Na u ka Lumela Bibele?
“KE HO sireletsehileng ka ho phethahetseng ho bolela hore haeba u kopana le motho ea bolelang hore ha a lumele khopolo ea ho iphetola ha lintho, motho eo ha a na tsebo, ke leoatla kapa ha a phele hantle kelellong.” Mantsoe aa a setsebi sa thuto ea lintho tse phelang Richard Dawkins a u ama joang? Haeba u lumela Bibele, mohlomong u lumela pōpo ho fapana le khopolo ea ho iphetola ha lintho. Na seo se bolela hore, joaloka motho ea lumelang Bibele, ha u na tsebo, u leoatla, kapa ha u phele hantle kelellong?
Hape, nahana ka polelo ena: “Litsebi tsa Testamente e Ncha li pakile ka mokhoa o sa belaetseng hore ho isa tekanyong e itseng Jesu oa litlaleho tse ngotsoeng tsa pele tsa Bokreste ke tšōmo ea monahano oa Bakreste.” Mantsoe ana a hlahileng ho The Weekend Australian a builoe ke Dr. Robert W. Funk, moprofesa oa univesithi lithutong tsa bolumeli eo hape e leng mongoli oa libuka tse ’maloa tsa tlhaloso ea bolumeli.
Dr. Funk o ile a qapa mosebetsi o tsejoang ka hore ke Ho Fuputsa ka Jesu, sehlopha sa litsebi tsa Bibele tse fetang lekholo se ileng sa hlahlobisisa hammoho lipolelo tsa Jesu tse tlalehiloeng ka Bibeleng. Har’a lintho tse ling, se ile sa fihlela qeto ea hore Thapelo ea Morena ha ea ngoloa ke Jesu; hore Jesu ha aa ka a re ba bonolo ba ne ba tla ja lefa la lefatše kapa hore ba bōpang khotso ba ne ba tla bitsoa bara ba Molimo; le hore ha aa ka a re: “Ke ’na tsoho le bophelo; ea lumelang ho ’na . . . a ke ke a shoa le ka mohla o le mong.”—Johanne 11:25, 26; Mattheu 5:5, 9; 6:9, 10.
Le hoja liqeto tsa sona li ka ’na tsa u nyarosa, li tloaelehile. Ke phello ea tlhahlobisiso ea kajeno ea Bibele, ’me ho se ho fetile nako e itseng likhopolo tse tšoanang li ntse li rutoa liseminaring tsa bolumeli. Mohlomong u se u itiisitse pelo ha u utloa Bibele e hanyetsoa ke bo-rasaense. Empa ha baeta-pele ba bolumeli ba hlahisa pelaelo mabapi le ’nete ea tlaleho ea Bibele, u ka ’na ua ipotsa hore na e be mohlomong ke nako ea hore u hlahlobe boemo ba hao bocha. Na ho lumela Bibele hoa utloahala ha barutehi ba bolumeli ba bangata hakaale ka ho hlakileng ba sa e lumele?