“E Mong le e Mong ea Utloang a ke a re: ‘Tloo!’”
“Moea le monyaluoa ba ntse ba re: ‘Tloo!’ Le e mong le e mong ea utloang a ke a re: ‘Tloo!’ Le e mong le e mong ea nyoriloeng a ke a tle; e mong le e mong ea lakatsang a ke a inkele metsi a bophelo ntle le tefello.”—TŠENOLO 22:17, “NW.”
Ho pholletsa le selemo se tlang, Lipaki tsa Jehova tse linaheng tse ka holimo ho 200 lefatšeng ka bophara li tla ikitlaetsa ho sebetsa tumellanong le temana ea tsona ea selemo sa 1991: “E MONG LE E MONG EA UTLOANG A KE A RE: ‘TLOO!’”
1. Re memeloa hore re ‘tle’ ‘metsing’ afe?
U MEMELOA hore u ‘tle!’ U tl’o etsa’ng? U tl’o noa metsi ’me u time lenyora la hao. Ana hase metsi a tloaelehileng empa ke ’ona metsi ao Jesu Kreste a neng a bua ka ’ona selibeng ha a re ho mosali oa Mosamaria: “E mong le e mong ea noang metsi ao ke mo neang ’ona, a ke ke a hlola a nyoroa le ka mohla o le mong, ’me metsi ao ’na ke mo neang ’ona, e tla ba ka ho eena seliba sa metsi a phallelang bophelong bo sa feleng.” (Johanne 4:14) Jesu o fumane “metsi” aa hokae?
2. Mohloli oa “metsi” aa ke ofe, ’me a ne a ka qala ho phalla feela ka mor’a ketsahalo efe?
2 Moapostola Johanne o ile a fuoa tokelo ea ho bona mohloli oo “metsi” ana a neng a e-tsoa ho oona ka pono, joalokaha ho Tšenolo 22:1 a boletse: “La mpontša hape nōka e ntle ea metsi a bophelo, a hloekileng joale ka kristale, e tsoang teroneng ea Molimo le Konyana.” E, mohloli oa metsi ana a hloekileng joaloka kristale a nang le metsoako e phelisang hase e mong haese Monei-Bophelo, Jehova ka boeena, ea etsang hore a fumanehe ka Konyana, Jesu Kreste. (Bapisa le Tšenolo 21:6.) Kaha ho buuoa ka ‘terone ea Molimo le Konyana,’ e tlameha e be metsi a bophelo a qala ho phalla ka mor’a ho theoa ha ’Muso oa Bomessia ka 1914, ke hore, ka mor’a ho qaleha ha letsatsi la Morena.—Tšenolo 1:10.
3, 4. “Metsi” aa a tšoantšetsa eng, ’me a tla fumanoa ke bo-mang?
3 Metsi aa a bophelo a tšoantšetsa eng? A tšoantšetsa tokisetso ea Molimo ea ho khutlisetsa bophelo bo phethahetseng ba botho, bophelo bo sa feleng phethehong lefatšeng le fetotsoeng paradeise. Metsi a bophelo a tšoantšetsa litokisetso tsohle tsa bophelo tse tlang ka Jesu Kreste. Na sena sohle sea fumaneha hona joale? Che, hase sohle se fumanehang, hobane Molimo o tlameha ho tlosa tsamaiso ea lintho e teng e khopo pele hammoho le ’musi oa eona ea sa bonahaleng, Satane Diabolose. Empa hona joale re ka noa karolo e fumanehang ea “metsi” ana ka ho utloa le ho mamela litaba tse molemo tsa ’Muso le ho fetola bophelo ba rōna hore bo lumellane le tsona.—Johanne 3:16; Ba-Roma 12:2.
4 Ka hona, ka mor’a hore Jesu a bontše Johanne ‘nōka ea bophelo,’ o ile a bua le Johanne ka morero oa Hae ha a romela lengeloi la Hae ponong. Joale Johanne o ile a utloa phatlalatso ena: “Moea le monyaluoa ba ntse ba re: ‘Tloo!’ Le e mong le e mong ea utloang a ke a re: ‘Tloo!’ Le e mong le e mong ea nyoriloeng a ke a tle; e mong le e mong ea lakatsang a ke a inkele metsi a bophelo ntle le tefello.” (Tšenolo 22:17, NW) Kahoo, bahlanka ba Molimo ba fetisetsa ho ba nyoriloeng memo ea hore ba qale ho noa litokisetso tsa Molimo tsa ho fumana bophelo bo sa feleng lefatšeng ka Konyana ea Molimo.—Johanne 1:29.
Ho Hlaha Tlhokahalo ea Metsi a Bophelo
5. Ho tlile joang hore batho ba hloke tokisetso ee ea Molimo?
5 Ka masoabi, batsoali ba pele ba lelapa la batho ha baa ka ba khomarela tsela ea bophelo e ka beng e file bana ba bona monyetla oa ho thabela bophelo bo phethahetseng ba botho ka ho sa feleng lehaeng la paradeise. Bophelo bo sa feleng bakeng sa batho bo ne bo hloka hore Adama a etse qeto e bohlale ea ho sebeletsa ’Mōpi oa hae ka kutlo. Tlas’a tšusumetso ea sebōpuoa sa moea sa lerabele, Eva o ile a qala tsela e ileng ea tlisetsa batho lefu, ’me monna oa hae ea phethahetseng, Adama, o ile a khetha ho ikopanya le eena tseleng eo e isang lefung. Ka hona, Adama, ea faneng ka bophelo ba tlhaho ho meloko e latelang ea batho, e hlile ke eena ea entseng hore lefu le be teng ka har’a lelapa lohle la batho. Ke ka hona Bibele e reng: “Sebe se kene lefatšeng ka motho a le mong, ’me lefu le kene ka sebe, ka mokhoa o joalo lefu le aparetse batho bohle, kahobane ba sitiloe bohle.” (Ba-Roma 5:12) Adama le Eva ba ile ba qala ho eketsa litho tse ncha lelapeng la batho ka mor’a hore ba oele sebeng.—Pesaleme ea 51:5.
6. Ke hobane’ng ha Jehova a ile a lokisetsa hore “metsi” aa a fumanehe?
6 Na Molimo o ne o tla sitisoa ka ho sa feleng ho phethahatsa morero oa oona oa lefatše la paradeise le tletseng batho ba phethahetseng? Ka ho hlakileng, karabelo ea Bibele ke che! Leha ho le joalo, ka sepheo sa ho phethahatsa morero oa hae, Jehova o ile a etsa tokisetso e lerato e neng e tla etsolla ho hlōleha ha Adama ho bakileng tlokotsi empa e le e neng e tla lumellana ka ho felletseng le toka le ho loka, tseo e leng Eena pontšo e felletseng le e phahameng ka ho fetisisa ea tsona. O etsa sena ka ‘nōka ea metsi a bophelo.’ Ka eona, o tla khutlisetsa bophelo bo phethahetseng ba botho ho batho ba utloang, ba neng ba lahlehetsoe ke tokelo ea ho ea Mohloling oa bophelo. Nōka ena e phalla ka kutloisiso e felletseng nakong ea Puso ea Lilemo tse Sekete ea Jesu Kreste. Ka hona, ho pholletsa le Puso ea Kreste ea Lilemo tse Sekete, batho, ho akarelletsa ba tsositsoeng bafung, ba tlameha ho noa ‘nōkeng ea metsi a bophelo.’—Bapisa le Ezekiele 47:1-10; Liketso 24:15.
7. Tokisetso ea “metsi” e etsoa motheong ofe?
7 Jehova o thabela bophelo ba hae ka boeena, ’me o boetse o thabela ho fa karolo e ’ngoe ea pōpo ea hae tokelo ea ho thabela bophelo joaloka libōpuoa tse bohlale. Motheo oa litokisetso tsa Jehova tse phelisang ke sehlabelo sa topollo sa Jesu. (Mareka 10:45; 1 Johanne 4:9, 10) Ho hong ho amehang ke Lentsoe la Molimo, leo ka linako tse ling Bibele e le bitsang “metsi.” (Ba-Efese 5:26) Jehova Molimo o lokolohile ho re, “Tloo!” ho libōpuoa tsa batho, tse ileng tsa lahleheloa ke litokisetso tsa qalong tseo Molimo o neng o li etselitse banyalani ba phethahetseng ba batho, Adama le Eva.
Sehlopha sa Monyaluoa se Fetisa Memo, “Tloo!”
8. “Metsi” aa a ile a qala ho fuoa bo-mang hona neng?
8 Ba pele ba fetisang memo e reng “Tloo!” ke ba bōpang monyaluoa oa tšoantšetso oa Konyana, Mora oa Jehova oa moea oa letsibolo. (Tšenolo 14:1, 3, 4; 21:9) Monyaluoa oa moea oa Kreste ha a re, “Tloo!” ho eena, ke hore, ho bao Jehova Molimo a neng a sa ntsane a tla ba bokella hore e be karolo ea sehlopha sa monyaluoa e le hore lenane la bona la 144 000 le phethehe. Mantsoe ao a memo a fetisetsoa ho batho ba nang le tšepo ea ho finyella bophelong bo phethahetseng ba botho lefatšeng ka mor’a Harmagedone. (Tšenolo 16:14, 16) Nakong ena ea bofelo ba tsamaiso ea lintho ho tloha ka 1914, re ’nile ra utloa memo e fetisoang ke “monyaluoa,” a sebetsa hammoho le moea o halalelang oa Molimo.
9. Re tseba joang hore hase a sehlopha se senyenyane feela?
9 Ka tsela e susumetsang, buka ea ho qetela ea Bibele e bontša hore ‘bongata bo boholo ba batho, bao ho seng motho ea ka tsebang ho bo bala,’ bo ne bo tla arabela phatlalatsong ea litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo ’me bo ne bo tla ema ka tieo ka lehlakoreng la puso eo ea borena. (Tšenolo 7:9, 10, 16, 17) Na u e mong oa bongata boo bo boholo ba batho? Joale, “e mong le e mong ea utloang a ke a re: ‘Tloo!’”
Moea le Monyaluoa ba re, “Tloo!”
10. E tlameha e be metsi aa a tšoantšetso a tsoa hokae, hona hobane’ng?
10 Empa ke hobane’ng ha ho Tšenolo 22:17 ho sa boleloe letho ka Molimo le Monyali oa tšoantšetso? Taba ea pele, hlokomela hore temana eo ha e bolele hore na moea oo o sebetsa ka tlas’a tataiso ea mang. Leha ho le joalo, taba ea hore ho buuoa ka moea e lebisa tlhokomelo ea rōna ho Jehova Molimo ka boeena. Ntate ha aa siuoa ka thōko, hobane ke eena Mohloli oa moea o halalelang. Taba ea bobeli, Mora o sebelisana ka botlalo le Ntate oa hae, joalokaha eena ka boeena a re: “Mora o sitoa ho etsa letho a ’notši; ha a sa ka a le bona le etsoa ke Ntat’ae.” (Johanne 5:19) Ho feta moo, le hoja memo ena e le polelo e bululetsoeng eo ha e le hantle e tsoang ho Jehova Molimo, batho ba ka amohela tataiso ea Molimo, kapa “lipolelo tse bululetsoeng,” ka Jesu Kreste, e leng “Lentsoe.” (Tšenolo 22:6, NW; le 22:17, Reference Bible, mongolo o botlaaseng ba leqephe; Johanne 1:1, NW) Ka hona, ka ho loketseng kopanela le Kreste, e leng Monyali, memong ena. E, re ka kholiseha hore Jehova Molimo, Ntat’a Monyali, le Jesu Kreste, Monyali, ba kopane le “monyaluoa” ka moea o halalelang ha a re, “Tloo!”
11, 12. (a) Ho bile le pontšo efe esale qalong ea hore memo ea ho noa e ne e tla atolosoa? (b) Taba ee e ile ea ’na ea hlaka haholoanyane joang ho theosa le lilemo?
11 Ka mashome a lilemo memo ena e reng “Tloo!” e ’nile ea isoa ho batho ba nyoretsoeng “metsi a bophelo.” Esita le morao koana ka 1918, sehlopha sa monyaluoa se ile sa qala ho bolela molaetsa o neng o ama haholo-holo ba neng ba ka phela lefatšeng. E ne e le puo ea phatlalatsa e neng e e-na le sehlooho se reng “Ba Limillione ba Phelang Hona Joale ba ka ’na ba se ke ba Hlola ba E-shoa le ka Mohla.” Puo ena e ile ea fana ka tšepo ea hore ba bangata ba ne ba tla pholoha Harmagedone ’me ka mor’a moo ba fumane bophelo bo sa feleng lefatšeng la Paradeise tlas’a ’Muso oa Molimo oa Bomessia. Empa molaetsa oo ha oa ka oa bontša ka ho toba tsela e isang tokelong ena ea pholoho, haese ho bontša ho loka ho akaretsang feela.
