Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w90 6/15 leq. 32
  • “’Mino o Phekolang”

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • “’Mino o Phekolang”
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
w90 6/15 leq. 32

“’Mino o Phekolang”

Mosali e mong oa Spain o ile a ngolla lekala la Jeremane la Mokhatlo oa Watch Tower tjena: “Ke leboha haholo hoo ke ileng ka lokela hore ke ngole ke le bolelle ka hona.” O ne a leboha hakaalo hobane’ng?

O ile a hlalosa: “Ke phetse Spain lilemo tse ka bang robong, ’me selemong se fetileng le halofo, bacha ba lōna ba babeli ba ile ba qalisa ho ithuta Bibele le ’na. Ka mor’a hore ke bale sehlooho se seng se buang ka ’mino o phekolang ho Molula-Qhooa, ke ile ka ba kōpa hore ba mphumanele lik’hasete tseo.

“Nakoana hamorao, ha ke ikutloa ke tepelletse maikutlo ’me ke utloa bohloko bo itseng, ke ile ka letsa ’mino oo. Ho ile ha ba le phapang e kaakang! Ka nako e khutšoaane, bohloko boo ba maikutlo bo ne bo felile, ’me boikutlo ba ka bo ne bo se bo ntlafetse haholo. Ke ile ka khotsofala hakaakang hore ebe ke ne ke na le lik’hasete tseo tsa ’mino! Ho tloha ka nako eo, ke ’nile ka li mamela hangata nakong ea ha ke hlobaetse bosiu. Ka sebele ke ’mino o phekolang.”

Ba bangata ba ananetse albamo ea Sing Praises to Jehovah, e tšetseng lik’hasete tse robeli tsa ’mino oa piano. Haeba u thahasella ho iphumanela albamo ena, tlatsa ’me u romelle setlankane sena.

Sena ke karolo ea mosebetsi oa lefatše lohle oa thuto ea Bibele o tšehetsoang ka menehelo ea boithatelo.

Ke tla thabela ho amohela albamo ea Sing Praises to Jehovah e nang le lik’hasete tse robeli tsa ’mino oa theipi.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela