Boloka Tumelo ea Hao le Bophelo bo Botle ba Moea
“Tsoela pele u tšoarelletse mohlaleng oa mantsoe a phelisang hantle ao u a utloileng ho ’na ka tumelo le lerato tse kamanong le Kreste Jesu.”—2 TIMOTHEA 1:13, “NW.”
1. Ke hobane’ng ha bophelo bo botle ba moea e le leruo la bohlokoa le lokelang ho bolokoa?
BOPHELO bo botle ba ’mele ke leruo la bohlokoa. Ha re phela hantle, re ka etsa lintho tse ngata ’me ra thabela bophelo haholoanyane. Empa ha re tšoeroe ke mafu a sa phekoleheng kapa re le liqhoala, bophelo bo thata haholoanyane. Hoa utloahala hore bophelo bo botle bo lokela ho bolokoa bo le joalo. Ba bangata ba hlokomoloha bophelo ba bona bo botle kapa ba etsa lintho tse bakang ho kula. Leha ho le joalo, ba itlhokomelang hangata ba na le bophelo bo botle le matla ka tekanyo e itseng karolong e khōlō ea bophelo ba bona.
2. (a) Ke hobane’ng ha bophelo bo botle ba moea e le ba bohlokoa ho feta bophelo bo botle ba ’mele? (b) Ke eng se hlokahalang ho lula u phela hantle tumelong?
2 Bophelo bo botle ba moea ke ba bohlokoa haholo ho feta bophelo bo botle ba ’mele. Bophelo ba ’mele bo botle ka ho fetisisa bo ke ke ba tlisa mpho ea Molimo ea bophelo bo sa feleng. Bophelo bo botle ba moea bo tlisoa ke borapeli bo hloekileng le tumelo e theiloeng tsebong e nepahetseng. (Johanne 17:3; Ba-Heberu 11:6; Jakobo 1:27) Moapostola Pauluse o itse: “Banna ba hōlileng ba be le mekhoa e itekanetseng, ba nke litaba ka botebo, ba be kelello li hlaphohileng, ba phele hantle tumelong, leratong, le mamellong.” (Tite 2:2, NW) Mang le mang ea lakatsang ho phela hantle tumelong o tlameha ho etsa boiteko bo matla le ho boloka ho falimeha ka mehla. Litšokelo bophelong bo botle ba moea li ka ’na tsa tsoa ka hare ho rōna kapa ka ntle. Re tlameha ho hlokomela litšokelo tsena haeba re tla boloka tumelo le bophelo bo botle ba moea lefatšeng lena le kulang.
Lefatše Lee le Kula Hakae?
3, 4. Ho kula boitšoarong ho bonahala joang lefatšeng lee le liketsong tsa batho?
3 Ha ho pelaelo hore lefatše le kula haholo boitšoarong. Re bona lefu le bolaeang “lithong” tsohle tsa lefatše lena—bolumeli ba lona, litsamaiso tsa lona tsa lipolotiki, litsi tsa lona tsa khoebo, boithabiso ba lona. Ke ba ’maloa feela ba hlomphang Molimo le melao eo o faneng ka eona bakeng sa boiketlo ba batho. ’Me joalokaha histori e bontša, ka mehla ho bola ha boitšoaro ho isa mafung a eketsehileng a ’mele le likhathatsong tse eketsehileng. Ho makatsang, ba bangata ha ba batle ho etsa letho ho phekola boemo bona bo kulang ba boitšoaro hobane ba rata lintho tse bo bakang.
4 Lefatše lee le kula hakaakang! Ha ba batla menyaka kapa ba leka ho baleha ’nete, ba bangata ba sentse bophelo ba bona ka tahi le tšebeliso e mpe ea lithethefatsi. Pefo e hohle, bophelo ke lefeela, ’me lichankane li pepeteha batlōli ba molao. Linaheng tse ngata, halofo ea manyalo ’ohle e fella ka tlhalano. Bana ba haelloang ke taolo e tšoanelehang ea botsoali ba holela ho ba litlokotsebe. Kaha boitšoaro bo bobe ba likamano tsa botona le botšehali bo tletse hohle, AIDS le mafu a mang a tšoaetsanoang ka likamano tsa botona le botšehali e ata ka potlako.