12 Hore ho finyelloe batho ba eketsehileng ka memo ena e reng, “Tloo!” ka 1922 molaetsa o reng: “Phatlalatsang Morena le ’Muso” o ile oa isoa ho bohle ba thahasellang ho sebeletsa Molimo. Ka 1923 sehlopha sa monyaluoa se ile sa utloisisa hore “linku” le “lipōli” tse boleloang papisong ea Jesu e ho Mattheu 25:31-46 li bonahala pele ho Harmagedone. Joale, ka 1929, The Watch Tower ea March 15 e ile ea ba le taba e reng “Memo e Bontšang Mohau.” Temana ea eona ea sehlooho e ne e le Tšenolo 22:17, ’me e ile ea totobatsa boikarabelo ba sehlopha sa monyaluoa ba ho fetisa memo ena e reng, “Tloo!”—Maqephe 87-9.a
Linku Tse Ling li Kopanela Memong e Reng, “Tloo!”
13, 14. Ka bo-1930, ho ile ha fanoa ka tlhakiso efe e eketsehileng ea hore ba bang ba ne ba tla noa metsi aa a tšoantšetso?
13 Ho feta moo, khale koana ka 1932, The Watchtower e ile ea bontša boikarabelo boo “linku tse ling” le tsona li nang le bona, ba ho re, “Tloo!” (Johanne 10:16) Tokollong ea eona ea August 1, leqephe 232, serapa sa 29 se ile sa re: “Hona joale lipaki tsa Jehova li na le cheseho e tšoanang le ea Jehu ’me li lokela ho khothalletsa sehlopha sa Jonadabe [linku tse ling] hore se tsamaee le tsona ’me se kopanele ho phatlalatseng hore ’muso oa Molimo o atametse ho ba bang.” Joale, ka mor’a ho qotsa Tšenolo 22:17, serapa seo se ile sa re: “Batlotsuoa a ba ke ba khothatse bohle ba ratang ho kopanela ho boleleng litaba tse molemo tsa ’muso. Ha ho hlokahale hore e be batlotsuoa ba Morena e le hore ba tle ba bolele molaetsa oa Morena. Ke matšeliso a maholo ho lipaki tsa Jehova hona joale ho tseba hore li lumelletsoe ho isa metsi a bophelo sehlopheng sa batho ba ka pholosoang Harmagedone ’me ba fuoa bophelo bo sa feleng lefatšeng ka lebaka la molemo oa Jehova o khaphatsehang.”b
14 Ho tloha ka 1934 ho ea pele, masala a tlotsitsoeng a ile a bontša hore hona joale linku tsena tse ling li tlameha ho inehela ho Molimo le ho tšoantšetsa boinehelo bona ka ho kolobetsoa metsing ’me joale li kopanele le sehlopha sa monyaluoa memong e reng, “Tloo!” ho ba bang ba nyoriloeng. Ka hona, joale sehlopha sa monyaluoa se ile sa fetisa memo e tiileng ea ho bokella linku tsena tse ling tse nyoriloeng hammoho hore li kene ‘mohlapeng o le mong’ tlas’a ‘molisa a le mong,’ Jesu Kreste. (Johanne 10:16) Ka 1935 masala a tlotsitsoeng a ile a susumetseha maikutlo haholo kopanong ea ’ona e akaretsang selemong seo ha a ithuta hore sehlopha sa batho ba kang linku seo a neng a ntse a re, “Tloo!” ho sona e ne e hlile e le “bongata bo boholo ba batho” bo boleloang ho Tšenolo 7:9-17. Sena se ile sa fana ka tšusumetso e khōlō mosebetsing oa ho phatlalatsa memo eo.
15. “Moea” o ne o ameha joang memong e reng, “Tloo”?
15 Sehlopha sa monyaluoa se ne se lumellana le moea oa Molimo ha se re, “Tloo!” Ha o senola ka moea oa oona se boleloang ke boprofeta ba Lentsoe la oona le ngotsoeng, o ile oa susumelletsa masala a sehlopha sa monyaluoa hore a fetise memo. Boprofeta bona boo memo ea ’ona e neng e theiloe holim’a bona bo ne bo bululetsoe ke moea oa Molimo. Kahoo, ha e le hantle e ne e le moea oa Molimo o neng o phalla ka Kreste le monyaluoa oa hae o neng o re “Tloo!” ho bongata bo boholo ba batho ba kang linku.—Tšenolo 19:10, NW.
