Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w90 9/15 maq. 30-31
  • Lebaka Leo Réunion e Nang le Liholo Tsa ’Muso Tse Ngata Hakana

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lebaka Leo Réunion e Nang le Liholo Tsa ’Muso Tse Ngata Hakana
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
  • Lihloohoana
  • Ke Hobane’ng ha ho E-na le Liholo tsa ’Muso tse Ngata Hakana?
  • Ho Hlōla Litšitiso
  • Thoriso e Leba ho Jehova
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
w90 9/15 maq. 30-31

Lebaka Leo Réunion e Nang le Liholo Tsa ’Muso Tse Ngata Hakana

HOO e ka bang lik’hilomithara tse 640 ka bochabela ho Madagascar, sehleke-hleke se senyenyane sa Réunion se hlaha ka tšohanyetso leoatleng le leholo le bitsoang Indian Ocean. Le hoja se ka ba lik’hilomithara tse 60 feela ka bolelele le lik’hilomithara tse 50 ka bophara, sehleke-hleke sena se tsebahala ka lithaba tsa sona tse entsoeng ke seretse se chesang se foqohang fatše le mollo o bonahalang ho sona nako le nako. Tlhōrō e phahameng ka ho fetisisa, ea limithara tse 3 069 ka holimo ho bophahamo ba leoatle, ke thaba e seng e se na seretse se foqohang se chesang e bitsoang Piton des Neiges (Tlhōrō ea Lehloa). Karolong e ka boroa-bochabela ea sehleke-hleke sena ho na le thaba e ntseng e e-na le seretse se chesang se foqohang ho eona e limithara li 2 625 eo ka ho loketseng e bitsoang Piton de la Fournaise (Tlhōrō ea Sebōpi). Ho bonahala pono e babatsehang hakaakang ha seretse se foqoha ho eona bosiu! Mebila e mengata e tsoelipana ho ea holimo le tlaase metheong e meholo, e fana ka pono e tsotehang ea se ’nileng sa bitsoa botle bo tšosang ba Réunion.

Ke Hobane’ng ha ho E-na le Liholo tsa ’Muso tse Ngata Hakana?

Leha ho le joalo, botle ba sebele ba Réunion bo tseleng eo baahi ba bangata ba sehleke-hleke sena ba arabelang ka eona ‘litabeng tse molemo tsa ’Muso’ tse boleloang ke Lipaki tsa Jehova. (Mattheu 24:14, NW) Mosebetsi oa tsona oa ho bolela o qalile ka 1960, ha basebeletsi ba babeli ba nako e tletseng ba fihla ba tsoa Fora. Hona joale, lilemo tse 30 hamorao, Lipaki tse 1 665 li tšoarehile ho haseng molaetsa oa ’Muso har’a baahi ba 582 000—karolelano ea Paki e le ’ngoe ho batho ba bang le bang ba 350 sehleke-hlekeng sena.

Keketseho e joalo e ’nile ea hloka hore ho hahoe libaka tse loketseng tsa liboka e le hore Lipaki li ka ntšetsa pele borapeli ba tsona le thuto ea moea. (Ba-Heberu 10:24, 25) Liphutheho tse 13 ho tse 19 tsa Réunion li se li hahile Liholo tsa tsona tsa ’Muso. Ka baka la lifefo tse bang teng khafetsa sebakeng sena, liholo tsena ke mehaho ea majoe e tiileng e hlokang nako e ngata—le litšenyehelo—ho e aha. Kahoo ho ile ha khoneha joang ho haha liholo tse joalo, kaha Lipaki tse ngata sehleke-hlekeng sena li fumana meputso e itekanetseng ’me li na le malapa a maholo ao li lokelang ho a phelisa? Mantsoeng a Bibele, karabo ke hore “letsoho la Jehova ha le lekhutšoanyane.”—Esaia 59:1.

Ho Hlōla Litšitiso

Ka mohlala, nahana kamoo Jehova a ileng a susumelletsa lipelo tsa batho ho thusa kahong ea Holo ea ’Muso toropong e nyenyane ea Saint-Louis, e karolong e ka boroa-bophirimela ea Réunion. Ha lipolane li ne li amoheloa ka lekhetlo la pele, mocha e mong oa Paki o ile a bolella tichere ea sehlopha sa habo se hahang ka majoe hore Holo ea ’Muso e ne e tla hahoa ka mosebetsi oa boithaopo. Tichere ha ea ka ea ithaopela ho sebetsa feela empa hape e ile ea tlisa sehlopha sohle sa eona setšeng ho tla thusa ho cheka motheo. Hamorao, e ile ea nehelana ka litšepe tse hlokahalang bakeng sa motheo.

Ha baithaopi ba fetang lekholo ba kopana letsatsing la phomolo ea sechaba ho tla tšela konkreiti sebakeng se boholo ba 190 square meters, ba ile ba makala ha ba fumana hore toropo e koetse phepelo ea metsi. Ba ne ba ka luba konkreiti joang ka ntle ho metsi? E mong oa basebetsi ea neng a tseba mookameli oa lefapha la mollo o ile a rera hore o tla ea hlalosetsa monna enoa ea mosa ka bothata bona. Ka mor’a nakoana, teraka ea mollo e ile ea fihla setšeng. Koloi ena e ne e nkile metsi a lekaneng bakeng sa morero oo, ’me lefapha la mollo le ile la e lumella hore e be moo letsatsi lohle! Ka lebaka le utloahalang, baithaopi bohle ba ile ba susumelletseha ho ikakhela ka pelo eohle mosebetsing.

Thuso ea Jehova e ile ea bonahala ka tsela eo litšitiso li ileng tsa hlōloa ka eona. Ka mohlala, boemong bo bong ba kaho, siling e ne e se e loketse ho kenngoa mabone a khethehileng a 22 a neng a odariloe likhoeling tse robeli tse fetileng pejana. Empa k’hamphani e ile ea tsebisa baena hore mofuta oo ba neng ba o batla o ne o se o sa etsoe. Ke’ng se neng se ka etsoa? Na moetso oohle le siling li ne li tla lokela ho fetoloa? Che, hobane hantle feela ka nako eona eo, baena ba ile ba utloela ka sehahi sa sebaka seo se nang le mabone a tšoanang a ka fumanehang ao morero oo se neng se a batletse oona o sa kang oa phethahala.

Se ile sa botsoa: “U na le a makae?”

Sa arabela: “A ka bang 25.”

Ka ntle ho tieho, mabone ao a ile a rekoa ’me a kenngoa.

Ha morero o ntse o tsoela pele, motho e mong ea neng a sa tsoa qala ho ithuta Bibele le Lipaki tsa Jehova o ile a khahloa ka ho teba ke mohaho ona o motle.

O ile a botsa: “Mpolelleng, na ho na le ho hong hape hoo le ho hlokang?”

Moena e mong a arabela: “E, re hloka thepa ea molumo.”

Kahoo, hang-hang motho enoa ea neng a sa tsoa thahasella o ile a ntša buka ea hae ea licheke ’me a nehelana ka chelete e ka lekanang thepa ea molumo e ncha ka ho felletseng. Menehelo e joalo, hammoho le kalimo e khōlō e tsoang ntlo-khōlō ea Mokhatlo oa Watch Tower e United States, e ile ea thusa phutheho ena ho qeta Holo ena ea ’Muso e ntle.

Ho finyella sehlohlolo sa sena sohle, Phutheho ea Saint-Louis e ile ea thabela ho tla ha Moena Carey W. Barber, setho sa Sehlopha se Busang sa Lipaki tsa Jehova, ho tla nehela Holo eo ea ’Muso ka December 1988. Moena Barber o ne a lokiselitsoe kemiso ea ho tla nehela mohaho o mocha oa lekala sehleke-hlekeng se haufi sa Mauritius, a e-tsoa ntlo-khōlō ea Mokhatlo e Brooklyn, New York. Ha baena ba Saint-Louis ba utloa ka sena, ka libeke tse tharo feela ba ile ba bokella chelete e lekaneng ho mo lefella litšenyehelo tsa sefofane, eena hammoho le setho sa Komiti ea Lekala la Mauritius ho tloha Mauritius ho ea Réunion. Ka baka la keketseho e bileng teng ho tloha nakong eo, Phutheho ea Saint-Louis e ile ea lokela ho aroloa. Hona joale, liphutheho tse peli li kopanela Holo ea ’Muso e ncha.

Thoriso e Leba ho Jehova

Ho thoe’ng ka liphutheho tse ling tsa Réunion? Ka baka la karabelo e ntle mosebetsing oa ho bolela ka ’Muso, ba bang teng libokeng Liholong tsa ’Muso e ’nile ea ba karolo ea 150 ho ea ho 200 lekholong ea lenane la Lipaki tsa Jehova sehleke-hlekeng sena. Kahoo ho hlakile hore na ke hobane’ng ha ho hlokahala Liholo tsa ’Muso tse ngata Réunion. Ha e le hantle, ho se ho hahiloe tse ling tse tharo ho tloha ha ho hahoa e Saint-Louis, ’me seo se tlisitse lenane la tsona kaofela ho 13 bakeng sa liphutheho tse 19 sehleke-hlekeng sena.

Bakeng sa sena sohle, thoriso e leba ho Jehova, ea ileng a bolela esale pele: “E monyenyane ho bona o tla ata ho isa seketeng, ea nyatsehang a fetohe sechaba se sengata. ’Na Jehova, ke tla phakisa ke etse hoo ka nako ea teng.” (Esaia 60:22) Joaloka likarolong tse ling tsa lefatše, boprofeta bona bo phethahetse sehleke-hlekeng sena se setle.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela