Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w90 7/15 leq. 30
  • Ho Nyarela ka Litabeng

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Nyarela ka Litabeng
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • “Ntho e Kotsi ka ho Fetisisa”
  • E Nyamela e sa Hlokomelehe?
  • E Haufi le ho Fela
  • Litšelo Tsa Mali—Li Sireletsehile Hakae?
    Mali a ka Boloka Bophelo ba Hao Joang?
  • Mpho ea Bophelo Kapa Sesosa sa Lefu?
    Tsoha!—1990
  • Ho Boloka Bophelo ka Mali—Joang?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
  • Lipotso Tsa Thuto ea Bukana Mali a ka Boloka Bophelo ba Hao Joang?
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1991
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
w90 7/15 leq. 30

Ho Nyarela ka Litabeng

“Ntho e Kotsi ka ho Fetisisa”

Liqoso tse kentsoeng ka makhotleng ke bakuli ba tšoaelitsoeng lefu le bolaeang ka litšelo tsa mali li hlahisitse boemo bo bocha ba kameho libankeng tse ngata tsa mali. Bohareng ba 1989 ho ne ho tlalehoa hore ho entsoe liqoso tse ka makhotleng tse ka fihlang ho 300 khahlanong le libanka tsa mali United States. Gilbert Clark, motsamaisi oa Mokhatlo oa Libanka tsa Mali oa Amerika, o ile a lumela hore “sechaba se batla mali a sireletsehileng ka ho phethahetseng,” empa a lumela hore hoo ho ke ke ha tiisoa.

Ka ho tšoanang, Parade Magazine e tlaleha hore setsebi sa mali Dr. Charles Huggins se lumela hore mali “a tlameha ho talingoa e le a sa sireletsehang ka ho ke keng ha qojoa.” Se hlalosa mali e le “ntho e kotsi ka ho fetisisa eo re e sebelisang merianeng.” Ho tloha mathoasong a 1989 lenane la mafu a tšoaetsanoang ao ka tloaelo libanka tsa mali li a hlahlobang le eketsehile ho fihla ho a mahlano (HTLV-I, e amahanngoang le T-cell leukemia ea batho ba baholo, mokaola, hepatitis B, AIDS, le hepatitis C). Leha ho le joalo, ho latela ea boholong Mokhatlong oa Sefapano se Sefubelu oa Amerika S. Gerald Sandler, “ho bonahala eka ke taba ea nako feela pele re fumana lefu le leng le sa tloaelehang le hasoang ke tšelo ea mali.” Ho sa tsotellehe ho jara lefu ho joalo, ho lebelletsoe hore Maamerika a ka Leboea a ka bang limillione tse ’nè a tla amohela litšelo tsa mali ka 1990. Ho latela moqolotsi oa litaba tsa koranta W. Gifford-Jones, bothata ke hore “ntle le Lipaki tsa Jehova, ha ho mohla bakuli ba bangata ba keng ba bue ka tšelo ea mali e ka ’nang ea etsoa.”

Ka mashome a lilemo Lipaki tsa Jehova ka botšepehi li ’nile tsa ‘tela mali’ ka sebōpeho sefe kapa sefe joalokaha Lentsoe la Molimo le laela ho Liketso 15:28, 29; 21:25. Tšireletso eo sena se li fileng eona mafung a tšabehang a fetisoang ka litšelo tsa mali e mpa e bontša mohlala oa ho nepahala ha ho utloa ha tsona melao ea Jehova Molimo.

E Nyamela e sa Hlokomelehe?

Mok’hadinale Meisner oa Mojoachime, eo ho ileng ha ba le phehisano e khōlō ka eena ha a hlomamisoa e le moarekabishopo e mocha oa Cologne, Jeremane, ka Tlhakola e fetileng, haufinyane o boletse hore ntho e khōlō ka ho fetisisa eo a e tšohileng ke hore ka letsatsi le leng kereke e ka ’na ea “nyamela—’me mohlomong ea ikela e sa hlokomeloe ke sechaba.” Ho latela koranta ea Jeremane Rheinische Post, Meisner o itse: “Ke tepelletsoa ke hore sechaba se se se talima kereke e se ea bohlokoa ba letho.” O boletse hore e ka ’na eaba lebaka ke hore “re bua haholo ka lefatše ’me ha re bue ka ho lekaneng ka leholimo, re bua haholo ka nako ea hona joale ’me re bua hanyenyane haholo ka nako e sa feleng.”

Ka ho ikenya ha ’ona selekaneng le likarolo tsa lipolotiki le tsa khoebo tsa lefatše ho fapana le ho tšepa matla a leholimo bakeng sa ho rarolla mathata a lefatše, ka sebele malumeli a Bokreste-’mōtoana a shanofalitse boipolelo ba ’ona ba hore a emela lithahasello tsa Molimo. Sena se tla ba le liphello tse tebileng. Ho latela Bibele, haufinyane bolumeli bohle ba bohata bo tla nyamela—ketsahalo eo joang kapa joang e tla hlokomeloa ke “marena a lefatše” le “bahoebi ba lefatše,” ba tla lla ka lebaka la phetoho ena. Kahoo, ho hlokahala hore ba ratang ho loka ba utloe mantsoe ana: “Tlohang ho [bolumeli ba bohata] . . . le se tšohe le kenella libe tsa hae, ’me la oeloa ke likotsi tsa hae.”—Tšenolo 18:4, 9, 11.

E Haufi le ho Fela

“Polao ea ’Muso” ke kamoo likoranta tse ling li hlalosang lipolao tse entsoeng ke mebuso kapa mekhatlo e sirelelitsoeng ke eona. Ha e le hantle, ’muelli oa Mokhatlo oa Machaba oa Tšoarelo ea Batlōli ba Molao Gerry O’Connel o bolela hore ka 1988 “ho bile le ho phahama ha ho tlōloa ha litokelo tsa botho, ho ’nileng ha tsoela pele ka 1989.” Joale oa phaella: “Lipolao tse tlōlang melao e amoheloang hohle ka kakaretso li fihlile bophahamong bo boholo ho feta nakong leha e le efe.”

Ho latela tlaleho ea selemo le selemo ea Mokhatlo oa Tšoarelo ea Batlōli ba Molao, manane aa nyarosa: Ka 1988 batho ba pakeng tsa 50 000 le 100 000 lichabeng tse 29 ba ile ba bolaoa pontšeng ea ’Muso o sa tsotelle letho. Har’a bana ba bang e ne e le bana, batho ba hōlileng, le basali, bao tlōlo feela ea bona e neng e le ho ba litho tsa lihlopha tse nyenyane tsa lipolotiki kapa tsa morabe kapa ho phela libakeng tse tsekoang ke mekha e hanyetsanang. Ba ikarabellang bakeng sa lipolao tse joalo ba akarelletsa lihlopha tsa babolai, marabele, barekisi ba lithethefatsi tse kang matekoane, le lihlopha tse ling tse sebelisang pefo bakeng sa merero ea tsona ea lipolotiki. La Repubblica e re: “Hangata ’Muso ka booona o itšireletsa ka lihlopha tse hlometseng e le hore ho felisoe ka ho toba bahanyetsi le lihlopha tse khahlanong le molao.”

Ka hona, ke ka mabaka a utloahalang ha Lentsoe le bululetsoeng la Jehova le tšoantša puso ea motho le “sebata.” (Tšenolo 13:2) Leha ho le joalo, bobatana bo joalo bo susumetsoang ke lipolotiki bo ke ke ba ba teng ka ho sa feleng. Ho joalokaha Pesaleme ea 92:8 (TLP) e bolela: “Leha ba bolotsana ba mela joaloka joang, ’me bohle ba khopo ba atleha, ba loketse ho timella ruri.” ’Muso oa leholimo oa Molimo matsohong a Kreste Jesu, “Morena oa khotso,” o tla etsa sena.—Esaia 9:6; Daniele 2:44.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela