Matlotlo a Tsoang Molaetseng o Molemo oa Johanne
MOEA oa Jehova o ile oa bululela moapostola Johanne ea hōlileng ho ngola tlaleho e susumetsang ea bophelo ba Jesu Kreste le tšebeletso ea hae. Molaetsa ona o ile oa ngolloa Efese kapa haufi le teng hoo e ka bang ka 98 C.E. Empa tlaleho ee ke ea mofuta ofe? ’Me ke matlotlo afe a mang ao e a fupereng?
Boholo ke Tlatselletso
Johanne o ne a khetha, a pheta hanyenyane seo Mattheu, Mareka le Luka ba se ngotseng. Ka sebele, tlaleho ea hae ea bopaki boo a bo boneng ka mahlo boholo ke tlatselletso hoo karolo ea eona e fetang 90 lekholong e buang ka litaba tse sa boleloang Melaetseng e meng. Ka mohlala, ke eena feela ea re bolellang ka ho ba teng ha Jesu pele e ba motho le hore “Lentsoe le ne le etsoe nama.” (1:1-14) Le hoja bangoli ba bang ba Molaetsa ba bolela hore Jesu o ile a hloekisa tempele bofelong ba tšebeletso ea hae, Johanne o bolela hore Kreste o ile a etsa joalo qalong ea tšebeletso ea hae. (2:13-17) Moapostola ea hōlileng ke eena feela ea re bolellang ka mehlolo e itseng e entsoeng ke Jesu, joaloka ho fetola metsi veine, ho tsosoa ha Lazaro ea shoeleng, le tšoaso ea litlhapi ka mohlolo ka mor’a tsoho ea Hae.—2:1-11; 11:38-44; 21:4-14.
Bangoli bohle ba Molaetsa ba bolela kamoo Jesu a ileng a thea Sehopotso sa lefu la hae, empa ke Johanne feela ea bontšang hore Kreste o ile a neha baapostola thuto ea boikokobetso ka ho hlatsoa maoto a bona bosiung boo. Ho feta moo, ke Johanne feela ea tlalehang ka lipuo tse matla tseo Jesu a ileng a fana ka tsona le thapelo eo a ileng a e etsa bakeng sa bona nakong eo.—13:1–17:26.
Molaetseng ona, lebitso Johanne le supisa ho Mokolobetsi, ha e le mongoli eena o ipitsa ‘morutuoa eo Jesu a mo ratang.’ (13:23) Ka sebele moapostola o ne a rata Jesu ka tieo, ’me lerato la rōna ho Jesu le totisoa ke ha Johanne a mo hlalosa e le Lentsoe, bohobe ba bophelo, leseli la lefatše, Molisa ea Molemo, tsela, ’nete le bophelo. (1:1-3, 14; 6:35; 8:12; 10:11; 14:6) Sena se sebeletsa morero o boletsoeng ke Johanne: “Empa [lintho] tsena, li ngotsoe hore le tle le lumele hore Jesu ke Kreste, Mora oa Molimo, le hore ka ho lumela, le tle le be le bophelo ka lebitso la hae.”—20:31, TLP.
Boikokobetso le Thabo
Molaetsa oa Johanne o hlahisa Jesu e le Lentsoe le Konyana e tlosang libe le ho qotsa mehlolo e Mo pakang e le “Mokhethoa oa Molimo.” (1:1–9:41) Har’a lintho tse ling, tlaleho e totobatsa boikokobetso le thabo tsa Johanne Mokolobetsi. E ne e le ea tlileng pele ho Kreste empa o ile a re: “Ha kea lokela ho lokolla leqhoele la moqathatso oa [hae].” (1:27, NW) Meqathatso e ne e tlangoa ka marapo a letlalo, kapa maqhoele. Lekhoba le ne le ka ’na la lokolla maqhoele a meqathatso ea motho e mong ’me la mo jarela eona, kaha sena e ne e le mosebetsi oa bohlanka. Kahoo Johanne Mokolobetsi o ne a bontša boikokobetso le ho hlokomela boemo ba hae bo fokolang ha bo bapisoa le ba Monghali oa hae. Ke thuto e molemo feela bakeng sa ba ikokobelitseng, ba tšoanelehelang bakeng sa ho sebeletsa Jehova le Morena oa hae oa Messia!—Pesaleme ea 138:6; Liproverbia 21:4.
Ho e-na le hore Johanne Mokolobetsi ka boikhohomoso a be le boikutlo bo bobe ka Jesu, o itse: “Motsoalle oa monyali ea emeng teng le ho mo utloa, o ee a thabe ka thabo e kholo, ha a utloa lentsoe la monyali. Thabo ea ka, e leng e joalo, e phethehile.” (3:29) Joaloka moemeli oa monyali, motsoalle oa monyali o ile a etsa lipuisano tsa lenyalo, ka linako tse ling a hlophisa lenyalo le ho fa monyaluoa limpho le ho isa bohali ho ntat’ae. Moemeli enoa o ne a e-na le lebaka la ho thaba ha mosebetsi oa hae o phethehile. Ka ho tšoanang, Johanne o ile a thabela ho kopanya Jesu le litho tsa pele tsa monyaluoa oa Hae. (Tšenolo 21:2, 9) Erekaha litšebeletso tsa motsoalle oa monyali li nkile nako e khutšoanyane, ka hona mosebetsi oa Johanne kapele o ile oa fela. O ile a ’na a boba, ha Jesu a ne a ntse a hōla.—Johanne 3:30.
Kameho ea Jesu ka Batho
Selibeng haufi le motse oa Sikare, Jesu o ile a bolella mosali oa Samaria ka metsi a tšoantšetso a fanang ka bophelo bo sa feleng. Ha barutuoa ba hae ba fihla, “ba makala kahobane o na a bua le mosali.” (4:27) Ke hobane’ng ha ba bile le boikutlo bo joalo? Bajode ba ne ba nyelisa Basamaria ’me ba ne ba se na kopano le bona. (4:9; 8:48) Ho ne ho boetse ho sa tloaeleha hore moruti oa Mojode a buisane le mosali phatlalatsa. Empa kutloelo-bohloko ea Jesu ka batho e ile ea mo susumetsa ho fana ka bopaki bona, ’me ka baka la bona, baahi ba motse “ba tla ho Jesu.”—4:28-30.
Kameho ea Jesu ka batho e ile ea mo susumetsa ho re: “Ekare ha e mong a nyoriloe, a tle ho ’na, a noe.” (7:37) Ka ho hlakileng, o ne a bua ka tloaelo e neng e kopanyelletsoa Moketeng oa Motlotloane oa matsatsi a robeli. Hoseng ho hong le ho hong ka matsatsi ana a supileng, moprista o ne a kha metsi letšeng la Siloe ’me a a tšela aletareng ea tempele. Har’a lintho tse ling, sena se ile sa tšoantšetsa ho tšolloa ha moea. Ho qala ka Pentekonta 33 C.E., moea oa Molimo o ile oa susumetsa balateli ba Jesu ho isetsa batho lefatšeng ka bophara metsi a bophelo. Ke ka Jehova feela, “seliba sa metsi a kollang” ka Kreste e mong le e mong a ka fumanang bophelo bo sa feleng.—Jeremia 2:13; Esaia 12:3; Johanne 17:3.
Molisa ea Molemo oa Tsotella!
Kameho ea Jesu ka batho ke bopaki ba karolo ea hae e le Molisa ea Molemo ea hlokomelang balateli ba hae ba kang linku. Esita leha lefu la hae le atamela, Jesu o ile a neha barutuoa ba hae keletso e lerato ’me a rapela lebitsong la bona. (10:1–17:26) Ho fapana le lesholu kapa senokoane, o kena lesakeng ka monyako. (10:1-5) Lesaka e ne e le moo linku li koalloang teng bakeng sa ho sireletseha bosiu masholung le liphoofolong tse hlaha. Le ne le e-na le lebota la majoe, mohlomong le na le maoka a hlabang ka holimo, le monyako o hlokometsoeng ke mohlokomeli oa monyako.
Mehlape ea balisa ba bangata e ne e ka ’na ea koalloa ka lesakeng le le leng, empa linku li ne li arabela feela lentsoeng la molisa oa tsona. Bukeng ea hae Manners and Customs of Bible Lands, Fred H. Wight o re: “Nakong eo ho hlokahalang ho arola mehlape e itseng ea linku, molisa e mong ka mor’a e mong o ne a tla ema ’me a hoeletse: ‘Tahhoo! Tahhoo!’ kapa ho hoeletsa ho tšoanang hoo a ho khethang. Linku li phahamisa lihlooho tsa tsona, ’me ka mor’a ho tutumōlotseha, li qala ho latela e ’ngoe le e ’ngoe molisa oa eona. Li tloaetse molumo oa lentsoe la molisa oa tsona ka ho felletseng. Hangata batho basele ba ’nile ba sebelisa mololi o tšoanang, empa ka mehla boiteko ba bona ba ho etsa hore linku li ba latele ba hlōleha.” Ka ho thahasellisang, Jesu o itse: “Linku tsa ka li tseba lentsoe la ka; kea li tseba, ’me lia ntatela. ’Na ke li fa bophelo bo sa feleng.” (10:27, 28) “Mohlatsoana” le “linku tse ling” li arabela lentsoeng la Jesu, li latela ketello-pele ea hae, ’me li thabela tlhokomelo ea hae e mosa.—Luka 12:32; Johanne 10:16.
Mora oa Molimo ea Tšepahalang ka Mehla
Jesu o ne a tšepahala ka mehla ho Molimo ’me e le mohlala oa molisa ea lerato bophelong bohle ba hae. Kutloelo-bohloko ea hae e ile ea boela ea bonahatsoa ho itlhahiseng ka mor’a tsoho. Ebile kutloelo-bohloko ho ba bang e ileng ea susumetsa Jesu ho phehella Petrose ho alosa linku tsa Hae.—18:1–21:25.
E le mohlaseluoa oa ho thakhisoa, Jesu o re behetse mohlala o moholo oa botšepehi ho isa lefung. Lihlong tse ling tseo a ileng a feta ho tsona phethahatsong ea boprofeta ebile hore bahlabani ‘ba ile ba arolelana liaparo tsa hae.’ (Pesaleme ea 22:18) Ba li laola ka lotho ho tseba hore ke mang ea tla fumana seaparo sa hae se setle sa ka hare (ka Segerike khi·tonʹ), se lohiloeng se se nang moroko (momeno). (19:23, 24) Seaparo se joalo se ka ’na sa lohuoa ka ulu kapa line e sekoto se seng ’me se ka ba sesoeu kapa sa ba mebala-bala. Hangata ha se na matsoho, se ne se aparoa holim’a letlalo ’me se ne se fihla mangoleng kapa maqaqailaneng. Ntle ho pelaelo, Jesu o ne a sa rate matlotlo a lintho tse bonahalang, empa o ne a apara seaparo sa boleng bo phahameng, seaparo sa hae se se nang moroko.
Ho itlhahiseng ha Jesu ka lekhetlo le leng ka mor’a tsoho, o ile a lumelisa barutuoa ba hae ka mantsoe ana: “Khotso e be le lōna!” (20:19) Har’a Bajode, ena e ne e le tumeliso e tloaelehileng. (Mattheu 10:12, 13) Ho batho ba bangata, tšebeliso ea mantsoe a joalo e bolela ho fokolang. Empa ho ne ho se joalo ka Jesu, hobane pelenyana o ne a ile a bolella balateli ba hae hore: “Ke le siela khotso; ke le fa khotso ea ka.” (Johanne 14:27) Khotso eo Jesu a ileng a e neha barutuoa ba hae e ne e theiloe tumelong ea bona ho eena e le Mor’a Molimo le ho sebeletsa ho khutsisa lipelo le mehopolo ea bona.
Ka ho tšoanang, re ka thabela “khotso ea Molimo.” E se eka re ka thabela khotso ena e ke keng ea lekanngoa e tsoang kamanong e haufi le Jehova ka Mora oa hae ea ratoang.—Ba-Filippi 4:6, 7.
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 25]
Pictorial Archive (Near Eastern History) Est.