5. Esaia o ile a hlalosa maemo a Juda ea boholo-holo joang?
5 Ka lefatše lena le kulang Molimo o ka bua seo o ileng oa bululela Esaia hore a se bolele ka Juda e neng e khelohile: “Jo! sechaba sa ba-libe, mofuta o ipelesitseng makhopo, lesika le bolotsana, bana ba bolileng! Ba furaletse Jehova, ba nyefotse Mohalaleli oa Iseraele, ba khutletse morao. Le ea ’ne le otloe ho isa kae, ha e le moo le ntse le eketsa ho ikhantša? Hlooho eohle e bohloko, pelo eohle ea kula. Ho tloha bohatong ba leoto, ho isa har’a hlooho, ha ho moo ho pholohileng.”—Esaia 1:4-6.
6. Juda ea boholo-holo le mehleng ea rōna, ho bile le karabelo efe boipiletsong ba Jehova ba ho ithuta ho etsa botle?
6 Boipiletso ba Jehova ba ho baka le ho ‘ithuta ho etsa hantle’ ka kakaretso ha boa ka ba eloa hloko Juda. (Esaia 1:16-20) Hona qetellong ho ile ha isa timetsong ea Jerusalema le kholeho ea Bajode Babylona. Ke ba ’maloa feela ba tšepahalang ba ileng ba latsoa tlhohonolofatso ea Molimo le poloko har’a sechaba se kulang. Ka ho tšoanang kajeno, lefatšeng lena le kulang ho tloha hloohong ho ea monoaneng oa leoto, ke ba ’maloa feela ba lakatsang ho ithuta ho etsa botle. Bahlanka bana ba tšepahalang ba Jehova ba etsa boiteko bo matla ho boloka tumelo le bophelo bo botle ba moea hona joale, ka tšepo ea ho fumana bophelo bo botle bo phethahetseng ba ’mele le bophelo bo sa feleng lefatšeng le lecha leo Molimo o le tšepisitseng.—2 Petrose 3:13; Tšenolo 21:1-4.
Likotsi Tsa Moea Lefatšeng Lena le Kulang
7. (a) Ke likotsi life tse sokelang tumelo ea rōna le bophelo ba rōna bo botle ba moea? (b) Mangolo a re’ng ka ho loana ka katleho le mecha e meraro e ka sehloohong e behileng bophelo bo botle ba moea kotsing?
7 Ho boloka tumelo le bophelo bo botle ba moea ke phephetso hobane ho kula ha lefatše lena boitšoarong ho tšoaetsanoa haholo. Bakreste hape ba lokela ho loana le ho se phethahale ha bona hoo ba ho futsitseng. (Ba-Roma 7:21-25) Ho feta moo, Satane, “morena oa lefatše,” o tseba mefokolo ea nama ’me ke setsebi sa ho leka. (Johanne 14:30; 1 Johanne 5:19) Likotsi tsena tse tharo tse ka sehloohong tse sokelang tumelo le bophelo bo botle ba moea—nama, lefatše, le Diabolose—li khoehlisa mangole. Empa ho ka khoneha ho se be “karolo ea lefatše,” le hoja re phela ho lona. Re ka tsoela pele ‘ho tsamaea ka moea oa Molimo le ho se etse litakatso tsa nama.’ ’Me ka thuso ea Molimo re ka ema re tiile ho “qhela maraba a Diabolosi.” (Johanne 17:15, 16, NW; Ba-Galata 5:16; Ba-Efese 6:11, TLP; 2 Ba-Korinthe 2:11) Empa joale a re hlahlobeng hore na ke joang re ka loanang ka katleho le mecha ena e meraro e ka sehloohong e behileng tumelo le bophelo bo botle ba moea kotsing.
8. Jesu o hlalosa litšusumetso tse ka hare ho rōna tse sebetsang khahlanong le bophelo bo botle ba moea joang?
8 Ka hare ho tlhaho ea rōna e sa phethahalang ea botho ho na le litšusumetso tse ka fellang ka sebe le tse ka re kulisang moeeng. (Jakobo 1:14, 15) Ho joalo ka ho khethehileng ka pelong ea tšoantšetso. Jesu o itse: “Kahare, pelong tsa batho, ke moo ho tsoang mehopolo e mebe, le mafebe, le lipōko, le lipolao, le likutso, le takatso ea leruo, le lonya, le thetso, le bohlola, le mahlo a talimang hampe, le linyefolo, le boikhohomoso, le bohlanya. Manyala ao ’ohle a tsoa kahare, ’me ke ’ona a silafatsang motho.”—Mareka 7:21-23.