16. Moea le monyaluoa ba amana joang le memo ee kajeno?
16 Ho tla fihlela kajeno moea le monyaluoa, ba emetsoe ke masala, “ba ntse ba re: ‘Tloo!’” Masala a bolella linku tse ling hore li meme ba bang ba eketsehileng hore ba ‘tle!’ Ha aa lokela ho ipolokela “metsi a bophelo,” a fumanehang kajeno, bakeng sa ’ona feela. A tlameha ho mamela taelo ea “moea le monyaluoa,” e reng: “E mong le e mong ea utloang a ke a re: ‘Tloo!’” Bohle ba timang lenyora la bona ba tlameha ho hasa memo ena. Ba tlameha ho e fetisetsa ho e mong le e mong ho sa tsotellehe morabe, bochaba, puo, kapa bolumeli boo a leng ho bona hona joale—ho e mong le e mong kae kapa kae! “Metsi a bophelo” a fumanehang hona joale ke ’ona ao Lipaki tsa Jehova li memang batho bohle li bileng li ba thusang hore ba a noe, ntle le tefello!
17. Ke “metsi” a mofuta ofe a fumanehang kajeno?
17 Lefatšeng ka bophara, ka sebele Konyana, Jesu Kreste, e tataisa bongata bo boholo ba batho ho ba “isa lilibeng tsa metsi a bophelo.” (Tšenolo 7:17) Ana hase metsi a silafetseng, empa ke metsi a hloekileng, a pholileng, a matle a tsoang Mohloling oa ’ona ka ho toba. Metsi ana a tšoantšetso ha a bolele metsi ka khopolo ea ho utloisisa ’nete ea Bibele feela; a bolela litokisetso tsohle tsa Molimo ka Jesu Kreste tse qalang esita le hona joale ho kenya bongata bo boholo ba batho tseleng ea ho fumana bophelo bo sa feleng bo phethahetseng thabong.
Kopanela Phatlalatsong Hona Joale
18. Memo ee ke e pharalletseng hakae nakong ea rōna?
18 Hona joale, bongata bona bo boholo ba batho bo se bo baloa ka limillione tse ’maloa. Ka cheseho ba tsoela pele ho phatlalatsa litaba tse molemo tsa ’Muso lefatšeng lohle leo ho ahiloeng ho lona. Ka mehla ba tlaleha mesebetsi ea bona ea tšimo ea ho bolela litaba tse molemo tsa ’Muso, tse seng li fihlile linaheng tse 212. Ha nako ea bofelo bona ba tsamaiso ea lintho e sa ntsane e ho lumella, memo ena e tla tsoela pele ho latela mamello le tiisetso tsa Jehova Molimo, ’Moloki e Moholo oa nako. O tla tseba ha nako e fihlile le ha e se e le motsotso oa makhaola-khang oa hore a itsebahatse ho bohle e le eena Jehova, feela joalokaha a tšepisitse ho etsa joalo ho latela lipolelo tse ’nileng tsa phetoa-phetoa boprofeteng ba Bibele.—Ezekiele 36:23; 38:21-23; 39:7.
19. Ke hobane’ng ha re ka bolela hore “metsi” aa a fanoa ntle le tefello?
19 Ka hona, ha nako e sa le teng, litho tsa bongata bo boholo ba batho li kopanela ka thabo le masala a sehlopha sa monyaluoa memong e reng: ‘Tloong le tl’o noa metsi a bophelo ntle le tefello!’ Ba phatlalatsang litaba tsena tse molemo tse bolokang bophelo ba etsa phatlalatso ena ntle le tefello, ha ba lefise letho bakeng sa litšebeletso tseo ba nehelanang ka tsona ha ba hasa molaetsa oa ’Muso ho pholletsa le lefatše.
20. Phello ea hore e be “metsi” ana aa fumaneha e tla ba efe?
20 Hona joale metsi a bophelo aa fumaneha lefatšeng ka bophara, kahoo batho ba batlang ho a noa ba ka a noa hore ba khotsofale ’me liphello e tla ba tse bolokang bophelo. Batho ba lopollotsoeng ba tla thabela bophelo bo sa feleng hona lefatšeng lena, le tla fetoloa paradeise, ho tlotlisa morero o babatsehang oa Jehova. ’Mōpi oa rōna o ne a sa bōpela lefatše lefeela empa o ne a le bōpetse hore e be serapa sa Edene se akaretsang lefatše lohle, kapa Paradeise ea nyakallo, eo ho eona ho ahileng libōpuoa tse phethahetseng tsa batho tse entsoeng ka setšoantšo sa Molimo le ka ho tšoana le oona.
21. Morero oa Molimo ka lefatše o tla phethahatsoa joang?
21 Ka sebele, ho ba teng lefatšeng le joalo le lecha e tla ba tokelo e hlollang ka tsela e ke keng ea hlalosoa! Joale taelo eo Molimo o ileng oa e fa banyalani ba pele ba batho e ho Genese 1:27, 28 e tla phethahatsoa ka tsela e khaphatsehang. Ka lebaka la hore Jehova o ile a sebetsana le tlokotsi e ileng ea oela lelapa la batho ka bohlale bo boholo, lefatše le tla busoa ho isa bohōleng ba hore e be paradeise ’me le tla tlala moloko o phethahetseng oa batho. E, Molimo o tla talima ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo o e entseng, ’me, bona, e tla be e le e ntle haholo. Na u tla ba teng moo? Haeba ho joalo, joale u tlameha hore ka kananelo u qale ho noa metsi a bophelo ntle le tefello. “Tloo!” u tl’o noa u be u kholoe ’me u time lenyora la hao ka metsi a bophelo a seng a qalile ho phalla hona joale le a tla phalla ka botlalo nakong ea Lilemo tse Sekete tse tlang. ’Me e mong le e mong ea utloang memo ena e monate a ke a re: “Tloo!”
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Har’a tse ling, taba ena e ile ea re: “Le ka mohla ha ho e-s’o ka ho e-ba le bopaki ba ’nete bo pharalletseng joaloka bo bileng teng lilemong tse seng kae tse fetileng. . . . Masala a ba tlisetsa molaetsa oa thabo, ’me a re ho bona: ‘’Me mang kapa mang ea ratang, a ke a inkele metsi a bophelo ntle le tefello.’ Ba bolelloa hore joale ba ka nka khato ea ho ema ka lehlakoreng la Morena, ’me ba amohela tlhohonolofatso, khahlanong le Diabolose. Na hase sehlopha se joalo sa batho seo hona joale se ka batlang boikokobetso le ho loka, ’me sa patoa letsatsing la ho senoloa ha khalefo ea hae, eaba se fetisetsoa ka ’nģane ho ntoa e khōlō ea Harmagedone ’me sa phela ka ho sa feleng se sa shoe? (Sof. 2:3) . . . Sehlopha sa masala a tšepahalang se kopanela memong e bontšang mohau ’me se re, ‘Tloo.’ Molaetsa ona o lokela ho phatlalatsoa ho ba laba-labelang ho loka le ’nete. Hoo ho tlameha ho etsoa hona joale.”
b The Watchtower ea August 15, 1934, le eona e ile ea bontša boikarabelo ba linku tse ling ’me leqepheng la 249, serapeng sa 31, e ile ea re: “Sehlopha sa Jonadabe ke ba ‘utloang’ molaetsa oa ’nete ba tlamehang ho re ho ba ba utloang: ‘Tloo. Le ea utloang a ke a re, Tloo. Le ea nyoriloeng a ke a tle. Le mang kapa mang ea ratang, a ke a inkele metsi a bophelo ntle le tefello.’ (Tšen. 22:17) Ba sehlopha sa Jonadabe ba tlameha ho tsamaea le ba sehlopha se neng se tšoantšetsoa ke Jehu, ke hore, batlotsuoa, ’me ba phatlalatse molaetsa oa ’muso, le hoja e se lipaki tsa Jehova tse tlotsitsoeng.”
Karabelo ea Hao ke Efe?
◻ Ke “metsi” afe ao ho buuoang ka ’ona ho Tšenolo 22:17?
◻ Mohloli oa “metsi” aa ke ofe?
◻ Ke hobane’ng ha “metsi” aa a hlokahala, hona a ne a ka qala ho phalla neng feela?
◻ Temaneng ea rōna, taba ea hore e be ho buuoa ka “moea” e bontša’ng, hona “monyaluoa” o ameha joang?
◻ “Metsi” aa a ka nooa ke bo-mang, hona ka phello efe?