Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w89 11/15 leq. 7
  • Ho Nyarela ka Litabeng

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Nyarela ka Litabeng
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1989
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho ba le Bibele ha Hoa Lekana
  • Ho Lemalla Bokhopo
  • Jesu le Lipolotiki
  • Kamoo Lithethefatsi Tse Seng Molaong li Amang Bophelo ba Hao Kateng
    Tsoha!—1999
  • Lithethefatsi—Na ho na le Tšepo Leha e le Efe?
    Tsoha!—1988
  • Lithethefatsi Mathata a Eketseha
    Tsoha!—1988
  • Na Ntoa e Khahlanong le Lithethefatsi e ka Hlōloa?
    Tsoha!—1999
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1989
w89 11/15 leq. 7

Ho Nyarela ka Litabeng

Ho ba le Bibele ha Hoa Lekana

Phuputso ea morao-rao e fumane hore batho ba nang le Libibele, halofo ea bona e ile ea re ha ho mohla e kileng ea li bala. Ena e ne e akarelletsa batho ba bangata lekholong ea ba ikhethollang e le Bakreste ba tsoetsoeng la bobeli. Hoo e batlileng e e-ba karolo ea 30 lekholong ea ba ipolelang hore ke Bakreste e botsitsoeng e ne e sa tsebe hore Jesu o tsoaletsoe Bethlehema. Ho latela The Detroit News, “ba leshome le metso e robeli lekholong ba ile ba arabela ka hore ke Jerusalema, athe ba 8 lekholong ba ile ba re ke Nazaretha.” George Barna, hlooho ea sehlopha se etsang lipatlisiso, o itse: “Haeba ba sa tsebe lintho tsa motheo tse kang tsena, ho ka lebelloa hore ba buisane ka se ka Mangolong ka bohlale le motho ea sa lumelang kapa ho phela ka mokhoa o lumellanang le melao-motheo ea Bibele joang?”

Moapostola Pauluse o ile a lemoha boemo bo tšoanang har’a ba bang ba neng ba e-na le “cheseho ho Molimo, empa e seng ka kelello.” O ile a boela a bua ka ba bang ba neng ba e-na le “borapeli ba maiketsetso, ho ikokobetsa ka mokhoa o fosahetseng” ’me a bolela esale pele hore ‘mehla ea qetello’ e ne e tla tšoauoa ka boteng ba bao ‘ba nang le sebōpeho sa borapeli, empa e le ba latotseng matla a jona.’ (Ba-Roma 10:2; Ba-Kolosse 2:23, TLP; 2 Timothea 3:1-5) Leha ho le joalo, Bakreste ba ’nete ba nka Lentsoe la Molimo e le la bohlokoa bo boholo. Ba hlokomela hore ho ba le Bibele ha hoa lekana. Ho e-na le hoo, ka pelo eohle ba lumellana le keletso ea eona ea ho ‘lapela haholo, lebese la moea, le sa tsoakoang.’—1 Petrose 2:2.

Ho Lemalla Bokhopo

E ’ngoe ea litšobotsi tse thathamisitsoeng ke Jesu e le karolo ea “pontšo” ea mehla ea qetello ea tsamaiso ena ea lintho ke “ngatafalo ea bokhopo.” (Mattheu 24:3, 12) Tšebeliso e mpe ea lithethefatsi e bile le tšusumetso e matla ho phahameng ha bokhopo kajeno. Ka mohlala, koranta ea litaba ea Australia The Sydney Morning Herald e tlaleha hore litlōlo tse supileng ho tse leshome tse entsoeng New South Wales ke tse amanang le lithethefatsi, ’me hoo e ka bang 85 lekholong ea bosholu ba boqhobane naheng eo ke bo entsoeng ke basebelisi ba heroin. ’Me bothata ba tšebeliso e mpe ea lithethefatsi bo ntse bo hōla.

U.S.News & World Report e re “Europe ha ho na sebaka se sa angoang ke seoa seo.” Soviet Union, palo ea ba sebelisang lithethefatsi hampe e hakanngoa hore ke limillione. Boitekong bo matla ba ho felisa leqhubu la tšebeliso e mpe ea lithethefatsi, ’muso oa Soviet o butse lipuisano le makala a thibelo ea lithethefatsi linaheng tse 25. Leha ho le joalo, tšepo ea hore mebuso e tla finyella lipheo tse joalo e bonahala e se ea sebele ka baka la litlaleho tsa hore liphaello tse fumanoeng lithethefatsing li sebelisetsoa ho senya mapolesa, bachochisi, esita le baahloli. Ofisiri e ’ngoe ea ’muso e ferekaneng e itse: “Ha ho na lebotho la sepolesa lefatšeng le entseng ho feta ho otla e le ho thibela phepelo [ea lithethefatsi] e tletseng literateng.” E ile ea phaella: “Ho khathatsa matla hobane ha ho mohla ho fanoang ka tharollo leha e le efe.”

Mantsoe a joalo a hopotsa ka boprofeta ba Jesu mabapi le mehla ea qetello. O ile a bolela esale pele hore nakong ena ‘batho ba ne ba tla neela moea ke tšabo, ba tsielehe.’—Luka 21:25, 26.

Jesu le Lipolotiki

Sehlooho sa koranta ea The Star ea Johannesburg, Afrika Boroa, se itse: “Kereke ea K’hatholike e Pepesa Morero oa Baruti Bakeng sa Afrika Boroa.” Morero ona ke ho “tlisa ’muso oa Molimo” Afrika Boroa ka “boikemisetso ba kereke ba ho felisa khethollo ea morabe.” Bakeng sa ho finyella morero ona, Jude Pieterse, mongoli-kakaretso oa Seboka sa Babishopo ba Afrika Boroa, o bolela hore kereke e batla tšehetso ea likereke tse ling esita le “lihlopheng tse ling tsa sechaba sa Afrika Boroa.” Leha ho le joalo, Mak’hatholike a mang a ikutloa hore morero ona ke “leano la Babishopo ho fetola Makh’atholike ho ba batho ba emelang lehlakore le itseng la lipolotiki,” ho hlalositse mobishopo oa Johannesburg, Reginald Orsmond. Le hoja Pieterse a lumetse hore morero ona o na le matšoao a bopolotiki, Orsmond o boletse hore e ne e se “ntho e cha” empa e ne e le “ntho ea khale joaloka Jesu ka boeena.”

Ha e le hantle, Jesu Kreste o ne a ke ke a laela barutuoa ba hae hore e be batho ba emelang lehlakore le itseng la lipolotiki. Ha Ponse Pilato a botsa Jesu, o ile a arabela ka ho tiileng: “’Muso oa ka hase karolo ea lefatše.” (Johanne 18:36, NW) Hape, Lipaki tsa Jehova tse fetang limillione tse tharo li thabela bonngoe ba morabe har’a tsona hobane li phela tumellanong le ‘molao oa Jesu o mocha, hore li ratane joalokaha a li ratile.’—eseng Afrika Boroa feela, empa lefatšeng lohle!—Johanne 13:34.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela