Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w90 7/1 maq. 2-4
  • Motho o Etsa Lefatše Eng?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Motho o Etsa Lefatše Eng?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Meru
  • Maoatle
  • Metsi a Nooang
  • Mekhoa ea Temo
  • Likoloi Tse Ngata Haholo
  • Na Ntoa—Ea Hlōloa?
    Tsoha!—1996
  • Ho Pholosa Lefatše Tšenyong
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
  • Lefatše la Rōna le Sohlokiloeng—Litlhaselo li Ama Libaka tse Ngata
    Tsoha!—1993
  • Meru
    Tsoha!—2023
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
w90 7/1 maq. 2-4

Motho o Etsa Lefatše Eng?

LILEMONG tse makholo a mararo tse fetileng, motho o ne a phela ka tsela e haufi haholo le boemo ba hae ba tlhaho. Ka kakaretso, o ne a sa sokeloe ke liphetoho tse entsoeng ke motho tikolohong ea qitikoe eohle ka tsela eo a sokeloang ka eona kajeno. Phetoho e khōlō ea mesebetsi ea lifeme e ne e e-s’o qale. Ho ne ho se na liteishene tsa motlakase, lifektheri, likoloi, kapa mehloli e meng ea tšilafalo e atileng. E ka ’na eaba ho ne ho le thata hore motho a nahane ka khopolo ea ho senya ha hae lefatše lohle.

Leha ho le joalo, esita le morao koo, temoso e mabapi le ho senngoa ha qitikoe eohle e ne e ntse e hasoa ka ho pharalletseng. Temoso eo e ne e fumaneha ka bukeng ea ho qetela ea Bibele, ’me e ile ea bolela esale pele nako eo ka eona Molimo o neng o tla kenella litabeng tsa motho ho “senya ba senyang lefatše.”—Tšenolo 11:17, 18.

Ho tseba hore ’Mōpi oa naletsana ea rōna e babatsehang o tla e pholosa tšenyong ho tšelisa hakaakang bakeng sa bohle ba amehileng ka tšoaro e mpe ea lefatše e etsoang ke motho kajeno! U ka ’na ua ipotsa, ‘Empa na kannete re se re fihlile boemong bo mahlonoko hoo ho kenella ha Molimo ho seng ho hlokahala?’ Koana, nahana ka linnete tse ling ’me u ikahlolele ka bouena.

Meru

Meru e khabisa lefatše ’me e fana ka lijo le tšireletso bakeng sa mefuta e fapaneng e limillione tse ’maloa ea lintho tse phelang. Ha lifate li hōla ’me li hlahisa lijo, li etsa mesebetsi e meng ea bohlokoahali, e kang ho monya carbon dioxide le ho ntša oxygen ea bohlokoahali. Ka hona, National Geographic e re, “li fana ka thibelo e ’ngoe ho futhumaleng ha qitikoe eohle ho sokelang bophelo lefatšeng joalokaha re bo tseba.”

Empa motho o senya lefa la hae la meru. Meru ea Amerika Leboea le Europe e bolaoa ke tšilafalo. ’Me litlhokahalo tsa lichaba tse nang le mesebetsi ea lifeme li bolaea karolo e khōlō ea meru ea libaka tse chesang. Koranta e ’ngoe ea Afrika e hlalositse hore ka 1989, “ho lebelletsoe hore naha e romele [lifate tsa libaka tse chesang] tse 66 million cubic metres—karolo ea 48 lekholong e romeloe Japane, karolo ea 40 lekholong e romeloe Europe.”

Hape, linaheng tse ling, balemi ba chesa meru ho hlahisa sebaka sa temo. Ka potlako mobu oa meru o se nang matla oa khathala, ’me balemi ba lokela ho chesa meru e eketsehileng. Ho hakanngoa hore lekholong lena la lilemo feela, hoo e batlang e le halofo ea meru ea lefatše e nyametse.

Maoatle

Maoatle a lefatše le ’ona a phetha karolo ea bohlokoahali ho hloekiseng moea o sepaka-pakeng, ’me mesebetsi ea motho ea a senya. Carbon dioxide e ngata haholo e monngoa ke maoatle. Joale, limela tse phelang leoatleng li monya carbon dioxide e be li ntša oxygen. Dr. George Small o hlalosa bohlokoa ba potoloho ena ea bophelo: “Karolo ea 70 lekholong ea oxygen e eketsoang moeeng o sepaka-pakeng selemo se seng le se seng e tsoa libōpuoeng tsa leoatle.” Leha ho le joalo, bo-rasaense ba bang ba fana ka temoso ea hore limela tse phelang leoatleng li ka fokotseha ka ho tebileng ka baka la ho qepha ha moea o hloekileng moeeng o sepaka-pakeng, hoo ho lumeloang hore ho bakoa ke motho.

Hape, motho o lahlela litšila, oli, esita le lintho tse lahloang tse chefu leoatleng. Le hoja linaha tse ling li lumela ho lekanyetsa lintho tse lahloang tseo li li lumellang ho lahleloa leoatleng, tse ling lia hana. Sechaba se seng sa Bophirimela se bile se na le tokelo ea ho lahlela lintho tse lahloang tsa nuclear leoatleng. Mofuputsi oa leoatle ea tsebahalang Jacques Cousteau oa lemosa: “Re tlameha ho pholosa maoatle haeba re batla ho pholosa batho.”

Metsi a Nooang

Motho o senya esita le metsi a hae a nooang! Linaheng tse futsanehileng, batho ba limillione ba shoa selemo le selemo ka baka la metsi a silafetseng. Linaheng tse ruileng haholoanyane, har’a lintho tse ling, mehloli ea metsi e silafatsoa ke menontša le meriana e bolaeang lintho tse senyang e kenellang linōkeng e be e kena metsing a runyang fatše. Ka 1986 tlhahiso ea lefatše ea meriana e bolaeang lintho tse senyang e ne e le lithane tse limillione tse 2,3, ’me lebelo leo e eketsehang ka lona le tlalehoa e le karolo ea 12 lekholong ka selemo.

Mohloli o mong oa tšilafalo ke liqubu tsa litšila tsa lik’hemik’hale. Scientific American ea hlalosa: “Meqomo ea tšepe e tšetseng lik’hemik’hale e itšoanela hantle le liqhomane tse chehetsoeng nako tse tla phatloha ha li se li le mafōme ka ho felletseng.” Koranta eo e phaella ka hore tšilafalo ea mofuta ona e etsahala “lefatšeng ka bophara liqubung tse likete tsa lintho tse lahloang tsa lik’hemik’hale.”

Phello? Lefatšeng lohle, hoo e kileng ea e-ba linōka tse hloekileng ho ntse ho fetoloa linōka tsa litšila tsa lifeme tse khōlō. Ho hakanngoa hore Maeurope a limillione tse 20 a noa metsi a tsoang Rhine, empa nōka ena e silafetse hoo seretse se nkiloeng lebōpong la eona se leng kotsi haholo bakeng sa ho sebelisoa ho kata likoti!

Mekhoa ea Temo

Ka ho nyarosang, motho o bile o senya sebaka seo a se lemang. Ho latela Scientific American, United States feela, karolo ea 20 lekholong ea naha e behelletsoeng ka thōko bakeng sa ho nosetsoa e senyehile. Hobane’ng? Hobane ho nosetsa ho tlōlisa ho eketsa letsoai le lengata haholo mobung. Linaha tse ngata li sentse karolo ea bohlokoa e khōlō ea naha ka tsela ena. The Earth Report e re: “Hona joale karolo ea naha e fetoloang e sa beheng ka baka la ho tlatsoa letsoai haholo e khōlō joaloka e fetoloang e behang ka merero e mecha ea ho nosetsa.” Bothata bo bong bo pharalletseng ke ho fulisa ho tlōla, hoo e ka ’nang eaba ho tlatsetsa ho ateng ha mahoatata.

Likoloi Tse Ngata Haholo

Boemo ke bona boo ka naha le metsi tsa naletsana ea rōna. Empa ho thoe’ng ka moea oa eona? Moea ona le oona oa senngoa, ’me lintho tse molato li ngata. Ho qolla e le ’ngoe feela, nahana ka koloi. Litemoso tse latelang li tsoa likoranteng tse tharo tsa saense tse nang le tšusumetso e khōlō: “Likoloi li hlahisa tšilafalo ea moea e ngata ho feta mosebetsi leha e le ofe o le mong oa motho.” (New Scientist) “Hona joale ho na le likoloi tse limillione tse 500 tse ngolisitsoeng naletsaneng ena . . . Ho tlatsa litanka tsa tsona ho ja hoo e ka bang karolo e le ’ngoe ho tse tharo ea oli e hlahisoang ke lefatše. . . . Lenane la likoloi le eketseha ka potlako ho feta la baahi.” (Scientific American) “Ho sebelisoa le ho qhaloa ha peterole [gasoline] likarolong tsohle tsa tlhahiso, ke mohloli oa sehlooho oa ho senngoa ha tikoloho le boloetse.”—The Ecologist.

E, naletsana ea rōna e sebelisoa hampe, ea senngoa. Maoatle a eona, metsi a nooang, libaka tsa temo, esita le moea oa eona o sepaka-pakeng li silafatsoa ka tekanyo e kholohali. Ka sebele, sena ka bosona se ne se tla bontša hore nako e haufi ea hore Molimo o kenelle le ho “senya ba senyang lefatše.” (Tšenolo 11:18) Leha ho le joalo, ho na le litsela tse ling, tse mpe le ho feta, tseo lefatše le senngoang ka tsona. A re ke re boneng hore na ke life.

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 4]

“Re tlameha ho pholosa maoatle haeba re batla ho pholosa batho.”—Jacques Cousteau

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 2]

Cover photo: Richard Bierregaard, WWF

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1986-2025)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela