Moshe—Kamoo Bophelo ba Hae bo U Amang Kateng
HO LITSEBI tse ngata le ba tšoaea-tšoaeang liphoso, Moshe e mpa feela e le motho oa tšōmong. Ba hana tlaleho ea Bibele, ba sebelisa litekanyetso tsa bopaki tseo ha li ka sebelisoa, banna ba kang Plato le Socrates le bona ba neng ba ka nkoa e le batho ba tšōmong.
Leha ho le joalo, joalokaha re bone, ha ho lebaka le utloahalang la ho hana litlaleho tsa Bibele ka Moshe. Ho fapana le moo, bathong ba nang le tumelo, ho na le bopaki bo bongata ba hore Bibele eohle ke “lentsoe la Molimo.”a (1 Bathesalonika 2:13; Baheberu 11:1) Ho ba joalo, ho ithuta ka bophelo ba Moshe hase feela ho balla ho ba le tsebo, empa ho e-na le hoo, ho bolela ho ikaha tumelong.
Moshe oa Sebele
Hangata batho ba lifilimi ba totobatsa Moshe e le mohale a bile a le sebete—litšobotsi tse ipiletsang ho bashebelli. Ke ’nete hore Moshe o ne a e-na le sebete. (Exoda 2:16-19) Empa ntho ea bohlokoa e ka sehloohong ke hore e ne e le monna oa tumelo. Molimo e ne e le oa sebele ho Moshe—e ne e le oa sebele hoo hamorao moapostola Pauluse a ileng a re Moshe o ile “a tsoela pele a tiile joalokaha eka o bona Ea sa bonahaleng.”—Baheberu 11:24-28.
Ka hona, Moshe o re ruta hore hoa hlokahala ho hlaolela kamano le Molimo. Bophelong ba rōna ba letsatsi le letsatsi, le rōna re ka itšoara joalokaha eka re bona Molimo! Haeba re etsa joalo, le ka mohla re ke ke ra itšoara ka tsela e sa mo khahliseng. Hape, hlokomela hore tumelo ea Moshe e ile ea hahoa esale lesea. Tumelo ea hae e ne e tebile hoo e ileng ea hlōla leha a ne a pepesehetse “bohlale bohle ba Baegepeta.” (Liketso 7:22) Ke khothatso e kaakang ho batsoali hore ba qale ho ruta bana ba bona ka Molimo esale masea!—Liproverbia 22:6; 2 Timothea 3:15.
Hape ntho e hlokomelehang ke boikokobetso ba Moshe. O ne a le “bonolo haholo ho feta batho bohle ba neng ba le holim’a lefatše.” (Numere 12:3) Ka hona, Moshe o ne a ikemiselitse ho lumela liphoso tsa hae. O ngola ka bohlasoa ba hae ba ho se bolotse mora oa hae. (Exoda 4:24-26) Ka botšepehi o pheta ho hlōleha ha hae ho tlotlisa Molimo boemong bo bong le ka kotlo e tebileng eo Molimo a ileng a fana ka eona. (Numere 20:2-12; Deuteronoma 1:37) Ho feta moo, Moshe o ne a ikemiselitse ho amohela litlhahiso tsa ba bang. (Exoda 18:13-24) Na e ke ke ea e-ba bohlale hore banna ba nyetseng, bo-ntate le banna ba bang ba boikarabelong ba etsise Moshe?
Ke ’nete hore ba bang ba tšoaea-tšoaeang liphoso ba belaella taba ea hore na Moshe o ne a hlile a ikokobelitse, ba qotsa liketso tse mabifi tseo a ileng a li etsa. (Exoda 32:26-28) Mongoli Jonathan Kirsch o re: “Ke seoelo Moshe oa Bibeleng e leng motho ea ikokobelitseng ’me ha ho mohla a leng bonolo, ’me boitšoaro ba hae bo ke ke ba nkoa e le bo lokileng kamehla. Linakong tse ling tse tšosang, . . . Moshe o hlahella a ikhohomosa, a nyoretsoe mali a bile a le sehlōhō.” Ho tšoaea-tšoaea liphoso ho se nang mabaka joalo ho haelloa ka tsela e utloisang bohloko. Hape ho hlokomoloha taba ea hore ha e le hantle liketso tsa Moshe li ne li sa khannoe ke bokhopo empa li ne li khannoa ke lerato le matla la toka le ho se mamelle bokhopo. Matsatsing a kajeno ha e se e le ntho e tloaelehileng hore ho mamelloe mekhoa e litšila ea boitšoaro, Moshe o re hopotsa tlhokahalo ea hore re be le litekanyetso tse sa sekisetseng tsa boitšoaro.—Pesaleme ea 97:10.
Lefa la Mangolo a Moshe
Moshe o siile pokello ea mangolo a tsotehang. ’Ona a akarelletsa lithothokiso (Jobo, Pesaleme ea 90), tlaleho ea histori (Genese, Exoda, Numere), tlhahlamano ea leloko (Genese khaolo ea 5, 11, 19, 22, 25) le melao e mengata e ileng ea bitsoa Molao oa Moshe. (Exoda khaolo ea 20-40; Levitike; Numere; Deuteronoma). Molao ona o bululetsoeng ke Molimo o ne o e-na le likhopolo, melao le melao-motheo ea puso e neng e le pele ho nako ea eona ka lilemo tse makholo.
Linaheng tseo hlooho ea Naha e boetseng e leng hlooho ea Kereke, hangata phello e ba ho se mamelle, khatello ea bolumeli le ho sebelisa matla hampe. Molao oa Moshe o ne o akarelletsa molao-motheo o arolang Kereke ho Puso. Morena o ne a sa lumelloa ho phetha mesebetsi ea boprista.—2 Likronike 26:16-18.
Molao oa Moshe o ne o boetse o e-na le likhopolo tsa bohloeki le taolo ea mafu, tse kang ho arola sechabeng batho ba nang le mafu a tšoaetsanoang le ho lahla mantle a motho, e leng likhopolo tse lumellanang le saense ea kajeno. (Levitike 13:1-59; 14:38, 46; Deuteronoma 23:13) Sena sea tsoteha ha ho nahanoa hore boholo ba meriana ea Egepeta mehleng ea Moshe e ne e le motsoako o kotsi oa ba neng ba ipolela ba e-na le tsebo ea ho phekola le litumela-khoela. Linaheng tse tsoelang pele kajeno, ba limilione ba ne ba ka sireletsoa maloetseng le lefung haeba ho ne ho ka sebelisoa litekanyetso tsa bohloeki tseo Moshe a ileng a ruta ka tsona.
Bakreste ha baa tlangoa hore ba latele Molao oa Moshe. (Bakolose 2:13, 14) Empa ho ithuta oona e ntse e le habohlokoahali. Molao o ne o khothalletsa Iseraele hore e inehele ho Molimo a ’notsi le hore e qobe borapeli ba litšoantšo. (Exoda 20:4; Deuteronoma 5:9) O ne o laela bana hore ba hlomphe batsoali ba bona. (Exoda 20:12) Molao o ne o boetse o nyatsa ho bolaea, bofebe, ho utsoa, ho bua leshano le ho chachehela tsa ba bang. (Exoda 20:13-17) Melao-motheo eo e nkoa e le ea bohlokoa ke Bakreste kajeno.
Moprofeta ea Tšoanang le Moshe
Re phela mehleng e sithabetsang. Ha ho potang hore moloko oa batho o hloka moeta-pele ea kang Moshe—motho ea se nang matla le bolaoli feela, empa a boetse a e-na le botšepehi, sebete, kutloelo-bohloko le ho rata toka ho tloha botebong ba pelo. Ha Moshe a e-shoa, e ka ’na eaba Baiseraele ba ile ba ipotsa, ‘Na lefatše le tla ke le be le motho e mong ea tšoanang le eena?’ Moshe ka boeena o ile a arabela potso eo.
Mangolo a Moshe a hlalosa kamoo ho kula le lefu li simolohileng kateng le hore na ke hobane’ng ha Molimo a lumeletse bokhopo hore bo tsoele-pele. (Genese 3:1-19; Jobo khaolo ea 1, 2) Ho Genese 3:15, ho tlalehiloe boprofeta ba pele ba Molimo—tšepiso ea hore qetellong bokhopo bo tla felisoa! Joang? Boprofeta bo bontša hore ho ne ho tla tsoaloa motho eo poloko e neng e tla tla ka eena. Tšepiso ena e ile ea fana ka tšepo ea hore Mesia o ne a tla hlaha ’me a pholose moloko oa batho. Empa Mesia e ne e tla ba mang? Moshe o re thusa hore re mo khetholle ka ho feletseng.
Ha a se a le makhatheng a lefu, Moshe o ile a bua mantsoe ana a bohlokoa: “Jehova Molimo oa lōna o tla le hlahisetsa moprofeta har’a lōna, ho barab’abo lōna, ea tšoanang le ’na—le lokela ho mo mamela.” (Deuteronoma 18:15) Moapostola Petrose hamorao o ile a sebelisa mantsoe ana ka ho toba ho Jesu.—Liketso 3:20-26.
Bahlalosi ba bangata ba Bajuda ba hana hehehe hore ho ka bapisoa Moshe le Jesu. Ba pheha khang ea hore mantsoe a temana ena a sebetsa ho moprofeta leha e le ofe oa ’nete ea ileng a tla ka mor’a Moshe. Leha ho le joalo, ho latela Tanakh—The Holy Scriptures, e hatisitsoeng ke Mokhatlo oa Khatiso oa Bajuda, Deuteronoma 34:10 e re: “Ha hoa ka ha hlola ho hlaha moprofeta ea kang moshe Iseraele—eo MORENA a mo khethileng lifahleho li talimane.”
E, baprofeta ba bangata ba tšepahalang, ba kang Esaia le Jeremia, ba ile ba hlaha ka mor’a Moshe. Empa ho ne ho se ea nang le kamano e ikhethang eo Moshe a bileng le eona le Molimo—ho bua le eena “lifahleho li talimane.” Ka hona, tšepiso ea Moshe ea moprofeta ‘ea kang’ eena e tlameha e sebetsa ho motho a le mong feela—Mesia! Hoa hlokomeleha hore pele Bokreste bo e-ba teng—le pele ho e-ba le mahloriso a tsoang ho Bakreste ba bohata—litsebi tsa Bajuda li ne li nka lintho ka tsela e tšoanang. Mehlala ea sena e ka bonoa mengolong ea Bajuda, e kang Midrash Rabbah, e hlalosang Moshe e le ea eteletseng pele “Morekolli oa morao,” kapa Mesia.
Ho ke ke ha latoloa hore Jesu o ne a tšoana le Moshe ka litsela tse ngata. (Bona lebokose le reng “Jesu—Moprofeta ea Tšoanang le Moshe.”) Jesu o ne a e-na le matla le bolaoli. (Matheu 28:19) Jesu o ‘na le maikutlo a bonolo ’me o ikokobelitse pelong.’ (Matheu 11:29) Jesu o hloile ho hloka molao le ho hloka toka. (Baheberu 1:9) Ka hona, a ka re fa boeta-pele boo re bo hlokang e le kannete! Ke eena eo haufinyane a tla felisa bokhopo le ho tlisa lefatšeng la Paradeise maemo ao Bibele e a hlalosang.b
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bona buka ea Bibele—Lentsoe la Molimo Kapa la Motho?, e hatisitsoeng ke Lipaki Tsa Jehova.
b Haeba u batla ho tseba ho eketsehileng ka tšepiso ea Bibele ea lefatše la paradeise tlas’a ’Muso oa Kreste, ka kōpo ikopanye le Lipaki Tsa Jehova. Li tla thabela ho ithuta Bibele le uena ntle ho tefo.
