“Joale re na le Holo ea Rōna ea ’Muso”
HO HATISITSOE boitsebiso bo bongata mabapi le Liholo tsa ’Muso tse ahoang ka potlako linaheng tse kang Great Britain, Canada, le United States. Leha ho le joalo, hoo ba bangata ba sa ho tsebeng ke ’nete ea hore libaka tsa borapeli tsa Lipaki tsa Jehova tse ahoang ka potlako li ’nile tsa ahoa ka mashome a lilemo linaheng tseo ho thoeng ke tse ntseng li tsoela pele.
Linaheng tsa Afrika Lipaki tsa sebaka ka seng li atisa ho haha mehaho ea nakoana bakeng sa likopano tsa setereke ka nako ea libeke feela. Tsena ha lia sebeletsa feela e le libaka tseo ho kopaneloang ho tsona le tse sireletsehileng letsatsing le bataolang la libaka tse chesang empa hape li sebelelitse e le libaka tsa marobalo bakeng sa baeti. Ho ka boleloa liphihlelo tse tšoanang ka Amerika Bohareng.
Ka mohlala, Guatemala City, Guatemala, monehelo oa liranta tse 520 o ile oa romeloa Phuthehong ea Vivibien ea Lipaki tsa Jehova. Ha Paki e ’ngoe ea sebaka seo e ithaopela ho fana ka setša sebakeng se ka thōko, Lipaki li ile tsa etsa qeto ea ho sebelisa monehelo oo ho haha mohaho o itekanetseng o neng o ka sebelisoa bakeng sa liboka tsa tsona.
Ho ne ho tla sebelisoa bamboo bakeng sa lerako ho fihlela bophahamong ba limithara tse 1,5; ka holim’a moo ho ile ha siuoa sebaka se bulehileng bakeng sa ho kenya moea. Ho ile ha reroa hore mohaho oo o lokela ho ba bophara ba limithara tse 4 le bolelele ba limithara tse 6. Ha baholo ba phutheho ba etetse setšeng seo, ba ile ba makala ha ba fumana meru e ’maloa e menyenyane ea bamboo hona ka pel’a setša seo, e le bophahamo ba limithara tse 6 ho ea ho tse 9 ’me li le botenya ba lisenthimithara tse 8 ho ea ho tse 13. Ba ile ba re: ‘Ke hobane’ng ha re sa qale ho aha Moqebelo o latelang?’
Bosiung ba Laboraro le latelang, ho ile ha raloa lipolane tsa mohaho. Ha Labone le fihla ke ha moena e mong a reka marulelo a tšepe e kopaneng le lekapa, e mong a reka mapolanka, ’me e mong a reka lipekere. Ka Labone motšehare oa mantsiboea mapolanka a ile a sakhoa hore a be boholo bo lekaneng, ’me ba qala ho etsa likapa ka litšepe tse fanoeng e le monehelo. Ka Labohlano bosiu likapa li ne li se li lokile.
Hoseng-seng ka Moqebelo, teraka e ile ea thothela likapa le mapolanka a mang, marulelo, le lipekere motseng. Likoloi tse ’nè li ile tsa isa banna, basali, le bana ba 50 motseng. Ka 8 hoseng kaofela ba ne ba se ba fihlile.
Mekoti e chekiloeng fatše letlapeng le entsoeng ke seretse se foqohang fatše e ile ea kenngoa litšiea. Pejana, Lipaki li ne li ile tsa reka mahlaka a bamboo a 50 ka lisente tse 30 lehlaka ka leng ho mong’a meru e menyenyane ea bamboo—e leng hoo ka kakaretso ho ileng ha ja liranta tse 15. Ka potlako, lithipa tse khōlō li ile tsa khaola bamboo. Mahlaka ana a ile a sakhoa ka sakha ea letsoho hore a be bolelele ba limithara tse 1,5 eaba a aroloa ka lehare.
Ha likapa li ntse li behoa malulong, matsoho a mang a ne a ntse a otlella bamboo e arotsoeng ka lehare e tšekalalitsoeng likotoaneng tse emisitsoeng, halofo ea tsona ka ntle le halofo e ’ngoe ka hare, e le hore bamboo e chitja e khahlehang e ka khabisa mabota a ka hare le a ka ntle. Ka mor’a moo, ho ile ha behoa marulelo ha ba bang ba ile ba qala ho batalatsa majoe le mobu fatše ho etsa fuluru ea mobu. Pele ho e-ba lefifi mohaho oo oa lihora tse 12 o ne o se o phethiloe, ’me baena ba ile ba khutlela mahaeng a bona motseng ka lipelo tse thabileng.
Hamorao, makhasi a phaene a ile a aloa holim’a fuluru ea mobu fatše, ’me ha etsoa litulo tse phuthoang le libenche tse seng kae tsa bamboo ka mahlaka a sa sebelisoang a bamboo. Joale Holo ea ’Muso e ne e se e lokile bakeng sa seboka sa pele.
Linaheng tse ngata tse chesang—Afrika, lihleke-hleke tsa Pacific le Caribbean, Asia, Mexico, Amerika Bohareng le Boroa—moo mohlomong ho phelang Lipaki tsa Jehova tse millione, mehaho e bobebe joalo e tliselitse Lipaki tsa libaka tseo thabo hobane li ka re: “Joale re na le Holo ea rōna ea ’Muso.”