9. (a) Ke litakatso life tse metseng ka metso pelong ea tšoantšetso? (b) Ho ea ka Liproverbia 4:20-23, re ka sireletsa pelo joang?
9 Le hoja pelo e le mohloli oa litakatso tse mpe, ho batho ba nang le bomolimo e boetse ke setsi sa tlhompho bakeng sa Jehova le lerato bakeng sa se nepahetseng. (Mattheu 22:37; Ba-Efese 4:20-24) Hore na tabeng ea rōna ke botle kapa bobe bo tla hlōla, ho itšetlehile ka seo re se kenyang lipelong tsa rōna. Lentsoe la Molimo lea eletsa: ‘Mora oa ka, mamelisisa taba tsa ka, u sekehele lipolelo tsa ka tsebe. Li se ke tsa tloha pel’a mahlo a hao, u ’ne u li boloke ka pelong. Hobane ho ba li fumaneng ke bophelo, ke boiketlo ba ’mele oohle oa bona. Boloka pelo ea hao ka ho fetisisa, hobane ke eona mehloli ea bophelo.’—Liproverbia 4:20-23.
10. Ke joang mefokolo ea rōna ea nama e amang maikutlo a rōna le litakatso tsa rōna?
10 Mefokolo ea rōna ea nama e ama maikutlo a rōna le litakatso tsa rōna. Ke mang eo ka linako tse ling a sa hlaseloeng ke ho nyahama, ho hloka mamello, ho khopeha? Haeba ka potlako re lokisa litšekamelo tsena tsa nama, bophelo bo botle ba moea bo ka bolokoa. Empa boikhohomoso le takatso ea bophahamo li ka mela ka metso kapele pelong. Meharo le takatso bakeng sa menate e fetelletseng le meketjana e lerata li ka hlōla. ’Me takatso ea likamano tsa botona le botšehali, le hoja e le ea tlhaho ka baka la tsela eo Molimo o re entseng ka eona, ka bolotsana e ka re khelosa. Ho thibela ho kula ho joalo ha moea hore ho hōle ka hare ho rōna, ho hlokahala hore re hlaolele litholoana tsa moea oa Molimo bophelong ba rōna tsatsi le leng le le leng, re ikoetlisetse ho “nyonya se khopo” le ho “khomarela ho se setle.”—Ba-Roma 12:9, NW; Ba-Galata 5:22, 23.
Mehloli e ka Ntle ea Boloetse ba Moea
11. (a) Ke boikutlo bofe ba lefatše le liketso tse tšoaetsanoang haholo? (b) Ho ea ka Jesu, ke ntlheng efe moo re lokelang ho hlokomela lipelo tsa rōna?
11 Ho tšoaetsoa moeeng ho ka hlaha mehloling e ka ntle. Ho ka namela ho rōna ho e-tsoa ho ba shoeleng moeeng. (Ba-Efese 2:1-3) Haeba re atamelane le bona haholo, re ka nka maikutlo a bona le mekhoa ea bophelo. Ho hlahella ka pele lefatšeng, ho rata chelete, ho thabela se molemohali linthong tse bonahalang, le boithabiso ke lintho tse khōlō bophelong ba batho ba lefatše lena. Empa takatso ea lintho tse joalo e tšoaetsanoa haholo, ’me le hona ho pepesehela ho tsona ho fokolang ho ka re etsa ba noabolohang moeeng. Jesu o ile a lemosa: “Le iponele, hore lipelo tsa lōna li se ke tsa imeloa ke ho ja le ho noa hampe, le ke lipelaelo tsa bophelo bona, ’me letsatsi leo la le tšoara sehlōhō; hobane le tla oela ba ahileng lefatšeng lohle joalo ka sefi.”—Luka 21:34, 35.
12.Ke joang likhopolo le lithuto tse fosahetseng e ka bang kotsi bophelong bo botle ba moea?
