Ho Amohela Baeti ka Mofuthu ha Malta ho Tlisa Mahlohonolo
MALTA e bile sona sebaka sa pele seo ka thabo moapostola Pauluse a ileng a se bona ha sekepe sa habo se ne se timetse leoatleng lekholong la pele la lilemo C.E. Baahi ba sehleke-hleke seo ba ile ba mo amohela le baeti ’moho le eena ka ho ba ‘thusa.’ Ha e le hantle, Mamalta a ile a bontša bahahlauli bao “mosa o sa tloaelehang oa botho.”—Liketso 28:1, 2, NW.
Hamorao, monna ea boholong sehleke-hlekeng, Publiuse, o ile a amohela Pauluse le metsoalle ea hae ka mofuthu ’me a ba ‘amohela tlung ea hae ka mosa ka matsatsi a mararo.’ Ha litaba tsa hore moapostola o folisitse ntate oa Publiuse feberu le letšollo li tsebahala, “bohle ba sehleke-hlekeng ba kulang ba tla, ’me ba folisoa.” (Liketso 28:7-9) Empa Pauluse o ile a etsa ho eketsehileng. O ile a jala lipeō tsa ’nete lipelong tsa batho, ’me hona ha fella ka mahlohonolo a mangata bakeng sa baahi bana ba sehleke-hleke ba amohelang baeti ka mofuthu. Kajeno ho etsahala se tšoanang Malta. Tloho u tl’o bona hore na joang.
Baeti ba Tlisa Litaba Tse Molemo
Ha e talingoa ke motho ea sepaka-pakeng, Malta e chabetsoeng ke letsatsi e benya joaloka lehakoe ka har’a Mediterranean e putsoa. Ha a atamela Lebala la Lifofane la Luqa, moeti o bona naha e omellelitsoeng ke letsatsi hoo ho bonahalang limela tse fokolang. Ha a le fatše, o ithuta hore sehleke-hleke sena se bophara ba lik’hilomithara tse leshome le motso o mong le bolelele ba lik’hilomithara tse leshome le metso e tšeletseng ke lehae la baahi bao ho hakanngoang hore ba ka ba 347 000. Marulelo a sebopeho sa halofo ea selika-likoe le litora tsa likereke a senola semelo sa eona sa bolumeli. Empa lekholong lena la bo20 la lilemo, batho ba Malta ba fumane molemo joang maetong a Lipaki tsa Jehova?
Molebeli e mong ea tsamaeang ea bitsoang David o ile a etela lehaeng la Juliana ’me a fumana karabelo e potlakileng molaetseng oa ’Muso. Juliana o re: “Ke ne ke tšoenyehile haholo ke ho kenella ha kereke lipolotiking, ka baka leo ke ile ka leka ho fumana ’nete ea ’muso oa Molimo ka Bibeleng. Empa ha ke ntse ke e bala, ho ne ho e-na le lintho tseo ke neng nke ke ka li utloisisa habonolo. Inahanele hore na thahasello ea ka e ile ea tsoha hakaakang ha moeti enoa ea monyakong oa ka a mpotsa hore na kea tseba hore na ’Muso oa Molimo ke eng! Hang-hang, ke ile ka mo kōpa hore a mpontše karabelo Bibeleng ea ka ea K’hatholike. A etsa joalo. Letsatsing lona leo ke ile ka tseba hore ke fumane ’nete.”
Paki ea sebaka seo e ile ea lokisetsa ho ithuta Bibele le Juliana. Ha David a khutlela Malta likhoeling tse tšeletseng hamorao, e bile thabo e tšohanyetsang hakaakang ha Juliana a mo amohela Holong ea ’Muso! O ne a le haufi le ho tšoaneleha hore e be mohoeletsi oa litaba tse molemo tsa ’Muso.
Monna oa Juliana, Francis, le eena o ne a ferekantsoe ke lithuto tsa kereke. Ha a etetse mosali oa hae nakong ea ha a le sepetlele, o ile a mo fumana a mametse theipi e rekotileng lipuo tsa Bibele tsa phatlalatsa tse ileng tsa fanoa Holong ea ’Muso. Ha a utloa nehelano e holim’a sehlooho sa lelapa, Francis o ile a hlokomela hore na keletso ea Bibele ke e utloahalang hakaakang, ka hona, a etsa qeto ea ho qala ho kopanela libokeng tsa Bokreste. Kapele o ile a elelloa bothata bo neng bo tlameha ho rarolloa. E ne e le bofe?
