Ketsahalo eo u sa lokelang ho e fosa
“Etsang hona hore le tle le ’ne le nkhopole.” Mantsoe ana a Morena oa rōna Jesu Kreste, a fumanoang ho Luka 22:19, a ne a buuoe ha a thea sehopotso sa lefu la hae. Ke lefu la Jesu le buletseng batho litebello tsa ho fumana bophelo bo sa feleng maemong a paradeise. Kahoo lefu la hae ke ntho eo re tlamehang ho e hopola.
Na u tla keteka sehopotso sa lona selemong see?
Re kōpa u amohele memo ena e tsoang ho Lipaki tsa Jehova ea hore u kopanele le tsona ho ikhopotseng ketsahalo ena ea bohlokoa. Mokete ona o tla tšoaroa ka mor’a hore letsatsi le likele letsatsing le nyalanang le la 14 Nisane almanakeng ea Bibele e baloang ho latela khoeli e holimo. Tšoaea letsatsi leo almanakeng ea hao e le hore u se ke ua lebala. Ke la 10 ’Mesa, 1990. Lipaki tsa Jehova tse sebakeng sa heno li ka u bolella sebaka le nako e nepahetseng eo ketsahalo ena e tla ketekoa ka eona tikolohong ea heno.