[Lebokose le leqepheng la 28]
Moshe—Linnete Khahlanong le Litšōmo
Lifilimi tse entsoeng ka Moshe li entse hore ho be le litšōmo tse ngata le litaba tse sa nepahalang. Tse ’maloa tsa tsona ke tsena:
Tšōmo: Moshe o ne a sa tsebe ka tokelo ea hae ea tsoalo ea Bojuda.
’Nete: Moshe o ile a hlokomeloa ke ’mè oa hae oa Mojuda, ’me ho hlakile hore e bile ka lilemo tse ’maloa. Liketso 7:23-25 e bontša hore Moshe o ile a nka makhoba a Bajuda e le “barab’abo.”
Tšōmo: Moshe o ne a tseka terone ea Egepeta.
’Nete: Ha ho moo Bibele e buang ka seo. Daily Bible Illustrations, ea John Kitto e re ha ho na lebaka la ho lumela hore Moshe “e ile ea e-ba mojalefa oa borena ka lebaka la ho nkeloa lelapeng la borena. . . . Ha ho bonahale eka ho ne ho e-na le khaello leha e le efe ea majalefa a banna bakeng sa borena.”
Tšōmo: Moshe o ile a khutlela Egepeta ho ea tobana le sera sa hae.
’Nete: Bibele e re lira tsohle tsa hae li ne li shoele ha a khutlela teng.—Exoda 4:19.
Tšōmo: Molimo o ile a bolela Melao e Leshome ka mor’a hore Moshe a nyolohele Thabeng ea Sinai.
’Nete: Molimo, ka lengeloi la hae, o ile a bolela Melao e Leshome ho sechaba sohle sa Iseraele. Ka mor’a moo, Baiseraele ba tšohileng ba ile ba kōpa Moshe hore a nyolohe ho ea ba buella.—Exoda 19:20–20:19; 24:12-14; Liketso 7:53; Baheberu 12:18, 19.
Tšōmo: Faro o ile a pholoha ha lebotho la hae le timetsoa Leoatleng le Lefubelu.
’Nete: “Faro le lebotho la hae la sesole” ba shoela Leoatleng le Lefubelu.—Exoda 14:28; Pesaleme ea 136:15.
[Lebokose le leqepheng la 29]
Jesu—Moprofeta ea Tšoanang le Moshe
Litsela tse ling tseo Jesu a ipakileng a tšoana le Moshe ka tsona ke tsena:
▲ Moshe le Jesu ka bobeli ba ile ba phonyoha polao e akaretsang ea masea a matona joalokaha ho ne ho laetsoe ke ’musi oa nakong ea bona.—Exoda 1:22; 2:1-10; Matheu 2:13-18.
▲ Moshe o ile a ntšoa Egepeta le “letsibolo” la Jehova, e leng sechaba sa Iseraele. Jesu o ile a ntšoa Egepeta e le Mora oa letsibolo oa Molimo.—Exoda 4:22, 23; Hosea 11:1; Matheu 2:15, 19-21.
▲ Moshe le Jesu ka bobeli ba ile ba itima lijo ka matsatsi a 40 lefelleng.—Exoda 34:28; Matheu 4:1, 2.
▲ Moshe le Jesu ba ne ba le bonolo ka ho ikhethang ’me ba ikokobelitse.—Numere 12:3; Matheu 11:28-30.
▲ Moshe le Jesu ka bobeli ba ile ba etsa mehlolo.—Exoda 14:21-31; Pesaleme ea 78:12-54; Matheu 11:5; Mareka 5:38-43; Luka 7:11-15, 18-23.
▲ Moshe le Jesu ka bobeli e ile ea e-ba bakena-lipakeng selekaneng se neng se le pakeng tsa Molimo le batho ba Hae.—Exoda 24:3-8; 1 Timothea 2:5, 6; Baheberu 8:10-13; 12:24.
[Litšoantšo tse leqepheng la 26]
Jesu ke eena feela moprofeta eo ka sebele a neng a tšoana le Moshe
[Setšoantšo se leqepheng la 28]
Melao-motheo ea bohloeki e ileng ea rutoa Molaong oa Moshe e ka thusa ho thibela mafu