O Ne A Hapehile
Ha a tsamaea ka terene e tsamaeang ka tlas’a lefatše New York, mosali e mong e mocha o ne a ntse a bala buka Tšenolo—Tlhōrō ea Eona e Hlollang ka Botle e Haufi! Monna ea lutseng pel’a hae o ile a hlokomela khatiso eo, ’me ha a ntse a phetla maqephe, o ile a haptjoa ke litšoantšo tse hlollang. O ile a re: “Khele, ka sebele buka eno e shebahala e thahasellisa!”
Mosali eo o ile a arabela: “E, ea thahasellisa. E hlalosa buka ea Bibele ea Tšenolo, khaolo ka khaolo.”
Monna eo a batla ho tseba: “Nka fumana e ’ngoe ea tsona joang?”
O ile a arabela: “Ho Lipaki tsa Jehova.” Empa joale a tsoela pele: “Ua tseba ke’ng, kopi ena eo ke nang le eona e ncha, ’me ke $3 [R7,50] feela, kahoo nka u neha eona.”
Hang-hang o ile a ntša chelete ka pokothong ea hae ’me a amohela buka eo. Hona hoo, terene e ile ea ema, ’me o ile a lokela ho potlakela ho theoha.
Buka ena e sekoahelo se thata e hapang, e nang le maqephe a lekanang le a makasine ona, e fana ka tlhaloso ea buka eohle ea Bibele ea Tšenolo temana ka temana. E tsebahatsa ka mokhoa o hlakileng, o utloahalang ka libatana, drakone, seotsoa se seholo, le litšobotsi tse ling tsa tšoantšetso tsa Tšenolo. U tla bona se boleloang ke mehla ea rōna. Kōpa hore u e romelloe hona joale.
Ka kōpo romellang, poso e lefelletsoe, buka e maqephe a 320 Tšenolo—Tlhōrō ea Eona e Hlollang ka Botle e Haufi! Ke kentse R7,50.