12 Maikutlo a fosahetseng le lithuto tse fosahetseng tsa lefatše lena le tsona li ka re tšoaetsa. Pauluse o ile a lemosa: “Ho tla ba le nako eo ka eona ba sa tl’o mamella thuto e phelisang hantle, empa, tumellanong le litakatso tsa bona, ba tla ipokellela baruti ba tla tsikinyetsa litsebe tsa bona; ’me ba tla furallisa litsebe tsa bona ’neteng, empa ba tla retelehela lipaleng tsa bohata.” (2 Timothea 4:3, 4, NW) Lithuto tsa bohata li tšoana le seso se kekang. (2 Timothea 2:16, 17) Ha se hlasela, karolo ea nama ea hao ea shoa hobane mali a fanang ka bophelo a thibiloe hore a se ke a phallela karolong eo ea ’mele.
13. Haeba ho kula ha moea ho hlasetse joaloka seso se kekang, ho lokela hore ho etsoe joang?
13 Seso se kekang se nama kapele hakaakang! Ho thibela lefu, ngaka e ka ’na ea lokela ho poma karolo e itseng ea ’mele. Ka hona haeba lipelaelo, ho tletleba, kapa bokoenehi li sokela ho u silafatsa moeeng, li pome ka potlako! (Bapisa Mattheu 5:29, 30.) Fumana thuso ho baholo ba phutheho. U se ke ua tšoana le bao Pauluse a ba hlalositseng e le “ba kulang kelellong ka ho botsana le ka likhang tsa mantsoe” hobane ba sa ka ba ‘lumellana le mantsoe a phelisang hantle.’—1 Timothea 6:3, 4, NW.
14. Ke eng eo baholo ba ka ’nang ba e fumana e hlokahala hore ba e etse ho sireletsa bophelo bo botle ba moea ba phutheho?
14 Ho sireletsa bophelo bo botle ba moea ba phutheho, ho hlokahala hore baholo ba “khothatse ka thuto e phelisang hantle le ho khalemela ba hanyetsang.” (Tite 1:9, 13, 16, NW; 2:1) Mohlomong batho ba joalo ba ka tsosolosetsoa boemong ba ho phela hantle moeeng. (2 Timothea 2:23-26) Empa ho thoe’ng haeba ka ho se bake ba ntšetsa pele thuto ea bohata? Kahoo, ha e le hantle, ba tlameha ho behelloa ka thōko. Baa khaoloa, ’me re lula thōko le bona e le hore ho tšoaetsoa ha bona moeeng ho se ke ha namela ho rōna.—Ba-Roma 16:17, 18; 1 Ba-Korinthe 5:9-13; Tite 3:9-11.
15. Ka ho leka ho khukhunela bophelo bo botle ba moea ba batho ba Molimo, Diabolose o sebelisitse mekhoa efe e ’meli e ka sehloohong ea katamelo?
15 Mohloli oa boraro oa kotsi tumelong le bophelong bo botle ba moea ke Diabolose. (Ba-Efese 6:11, 12) Ho tla fihlela mehleng ea rōna, o lekile ho fokolisa tumelo ea batho ba Jehova ka mahloriso, ho akarelletsa merusu ea mahoo-hoo, lichapo, litlamo, le litšokelo tsa lefu. (Tšenolo 2:10) Kaha ke seoelo Satane a atlehang ka maqiti ana hore a senye botšepehi ba e mong oa bahlanka ba Molimo, o sebelisa khoheli ea lefatše lena, leo e leng molimo oa lona, ka boiteko ba ho etsa hore ba bang ba oe.—2 Ba-Korinthe 4:4; 11:3, 14.
16. Ke litšireletso life tseo re nang le tsona ho hlōla litlhaselo tsa Diabolose tumelong ea rōna le bophelong ba rōna bo botle ba moea?
16 Re ka hlōla joang litlhaselo tsa Diabolose? Ka ho apara lihlomo tsohle tsa moea tse tsoang ho Molimo. Haholo-holo re tlameha ho ‘nka thebe e khōlō ea tumelo, eo re ka timang ka eona metsu eohle e tukang’ eo Satane a e phosetsang ho rōna. Hape re tlameha ho rapela tumellanong le mantsoe a Jesu: “U se ke ua re isa molekong; u mpe u re loele ho e mobe.” (Ba-Efese 6:11-18; Mattheu 6:13) Haeba re rapela ka tsela eo ’me re etsa se tumellanong le lithapelo tsa rōna, re ka lebella thuso ea Ntate oa rōna oa leholimo ha re tima metsu eohle e tukang ea Satane.
Ho Lula re Phela Hantle Tumelong
17. Ho bolokeng bophelo bo botle ba moea, ke habohlokoa hakae ho ja “lijo nakong ea teng” le ho kopanela ka mehla mesebetsing ea Bokreste?
17 Thibelo ke ntlha e khōlō ho bolokeng bophelo bo botle haholo ba ’mele. Lijo tse matlafatsang, boithapollo bo tšoanetseng, le tlhokomelo e akaretsang ea kelello le ’mele ke tsa bohlokoa. Boitšireletso ba tlhaho maloetseng bo matla haholoanyane ’meleng o phelang hantle. Ka ho tšoanang, ho boloka bophelo bo botle ba moea, ke habohlokoa ho latela lijo tseo Molimo o li laelang le ho ananela ‘lijo tse matlafatsang tsa moea ka nako ea teng’ tse fanoang ka “mohlanka ea khabane, ea bohlale.” Ho hana lijo tse se nang phepo tsa moea tsa lefatše lena, re tlameha ho ithuta Bibele le likhatiso tsa Bokreste le ho kopana le batho ba Molimo ka mehla. (Mattheu 24:45-47; Ba-Heberu 10:24, 25) Hape re hloka boithapollo bo tlisoang ke ‘ho ba le ho hongata hoo re ka ho etsang ka mehla mosebetsing oa Morena’ tšebeletsong le liketsong tse ling tsa Bokreste.—1 Ba-Korinthe 15:58, NW.
18.“Mohlala oa mantsoe a phelisang hantle” ke eng, ’me ke hobane’ng ha re tlameha ho o boloka pelong le kelellong?
18 Ho lula u phela hantle tumelong, sebelisa ka botlalo litokisetso tsa Molimo tsa moea. Joalokaha Pauluse a boleletse Timothea: “Tsoela pele u tšoarelletse mohlaleng oa mantsoe a phelisang hantle ao u a utloileng ho ’na ka tumelo le lerato tse kamanong le Kreste Jesu. Letlotlo lena le letle u le lebele ka moea o halalelang o lutseng ka ho rōna.” (2 Timothea 1:13, 14, NW) Puo e na le mohlala oa mantsoe. Ka ho tšoanang, “puo e hloekileng” ea ’nete ea Bibele e na le mohlala o theiloeng haholo-holo sehloohong sa ho phahamisoa ha Jehova ka ’Muso. (Sofonia 3:9, NW) Re tlameha ho boloka mohlala ona oa mantsoe a phelisang hantle lipelong le likelellong haeba re tla boloka tumelo ea rōna le bophelo bo botle ba rōna ba moea. Ho seng joalo, o tla nyamela e se oa bohlokoa ho rōna. Hona ka ho totobetseng ho ile ha etsahala phuthehong ea Korinthe, moo ba bang ba neng ba “fokola ba bile ba kula” ka lebaka la ho haelloa ke kutloisiso ea moea.—1 Ba-Korinthe 11:29-32, NW.
19. (a) Haeba ho kula moeeng ho le teng, ho lokela hore ho etsoe joang? (b) Baholo ba ka etsa eng haeba motho a kula moeeng?
19 Ho lokela hore ho etsoe joang haeba u se u kula moeeng? Kannete ho hlokahala thuso e lerato ’me e teng, hobane Jakobo o re: “E mong har’a lōna ha a baba, a bitse baholo ba kereke, ’me ba mo rapelle, ba ntse ba mo tlotsa ka oli ka lebitso la Morena.” (Jakobo 5:14) E, bitsa baholo. Joaloka lingaka tsa moea, ba ka u thusa hore u fihle motsong oa ho kula ha moea. Ka bonolo empa e le ka mokhoa o sebetsang ba tla u silila ka oli e phekolang ea Lentsoe la Molimo. Haeba u entse libe empa u bakile, kholiseha hore Jehova kannete oa tšoarela. (Pesaleme ea 103:8-14) Ha baholo ba ntse ba rapela le uena le molemong oa hao, ho ka lebelloa eng? Jakobo oa arabela: “Thapelo e entsoeng ka tumelo e tla pholosa mobabi, ’me Morena o tla mo tsosa liphateng; ’me ekare ha a entse libe, o tla tšoareloa tsona.”—Jakobo 5:15.
Bophelo bo Botle ba Moea bo Isa Bophelong bo sa Feleng
20. (a) Sehlopha se busang sa lekholong la pele la lilemo se ile sa fana ka keletso efe ka ho boloka bophelo bo botle ba moea? (b) Ke eng e tla re thusa ha re ntse re emetse mahlohonolo a lefatše le lecha?
20 “Le be le bophelo bo botle!” Ka mantsoe ao, sehlopha se busang sa lekholong la pele la lilemo sa batho ba Jehova se ile sa phethela lengolo la sona le bolelang “lintho tse hlokahalang” tse hlokoang ho Bakreste. Ba ne ba lokela ho “tela lintho tse hlabetsoeng litšoantšo le mali le lintho tse fenethiloeng le bohlola.” (Liketso 15:28, 29, NW) Litaelo tseo tsa bophelo bo botle ba moea li sa ntsane li sebetsa. ’Me ha re ntse re emetse mahlohonolo a lefatše le lecha, re ka boloka tumelo ea rōna le bophelo bo botle ba rōna ba moea haeba ka cheseho re tsoela pele ho bolela litaba tse molemo tsa ’Muso le ho phahamisa lebitso la Jehova lefatšeng lena le kulang. Ho lula re tšoarehile ka tsela ena ho ka re thibela ho hloka mamello bakeng sa mahlohonolo a lefatše le lecha a haufi hakana. Ke ’nete hore “tšepo ha e lieha ho phetheha, e babisa pelo; empa ha ho hlaha seo motho a se lumang, ke sefate sa bophelo.”—Liproverbia 13:12.
21. Ke mahlohonolo afe a letetseng bao ka katleho ba bolokang tumelo ea bona le bophelo ba bona bo botle ba moea lefatšeng lee le kulang?
21 U se ke ua fosoa ke mahlohonolo a maholo ao Jehova a a boloketseng ba mo ratang. Ho hana hona hohle litšusumetso tsa lefatše, ntoa ena eohle le mefokolo ea hao ea nama, le ho leleka hona hohle metsu e tukang ea Diabolose e tla be e sa ka ea e-ba halefeela. Lefatšeng le lecha la Jehova, u tla bona ka mahlo a hao nako ea ha ‘ho se moahi ea tla re: “Kea kula.”’ (Esaia 33:24, NW) Hona e tla ba ’nete ka lebaka la tokisetso ea Molimo ka sehlabelo sa topollo sa Jesu Kreste, ea ‘inketseng mefokolo ea rōna; a ipelesa maloetse a rōna.’ (Mattheu 8:17; Esaia 53:4) U tla khona ho noa ‘nōkeng ea metsi a bophelo’ ea tšoantšetso le ho ja ‘lifateng tsa bophelo’ tse nang le mahlaku a “ho folisa ba-lichaba.” (Tšenolo 22:1, 2) Bophelo bo sa feleng phethehong le thabong e tla ba moputso oa hao bakeng sa ho boloka tumelo ea hao le bophelo bo botle ba moea lefatšeng lena le kulang.
Na u sa Hopola?
◻ Ke hobane’ng ha ho phela hantle tumelong e le habohlokoa ho feta ho phela hantle ’meleng?
◻ Likotsi tse tharo tse ka sehloohong tse sokelang tumelo le bophelo bo botle ba moea ke life?
◻ Bophelo bo botle ba moea bo amana ka eng le pelo ea tšoantšetso?
◻ Haeba motho a kula moeeng, ho lokela hore ho etsoe joang?
[Litšoantšo tse leqepheng la 16]
Esita le lefatšeng le kulang, ho ka khoneha ho ba le tumelo e matla le bophelo bo botle ba moea
[Litšoantšo tse leqepheng la 18]
Bophelo bo botle ba moea bo itšetlehile ka mesebetsi e chesehang ea Bokreste le ho ja ka mehla lijo tsa moea ka nako ea teng