Na U Tla Tsoela Pele U Tamaea ’Neteng?
“HO ’NA ha ho thabo e fetisang ena, ea . . . hoba bana ba ka ba tsamaea ’neteng.” (3 Johanne 4) Ho boletse joalo moapostola Johanne ho isa bofelong ba bophelo ba hae bo bolelele. Mamello e tsoelang pele ea ‘bana ba hae,’ bao a neng a ile a ba tlisa “’neteng,” e ile ea mo tlisetsa thabo e khōlō. Jehova le eena oa thaba ha barapeli ba hae ba lula ’neteng. E tlameha ebe o thabile hakaakang kajeno ha a bona mokhatlo o moholo o hlophisitsoeng, o baloang ka limillione, o latela tsela eo e bohlale!—Liproverbia 27:11.
Leha ho le joalo, le hoja batho ba Molimo ka kakaretso ba khomaretse ka ho sa sisinyeheng ’neteng, Bakreste ba bang ka bomong baa khoehlisa kapa esita le ho lahla borapeli bo hloekileng. Sena se ka lebelloa, kaha ntho e tšoanang e ile ea etsahala lekholong la pele la lilemo. (2 Timothea 4:10; Ba-Heberu 2:1) Ho sa tsotellehe hoo, ’nete ea hore ba bang e hlile baa khoehlisa e hatisa tlhokahalo ea hore bohle ba be seli ka bomoea ba bona. Pauluse o ile a khothalletsa Bakreste bohle: “Itekeng e le lōna.” (2 Ba-Korinthe 13:5) Mokreste ka mong o lokela ho ipotsa potso ena: ‘Nka kholiseha joang hore ke tla tsoela pele ke tsamaea ’neteng?’
Ba bang ba khoehlisitse kapa esita le ho khaotsa ho tsamaea ’neteng hobane ba ile ba nyahamisoa—mohlomong ke mathata a bophelo, kapa likhohlano tsa botho. Ba bang ba ile ba khoehlisa hobane ba ile ba khelosoa. Ba batla ho thabela tse ling tsa litholoana tsa tsamaiso ena ea lintho ha e sa ntsane e le teng. Re ka qoba ho khoehlisa joang? Bakeng sa karabelo, a re nahaneng ka mohlala oo Jesu a re sietseng oona.
Latela Mohlala oa Jesu
Jesu o ne a tobane le maemo a mangata a boima. O ile a lokela ho sebetsana le likhohlano tsa botho har’a balateli ba hae, esita le ho mamella lehloeo le litšōmo tsa lira tsa hae. Hape o ile a tlameha ho hanela liteko tsa lefatše lena. Ka sebele, o ile a tšepisoa maruo le bophahamo ka tekanyo eo e leng ba ’maloa feela ba kileng ba e tseba. (Mattheu 4:8-11; Johanne 6:14, 15) Leha ho le joalo, Jesu o ile a tiisetsa ho tsamaea ’neteng. Ke eng se mo thusitseng ho etsa sena?
Moapostola Pauluse oa re bolella ha a ngola: “Re ke re mathe ka sebete peisong eo re e beetsoeng, re ntse re talimile Jesu, moqali le mophethi oa tumelo, ea mamelletseng sefapano ka baka la thabo eo a e beetsoeng, a sa kang a re letho ka lihlong, a ba a ea lula letsohong le letona la terone ea Molimo.” (Ba-Heberu 12:1, 2) Boemong ba Jesu, ho hopola “thabo eo a e beetsoeng,” meputso e phahameng e mo emetseng, ho ile ha mo thusa ho tsoela pele a tsamaea ’neteng. ‘Thabo ena eo a e beetsoeng’ e ne e feta lintho tsa nakoana tse nyahamisang kapa tse khelosang tseo a ileng a tlameha ho tobana le tsona.
Ho lula re hopotse moputso ho ka re thusa ho mamella, joalokaha ho bile joalo ho Jesu. (Tšenolo 22:12) Ka mohlala, nahana ka motsamai ea tsamaeang tseleng e boima ea thaba. O felloa ke matla ’me oa nyahama. Mohato ka mong ke boiteko, ’me le tsela e bonahala e se na bofelo. Joale o hloella ka holim’a moepa ’me o bonela hojana motse oo a eang ho oona. Hang-hang ho ea pele ho bonahala ho le bobebenyana. Ponahalo e hlakileng ea moo a eang teng e mo thusa ho lebala mokhathala oa hae. Ka ho tšoanang Mokreste o tla fumana ho le bobebe ho tsoela pele a tsamaea ’neteng haeba a boloka taba ea moo a eang e hlakile mohopolong.
Etsisa Moapostola Pauluse
E mong ea ileng a mamella ho hongata ho ka beng ho ile ha mo nyahamisa e ne e le moapostola Pauluse. O ile a tlameha ho sebetsana le likhaohano le likhohlano tsa botho har’a baena, haesita le ho mamella bothata bo tebileng ba bophelo, tlhoriso, mathata a ’meleng, le mathata esita le khanyetso ka har’a liphutheho. (1 Ba-Korinthe 1:10; 2 Ba-Korinthe 10:7-12; 11:21-29; 12:7-10) Ke hobane’ng ha Pauluse a sa ka a nyahama ho isa ntlheng ea ho tela? Oa hlalosa: “Bakeng sa lintho tsohle ke na le matla ka ho matlafatsoa ke ea mphang matla.” (Ba-Filippi 4:13, NW) Ha a ka a leka ho itjarela mathata a hae a le mong. Ho e-na le hoo, Pauluse o ile a itšetleha ka Jehova ho mo tšehetsa.—Pesaleme ea 55:22.
Mohloli oa bomolimo oa matla oo Pauluse a ileng a o kōpa ho mo thusa hore a mamelle o boetse oa fumaneha kajeno. Bibele e re: “[Jehova] o fa ea khathetseng matla, o atisa matla ho ea fokotseng. Ba bacha ba khathala, ba fokola, likoankoetla lia oa. Empa ba itšepelang Jehova ba bona matla a macha, ba fofa joale ka ntsu, ba titima, ’me ha ba khathale; ba tsamaea, ’me ha ba fokole.” (Esaia 40:29-31) Haeba re itšetleha ka Jehova hore a re fe matla ka boithuto ba botho, ho ba teng libokeng, tšebeletso e chesehang ea Bokreste, le—ka ho khetheha—thapelo, re tla khona ho mamella liteko le lintho tse nyahamisang tse ka ’nang tsa hlaha nako le nako.—Pesaleme ea 1:1-3; Ba-Roma 10:10; 1 Ba-Thessalonika 5:16, 17; Ba-Heberu 10:23-25.
Ba Limillione ba Itokisetsa ho Phela Paradeiseng
Satane ke molimo oa tsamaiso ena ea lintho, moo Bakreste ka sebele e leng feela melata, bajaki. (2 Ba-Korinthe 4:4) Ka baka leo, ha rea lokela ho ikutloa re maketse haeba ka linako tse ling re tobana le lintho tse nyahamisang kapa tse khelosang. Pauluse o ngotse bukeng ea Ba-Heberu: “Hobane mona, ha re na motse o tieang, empa re batla o tlang ho hlaha.” (Ba-Heberu 13:14) Ho hopola hore tšepo ea rōna ha e lefatšeng lena la khale empa e ho le tlang ho tla boetse ho re thusa hore re se ke ra khoehlisa.
Ka litsela tse ling, Bakreste ba tšoana le bafalli ba sieang naha eo ba tsoaletsoeng ho eona ho ea batla bophelo bo molemonyana bakeng se seng. Ka kakaretso, bona ke bohato bo boima hore bo ka nkuoa. Bo akaretsa ho phutha kapa ho lahla thepa eohle ea hae le ho lumelisa lehae leo a le tloaetseng, haesita le metsoalle le beng ka eena. Bo boetse bo akaretsa ho ea naheng esele, ho phela har’a batho ba ka ’nang ba se ke ba mo amohela ka thabo, le ho ithuta puo e ncha le mokhoa oo a sa o tloaelang oa bophelo. Leha ho le joalo, ba bangata ba nka mohato o joalo feela ka litebello tsa ho ntlafatsa boemo ba bona ba lintho tse bonahalang lefatšeng lena.
Bao ka tšoantšetso ba fallang, ho tloha tsamaisong ena ea khale ea lintho ’me ba fetoha karolo ea batho ba Molimo ba tobane le phephetso e tšoanang. Ba etsa liphetoho mekhoeng ea bona e le hore ba phele ho ea ka litekanyetso tse hloekileng tsa Lentsoe la Molimo, ’me ba ithuta “puo e hloekileng” ea ’nete. (Sofonia 3:9; 1 Ba-Korinthe 6:9-11) Hape, ba sebetsa ka thata, ho sebeletsa Morena e moholo oa ’Muso oa Molimo, Jesu Kreste. Ntle ho moo, hangata beng ka bona le metsoalle ea bona ea pele ea ba khetha, e leng hore, ha e le hantle, ba tlameha ho ba lumelisa.
Empa Bakreste ba na le ho hongata hoo ba ka ho ruang ho feta ba fallang ka mabaka a moruo. Lebaka le leng ke hore, ba ba ka har’a batho ba ba ratang le ho ba hlokomela. (Luka 18:29, 30) Habohlokoa haholo, ba ba kamanong e haufi le Jehova, Molimo oa bokahohleng. Ba rua khotso ea kelello le tšepo ka bokamoso ha ba shebella pele ho phethahatsoeng ha litšepiso tse hlollang tsa Molimo. (Ba-Filippi 4:8, 9) Ba nang le kananelo e loketseng ka linnete tsena ba ke ke ba lumella lintho tse khelosang kapa tse nyahamisang hore li etse hore ba khoehlise ka ho sa feleng. Ba ke ke ba faposoa tseleng e tšesaane e isang bophelong.—Mattheu 7:13, 14; 1 Johanne 2:15-17.
Hlokomela Bophelo ba Hao bo Botle ba Moea
Haeba re hlokomela bophelo ba rōna bo botle ba nama motheong oa ka mehla, re na le monyetla o molemonyana oa ho thibela mafu. ’Me le haeba re ka kula, re hlaphoheloa kapele. Ka ho tšoanang, haeba re hlokomela bophelo ba rōna bo botle ba moea, re e-na le pono e hlakileng ea mahlohonolo ao re a thabelang hona joale le a re emetseng, le haeba re ithuta ho itšetleha ka matla a Jehova ho e-na le a rōna, re tla ba boemong bo molemonyana ba ho sebetsana le mathata a hlahang. Re ke ke ra qoba ka ho felletseng lintho tse khelosang kapa maemo a nyahamisang. Empa haeba re ile ra hlokomela bophelo ba rōna bo botle ba moea ka ho loketseng pele ho nako, lintho tse joalo li ke ke tsa re sithabetsa.
Hopola, Jehova oa thaba ha barapeli ba hae ba mamella. Kahoo a re thabiseng pelo ea hae ka ho tsoela pele re tsamaea ’neteng.