacha. (Mattheu 13:20, 21) Baahisani, metsoalle, ’me haholo-holo baeta-pele ba bolumeli ba etsa sohle se matleng a bona ho hatella, ho soma, ho tšosa, ’me maemong a mang ba hleka-hleka ’meleng batho ba bontšang thahasello molaetseng oa ’Muso. Ka baka leo, ba bang ba lahlehetsoe ke mosebetsi, ha ba bang ba tlohelisitsoe ka ho felletseng ke metsoalle le lelapa. Ba emang ba tiile ’me ba fetoha Lipaki tsa Jehova ba tlameha ho mamella mello ea khanyetso.—Bapisa Johanne 9:22.

Khanyetso e boetse e tla ka litsela tse ling. Lipaki tse tsoetsoeng e le Bajode li ’nile tsa hlaseloa ke sehlopha sa mahoo-hoo. Ofisi ea lekala le Holo ea ’Muso e Tel Aviv le Holo ea ’Muso e Haifa li ’nile tsa hlaseloa ke batho ba chesang thepa ka boomo. Hona joale ho na le khatello e khōlō holim’a Lipaki tsa Maarabia le tsa Bajode hore li nke lehlakore tsekong ea lipolotiki e mabapi le ho theoa ha naha ea Palestina. Ba bolokile boemo ba ho se jele paate litabeng tse joalo, ka hlompho baena ba hlalosa hore ha ho kofuto ea batho e ka rarollang mathata a batho ba kulang. Ho fapana le hoo, li etsisa Moeta-pele oa tsona, Jesu Kreste, Lipaki li supa ’Muso oa Molimo e le oona feela tharollo.—Johanne 17:16; 18:36.

Ho Behoa Litholoana Tsa ’Muso

Ho sa tsotellehe liphephetso tse tšimong ena ea khale ka ho fetisisa eo ho kileng ha fanoa ka bopaki ho eona, ba ‘utloang lentsoe ’me ba le utloisisa’ ba beha litholoana tsa ’Muso tšimong ena. (Mattheu 13:23) Mosebeletsi e mong oa nako e tletseng ea nang le phihlelo o boletse: “Ho na le batho ba nyoretsoeng ’nete, barati ba ho loka, ba ho batlang ka sebele. Ha ba susumetsoe ke likhopolo kapa likhatello tse tsoang ho ba bang. Ha monyetla oa ho ithuta ’nete o hlaha, ba o nka ka potlako.” Liphihlelo tse ngata li bontša ntlha ena.

A hōletse ntlong ea baitlami Greece, Benvenida o ile a khahloa haholo ke seo Bibele e se bolelang ka “borapeli bo hloekileng, bo se nang sekoli,” ka ho khetheha, “ke ha motho a lekola likhutsana le basali ba bahlolohali mahlomoleng a bona, ’me a ipoloka lefatšeng a se na le lethebanyana.” (Jakobo 1:27) Ha e sa le ngoananyana oa Mojode, liphihlelo tseo a fetileng ho tsona e bile feela “koluoa ka mor’a koluoa,” kamoo a behang kateng. O ile a mamella bothata ba ho haptjoa ha naha ke Manazi le ntoa ea lehae, eo a ileng a shoeloa ke monna ho eona. Empa ha ho mohla tšepo ea hae ea ho fumana batho ba tšepahalang le ba se nang boikaketsi e kileng ea fela.

Ka mor’a ho fallela Iseraele ka 1949, Benvenida o ile a sebetsa e le ’melehisi ho fihlela ha a ea pencheneng ka 1974. O itse: “Nakong eo kaofela, ke ne ke ntse ke ipotsa: ‘Batho bao ba molemo le ba tšepahalang bao Bibele e ba hlalosang ba hokae? Ke hokae moo ho nang le toka lefatšeng lee?’” O ile a kena Bojudeng, a ea synagogeng ’me a boloka Sabbatha le matsatsi a phomolo. Empa ho seba le ho loana ho neng ho le har’a litho tsa phutheho ea sebaka sa habo ho ile ha etsa hore a lapele “borapeli bo hloekileng, bo se nang sekoli” le ho feta.

Qetellong, ka 1985, ketelong e ’ngoe ea Benvenida setsing sa bophelo sa boikhathollo Greece, mosali e mong oa Paki ea neng a fumana phekolo moo o ile a qalisa moqoqo le eena. Ho ile ha latela puisano e telele. Bosiung bona boo, Benvenida o ile a ea sebokeng ka lekhetlo la pele Holong ea ’Muso ea sebaka seo ’me a khahloa ka ho tebileng ke mofuthu le botšepehi ba baena le bo-khaitseli.

Benvenida o ile a tsoela pele ho ithuta ha a khutlela Iseraele, ’me hoo e ka bang selemo le halofo hamorao, o ile a kolobetsoa ho tšoantšetsa boinehelo ba hae ho Molimo oa ’nete, Jehova. O itse: “Qetellong, ka mor’a lilemo tsena tsohle ke se ke le lilemo li 70, ke fumane batho ba sa iphahamiseng le ba ikokobetsang bao Bibele e buang ka bona, ba ntšoarang joaloka motho. Hona joale, letsatsi le leng le le leng leo ke le phelang ke letsatsi la thabo le morero!”

Moshe ke e mong ea neng a batla ’nete ea neng a emetse feela ho ‘utloa lentsoe la molisa ea molemo.’ (Bapisa Johanne 10:14-16.) Le hoja ka mehla Moshe a ne a thabela Mangolo, ke koping ea “Testamente e Ncha” eo moen’ae a neng a le makhatheng a ho e lahla moo a ileng a ithuta ka Jesu Kreste, ’me a khahloa ke hoo ka ho tebileng. Nakoana hamorao, Moshe o ile a kopanela le mosali ea sebetsang le eena thutong ea hae ea Bibele le Paki ’me a ea puong e neng e fanoa ke sebui sa moeti. Ka mor’a seboka seo sa pele o ile a khotsa: “Sena ke sona seo esale ke ntse ke batla ho se utloa!”

Ka mor’a bothata boo a ileng a ba le bona qalong, tsoelo-pele ea Moshe e ile ea e-ba e potlakileng. Ka mor’a likhoeli tse tšeletseng, o ile a kolobetsoa. Leha ho le joalo, tsoelo-pele ea hae e ile ea tlisa khanyetso e tsoang ho lelapa labo, haholo-holo mosali oa hae. Sena se ile sa mpefala ka ho fetisisa ha eena, joaloka mora e moholo ka lapeng, a hana ho kopanela lithapelong tsa litšebeletso lepatong la ntat’ae. Ho phaella moo, metsoalle le beng ka eena ba ile ba bolella mosali oa hae hore o lokela ho ‘etsa ho hong ka potlako’ pele monna a ngolisa ntho e ’ngoe le e ’ngoe ka phutheho. Moshe o hlalositse: “Ke ile ka kokobetsa matsoalo a hae ka ho ithaopela ho ngolisa ntlo ka lebitso la hae.” ’Me ka ho hlophisa nako ea hae hantle, o ile a khona ho boloka ho leka-lekana ho thabisang pakeng tsa lelapa la hae le boikarabelo ba phutheho.

Leha ho le joalo, hase beng ka motho bohle ba hanyetsang ’nete. Nehai o ile a arolelana seo a neng a ithutile sona Bibeleng le monna oa hae, Hanna, eo ka nako eo a neng a le mafolo-folo haholo lipolotiking. Ka potlako, ka bobeli ba ile ba hlokomela hore ’Muso oa Molimo ke eona tšepo feela bakeng sa batho ba hatelletsoeng. Kahoo ba ile ba fetoha bahlanka ba inehetseng ba Jehova ’me ba qala ho paka har’a malapa a Maarabia a Haifa le metseng e mathōkong a teng. Ka ho khethehileng ba ile ba paka har’a batho bao ba amanang le bona, batho ba ka bang 252 ka kakaretso.

Na see e bile phephetso? E, hobane ntle le hore ba ne ba lokela ho tsamaea ka koloi hora le halofo ho ea le ho khutla metseng ea Maarabia, ho ne ho hlokahala mamello le tiisetso e khōlō. Hanna o hlalositse: “Ka linako tse ling batho ba fapaneng ba tla u bolella hore ha ba sa batla ho utloa ho eketsehileng. Ha hoo ho etsahala, u tla lokela ho khaotsa ho bua. Hamorao, mohlomong ka hlompho u ka kenella habonolo tabeng eo hape. Ho tšoana le ho lelekoa monyakong o ka pele le ho hloella hape ka fensetere.” Sena sohle se bile le moputso. Ho fihlela joale, ba 24 har’a beng ka eena ba haufi ba 36 ba bontšitse thahasello e tebileng Mangolong, ’me ba 13 ho bona ba ithuta Bibele le Hanna kapa Lipaki tse ling. Kajeno, beng ka eena ba haufi ba bahlano hammoho le bana ba hae ba nehetse bophelo ba bona ho Jehova, ’me ba bang ba bararo ba tsoela pele ho leba ntlheng eo.

Litlhoro Tse Ncha Tšimong ea Khale ka ho Fetisisa

Liphihlelo tse thabisang joaloka tsena lia eketseha Iseraele mona, ’me litebello tsa khōlo ke tse khothatsang haholo. Ka 1988 lenane la baboleli ba ’Muso le ile la fihla tlhorong ea ba 370. Ka karolelano lenane la lithuto tsa Bibele tse tsamaisitsoeng khoeli e ’ngoe le e ’ngoe malapeng a batho ba thahasellang le nyolohile ho tloha ho 89 ka 1979 ho ea ho 301 ka 1988—keketseho ea 240 lekholong!

Sena sohle se thabisa Lipaki tsa Jehova naheng ena ea boholo-holo. Re lebelletse mahlohonolo a maholo le ho feta a tsoang ho Molimo oa rōna Jehova, ha re ntse re tsoela pele ka mosebetsi ona oa ho etsa barutuoa tšimong ea khale ka ho fetisisa lefatšeng.

[Litšoantšo tse leqepheng la 26, 27]

Ka holimo: Lebitla le Tšimong, Jerusalema

Ka thōko: ’Maraka le lintho tse ka bonoang seterateng Iseraele

Ka tlaase: Ofisi ea lekala e Tel Aviv

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela