Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w90 12/15 leq. 21
  • Ho Nyarela ka Litabeng

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Nyarela ka Litabeng
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Thibeloa ho Nyala
  • Ke Hobane’ng ha ho E-na le Pefo e Ngata Hakaale?
  • “Motse oa Davida” o Hokae?
  • “Lebitso le Lecha”
    Boprofeta ba Esaia—Leseli Molokong oa Batho II
  • Ba Hleka-hlekiloeng ke Baprista Esale Bana ba Tsoa ka Litaba
    Tsoha!—1993
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
w90 12/15 leq. 21

Ho Nyarela ka Litabeng

Ho Thibeloa ho Nyala

Boitšoaro bo bobe ba botona le botšehali har’a baruti boo mobishopo e mong oa Lutere, a bo hlalositseng e le “bothata bo ipatileng ka lilemo-lemo,” qetellong bo ‘hlahelletse pooaneng.’ Leha ho le joalo, Los Angeles Times e tlaleha hore ho hlahile “mahlabisa-lihlong a pepesitsoeng sechabeng le linyeoe tse bitsang chelete e ngata tse entseng hore likereke tse ’maloa li felloe ke chelete.” Times e bolela hore baemeli ba insurance ba bolela hore ho na le linyeoe tse fetang 2 000 tsa ho hlekoa-hlekoa ka likamano tsa botona le botšehali tse amang baruti tse ntseng li le ka makhotleng.

Ho hong ho hlokomelehang ke hore ho ea ka tlaleho ba bang ba batlōli ba molao ba tummeng hampe ka ho fetisisa ke baruti ba Roma e K’hatholike. A. W. Richard Sipe, ngaka ea mafu a kelello le a maikutlo eo pele e neng e le moitlami oa sehlopha sa Benedict, o ile a tšoara lipuisano le baprista ba 1 000 le banna le basali ba bang ba 500, bao bongata ba bona ba ileng ba bolela hore ba ile ba kopanela likamanong tsa botona le botšehali le litho tsa sehlopha sa baruti. Makasine oa Time o tlaleha likhakanyo tsa hae tsa hore hoo e batlang e le halofo ea baprista ba Roma e K’hatholike ba 53 000 United States ba robile kano ea bona ea boitlami. Ho ea ka Sipe hoo e ka bang karolo ea 28 lekholong ea baprista bohle ba na le likamano tse ntseng li tsoela pele le basali, ha karolo ea 10 ho ea ho 13 lekholong e kopanela likamano tsa botona le banna ba hōlileng, ’me karolo ea 6 lekholong e tsoela pele ka likamano tsa botona le bana, hangata ba bashanyana. Likhoeling tse tšeletseng tse fetileng litefello tse fetang 100 tsa boitšoaro bo bobe ba baruti li ile tsa bitsa baeta-pele ba K’hatholike liranta tse limillione tse pakeng tsa 260 le 780.

Batho ba bangata ba ikutloa hore mathata a mangata ana a ne a tla fela haeba baprista ba ne ba lumelletsoe ho nyala. Ba bang ba ka ’na ba nyarosoa ke ho tseba hore ha ho kae kapa kae moo Bibele e hanelang basebeletsi ba Molimo ba Bakreste ho nyala. Leha ho le joalo, Kereke e K’hatholike e ’nile ea thibela baprista ho nyala haesale ho tloha lekholong la bo12 la lilemo. Ka ho thahasellisang, ha a bua ka bokoenehi bo boholo ba ho furalla borapeli ba ’nete bo neng bo tla kenella ka mor’a ho shoa ha baapostola, Pauluse o ile a ngola hore “ba bang ba tla koenehela tumelo, ba khomarele meea e khelosang, le lithuto tsa bademona, ka baka la boikaketsi ba batho ba buang leshano . . . Ba tla thibela batho ho nyalana.”—1 Timothea 4:1-3, BPN.

Ke Hobane’ng ha ho E-na le Pefo e Ngata Hakaale?

Canada e ile ea nyarosoa ke ho utloa hore Marc Lepine ea lilemo li 25 o bolaile batho ba bangata jareteng ea Univesithi ea Montreal. Ka ntle le mohau o ile a bolaea liithuti tsa basali tse 14 tsa boenjeniere, a siea liithuti tse ling tse 13 li tsoile likotsi, ho kopanyelletsa le banna ba 4, pele a ithunya. Eo e bile e ’ngoe ea lipolao tse mpe ka ho fetisisa historing ea sechaba. Tona-khōlō e ile ea hlalosa lipolao tsena tse se nang kelello e le “tlokotsi e kholohali ea batho.”

Ho ea ka The Toronto Star, United States “ho bile le batho ba fetang 100 ba ileng ba bolaea batho ka bongata haesale ho tloha ka Ntoa ea II ea Lefatše ’me bongata ba bona bo hlahile lilemong tse mashome a mabeli tse fetileng.” Empa, joalokaha ntate oa e mong oa batho bao Lepine a ba bolaileng ka ho sareloa a ile a botsa: “Ke hobane’ng ha ho e-na le pefo e ngata hakaale lefatšeng? Ke hobane’ng ha batho ba etsana ntho ea mofuta oo?”

Tlhaloso ea Bibele mabapi le ho eketseha ha pefo nakong ea rōna e hlakile. Moapostola Johanne o ngotse: “Lefatše lohle le rapaletse ka tlase ho e mobe.” (1 Johanne 5:19) Joaloka moea oo re o phefumolohang, moea o mobe o hlahang ho Satane, “e mobe,” o laola monahano, litakatso, esita le liketso tsa batho ba bangata. Ka moea oa hae oa borabele, boithati, le boikhohomoso, o ‘thetsa lefatše kaofela.’ (Tšenolo 12:9) Leha ho le joalo, barapeli ba ’nete ba Molimo ba tšelisoa ke tsebo ea hore “lefatše lea feta, le eona takatso ea lona; empa ea etsang thato ea Molimo, o hlola ka ho sa feleng.”—1 Johanne 2:17.

“Motse oa Davida” o Hokae?

Haeba u ne u ka etela Jerusalema, eaba u kōpa motho e mong hore a u bontše Thaba ea Sione, mohlomong u ne u tla isoa thabaneng, kapa leralleng le nametseng ka boroa ho Motse oa Khale. Ka bochabela moeli oa leralla lena ke Phula ea Tyropoeon le Phula ea Hinnome ka bophirimela, ’me le khetholloa ke boteng ba Kereke ea Dormition, ka tora ea eona e motlorutlo.

Leha ho le joalo, limmapa le litšoantšo tse hatisitsoeng ke Mokhatlo oa Watch Tower li bontša Thaba ea Sione e le lerallaneng le ka bochabela ho se bitsoang Thaba ea Sione kajeno. Phula ea Tyropoeon e arohantse leralla lena le leralla le leng le bapileng le lona le ka bophirimela ’me moeli oa lona o ka bochabela ke Phula ea Kedrone.

Libakeng tse peli tsee ke sefe se khethollang Thaba ea Sione ea pele-pele? Makasine Biblical Archaeology Review (May/June 1990) ea lumela hore “thabana e ka bochabela, kapa leralla, e ne e le eona Thaba ea Sione ea pele-pele, . . . eo Morena Davida a neng a e hape ho Bajebuse.” Ka mor’a hore qhobosheane ena ea Bajebuse e oe, e ile ea tsejoa e se e le “motse oa Davida,” oo hape o neng o bitsoa “Sione.” (2 Samuele 5:7) Biblical Archaeology Review e bolela hore “ka ntle ho pelaelo, baepolli ba lintho tsa khale ba entse qeto ea hore mopopotlo ona,” oo hangata o bitsoang leralla le ka bochabela, ke eona Thaba ea Sione e boleloang ka Bibeleng eo Davida a ileng a hloma ntlo-khōlō ea tsamaiso le ea bolumeli ea sechaba sa Iseraele.—2 Samuele 6:11, 12, 17.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela