Moshe ea Nang le Manaka—Ntho e sa Tloaelehang ea Baetsi ba Litšoantšo
HAEBA u kile ua etela Italy, mohlomong u ile ua bona seemahale se tsebisahalang sa Michelangelo sa Moshe ea lutseng, hona joale se Kerekeng ea Mohalaleli Petrose ea Litlamong, Roma. Setšoantšo see se betliloeng sa lekholong la lilemo la bo16 se bonahala se sa tloaeleha hakaakang, ha se tšoantšelitse Moshe ea nang le manaka hloohong ea hae! Ha e le hantle, baetsi ba litšoantšo ba bangata ba ’nile ba bontša Moshe a e-na le manaka. Ke hobane’ng ha ho le joalo? Na Bibele e fana ka motheo leha e le ofe oa khopolo ee?
Phetolelo ea Selatine ea Bibele ea Vulgate e re bolella hore ka morao ho puisano ea hae le Molimo Thabeng ea Sinai, sefahleho sa Moshe se ile sa “e-ba le manaka.” (Exoda 34:29, 30, 35; bapisa le Douay Version.) Vulgate e ne e ratoa haholo karolong e khōlō ea Bokreste-’mōtoana ’me kahoo ea susumetsa tsela eo mangolo a neng a utloisisoa ka eona.
Leha ho le joalo, lentsoe la Seheberu le fetoletsoeng e le ‘ho ba le manaka’ le boetse le bolela ‘ho ntša mahlaseli’ kapa ‘ho benya.’ (Bona se botlaaseng ba leqephe ho Douay Version ho Exoda 34:29.) Ho ea ka Theological Wordbook of the Old Testament, lentsoe “le bolela sebopeho sa (ma)lenaka ho e-na le manaka a sebele.” ’Me ha a shejoa ka tšoantšetso, mahlaseli a leseli a hlile a tšoana le manaka.
’Nete ea hore sefahleho sa Moshe se ne se ntša mahlaseli e na le lebaka, hobane khanya ea Jehova e ne e sa tsoa feta. (Exoda 33:22; 34:6, 7) Pauluse o tiisa hore ena ke kutloisiso e nepahetseng, a ngola ka “khanya” ea sefahleho sa Moshe, e seng ka “manaka” a hae.—2 Ba-Korinthe 3:7.
Kutloisiso e nepahetseng ea mantsoe a Bibele ka hona e isa tsebong e tebileng haholoanyane ea tlaleho ea Bibele. Ka ho loketseng, manaka a seemahaleng se tummeng sa Michelangelo sa Moshe ke feela ntho e sa tloaelehang ea baetsi ba litšoantšo e bakiloeng ke phoso ea ho fetolela eo e leng khale e lokisitsoe.
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 7]
Se theiloe ho Short History of Art