Ka lilemo tse 20, Francis o ne a sebetsa e le mothusi oa batho ba bapalang papali ea chelete k’hasino. Joale o ile a hlokomela hore mosebetsi o akarelletsang papali ea chelete o ne o sa lumellane le melao-motheo ea Bokreste e nyatsang meharo le takatso ea leruo. (Ba-Roma 13:9, 10; 1 Ba-Korinthe 6:9, 10) Francis oa lumela: “Le hoja pele ke ne ke haelloa ke tumelo e hlokahalang bakeng sa ho fetola mosebetsi oa ka, ke ile ka rapella thuso ea Jehova. Qetellong ke ile ka fumana mosebetsi o mong o etsang hore ke khone ho hlokomela mosali oa ka le mora oa ka, Sandro.” Kajeno Francis o sebeletsa e le moholo phuthehong ea sebaka seo ea Lipaki tsa Jehova.
Matšeliso a Tsoang Mangolong
Rose o ne a bile lenyalong le thabileng le George ka lilemo tse tšeletseng ha ho hlaha koluoa ea hore George a bolaoe kotsing. Ha aa ka a fumana matšeliso ho hang ha moruti a phea khang ea hore Molimo o nkile George hobane o le mōna ka lerato leo a neng a e-na le lona ho monna oa hae. Rose o ile a tepella hoo a ileng a nahana ho bolaea bana ba hae ba bararo e be joale oa ipolaea.
Empa ke phetoho e kaakang e ileng ea tlela Rose ha moahelani oa hae oa Paki ea bitsoang Helen a qala ho ithuta Bibele le eena! Kapele Rose o ile a tšelisoa ke thuto ea Mangolo ea tsoho. (Johanne 5:28, 29) Ka nako e tšoanang, khothatso e ile ea hlaha ho Peter, molebeli e mong ea neng a etile. O ile a fumana molemo o moholo lipuong tsa hae ka tsoho. A susumelitsoe ke tšepo ena, Rose a kopanela le Helen bopaking ba phatlalatsa, ’me hona joale ba sebeletsa e le bo-pula-maliboho ba ka mehla, kapa baboleli ba ’Muso ba nako e tletseng ka bobeli.
Khothatso ea ho Cheseha
Joe o tsoa lelapeng le leholo, hobane banab’abo ba 12. Ka khothaletso ea molebeli ea tsamaeang, o ile a pakela batho ba bangata bao a amanang le bona ka cheseho. O re, “Qalong, lelapa leso le ne le tseba hore seo ke ba hlaloselitseng sona ho tsoa ka Bibeleng se na le kelello. Empa ha ba bona hore thahasello ea ka ea ho ba Paki ea hōla, ba ile ba fetola maikutlo, ’me kaofela ha bona ba ne ba se ba le khahlanong le ’na—haholo-holo ntate.” Na boikutlo ba bona bo ile ba felisa cheseho ea Joe?
Le hanyenyane! Ka mohlala, ha ngoana oa e mong oa likhaitseli tsa hae a ne a kula ’me a le makhatheng a lefu, Joe o ile a pakela khaitseli eo ea hae, a bua le eona ka tšepo ea tsoho. Hona joale khaitseli ena ea hae ke Paki ea Jehova e kolobelitsoeng. Hamorao e mong oa baholoane ba Joe le lelapa la hae o ile a bontša thahasello ’neteng. Joale moholoane oa hae oa matsibolo le lelapa la hae o ile a nka khato ho emela ’Muso oa Molimo. Khabareng, ntate oa Joe o ne a ntse a eketsa ho halefa. Ha khaitseli ea Joe ea ho fela le eona e qalisa ho ithuta Bibele, ntate oa bona o ile a leleka Joe lapeng. A sa nyahama, Joe o ile a sebelisa monyetla o mong le o mong ho etela batho bao a amanang le bona le ho bua ka molaetsa oa Bibele. Ho ntse ho le joalo, ntat’ae o ile a arabela ka khalefo ’me a re: “Ke hobane’ng ha u sa bue le moruti? O tseba Bibele hamolemo ka ho fetisisa!” Joe o ile a arabela ka hore o ne a tla etsa joalo ka thabo haeba ntat’ae a ka tsamaea le eena. Phello ea leeto la bona e bile efe?
Joe oa pheta: “Re ile ra lokisa letsatsi le nako, empa moruti o ne a batla ho tseba sehlooho seo a ka se lokisetsang, a hlalosa hore kaha e se e le lilemo tse supileng a tsoile seminaring, o ne a tla hloka ho etsa patlisiso e itseng. . . . Empa ka mor’a beke, khoeli, haesita le likhoeli tse peli, moruti o ne a sa ka a boloka taetsano leha e le efe. Ha ntate a lemoha sena, o ile a fetola maikutlo a hae ka kereke ’me butle-butle a lemoha hore seo ke ithutileng sona Bibeleng ke ’nete.” Qetellong ntate oa Joe o ile a amohela ’nete, a nyollela lenane la litho tsa lelapa la hae tse tšoarehileng tšebeletsong ea Jehova ho 29.
Keletso e Thusang e Tlisa Mahlohonolo
A bua ka cheseho ka e mong oa balebeli ba etileng, mosebeletsi oa pula-maliboho ea lenyalong ea bitsoang Ignatio oa hlalosa: “Paul le mosali oa hae ba ile ba tla lula le rōna. Ba ile ba re thusa ka bobeli ba rōna kamanong ea rōna ea lenyalo esita le tšebeletsong ea tšimo. Ka mehla o ne a hatisa bohlokoa ba boboleli.”
Ignatio o hopola se ileng sa etsahala ha Paul a e-ba le seboka le baholo ba phutheho le bahlanka ba sebeletsang ketelong ea hae e fetileng. Ignatio o re: “Ha ke ne ke re ke nka nako ea mosebetsi oa boboleli hoseng hoo bakeng sa ho lokisetsa karolo ea ka lenaneong la seboka, Paul o ile a re o tla ea tšebeletsong ea tšimo joalokaha e lokiselitsoe esita leha ke sa tsamaee le eena. Eaba ke etsa qeto ea ho tsamaea ka ho tšoanang. Jehova o ile a hlohonolofatsa qeto ea ka hakaakang! Hoseng hoo ke ile ka qala thuto ea Bibele, ’me ho tsoa ho eona, hona joale ho na le batho ba tšeletseng ba ’neteng.”—Bapisa le 3 Johanne 4.
Ho Khothatsana
Lekhetlo le leng le le leng leo moholo ea tsamaeang a etelang Lipaki ’moho le eena Malta, li mo amohela ka mofuthu ’me li chesehela ho fumana molemo khothatsong le tšusumetsong ea hae. (Bapisa le 3 Johanne 5-8.) Ka baka leo, batho ba Malta ba eketsehileng ba nka khato ea ho emela Jehova Molimo le ’Muso oa hae ka ho tiea. Qetellong ea selemo sa tšebeletso sa 1989, ba 389 ho baahi bana ba sehleke-hleke ba amohelang baeti ka mofuthu ba ne ba se ba entse joalo. Joale ba hlophisitsoe ka liphutheho tse hlano tse atlehileng (tse ’nè li Malta ’me e le ’ngoe e sehleke-hlekeng se haufi sa Gozo), ba bolela litaba tse molemo ka sebete.
Balebeli bohle ba tsamaeang ba abetsoeng ho etela Malta lilemong tsa morao tjena ba ile ba ikutloa joaloka moapostola Pauluse, ea ileng a bolella Bakreste ba Roma: “Ke hlōlōhetsoe ho le bona, hore ke le abele neo e ’ngoe ea Moea, le tle le matlafatsoe.” Kannete liketelo tsa bona li ile tsa fella ka ‘ho khothatsana’ ho khathollang. (Ba-Roma 1:11, 12, TLP) Ho feta moo, mosebetsi oa Lipaki tsa Jehova oa boboleli ba ’Muso o tlisa mahlohonolo a moea a enneng ho batho ba Malta ba amohelang baeti ka mofuthu.
[’Mapa/Litšoantšo tse leqepheng la 24, 25]
(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)
GOZO
COMINO
MALTA
Valletta
Leoatle la Mediterranean
Lik’hilomithara tse 8
Limaele tse 5